Labone, la 19 February
Mamelang ba le etellang pele.—Baheb. 13:17.
Ha ba fumana tataiso ba lokela ho e bala ka hloko ’me ba etse sohle se matleng a bona hore ba e sebelise. Ba fumana tataiso ea hore na ba tšoare liboka joang, ba rapelle phutheho joang le hore na ba hlokomele linku tsa Kreste joang. Ha baholo ba latela tataiso eo ba e fuoang ke mokhatlo, bara le barali ba bo rona baa bona hore Jehova oa ba rata le ho ba hlokomela. Ha baholo ba re fa tataiso, re lokela ho ikemisetsa ho e latela. Ha re etsa joalo, re tla be re nolofalletsa ba etellang pele hore ba etse mosebetsi oa bona. Bibele e re khothaletsa ho mamela le ho ikokobelletsa ba re etellang pele. (Baheb. 13:7, 17) Ka linako tse ling ho thata ho etsa joalo. Hobane’ng? Hobane banna bana ha baa phethahala. Leha ho le joalo, haeba re shebane le mefokolo ea baholo ho e-na le makhabane a bona, re tla be re thusa lira tsa rona. Joang? Batho ba re hanyetsang ba batla hore re se ke ra tšepa hore Jehova o sebelisa mokhatlo ho re tataisa. Haeba re nahana joaloka bona, re ka qetella re se re sa tšepe mokhatlo oa Molimo. w24.04 10 ¶11-12
Labohlano, la 20 February
O tla arola batho lihlopha tse peli.—Mat. 25:32.
Na batho bohle ba tla shoa nakong ea mahlomola a maholo ba tla timetsoa ka ho sa feleng ho se na tšepo ea hore ba tla tsoha? Mangolo a hlakile hore batho ba hanyetsang Jehova, bao a tla ba timetsa a e-na le mabotho a hae ka Armagedone, ba ke ke ba tsoha. (2 Bathes. 1:6-10) Empa ho tla etsahala’ng ka batho ba bang nakong ea mahlomola a maholo bao ka mohlala ba tla shoa hobane ba kula, ba se ba tsofetse, ba hlahetsoe ke likotsi kapa ba bolaoa ke batho ba bang? (Moek. 9:11; Zak. 14:13) Na batho baa ba tla ba har’a “ba sa lokang” ba tla tsosoa lefatšeng le lecha? (Lik. 24:15) Kannete ha re tsebe. Re tseba lintho tse ’maloa ka liketsahalo tsa nakong e tlang. Ka mohlala, rea tseba hore nakong ea Armagedone batho ba tla ahloloa ho latela tsela eo ba ileng ba tšoara bara ba bo Kreste ka eona. (Mat. 25:40) Hape ba tla ahloloa e le linku ba tla be ba ile ba tšehetsa batlotsuoa le Kreste.—Tše. 12:17. w24.05 10-11 ¶9-11
Moqebelo, la 21 February
Jehova oa phela. Ho rorisoe Lefika la ka. Ho ke ho phahamisoe Molimo oa poloko ea ka.—Pes. 18:46.
Bibele e re re phela nakong eo bophelo bo neng “bo tla ba thata hape ho tla ba kotsi.” (2 Tim. 3:1) Bahlanka ba Jehova ba na le mathata ao batho bohle ba nang le ’ona lefatšeng lena le busoang ke Satane ebile baa hanyetsoa le ho hlorisoa. Ke’ng e re thusang hore re ’ne re sebeletse Jehova ho sa tsotellehe mathata ao re nang le ’ona? Ntho e ’ngoe e re thusang ke ho tseba hore Jehova “ke Molimo ea phelang.” (Jer. 10:10; 2 Tim. 1:12) Jehova ke Molimo oa sebele, o bona mathata ao re kopanang le ’ona ebile o batla ho re thusa. (2 Likron. 16:9; Pes. 23:4) Ho mo nka e le Molimo ea phelang ho tla re thusa ho sebetsana le mathata a rona ka katleho. w24.06 20 ¶1-2