Labohlano, la 20 February
O tla arola batho lihlopha tse peli.—Mat. 25:32.
Na batho bohle ba tla shoa nakong ea mahlomola a maholo ba tla timetsoa ka ho sa feleng ho se na tšepo ea hore ba tla tsoha? Mangolo a hlakile hore batho ba hanyetsang Jehova, bao a tla ba timetsa a e-na le mabotho a hae ka Armagedone, ba ke ke ba tsoha. (2 Bathes. 1:6-10) Empa ho tla etsahala’ng ka batho ba bang nakong ea mahlomola a maholo bao ka mohlala ba tla shoa hobane ba kula, ba se ba tsofetse, ba hlahetsoe ke likotsi kapa ba bolaoa ke batho ba bang? (Moek. 9:11; Zak. 14:13) Na batho baa ba tla ba har’a “ba sa lokang” ba tla tsosoa lefatšeng le lecha? (Lik. 24:15) Kannete ha re tsebe. Re tseba lintho tse ’maloa ka liketsahalo tsa nakong e tlang. Ka mohlala, rea tseba hore nakong ea Armagedone batho ba tla ahloloa ho latela tsela eo ba ileng ba tšoara bara ba bo Kreste ka eona. (Mat. 25:40) Hape ba tla ahloloa e le linku ba tla be ba ile ba tšehetsa batlotsuoa le Kreste.—Tše. 12:17. w24.05 10-11 ¶9-11
Moqebelo, la 21 February
Jehova oa phela. Ho rorisoe Lefika la ka. Ho ke ho phahamisoe Molimo oa poloko ea ka.—Pes. 18:46.
Bibele e re re phela nakong eo bophelo bo neng “bo tla ba thata hape ho tla ba kotsi.” (2 Tim. 3:1) Bahlanka ba Jehova ba na le mathata ao batho bohle ba nang le ’ona lefatšeng lena le busoang ke Satane ebile baa hanyetsoa le ho hlorisoa. Ke’ng e re thusang hore re ’ne re sebeletse Jehova ho sa tsotellehe mathata ao re nang le ’ona? Ntho e ’ngoe e re thusang ke ho tseba hore Jehova “ke Molimo ea phelang.” (Jer. 10:10; 2 Tim. 1:12) Jehova ke Molimo oa sebele, o bona mathata ao re kopanang le ’ona ebile o batla ho re thusa. (2 Likron. 16:9; Pes. 23:4) Ho mo nka e le Molimo ea phelang ho tla re thusa ho sebetsana le mathata a rona ka katleho. w24.06 20 ¶1-2
Sontaha, la 22 February
Tsela ea ba lokileng e tšoana le mahlaseli a meso,ao khanya ea ’ona e ntseng e eketseha ho fihlela har’a mpa ea motšehare.—Liprov. 4:18.
Re hloka ho lula re tšepa mokhatlo oa Jehova. Haeba ho hlakile hore ho hlokahala hore ho etsoe liphetoho tseleng eo re utloisisang ’nete e itseng ea Bibele kapa tseleng eo re sebeletsang Jehova ka eona, ba etellang pele ha ba qea-qee ho etsa liphetoho tse hlokahalang. Ba etsa joalo hobane ba batla ho thabisa Jehova. Ba boetse ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho theha liqeto tsa bona Lentsoeng la Molimo, e leng thuto e molemo eo batho bohle ba Jehova ba lokelang ho e mamela. Moapostola Pauluse o ile a re: “U nke thuto e molemo.” (2 Tim. 1:13) “Thuto e molemo” e bolela lithuto tsa Bokreste tse fumanoang ka Bibeleng. (Joh. 17:17) Lithuto tsena ke motheo oa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e lumelang. Mokhatlo oa Jehova o etsa bonnete ba hore lintho tseo re li lumelang li thehiloe thutong eo. Haeba re lumela thuto e molemo, re tla hlohonolofatsoa. w24.07 11-12 ¶12-13