Labone, la 26 February
O ile a fana ka limpho e leng banna.—Baef. 4:8.
Ha ho na motho ea kileng a ba seatla se bulehileng ho feta Jesu. Ha a ne a le lefatšeng, o ile a ithaopela ho sebelisa matla ao a neng a e-na le ’ona a ho etsa mehlolo ho thusa batho ba bang. (Luka 9:12-17) O ile a fana ka mpho e kholo ka ho fetisisa ka hore a tele bophelo ba hae bakeng sa rona. (Joh. 15:13) Jesu o ile a tsoela pele a le seatla se bulehileng le ka mor’a hore a tsosoe bafung. O ile a tšepisa hore o tla kopa Jehova hore a re fe moea o halalelang ho re ruta le ho re tšelisa ’me o ile a fela a etsa joalo. (Joh. 14:16, 17, nal.; 16:13) Hape Jesu o sebelisa liboka ho re ruta ho etsa batho ba lichaba tsohle barutuoa. (Mat. 28:18-20) Moapostola Pauluse o ile a re ka mor’a hore Jesu a nyolohele leholimong, o ile “a fana ka limpho e leng banna.” (Baef. 4:7, 8.) Pauluse o ile a hlalosa hore Jesu o fane ka banna bao e le hore ba thuse phutheho ka litsela tse sa tšoaneng. (Baef. 1:22, 23; 4:11-13) Ke ’nete hore banna bao ba etsa liphoso hobane ha baa phethahala. (Jak. 3:2) Ho ntse ho le joalo, Morena oa rona Jesu Kreste o ba sebelisetsa ho re thusa, ke limpho tseo a re fileng tsona. w24.10 18 ¶1-2
Labohlano, la 27 February
Temoho e tla u sireletsa.—Liprov. 2:11.
Davida o ile a bolella mora oa hae Solomone hore o ne a tla atleha hafeela a mamela Jehova Molimo. Ka masoabi, ha Solomone a se a holile o ile a qala ho rapela melimo e meng. Jehova ha aa ka a thabela seo, ’me o ile a khaotsa ho fa Solomone bohlale ba ho busa batho ba hae ka tsela e mosa le ka toka. (1 Mar. 11:9, 10; 12:4) Re ithuta’ng? Ha re mamela Jehova, o tla re hlohonolofatsa le ho re thusa. (Pes. 1:1-3) Ke ’nete hore Jehova ha a re tšepisa maruo le botumo joaloka Solomone. Empa haeba re mamela Molimo oa rona, o tla re fa bohlale bo tla re thusa ho etsa liqeto tse nepahetseng. (Liprov. 2:6, 7; Jak. 1:5) Melao-motheo ea hae e ka re thusa hore re etse liqeto tse nepahetseng tabeng ea mosebetsi, thuto, boithabiso le chelete. Haeba re mamela keletso ea Molimo, re tla sireletsa kamano ea rona le eena ’me re tla fumana bophelo bo sa feleng. (Liprov. 2:10, 11) Re tla ba le metsoalle ea ’nete le malapa a rona a tla thaba. w24.11 10-11 ¶11-12
Moqebelo, la 28 February
Etsang bonnete ba hore lintho tsohle li nepahetse, le khomarele tse nepahetseng.—1 Bathes. 5:21.
Batsoali, le na le menyetla e mengata ea ho buisana le bana ba lona ka Bibele kapa ho buisana le bona ka ho ba le tumelo ho Molimo. Menyetla eo e ka hlaha ha le ntse le bala libuka. Ha le ntse le bala libuka kapa le shebeletse livideo tse buang ka lintho tsa histori, u ka bontša ngoana oa hao lintlha tsa bohlokoa tse ka mo thusang hore a kholisehe hore Bibele e nepahetse. Mohlomong u ka mo ruta hore lebitso la Molimo le hlaha lejoeng la Moabe le nang le lilemo tse 3 000 le le teng. Ho na le lejoe le entsoeng le tšoanang hantle le leo la Moabe le fumanehang musiamong oa “Bibele le Lebitso la Molimo” Ntlo-kholo ea Lipaki Tsa Jehova e Warwick, New York. Lejoeng leo la Moabe ho bontšitsoe hore Morena Mesha oa Moabe o ile a fetohela Baiseraele ’me Bibele e bua taba e tšoanang. (2 Mar. 3:4, 5) Ha ngoana oa hao a bona bopaki ba hore Bibele e bua ’nete ebile e nepahetse, tumelo ea hae e tla ba matla le ho feta. w24.12 14 ¶4; 15 ¶6