Labohlano, la 27 February
Temoho e tla u sireletsa.—Liprov. 2:11.
Davida o ile a bolella mora oa hae Solomone hore o ne a tla atleha hafeela a mamela Jehova Molimo. Ka masoabi, ha Solomone a se a holile o ile a qala ho rapela melimo e meng. Jehova ha aa ka a thabela seo, ’me o ile a khaotsa ho fa Solomone bohlale ba ho busa batho ba hae ka tsela e mosa le ka toka. (1 Mar. 11:9, 10; 12:4) Re ithuta’ng? Ha re mamela Jehova, o tla re hlohonolofatsa le ho re thusa. (Pes. 1:1-3) Ke ’nete hore Jehova ha a re tšepisa maruo le botumo joaloka Solomone. Empa haeba re mamela Molimo oa rona, o tla re fa bohlale bo tla re thusa ho etsa liqeto tse nepahetseng. (Liprov. 2:6, 7; Jak. 1:5) Melao-motheo ea hae e ka re thusa hore re etse liqeto tse nepahetseng tabeng ea mosebetsi, thuto, boithabiso le chelete. Haeba re mamela keletso ea Molimo, re tla sireletsa kamano ea rona le eena ’me re tla fumana bophelo bo sa feleng. (Liprov. 2:10, 11) Re tla ba le metsoalle ea ’nete le malapa a rona a tla thaba. w24.11 10-11 ¶11-12
Moqebelo, la 28 February
Etsang bonnete ba hore lintho tsohle li nepahetse, le khomarele tse nepahetseng.—1 Bathes. 5:21.
Batsoali, le na le menyetla e mengata ea ho buisana le bana ba lona ka Bibele kapa ho buisana le bona ka ho ba le tumelo ho Molimo. Menyetla eo e ka hlaha ha le ntse le bala libuka. Ha le ntse le bala libuka kapa le shebeletse livideo tse buang ka lintho tsa histori, u ka bontša ngoana oa hao lintlha tsa bohlokoa tse ka mo thusang hore a kholisehe hore Bibele e nepahetse. Mohlomong u ka mo ruta hore lebitso la Molimo le hlaha lejoeng la Moabe le nang le lilemo tse 3 000 le le teng. Ho na le lejoe le entsoeng le tšoanang hantle le leo la Moabe le fumanehang musiamong oa “Bibele le Lebitso la Molimo” Ntlo-kholo ea Lipaki Tsa Jehova e Warwick, New York. Lejoeng leo la Moabe ho bontšitsoe hore Morena Mesha oa Moabe o ile a fetohela Baiseraele ’me Bibele e bua taba e tšoanang. (2 Mar. 3:4, 5) Ha ngoana oa hao a bona bopaki ba hore Bibele e bua ’nete ebile e nepahetse, tumelo ea hae e tla ba matla le ho feta. w24.12 14 ¶4; 15 ¶6
Sontaha, la 1 March
Motho ea shoeleng o tšoaretsoe sebe sa hae.—Bar. 6:7.
Bibele e bua ka litlaleho tsa batho ba neng ba lokile empa ba qetella ba se ba sa loka. Morena Solomone ke mohlala oa batho ba joalo. O ne a tseba Jehova hantle ebile a tseba hore na o lokela ho mo rapela joang ’me Jehova o ile a mo hlohonolofatsa haholo. Empa hamorao Solomone o ile a rapela melimo ea bohata. Taba ena e ile ea halefisa Jehova haholo hoo sechaba sa Baiseraele se ileng sa khola litholoana tse bosula ka lilemo tse makholo ka lebaka la libe tsa Solomone. Ke ’nete hore Mangolo a re Solomone o ile “a patoa joaloka baholo-holo ba hae,” ho akareletsa le banna ba tšepahalang joaloka Morena Davida. (1 Mar. 11:5-9, 43, nal; 2 Mar. 23:13) Empa na tsela eo a patiloeng ka eona e tiisa hore o tla tsosoa? Bibele ha e fane ka karabo. Tsoho ke mpho e tsoang ho Molimo oa rona ea lerato. O e fa batho bao a batlang hore ba be le monyetla oa ho mo sebeletsa ka ho sa feleng. (Jobo 14:13, 14; Joh. 6:44) Na Solomone o tla fumana mpho eo? Jehova ke eena ea tsebang, rona ha re tsebe. Ntho eo re e tsebang ke hore Jehova o tla etsa ntho e nepahetseng. w24.05 4 ¶9