Laboraro, la 11 March
Le hloka ho ba le mamello.—Baheb. 10:36.
Bakreste ba Baheberu ba ne ba lokela ho mamella ha ba ntse ba tsoela pele ho sebeletsa Jehova hobane maemo a Judea a ne a ntse a mpefala. Le hoja ba bang ba ile ba tobana le mahloriso a matla nakong e fetileng, ba bang ha baa ka ba tobana le ’ona. Moapostola Pauluse o ile a re le hoja ba ile ba mamella mathata ao a boima, ba lebelle ho hlorisoa ho isa boholeng ba hore ba bolaoe joaloka Jesu. (Baheb. 12:4) Bajuda ba bangata ba ne ba halefile haholo ba bile ba loana hobane batho ba bangata e ne e e-ba Bakreste. Lilemo tse seng kae pele ho moo, Bajuda ba fetang 40 ba ile “ba etsa ’mommori oa ho bolaea Pauluse ’me ba ikana hore ba ke ke ba ja kapa ba noa ho fihlela ba mo bolaile.” (Lik. 22:22; 23:12-14) Le hoja ba ne ba tla hlouoa le ho hlorisoa, Bakreste ba ne ba lokela ho tsoela pele ho bokana hammoho bakeng sa borapeli le ho bolela litaba tse monate e le hore tumelo ea bona e lule e le matla. w24.09 12 ¶15
Labone, la 12 March
[Jesu] a re ho ’mè oa hae: “’Mè, mora oa hao ke enoa.”—Joh. 19:26.
Johanne e ne e le motsoalle ea haufi oa Jesu Kreste ebile e le moapostola oa hae. (Mat. 10:2) Johanne o ile a qeta nako e ngata a bolela litaba tse monate le Jesu, a bona ha a etsa mehlolo, ’me a lula a e-na le eena le linakong tse boima. O ile a bona ha Jesu a bolaoa a ba a mo bona ka mor’a hore a tsosoe. O ile a boela a bona ha phutheho ea Bokreste e hola. Johanne o phetse nako e telele hoo a ileng a bona ha ‘litaba tse monate li boleloa lefatšeng lohle.’ (Bakol. 1:23) Ha Johanne a le haufi le ho shoa, o ile a fuoa tokelo ea ho ngola karolo e itseng ea Lentsoe la Molimo. O ile a ngola lintho tse hlollang “tseo Jesu Kreste a re senoletseng tsona” tse tlalehiloeng bukeng ea Tšenolo. (Tšen. 1:1) Johanne o ile a ngola Kosepele e ileng ea bitsoa ka lebitso la hae. O ile a boela a ngola mangolo a mararo, e leng Johanne oa pele, oa bobeli le oa boraro. Lengolo la boraro o ile a le ngolla Mokreste ea tšepahalang e leng Gaiase, eo a neng a mo nka joaloka ngoana oa hae ea ratehang ka lebaka la tumelo ea hae. (3 Joh. 1) Lintho tse ngotsoeng ke monna enoa ea holileng le ea tšepahalang, li khothalitse balateli bohle ba Jesu ho fihlela mehleng ena. w24.11 12 ¶15-16
Labohlano, la 13 March
Lona banna, . . . le ba tšoare ka tlhompho.—1 Pet. 3:7.
Monna ea ratang mosali oa hae o mo nka e le oa bohlokoa ebile ha a batle letho ka eena. O mo nka e le letlotlo la bohlokoa le tsoang ho Jehova. (Liprov. 18:22; 31:10) Kahoo, o mo tšoara ka mosa le ka tlhompho, esita le nakong eo ba thabelang tokelo ea bona ea lenyalo. A ke ke a hatella mosali oa hae ho etsa thobalano le eena ka tsela e tla etsa hore a ikutloe a sa phutholoha, a ikutloe eka oa hlekefetsoa kapa ka tsela e sa lumellaneng le letsoalo la hae. Monna le eena o lokela ho boloka letsoalo la hae le hloekile nakong eo ba thabelang tokelo ea bona ea lenyalo. (Lik. 24:16) Banna, le ka kholiseha hore Jehova oa bona ebile o ananela boiteko boo le bo etsang ba ho hlompha basali ba lona likarolong tsohle tsa bophelo ba lona. Ikemisetse ho mo hlompha ka hore u qobe ntho leha e le efe e ka mo utloisang bohloko, u be mosa u be u bontše ka liketso hore oa mo rata. Ha u etsa joalo oa bontša hore oa mo rata ebile u mo nka e le oa bohlokoa. Hlompha mosali oa hao e le hore u sireletse kamano ea bohlokoa ka ho fetisisa, e leng setsoalle sa hao le Jehova.—Pes. 25:14. w25.01 13 ¶17-18