Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
Tsebiso
Puo e ncha: Dengese
  • Kajeno

Labobeli, la 10 March

U nke thuto e molemo eo ke u rutileng eona.—2 Tim. 1:13.

Ho ka etsahala’ng haeba re khaotsa ho theha lintho tseo re li lumelang ‘thutong e molemo’? Nahana ka mohlala ona. Mehleng ea baapostola, ho bonahala hore har’a Bakreste ho ile ha e-ba le mabare-bare a reng letsatsi la Jehova le se le fihlile. E ka ’na eaba ho ne ho e-na le lengolo leo e kang le ngotsoe ke moapostola Pauluse le neng le bua mantsoe ao. Bakreste ba bang ba Thesalonika ba ile ba lumela mabare-bare ao ntle le hore ba hlahlobisise hore na litaba tseo ke ’nete kapa che, eaba baa li jala. Hoja ba ile ba hopola lintho tseo Pauluse a neng a ba rutile tsona ha a ntse a e-na le bona, ba ka be ba sa ka ba thetsoa. (2 Bathes. 2:​1-5) Pauluse o ile a eletsa bara ba bo hore ba se ka ba lumela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e utloang. E le hore ba tle ba khone ho etsa joalo nakong e tlang, Pauluse o ile a qetella lengolo la hae la bobeli le eang ho Bathesalonika ka mantsoe ana: “’Na Pauluse, ke le ngolla tumeliso ena ka letsoho la ka. Ona ke mongolo oa ka ’me le tla tseba mangolo ’ohle a ka ka mongolo ona.”—2 Bathes. 3:17. w24.07 12 ¶13-14

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Laboraro, la 11 March

Le hloka ho ba le mamello.—Baheb. 10:36.

Bakreste ba Baheberu ba ne ba lokela ho mamella ha ba ntse ba tsoela pele ho sebeletsa Jehova hobane maemo a Judea a ne a ntse a mpefala. Le hoja ba bang ba ile ba tobana le mahloriso a matla nakong e fetileng, ba bang ha baa ka ba tobana le ’ona. Moapostola Pauluse o ile a re le hoja ba ile ba mamella mathata ao a boima, ba lebelle ho hlorisoa ho isa boholeng ba hore ba bolaoe joaloka Jesu. (Baheb. 12:4) Bajuda ba bangata ba ne ba halefile haholo ba bile ba loana hobane batho ba bangata e ne e e-ba Bakreste. Lilemo tse seng kae pele ho moo, Bajuda ba fetang 40 ba ile “ba etsa ’mommori oa ho bolaea Pauluse ’me ba ikana hore ba ke ke ba ja kapa ba noa ho fihlela ba mo bolaile.” (Lik. 22:22; 23:​12-14) Le hoja ba ne ba tla hlouoa le ho hlorisoa, Bakreste ba ne ba lokela ho tsoela pele ho bokana hammoho bakeng sa borapeli le ho bolela litaba tse monate e le hore tumelo ea bona e lule e le matla. w24.09 12 ¶15

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Labone, la 12 March

[Jesu] a re ho ’mè oa hae: “’Mè, mora oa hao ke enoa.”—Joh. 19:26.

Johanne e ne e le motsoalle ea haufi oa Jesu Kreste ebile e le moapostola oa hae. (Mat. 10:2) Johanne o ile a qeta nako e ngata a bolela litaba tse monate le Jesu, a bona ha a etsa mehlolo, ’me a lula a e-na le eena le linakong tse boima. O ile a bona ha Jesu a bolaoa a ba a mo bona ka mor’a hore a tsosoe. O ile a boela a bona ha phutheho ea Bokreste e hola. Johanne o phetse nako e telele hoo a ileng a bona ha ‘litaba tse monate li boleloa lefatšeng lohle.’ (Bakol. 1:23) Ha Johanne a le haufi le ho shoa, o ile a fuoa tokelo ea ho ngola karolo e itseng ea Lentsoe la Molimo. O ile a ngola lintho tse hlollang “tseo Jesu Kreste a re senoletseng tsona” tse tlalehiloeng bukeng ea Tšenolo. (Tšen. 1:1) Johanne o ile a ngola Kosepele e ileng ea bitsoa ka lebitso la hae. O ile a boela a ngola mangolo a mararo, e leng Johanne oa pele, oa bobeli le oa boraro. Lengolo la boraro o ile a le ngolla Mokreste ea tšepahalang e leng Gaiase, eo a neng a mo nka joaloka ngoana oa hae ea ratehang ka lebaka la tumelo ea hae. (3 Joh. 1) Lintho tse ngotsoeng ke monna enoa ea holileng le ea tšepahalang, li khothalitse balateli bohle ba Jesu ho fihlela mehleng ena. w24.11 12 ¶15-16

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela