Labohlano, la 13 March
Lona banna, . . . le ba tšoare ka tlhompho.—1 Pet. 3:7.
Monna ea ratang mosali oa hae o mo nka e le oa bohlokoa ebile ha a batle letho ka eena. O mo nka e le letlotlo la bohlokoa le tsoang ho Jehova. (Liprov. 18:22; 31:10) Kahoo, o mo tšoara ka mosa le ka tlhompho, esita le nakong eo ba thabelang tokelo ea bona ea lenyalo. A ke ke a hatella mosali oa hae ho etsa thobalano le eena ka tsela e tla etsa hore a ikutloe a sa phutholoha, a ikutloe eka oa hlekefetsoa kapa ka tsela e sa lumellaneng le letsoalo la hae. Monna le eena o lokela ho boloka letsoalo la hae le hloekile nakong eo ba thabelang tokelo ea bona ea lenyalo. (Lik. 24:16) Banna, le ka kholiseha hore Jehova oa bona ebile o ananela boiteko boo le bo etsang ba ho hlompha basali ba lona likarolong tsohle tsa bophelo ba lona. Ikemisetse ho mo hlompha ka hore u qobe ntho leha e le efe e ka mo utloisang bohloko, u be mosa u be u bontše ka liketso hore oa mo rata. Ha u etsa joalo oa bontša hore oa mo rata ebile u mo nka e le oa bohlokoa. Hlompha mosali oa hao e le hore u sireletse kamano ea bohlokoa ka ho fetisisa, e leng setsoalle sa hao le Jehova.—Pes. 25:14. w25.01 13 ¶17-18
Moqebelo, la 14 March
Jesu o ile a inehela bakeng sa rona ho re pholosa . . . le hore a hloekise batho bao e leng letlotlo la hae le khethehileng ba chesehelang ho etsa mesebetsi e metle.—Tite 2:14.
Ntho e ’ngoe e khethollang bahlanka ba Jehova ho batho ba ipitsang Bakreste, ke tsela eo ba chesehelang tšebeletso ea tšimo ka eona. Ke eng e ka u thusang hore u lule u cheseha kapa u eketsa cheseho ea hao mosebetsing oa boboleli? Mohlala oa Jesu o ka re thusa ho bona hore na ke joang re ka chesehelang mosebetsi oa boboleli. Ha aa ka a khaotsa ho bolela ka cheseho nakong eo a ntseng a le lefatšeng. Ha e le hantle, o sebelitse ka thata le ho feta ha nako e ntse e ea. Joaloka motho ea hlokomelang tšimo ea lifate ea ileng a qeta lilemo tse tharo a ntse a hlokomela sefate sa feie empa se sa behe litholoana, Jesu le eena o qetile lilemo tse ka bang tse tharo a ntse a pakela Bajuda, empa ba bangata ba bona ha ea ka ea e-ba balateli ba hae. Leha ho le joalo, joalokaha monna ea hlokomelang tšimo ea lifate a sa ka a fella sefate sa feie pelo, Jesu le eena ha aa ka a tela kapa a hulanya maoto mosebetsing oa boboleli. (Luka 13:6-9) Ha re ithuta linthong tseo a li rutileng ebile re etsa lintho joaloka eena, seo se tla re thusa hore le rona re lule re cheseha kajeno. w25.03 14-15 ¶1-4
Sontaha, la 15 March
Motho ea bohlale o etsa lintho ka tsebo.—Liprov. 13:16.
U ka etsa’ng haeba u nahana hore motho e mong e ka ba molekane ea u loketseng oa lenyalo? Na u ka potlakela ho mo bontša hore oa mo rata? Bibele e re ea bohlale o nahana ka mehato ea hae pele a etsa lintho. Kahoo, e ka ba bohlale ho tseba motho eo u mo ratang hantle pele u etsa qeto, u nke nako pele u ka mo bolella hore oa mo rata. U ka etsa’ng e le hore u shebe motho e mong ka bohlale? Ha le le libokeng kapa le le ’mokeng u ka ’na oa hlokomela hore na motho eo o na le kamano e ntle le Jehova, o na le botho bo joang le hore na boitšoaro ba hae bo joang. Metsoalle ea hae ke bo-mang, hona o qoqa ka eng? (Luka 6:45) Na o batla ho finyella lintho tseo le uena u batlang ho li finyella bophelong? U ka buisana le baholo ba phutheho ea habo kapa Bakreste ba bang ba holileng tsebong ba mo tsebang hantle. (Liprov. 20:18) U ka ’na oa botsa ka botumo le makhabane a motho eo. (Ruthe 2:11) Ha u ntse u shebile motho eo, etsa bonnete ba hore u qoba ho etsa hore a ikutloe a sa phutholoha. Hlompha maikutlo a hae ’me u se ke oa batla ho lula u le moo a leng teng le ho batla ho tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka eena. w24.05 22 ¶7-8