Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Kajeno

Moqebelo, la 14 March

Jesu o ile a inehela bakeng sa rona ho re pholosa . . . le hore a hloekise batho bao e leng letlotlo la hae le khethehileng ba chesehelang ho etsa mesebetsi e metle.—Tite 2:14.

Ntho e ’ngoe e khethollang bahlanka ba Jehova ho batho ba ipitsang Bakreste, ke tsela eo ba chesehelang tšebeletso ea tšimo ka eona. Ke eng e ka u thusang hore u lule u cheseha kapa u eketsa cheseho ea hao mosebetsing oa boboleli? Mohlala oa Jesu o ka re thusa ho bona hore na ke joang re ka chesehelang mosebetsi oa boboleli. Ha aa ka a khaotsa ho bolela ka cheseho nakong eo a ntseng a le lefatšeng. Ha e le hantle, o sebelitse ka thata le ho feta ha nako e ntse e ea. Joaloka motho ea hlokomelang tšimo ea lifate ea ileng a qeta lilemo tse tharo a ntse a hlokomela sefate sa feie empa se sa behe litholoana, Jesu le eena o qetile lilemo tse ka bang tse tharo a ntse a pakela Bajuda, empa ba bangata ba bona ha ea ka ea e-ba balateli ba hae. Leha ho le joalo, joalokaha monna ea hlokomelang tšimo ea lifate a sa ka a fella sefate sa feie pelo, Jesu le eena ha aa ka a tela kapa a hulanya maoto mosebetsing oa boboleli. (Luka 13:​6-9) Ha re ithuta linthong tseo a li rutileng ebile re etsa lintho joaloka eena, seo se tla re thusa hore le rona re lule re cheseha kajeno. w25.03 14-15 ¶1-4

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Sontaha, la 15 March

Motho ea bohlale o etsa lintho ka tsebo.—Liprov. 13:16.

U ka etsa’ng haeba u nahana hore motho e mong e ka ba molekane ea u loketseng oa lenyalo? Na u ka potlakela ho mo bontša hore oa mo rata? Bibele e re ea bohlale o nahana ka mehato ea hae pele a etsa lintho. Kahoo, e ka ba bohlale ho tseba motho eo u mo ratang hantle pele u etsa qeto, u nke nako pele u ka mo bolella hore oa mo rata. U ka etsa’ng e le hore u shebe motho e mong ka bohlale? Ha le le libokeng kapa le le ’mokeng u ka ’na oa hlokomela hore na motho eo o na le kamano e ntle le Jehova, o na le botho bo joang le hore na boitšoaro ba hae bo joang. Metsoalle ea hae ke bo-mang, hona o qoqa ka eng? (Luka 6:45) Na o batla ho finyella lintho tseo le uena u batlang ho li finyella bophelong? U ka buisana le baholo ba phutheho ea habo kapa Bakreste ba bang ba holileng tsebong ba mo tsebang hantle. (Liprov. 20:18) U ka ’na oa botsa ka botumo le makhabane a motho eo. (Ruthe 2:11) Ha u ntse u shebile motho eo, etsa bonnete ba hore u qoba ho etsa hore a ikutloe a sa phutholoha. Hlompha maikutlo a hae ’me u se ke oa batla ho lula u le moo a leng teng le ho batla ho tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka eena. w24.05 22 ¶7-8

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Mantaha, la 16 March

Qetellong ka u bolella sebe sa ka.—Pes. 32:5.

Baholo ha ba potlakele ho etsa qeto ea hore motho ea entseng sebe ha a batle ho baka. Ke ’nete hore batho ba bang ba ka baka ka lekhetlo la pele feela ha ba qeta ho kopana le komiti ea baholo empa ba bang ba ka hloka nako. Kahoo, baholo ba ka kopana ka makhetlo a ’maloa le motho ea entseng sebe. Mohlomong ka mor’a ho kopana le baholo ka lekhetlo la pele, Mokreste enoa ea entseng sebe a ka qala ho nahana ka ho teba ka seo baholo ba mo boleletseng sona. A ka ikokobetsa ’me a kopa Jehova hore a mo tšoarele. (Pes. 38:18) Kahoo, ha baholo ba kopana hape le motho ea entseng sebe, mohlomong o tla be a se a fetotse tsela eo a bonang lintho ka eona. Baholo ba bontša kutloelo-bohloko ’me ba ba mosa ha ba thusa motho ea entseng sebe hore a bake. Ba rapela Jehova ka tšepo ea hore o tla hlohonolofatsa boiteko ba bona ba ho thusa Mokreste enoa ea entseng sebe hore a bake.—2 Tim. 2:​25, 26. w24.08 22-23 ¶12-13

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela