Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
Tsebiso
Lipuo tse ncha: Shilluk, Tsimihety
  • Kajeno

Labohlano, la 20 March

U lahletse libe tsohle tsa ka ka mor’a hao.—Esa. 38:17.

Ha temana ea kajeno e re: “U tlositse libe tsohle tsa ka mahlong a hao.” Mantsoe ana a ka boela a fetoleloa tjena: “U entse eka ha kea ka ka etsa sebe ho hang.” Sena se bolela hore Jehova o lahlela libe tsa batho ba bakileng hole moo a ke keng a hlola a li bona. Bibele e sebelisa papiso e ’ngoe ho re thusa hore re utloisise taba ena hantle, papiso eo e hlaha ho Mikea 7:​18, 19. Litemana tsena li bontša hore Jehova o lahlela libe tsa rona botebong ba leoatle. Mehleng ea khale, ho ne ho ke ke ha khoneha ho fumana ntho e neng e oetse botebong ba leoatle. Lipapisong tsena, re ithutile hore ha Jehova a re tšoarela o re imolla ka ho felletseng e le hore re se ke ra hlola re ikutloa re le molato. ’Nete ea taba ena e ile ea hatisoa ke Davida ha a re: “Ho thaba bao liketso tsa bona tse sa eeng ka molao li tšoaretsoeng le bao libe tsa bona li koahetsoeng.” (Bar. 4:7) Jehova o tšoarela e le kannete. w25.02 9 ¶7-8

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Moqebelo, la 21 March

Thabang ’me le nyakalle ka ho sa feleng ka lebaka la seo ke se bopang.—Esa. 65:18.

Ho na le batho ba sebeletsang Jehova ka khotso le ka kutloano mehleng ena ebile ba phathahane ka ho etsa lintho tse ngata tse ntle. Batho bana ba baloa ka limilione ’me ke karolo ea mokhatlo oa Jehova o nang le khotso. Ba ikemiselitse hore le ka mohla ba ke ke ba tlohela ho sebeletsa Jehova ebile ba batla ho thusa batho ba bangata hore le bona e be metsoalle ea Jehova. Jehova o thusa batho ba batlang ho lula ba ntse ba mo sebeletsa hore ba be le khotso le kutloano le hoja ba lula lefatšeng la Satane le khopo le le kotsi, moo batho ba nang le lehloeo. (1 Joh. 5:19; Tšen. 12:12) Molimo o bona lintho tsohle tse utloisang batho bohloko empa o etsa hore bahlanka ba hae ba ikutloe ba sireletsehile e le hore ba ka tsoela pele ba ntse ba mo sebeletsa ba thabile. Lentsoe la hae le bontša hore ha re mo sebeletsa re fumana “setšabelo” ’me re tšoana le “serapa se nosetsoang hantle.” (Esa. 4:6; 58:11) Batho ba sebeletsang Jehova ba lula ba thabile ebile ba ikutloa ba sireletsehile matsatsing ana a ho qetela.—Esa. 54:14; 2 Tim. 3:1. w24.04 20 ¶1-2

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Sontaha, la 22 March

Le rapele Molimo kamehla, le mo kope ka tieo.—Bafil. 4:6.

Ha ho pelaelo hore u kile oa rapella ho fumana motho eo u batlang hore e be molekane oa hao haeba u batla ho kena lenyalong. Ke ’nete hore Jehova ha a u tšepise ho u fa molekane oa lenyalo. Empa oa tseba hore na u hloka’ng le hore u ikutloa joang ’me a ka u thusa hore u fumane molekane. Kahoo, tsoela pele u mo bolella seo u se batlang le hore na u ikutloa joang. (Pes. 62:8) Kopa Jehova hore a u thuse hore u be le mamello ’me a u fe bohlale. (Jak. 1:5) Le haeba u e-s’o fumane motho ea u loketseng hore u ka nyalana le eena, Jehova o tšepisa hore o tla lula a u hlokomela maikutlong le ka lintho tseo u li hlokang. (Pes. 55:22) U lokela ho ela hloko hore ho batla molekane oa lenyalo ha ea lokela ho ba ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hao. (Bafil. 1:10) Thabo ea sebele ha ea itšetleha ka hore na u lenyalong kapa che empa e itšetlehile ka kamano ea hao le Jehova. (Mat. 5:3) Empa ha u ntse u e-s’o nyale, u ka ba le bolokolohi ba ho sebeletsa Jehova haholoanyane. (1 Bakor. 7:​32, 33) Sebelisa nako ena hamolemo. w24.05 21 ¶4; 22 ¶6

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela