Labone, la 19 March
Motho ea amohelang litaelo tsa ka a bile a li mamela, ke eena ea nthatang. Ea nthatang o tla ratoa ke Ntate. Le ’na ke tla mo rata ’me ke etse hore a ntsebe ka ho hlaka.—Joh. 14:21.
Ha u ntse u ithuta, nahana hore na u ka sebelisa lintho tseo u ithutang tsona joang. Ka mohlala, tšoara batho ba bang ka toka joaloka Jehova. Etsisa tsela eo Jesu a neng a rata Ntate oa hae le batho ka eona. Ikemisetse ho etsa sohle seo Jehova a reng u se etse le hore u itelle Bakreste-’moho le hoja ka linako tse ling ho ka ba boima. Hape, etsisa Jesu ka hore u rute batho ka Jehova e le hore le bona ba ka ba le monyetla oa ho bontša tumelo mphong ena e babatsehang e tsoang ho Jehova. Ha re tsoela pele ho ithuta haholoanyane ka tefo ea topollo, re tla rata Jehova le Jesu le ho feta ’me le bona ba tla re rata haholo. (Jak. 4:8) Kahoo, a re tsoeleng pele ho sebelisa lintho tseo Jehova a re fileng tsona ho ithuta ka tefo ea topollo. w25.01 25 ¶16-17
Labohlano, la 20 March
U lahletse libe tsohle tsa ka ka mor’a hao.—Esa. 38:17.
Ha temana ea kajeno e re: “U tlositse libe tsohle tsa ka mahlong a hao.” Mantsoe ana a ka boela a fetoleloa tjena: “U entse eka ha kea ka ka etsa sebe ho hang.” Sena se bolela hore Jehova o lahlela libe tsa batho ba bakileng hole moo a ke keng a hlola a li bona. Bibele e sebelisa papiso e ’ngoe ho re thusa hore re utloisise taba ena hantle, papiso eo e hlaha ho Mikea 7:18, 19. Litemana tsena li bontša hore Jehova o lahlela libe tsa rona botebong ba leoatle. Mehleng ea khale, ho ne ho ke ke ha khoneha ho fumana ntho e neng e oetse botebong ba leoatle. Lipapisong tsena, re ithutile hore ha Jehova a re tšoarela o re imolla ka ho felletseng e le hore re se ke ra hlola re ikutloa re le molato. ’Nete ea taba ena e ile ea hatisoa ke Davida ha a re: “Ho thaba bao liketso tsa bona tse sa eeng ka molao li tšoaretsoeng le bao libe tsa bona li koahetsoeng.” (Bar. 4:7) Jehova o tšoarela e le kannete. w25.02 9 ¶7-8
Moqebelo, la 21 March
Thabang ’me le nyakalle ka ho sa feleng ka lebaka la seo ke se bopang.—Esa. 65:18.
Ho na le batho ba sebeletsang Jehova ka khotso le ka kutloano mehleng ena ebile ba phathahane ka ho etsa lintho tse ngata tse ntle. Batho bana ba baloa ka limilione ’me ke karolo ea mokhatlo oa Jehova o nang le khotso. Ba ikemiselitse hore le ka mohla ba ke ke ba tlohela ho sebeletsa Jehova ebile ba batla ho thusa batho ba bangata hore le bona e be metsoalle ea Jehova. Jehova o thusa batho ba batlang ho lula ba ntse ba mo sebeletsa hore ba be le khotso le kutloano le hoja ba lula lefatšeng la Satane le khopo le le kotsi, moo batho ba nang le lehloeo. (1 Joh. 5:19; Tšen. 12:12) Molimo o bona lintho tsohle tse utloisang batho bohloko empa o etsa hore bahlanka ba hae ba ikutloe ba sireletsehile e le hore ba ka tsoela pele ba ntse ba mo sebeletsa ba thabile. Lentsoe la hae le bontša hore ha re mo sebeletsa re fumana “setšabelo” ’me re tšoana le “serapa se nosetsoang hantle.” (Esa. 4:6; 58:11) Batho ba sebeletsang Jehova ba lula ba thabile ebile ba ikutloa ba sireletsehile matsatsing ana a ho qetela.—Esa. 54:14; 2 Tim. 3:1. w24.04 20 ¶1-2