Labobeli, la 24 March
Ke mo file nako ea hore a bake.—Tšen. 2:21.
Baholo ba leka ho bona hore na ke’ng e entseng hore motho a qetelle a entse sebe. Ka mohlala, na kamano ea hae le Jehova e ile ea fokola hobane a ne a se a sa etse thuto ea botho le ho ba teng tšimong kamehla? Na o ne a se a sa rapele Jehova kamehla? Na o ne a se a tlohetse ho loantša litakatso tse fosahetseng? O qeta nako ea hae a e-na le bo-mang hona o khetha boithabiso bo joang? Liqeto tseo a li entseng linthong tsena li susumelitse tsela eo a nahanang le ho etsa lintho ka eona joang? Na oa utloisisa hore na Jehova Ntate oa hae o ikutloa joang ka lintho tseo a li entseng? Baholo ba ka botsa motho eo lipotso tse tla mo thusa ho nahana hore na ke’ng e entseng hore kamano ea hae le Jehova e senyehe le hore qetellong a etse sebe. Ba etsa sena ka mosa ’me ha ba mo botse lipotso ka litaba tsa hae tsa botho tseo ba sa hlokeng ho li tseba. (Liprov. 20:5) Ho ekeletsa moo, baholo ba ka sebelisa papiso ho thusa motho eo hore a nahane ka lintho tseo a li entseng le ho bona hore na ke hobane’ng ha li fosahetse. Mohlomong ka mor’a ho kopana le motho ea entseng sebe ka lekhetlo la pele, o tla qala ho soabela boitšoaro ba hae ’me a ka ’na a baka. w24.08 22 ¶9-11
Laboraro, la 25 March
Ke tlameha ho ea metseng e meng ke hase molaetsa ona o monate oa ’Muso oa Molimo hobane ke rometsoe ho etsa joalo.—Luka 4:43.
Jesu o ile a bolela ‘molaetsa o monate oa ’Muso’ ka cheseho hobane o ne a tseba hore ke mosebetsi oo Molimo a neng a batla hore a o etse. Ho bolela litaba tse monate e ne e le eona ntho e tlang pele bophelong ba Jesu. Le likhoeling tsa ho qetela tsa tšebeletso ea hae, Jesu o ile “a tsamaea metse le metsana” a ntse a ruta batho. (Luka 13:22) Hape o ile a koetlisa barutuoa ba eketsehileng hore le bona ebe baboleli joaloka eena. (Luka 10:1) Ho bolela litaba tse monate e ntse e le oona mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa oo Jehova le Jesu ba batlang hore re o etse mehleng ena. (Mat. 24:14; 28:19, 20) Re ka eketsa cheseho ea rona mosebetsing oa boboleli ka ho nka batho ka tsela eo Jehova a ba nkang ka eona. O batla hore batho ba bangata kamoo ho ka khonehang ba utloe litaba tse monate le hore ba ithute ’nete ka eena. (1 Tim. 2:3, 4) Kahoo, oa re koetlisa hore re ntlafatse tsela eo re rutang molaetsa ona o pholosang bophelo ka eona. Le haeba batho ba ke ke ba qala ho sebeletsa Jehova hona joale, ba ka ’na ba e-ba le monyetla oa ho etsa joalo pele mahlomola a maholo a fela. w25.03 15-16 ¶5-7
Labone, la 26 March
Ea mo lumelisang o tšehetsa mesebetsi ea hae e mebe.—2 Joh. 11.
Mokreste e mong le e mong o lokela ho sebelisa letsoalo la hae le koetlisitsoeng ka Bibele ha sebelisana le motho ea tlositsoeng ka phuthehong. Ba bang ba ka khetha ho mo lumelisa le ho mo amohela libokeng. Empa ha rea lokela ho qoqa le eena nako e telele kapa ra qeta nako re etsa lintho tse ling le eena. Batho ba bang ba ka ’na ba ipotsa, ‘Na Bibele ha e re Mokreste ea lumelisang motho ea joalo o tšehetsa mesebetsi ea hae e mebe?’ (2 Joh. 9-11) Lintlha tse potolohileng lengolo lena li bontša ka ho hlaka hore tataiso ena e bua ka bakoenehi le batho ba tsoelang pele ho khothaletsa ba bang ho etsa lintho tseo Bibele e reng li fosahetse. (Tšen. 2:20) Haeba motho a khothaletsa lithuto tsa bokoenehi kapa a khothaletsa ba bang ho etsa lintho tse mpe, baholo ba ke ke ba etsa litlhophiso tsa hore a eteloe. Leha ho le joalo, ho ntse ho e-na le monyetla oa hore motho ea joalo a ka baka. Empa hafeela seo se e-s’o ka se etsahala, re ke ke ra lumelisa kapa ra memela motho ea joalo libokeng. w24.08 30-31 ¶14-15