Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
Tsebiso
Puo e ncha: Dengese
  • Kajeno

Laboraro, la 25 March

Ke tlameha ho ea metseng e meng ke hase molaetsa ona o monate oa ’Muso oa Molimo hobane ke rometsoe ho etsa joalo.—Luka 4:43.

Jesu o ile a bolela ‘molaetsa o monate oa ’Muso’ ka cheseho hobane o ne a tseba hore ke mosebetsi oo Molimo a neng a batla hore a o etse. Ho bolela litaba tse monate e ne e le eona ntho e tlang pele bophelong ba Jesu. Le likhoeling tsa ho qetela tsa tšebeletso ea hae, Jesu o ile “a tsamaea metse le metsana” a ntse a ruta batho. (Luka 13:22) Hape o ile a koetlisa barutuoa ba eketsehileng hore le bona ebe baboleli joaloka eena. (Luka 10:1) Ho bolela litaba tse monate e ntse e le oona mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa oo Jehova le Jesu ba batlang hore re o etse mehleng ena. (Mat. 24:14; 28:​19, 20) Re ka eketsa cheseho ea rona mosebetsing oa boboleli ka ho nka batho ka tsela eo Jehova a ba nkang ka eona. O batla hore batho ba bangata kamoo ho ka khonehang ba utloe litaba tse monate le hore ba ithute ’nete ka eena. (1 Tim. 2:​3, 4) Kahoo, oa re koetlisa hore re ntlafatse tsela eo re rutang molaetsa ona o pholosang bophelo ka eona. Le haeba batho ba ke ke ba qala ho sebeletsa Jehova hona joale, ba ka ’na ba e-ba le monyetla oa ho etsa joalo pele mahlomola a maholo a fela. w25.03 15-16 ¶5-7

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Labone, la 26 March

Ea mo lumelisang o tšehetsa mesebetsi ea hae e mebe.—2 Joh. 11.

Mokreste e mong le e mong o lokela ho sebelisa letsoalo la hae le koetlisitsoeng ka Bibele ha sebelisana le motho ea tlositsoeng ka phuthehong. Ba bang ba ka khetha ho mo lumelisa le ho mo amohela libokeng. Empa ha rea lokela ho qoqa le eena nako e telele kapa ra qeta nako re etsa lintho tse ling le eena. Batho ba bang ba ka ’na ba ipotsa, ‘Na Bibele ha e re Mokreste ea lumelisang motho ea joalo o tšehetsa mesebetsi ea hae e mebe?’ (2 Joh. 9-11) Lintlha tse potolohileng lengolo lena li bontša ka ho hlaka hore tataiso ena e bua ka bakoenehi le batho ba tsoelang pele ho khothaletsa ba bang ho etsa lintho tseo Bibele e reng li fosahetse. (Tšen. 2:20) Haeba motho a khothaletsa lithuto tsa bokoenehi kapa a khothaletsa ba bang ho etsa lintho tse mpe, baholo ba ke ke ba etsa litlhophiso tsa hore a eteloe. Leha ho le joalo, ho ntse ho e-na le monyetla oa hore motho ea joalo a ka baka. Empa hafeela seo se e-s’o ka se etsahala, re ke ke ra lumelisa kapa ra memela motho ea joalo libokeng. w24.08 30-31 ¶14-15

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Labohlano, la 27 March

Ba ile ba tsoela pele ba ntse ba sa utloisise ka likelellong tsa bona.—Mar. 6:52.

Ka mor’a hore Jesu a fepe sechaba, o ile a re barutuoa ba hae ba ee Kapernauma ka sekepe ’me eena a khutlela thabeng hobane a qoba hore sechaba se mo etse morena. (Joh. 6:​16-20) Ha baapostola ba hae ba ntse ba khanna sekepe, ho ile ha tsoha sefefo se matla, sa etsa hore ho be le moea o matla le maqhubu a leoatle a matla. Ka mor’a moo, Jesu o ile a tla ho bona a tsamaea holim’a metsi ’me a re Petrose a tle ho eena. (Mat. 14:​22-31) Ha Jesu a se a le ka har’a sekepe, sefefo se ile sa thola. Barutuoa ba ile ba re: “Kannete u Mor’a Molimo.” (Mat. 14:33) Empa ba ne ba ntse ba hloleha ho bona hore na seo a se entseng se kopana joang le mohlolo oo a neng a o entse pejana oa ho fepa sechaba. Mareka o tlatselletsa taba ena ha a re: “[Baapostola] ba makala haholo kaha ba ne ba sa utloisisa hore na mohlolo oo a o entseng ka mahobe o bolela’ng.” (Mar. 6:​50-52) Barutuoa ba ne ba sa utloisise hore Jehova o ne a file Jesu matla a fetang a ho etsa mehlolo feela. w24.12 5 ¶7

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela