Moqebelo, la 28 March
[Molimo] eo thato ea hae e leng hore batho ba mefuta eohle ba pholohe le hore ba fumane tsebo e nepahetseng ea ’nete.—1 Tim. 2:4.
Re ka bontša hore re ananela lerato la Jehova ka hore re etse sohle seo re ka se khonang nakong ena ea Sehopotso ho bontša hore re ananela tefo ea topollo eo Jehova a faneng ka eona. Re ka etsa joalo ka hore re ee Sehopotsong le ho memela batho ba bang ho sona. Hlalosetsa batho bao u ba memang hore na ho tl’o etsahala’ng Sehopotsong. U ka ba bontša video ea Ke Hobane’ng ha Jesu a Ile a Shoa? le ea Ikhopotse Lefu la Jesu tse hlahang ho jw.org/st. Baholo le bona ba lokela ho mema batho ba seng ba sa kopanele. Nahana ka thabo e bang teng leholimong le lefatšeng ha linku tsa Jehova tse neng li lahlehile li khutlela mohlapeng. (Luka 15:4-7) Ka Sehopotso, a re etseng bonnete ba hore ha re lumelise Bakreste-’moho feela empa re lumelise haholo-holo batho ba qalang ho tla kapa bao e leng khale ba sa tle. Re batla hore ba ikutloe ba amohelehile.—Bar. 12:13. w25.01 29 ¶15
Sontaha, la 29 March
O ile a romela Mora oa hae e le sehlabelo se hlakolang libe tsa rona e le hore re ka boelana le eena . . . hobane a re ratile.—1 Joh. 4:10.
Ntho e ’ngoe e ileng ea susumetsa Jehova hore a romele Mora oa hae ho tl’o re shoela ke lerato. (Joh. 3:16; 1 Joh. 4:9, 10) Jehova o rometse Mora oa hae ho tl’o re shoela hobane a batla hore re phele ka ho sa feleng le hore re be karolo ea lelapa la hae. Nahana ka sena: Ka mor’a hore Adama a etse sebe, Jehova o ile a mo leleka lelapeng la Hae. Kahoo, kaofela ha rona re tsoaletsoe ka ntle ho lelapa la Molimo. Empa ka lebaka la tefo ea topollo, Jehova o re tšoarela libe ’me bohle ba bontšang tumelo ho eena le ho mo mamela e tla ba karolo ea lelapa la hae. Le hona joale re thabela ho ba metsoalle ea Jehova le ea Bakreste-’moho. Kannete Jehova oa re rata.—Bar. 5:10, 11. w25.01 21 ¶6
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa la 9 Nisane) Johanne 12:12-19; Mareka 11:1-11
Mantaha, la 30 March
Molimo o ile a re bontša hore oa re rata.—1 Joh. 4:9.
Tefo ea topollo ke mpho e kholo haholo eo Jehova a re fileng eona. (2 Bakor. 9:15) Kaha Jesu o ile a re shoela, re ka khona ho ba metsoalle ea Jehova. Hape re na le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng. Re na le mabaka a mangata a ho leboha Jehova. O bontšitse hore o re rata haholo ka ho fana ka bophelo ba Mora oa hae e le tefo ea topollo. (Bar. 5:8) Jesu o ile a re re ikhopotse lefu la hae selemo le selemo e le hore re lule re ananela seo eena le Ntate oa hae ba re etselitseng sona. (Luka 22:19, 20) Selemong sena, Sehopotso sa lefu la Jesu se tla tšoaroa ka Labone la la 2 April 2026. Ha ho pelaelo hore kaofela ha rona re ikemiselitse ho ba teng. Libeke pele ho Sehopotso le ka mor’a sona, re tla rua molemo haholo haeba re ipha nako ea ho nahanisisa ka seo Jehova le Mora oa hae ba re etselitseng sona. w25.01 20 ¶1-2
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa la 10 Nisane) Johanne 12:20-50