Labohlano, la 27 March
Ba ile ba tsoela pele ba ntse ba sa utloisise ka likelellong tsa bona.—Mar. 6:52.
Ka mor’a hore Jesu a fepe sechaba, o ile a re barutuoa ba hae ba ee Kapernauma ka sekepe ’me eena a khutlela thabeng hobane a qoba hore sechaba se mo etse morena. (Joh. 6:16-20) Ha baapostola ba hae ba ntse ba khanna sekepe, ho ile ha tsoha sefefo se matla, sa etsa hore ho be le moea o matla le maqhubu a leoatle a matla. Ka mor’a moo, Jesu o ile a tla ho bona a tsamaea holim’a metsi ’me a re Petrose a tle ho eena. (Mat. 14:22-31) Ha Jesu a se a le ka har’a sekepe, sefefo se ile sa thola. Barutuoa ba ile ba re: “Kannete u Mor’a Molimo.” (Mat. 14:33) Empa ba ne ba ntse ba hloleha ho bona hore na seo a se entseng se kopana joang le mohlolo oo a neng a o entse pejana oa ho fepa sechaba. Mareka o tlatselletsa taba ena ha a re: “[Baapostola] ba makala haholo kaha ba ne ba sa utloisisa hore na mohlolo oo a o entseng ka mahobe o bolela’ng.” (Mar. 6:50-52) Barutuoa ba ne ba sa utloisise hore Jehova o ne a file Jesu matla a fetang a ho etsa mehlolo feela. w24.12 5 ¶7
Moqebelo, la 28 March
[Molimo] eo thato ea hae e leng hore batho ba mefuta eohle ba pholohe le hore ba fumane tsebo e nepahetseng ea ’nete.—1 Tim. 2:4.
Re ka bontša hore re ananela lerato la Jehova ka hore re etse sohle seo re ka se khonang nakong ena ea Sehopotso ho bontša hore re ananela tefo ea topollo eo Jehova a faneng ka eona. Re ka etsa joalo ka hore re ee Sehopotsong le ho memela batho ba bang ho sona. Hlalosetsa batho bao u ba memang hore na ho tl’o etsahala’ng Sehopotsong. U ka ba bontša video ea Ke Hobane’ng ha Jesu a Ile a Shoa? le ea Ikhopotse Lefu la Jesu tse hlahang ho jw.org/st. Baholo le bona ba lokela ho mema batho ba seng ba sa kopanele. Nahana ka thabo e bang teng leholimong le lefatšeng ha linku tsa Jehova tse neng li lahlehile li khutlela mohlapeng. (Luka 15:4-7) Ka Sehopotso, a re etseng bonnete ba hore ha re lumelise Bakreste-’moho feela empa re lumelise haholo-holo batho ba qalang ho tla kapa bao e leng khale ba sa tle. Re batla hore ba ikutloe ba amohelehile.—Bar. 12:13. w25.01 29 ¶15
Sontaha, la 29 March
O ile a romela Mora oa hae e le sehlabelo se hlakolang libe tsa rona e le hore re ka boelana le eena . . . hobane a re ratile.—1 Joh. 4:10.
Ntho e ’ngoe e ileng ea susumetsa Jehova hore a romele Mora oa hae ho tl’o re shoela ke lerato. (Joh. 3:16; 1 Joh. 4:9, 10) Jehova o rometse Mora oa hae ho tl’o re shoela hobane a batla hore re phele ka ho sa feleng le hore re be karolo ea lelapa la hae. Nahana ka sena: Ka mor’a hore Adama a etse sebe, Jehova o ile a mo leleka lelapeng la Hae. Kahoo, kaofela ha rona re tsoaletsoe ka ntle ho lelapa la Molimo. Empa ka lebaka la tefo ea topollo, Jehova o re tšoarela libe ’me bohle ba bontšang tumelo ho eena le ho mo mamela e tla ba karolo ea lelapa la hae. Le hona joale re thabela ho ba metsoalle ea Jehova le ea Bakreste-’moho. Kannete Jehova oa re rata.—Bar. 5:10, 11. w25.01 21 ¶6
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa la 9 Nisane) Johanne 12:12-19; Mareka 11:1-11