Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
Tsebiso
Puo e ncha: Dengese
  • Kajeno

Mantaha, la 2 March

Ke tla ba moeti tenteng ea hao ka ho sa feleng.—Pes. 61:4.

Mehleng ea Bibele tente e ne e le sebaka seo motho a ka phomolang ho sona le ho itšireletsa maemong a leholimo. Moeti ea ileng tenteng ea motho e mong o ne a lebeletse hore motho ea mo memmeng a mo hlokomele. Ha re inehela ho Jehova re ba baeti tenteng ea hae. Re na le lintho tsohle tseo re li hlokang e le hore re lule re e-na le setsoalle se matla le Jehova ebile re metsoalle ea baeti ba Jehova. Empa tente ea hae ha e sebakeng se itseng. Tente ea Jehova e hohle moo barapeli ba hae ba tšepahalang ba leng teng. (Tšen. 21:3) Ho thoe’ng ka batho ba ileng ba shoa ba tšepahala? Na e ka ba ntho e utloahalang ha re ka re le bona e ntse e le baeti tenteng ea Jehova? Ho joalo. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Ke hobane Jehova o ntse a ba hopola hantle. Jesu o ile a re: “Taba ea hore bafu baa tsosoa esita le Moshe o ile a bua ka eona ha a bua ka sehlahla se meutloa. O ile a re Jehova ke Molimo oa Abrahama, Isaka le Jakobo. Eena ke Molimo oa ba phelang eseng oa bafu hobane ho eena baa phela kaofela.”—Luka 20:​37, 38. w24.06 3 ¶6-7

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Labobeli, la 3 March

Jehova ke matla a ka le thebe ea ka.—Pes. 28:7.

Tsadoke o ile a ea Hebrone a hlometse ebile a ikemiselitse ho loana. (1 Likron. 12:38) O ne a ikemiselitse ho ea le Davida ntoeng le ho sireletsa Iseraele ho lira tsa eona. Ho ka etsahala hore ebe Tsadoke o ne a se na boiphihlelo bo bokaalo ntoeng empa e ne e le monna ea sebete. Ho tlile joang hore moprista ea tšoanang le Tsadoke a be sebete? O ne a tseba banna ba neng ba le matla ebile ba le sebete. Ha ho pelaelo hore o ile a ithuta mohlaleng oa bona. Ka mohlala, Davida o ile a bontša hore o sebete ka hore ‘a etelle Baiseraele pele ha ba il’o loana’ ’me seo se ile sa susumeletsa Baiseraele hore ba mo tšehetse ka lipelo tsohle tsa bona. (1 Likron. 11:​1, 2) Davida o ne a lula a itšetlehile ka Jehova hore a mo thuse ha a loantša lira tsa hae. (Pes. 138:3) Tsadoke o ne a boetse a ithuta mehlaleng ea banna ba bang ba neng ba le sebete, e leng Jehojada le mora oa hae oa mohlabani Benaia esita le ho balaoli ba 22 ba neng ba tšehetsa Davida.—1 Likron. 11:​22-25; 12:​26-28. w24.07 3 ¶5-6

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Laboraro, la 4 March

Ka mosa Molimo o leka ho u thusa hore u bake.—Bar. 2:4.

Saule oa Tarsase ke e mong oa batho ba ileng ba etsa lintho tse mpe ka tsela e makatsang. O ne a hlorisa barutuoa ba Jesu ka sehloho. Ho ka etsahala hore ebe Bakreste ba bangata ba ne ba bona e le motho ea ke keng a baka le ka mohla. Empa tsela eo Jesu a neng a sheba Saule ka eona e ne e fapane hole le eo batho ba neng ba mo sheba ka eona. Eena le Ntate oa hae ba ile ba bona makhabane ao Saule a neng a e-na le ’ona. Jesu o ile a re: “Monna enoa ke sejana seo ke se khethileng.” (Lik. 9:​15, nal.) Jesu o ile a ba a etsa mohlolo ho thusa Saule hore a bake. (Lik. 7:58–8:3; 9:​1-9, 17-20) Saule e ile ea e-ba Mokreste ’me hamorao a tsejoa e le moapostola Pauluse. O ile a leboha hore ebe Jehova le Jesu ba mo hauhetse le ho ba mosa ho eena. (1 Tim. 1:​12-15) Ka mor’a hore Pauluse a utloe hore ho hlahile boemo bo tšosang phuthehong ea Korinthe ba monna ea neng a entse boitšoaro bo bobe, o ile a etsa’ng? O ile a rarolla bothata boo ka tsela e bontšang hore Jehova o re khalemela hobane a re rata haholo ’me o batla hore le rona re hauhele ba bang ha ba bakile. w24.08 13 ¶15-16

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela