Labobeli, la 3 March
Jehova ke matla a ka le thebe ea ka.—Pes. 28:7.
Tsadoke o ile a ea Hebrone a hlometse ebile a ikemiselitse ho loana. (1 Likron. 12:38) O ne a ikemiselitse ho ea le Davida ntoeng le ho sireletsa Iseraele ho lira tsa eona. Ho ka etsahala hore ebe Tsadoke o ne a se na boiphihlelo bo bokaalo ntoeng empa e ne e le monna ea sebete. Ho tlile joang hore moprista ea tšoanang le Tsadoke a be sebete? O ne a tseba banna ba neng ba le matla ebile ba le sebete. Ha ho pelaelo hore o ile a ithuta mohlaleng oa bona. Ka mohlala, Davida o ile a bontša hore o sebete ka hore ‘a etelle Baiseraele pele ha ba il’o loana’ ’me seo se ile sa susumeletsa Baiseraele hore ba mo tšehetse ka lipelo tsohle tsa bona. (1 Likron. 11:1, 2) Davida o ne a lula a itšetlehile ka Jehova hore a mo thuse ha a loantša lira tsa hae. (Pes. 138:3) Tsadoke o ne a boetse a ithuta mehlaleng ea banna ba bang ba neng ba le sebete, e leng Jehojada le mora oa hae oa mohlabani Benaia esita le ho balaoli ba 22 ba neng ba tšehetsa Davida.—1 Likron. 11:22-25; 12:26-28. w24.07 3 ¶5-6
Laboraro, la 4 March
Ka mosa Molimo o leka ho u thusa hore u bake.—Bar. 2:4.
Saule oa Tarsase ke e mong oa batho ba ileng ba etsa lintho tse mpe ka tsela e makatsang. O ne a hlorisa barutuoa ba Jesu ka sehloho. Ho ka etsahala hore ebe Bakreste ba bangata ba ne ba bona e le motho ea ke keng a baka le ka mohla. Empa tsela eo Jesu a neng a sheba Saule ka eona e ne e fapane hole le eo batho ba neng ba mo sheba ka eona. Eena le Ntate oa hae ba ile ba bona makhabane ao Saule a neng a e-na le ’ona. Jesu o ile a re: “Monna enoa ke sejana seo ke se khethileng.” (Lik. 9:15, nal.) Jesu o ile a ba a etsa mohlolo ho thusa Saule hore a bake. (Lik. 7:58–8:3; 9:1-9, 17-20) Saule e ile ea e-ba Mokreste ’me hamorao a tsejoa e le moapostola Pauluse. O ile a leboha hore ebe Jehova le Jesu ba mo hauhetse le ho ba mosa ho eena. (1 Tim. 1:12-15) Ka mor’a hore Pauluse a utloe hore ho hlahile boemo bo tšosang phuthehong ea Korinthe ba monna ea neng a entse boitšoaro bo bobe, o ile a etsa’ng? O ile a rarolla bothata boo ka tsela e bontšang hore Jehova o re khalemela hobane a re rata haholo ’me o batla hore le rona re hauhele ba bang ha ba bakile. w24.08 13 ¶15-16
Labone, la 5 March
Mora oa Molimo o ile a bonahatsoa hore a senye mesebetsi ea Diabolose.—1 Joh. 3:8.
Ha nako e ntse e ea, Jehova o ile a hlakisa hanyane ka hanyane hore na batho ba baetsalibe e ka ba metsoalle ea hae joang. Abele e leng mora oa bobeli oa Adama le Eva, e ne e le eena motho oa pele oa ho bontša tumelo ho Jehova ka mor’a mathata a ileng a hlaha Edene. Kaha Abele o ne a rata Jehova a bile a batla ho mo thabisa le ho ba motsoalle oa hae, o ile a mo etsetsa sehlabelo. E ne e le molisa, kahoo o ile a hlaba tse ling tsa likonyana tsa hae ’me a etsetsa Jehova sehlabelo ka tsona. Jehova o ile a ikutloa joang ka sehlabelo seo? “O ile a amohela Abele le nyehelo ea hae.” (Gen. 4:4) Jehova o ile a amohela le mahlabelo a batho ba bang ba neng ba mo rata le ho mo tšepa ba kang Noe. (Gen. 8:20, 21) Ha Jehova a ne a amohela mahlabelo ana o ne a bontša hore batho ba baetsalibe ba ka khona ho ba metsoalle ea hae. w24.08 3 ¶5-6