Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
Tsebiso
Puo e ncha: Dengese
  • Kajeno

Sontaha, la 8 March

Tlosang moetsalibe eo har’a lona.—1 Bakor. 5:13.

Bahanyetsi ba Molimo ba leka ho etsa hore lintho tse ntle tse etsoang ke mokhatlo oa hae li bonahale li le mpe. Ka mohlala, re ithutile hore Mangolo a re Jehova o batla hore barapeli ba hae ba hloeke ’meleng, boitšoarong le hore ba mo rapele ka tsela eo a e batlang. O batla hore batho ba etsang lintho tse mpe ba sa bake ba tlosoe ka phuthehong. (1 Bakor. 5:11, 12; 6:9, 10) Re mamela taelo eo ea Mangolo. Empa ha re mamela taelo ena bahanyetsi ba rona ba re ha re rate batho, rea ba ahlola le hore ha re rate ha batho ba fapane le rona. Re lokela ho elelloa hore na ke mang ea hlileng a hlaselang mokhatlo oa Molimo. Satane Diabolose ke eena ea hlohlelletsang mashano a buuoang ka mokhatlo. “Ke ntate oa leshano.” (Joh. 8:44; Gen. 3:​1-5) Kahoo, re ka lebella hore Satane o tla sebelisa batšehetsi ba hae ho jala lipale tsa bohata ka mokhatlo oa Jehova. w24.04 10-11 ¶13-14

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Mantaha, la 9 March

Bo tla phethahala.—Ezek. 33:33.

Ka mor’a hore mahlomola a maholo a qale, ho ka etsahala hore batho ba bang ba boneng ha “Babilona e Moholo” e timetsoa, ba hopole hore ke khale Lipaki Tsa Jehova li re sena se tla etsahala. Na batho bao ba tla bontša tumelo ho Jehova? (Tše. 17:5) Haeba seo se ka etsahala, se tla be se tšoana le se ileng sa etsahala Egepeta mehleng ea Moshe. Hopola hore “sehlopha se seholo se tsoakaneng” se ile sa tsamaea le Baiseraele ha ba tloha Egepeta. E ka ’na eaba ba bang ba batho bao ba ile ba qala ho ba le tumelo ho Jehova ha ba bona Likotlo Tse Leshome tseo Moshe a neng a lemositse ka tsona li etsahala. (Ex. 12:38) Haeba ntho e tšoanang e ka etsahala ka mor’a hore Babilona e Moholo e timetsoe, na re tla utloa e se toka hore ebe batho ba ikopanya le rona ho sebeletsa Jehova ho setse nakoana pele bofelo bo fihla? Ha ho joalo. Re batla ho tšoana le Ntate oa rona ea leholimong, “Molimo ea mohau le ea nang le kutloelo-bohloko, ea liehang ho halefa le ea nang le lerato le ’nete.”—Ex. 34:6. w24.05 11 ¶12-13

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Labobeli, la 10 March

U nke thuto e molemo eo ke u rutileng eona.—2 Tim. 1:13.

Ho ka etsahala’ng haeba re khaotsa ho theha lintho tseo re li lumelang ‘thutong e molemo’? Nahana ka mohlala ona. Mehleng ea baapostola, ho bonahala hore har’a Bakreste ho ile ha e-ba le mabare-bare a reng letsatsi la Jehova le se le fihlile. E ka ’na eaba ho ne ho e-na le lengolo leo e kang le ngotsoe ke moapostola Pauluse le neng le bua mantsoe ao. Bakreste ba bang ba Thesalonika ba ile ba lumela mabare-bare ao ntle le hore ba hlahlobisise hore na litaba tseo ke ’nete kapa che, eaba baa li jala. Hoja ba ile ba hopola lintho tseo Pauluse a neng a ba rutile tsona ha a ntse a e-na le bona, ba ka be ba sa ka ba thetsoa. (2 Bathes. 2:​1-5) Pauluse o ile a eletsa bara ba bo hore ba se ka ba lumela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e utloang. E le hore ba tle ba khone ho etsa joalo nakong e tlang, Pauluse o ile a qetella lengolo la hae la bobeli le eang ho Bathesalonika ka mantsoe ana: “’Na Pauluse, ke le ngolla tumeliso ena ka letsoho la ka. Ona ke mongolo oa ka ’me le tla tseba mangolo ’ohle a ka ka mongolo ona.”—2 Bathes. 3:17. w24.07 12 ¶13-14

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela