Mantaha, la 9 March
Bo tla phethahala.—Ezek. 33:33.
Ka mor’a hore mahlomola a maholo a qale, ho ka etsahala hore batho ba bang ba boneng ha “Babilona e Moholo” e timetsoa, ba hopole hore ke khale Lipaki Tsa Jehova li re sena se tla etsahala. Na batho bao ba tla bontša tumelo ho Jehova? (Tše. 17:5) Haeba seo se ka etsahala, se tla be se tšoana le se ileng sa etsahala Egepeta mehleng ea Moshe. Hopola hore “sehlopha se seholo se tsoakaneng” se ile sa tsamaea le Baiseraele ha ba tloha Egepeta. E ka ’na eaba ba bang ba batho bao ba ile ba qala ho ba le tumelo ho Jehova ha ba bona Likotlo Tse Leshome tseo Moshe a neng a lemositse ka tsona li etsahala. (Ex. 12:38) Haeba ntho e tšoanang e ka etsahala ka mor’a hore Babilona e Moholo e timetsoe, na re tla utloa e se toka hore ebe batho ba ikopanya le rona ho sebeletsa Jehova ho setse nakoana pele bofelo bo fihla? Ha ho joalo. Re batla ho tšoana le Ntate oa rona ea leholimong, “Molimo ea mohau le ea nang le kutloelo-bohloko, ea liehang ho halefa le ea nang le lerato le ’nete.”—Ex. 34:6. w24.05 11 ¶12-13
Labobeli, la 10 March
U nke thuto e molemo eo ke u rutileng eona.—2 Tim. 1:13.
Ho ka etsahala’ng haeba re khaotsa ho theha lintho tseo re li lumelang ‘thutong e molemo’? Nahana ka mohlala ona. Mehleng ea baapostola, ho bonahala hore har’a Bakreste ho ile ha e-ba le mabare-bare a reng letsatsi la Jehova le se le fihlile. E ka ’na eaba ho ne ho e-na le lengolo leo e kang le ngotsoe ke moapostola Pauluse le neng le bua mantsoe ao. Bakreste ba bang ba Thesalonika ba ile ba lumela mabare-bare ao ntle le hore ba hlahlobisise hore na litaba tseo ke ’nete kapa che, eaba baa li jala. Hoja ba ile ba hopola lintho tseo Pauluse a neng a ba rutile tsona ha a ntse a e-na le bona, ba ka be ba sa ka ba thetsoa. (2 Bathes. 2:1-5) Pauluse o ile a eletsa bara ba bo hore ba se ka ba lumela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e utloang. E le hore ba tle ba khone ho etsa joalo nakong e tlang, Pauluse o ile a qetella lengolo la hae la bobeli le eang ho Bathesalonika ka mantsoe ana: “’Na Pauluse, ke le ngolla tumeliso ena ka letsoho la ka. Ona ke mongolo oa ka ’me le tla tseba mangolo ’ohle a ka ka mongolo ona.”—2 Bathes. 3:17. w24.07 12 ¶13-14
Laboraro, la 11 March
Le hloka ho ba le mamello.—Baheb. 10:36.
Bakreste ba Baheberu ba ne ba lokela ho mamella ha ba ntse ba tsoela pele ho sebeletsa Jehova hobane maemo a Judea a ne a ntse a mpefala. Le hoja ba bang ba ile ba tobana le mahloriso a matla nakong e fetileng, ba bang ha baa ka ba tobana le ’ona. Moapostola Pauluse o ile a re le hoja ba ile ba mamella mathata ao a boima, ba lebelle ho hlorisoa ho isa boholeng ba hore ba bolaoe joaloka Jesu. (Baheb. 12:4) Bajuda ba bangata ba ne ba halefile haholo ba bile ba loana hobane batho ba bangata e ne e e-ba Bakreste. Lilemo tse seng kae pele ho moo, Bajuda ba fetang 40 ba ile “ba etsa ’mommori oa ho bolaea Pauluse ’me ba ikana hore ba ke ke ba ja kapa ba noa ho fihlela ba mo bolaile.” (Lik. 22:22; 23:12-14) Le hoja ba ne ba tla hlouoa le ho hlorisoa, Bakreste ba ne ba lokela ho tsoela pele ho bokana hammoho bakeng sa borapeli le ho bolela litaba tse monate e le hore tumelo ea bona e lule e le matla. w24.09 12 ¶15