Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Kajeno

Labohlano, la 10 April

Ke rata molao oa hao haholo. Ke nahanisisa ka oona letsatsi lohle.—Pes. 119:97.

Ha u bala Bibele, etsa bonnete ba hore u sebelisa lintho tseo u ithutileng tsona. Ha u ntse u bala litemana tse itseng, u ka ipotsa, ‘Nka sebelisa seo ke ithutang sona joang kajeno kapa nakong e tlang?’ Ka mohlala, a re re u ntse u bala 1 Bathesalonika 5:​17, 18. Ka mor’a hore u bale litemana tsena tse peli, u ka ema hanyane ’me oa ipotsa: ‘Thapelo ea ka e tebile hakae, hona ke rapela hakae ka letsatsi?’ U ka boela oa nahana ka lintho tseo u ka lebohang Jehova ka tsona. Mohlomong u ka leboha Jehova ka lintho tse tharo tseo a u etselitseng tsona bophelong. Leha u ka nka metsotso e ’maloa feela u nahanisisa ka seo u se balileng ka Bibeleng, seo se ka u thusa hore u be motho ea etsang seo Lentsoe la Molimo le se buang. Nahana feela hore na u tla rua molemo hakae ha u etsa lintho tsena letsatsi le letsatsi ha u bala Bibele. Kannete u tla phetha seo Lentsoe la Molimo le se buang. w24.09 4-5 ¶9-10

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Moqebelo, la 11 April

Itlhokomeleng hore le se ke la lahleheloa ke lintho tseo re li sebelelitseng ka thata e le hore le ka fumana litlhohonolofatso tseo Molimo a le lokiselitseng tsona.—2 Joh. 8.

Jehova o re bopile re e-na le bokhoni bo ikhethang. O re bopile ka tsela e tla etsa hore re thabe ha re fana ho feta ha re fuoa. Rea thaba ha re khona ho thusa Bakreste-’moho le rona. Re boetse rea thaba ha ba bontša kananelo. Ebang motho eo re mo etsetsang ntho e itseng o bontša kananelo kapa che, re thabisoa ke hore re entse se nepahetseng. Ho sa tsotellehe hore na ke eng eo u fanang ka eona, Jehova a ka u fa se sengata ho feta seo. (2 Likron. 25:9) Jehova o tla lula a fana ka lintho tse ngata ho feta tseo re fanang ka tsona! Ha ho na ntho e thabisang ho feta ho putsoa ke Jehova. Kahoo, a re ikemisetseng ho etsisa Ntate oa rona ea fanang ka seatla se bulehileng. w24.09 30 ¶20-21

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Sontaha, la 12 April

Jehova Molimo oa ka, ke u rorisa ka pelo ea ka eohle, ke tla tlotlisa lebitso la hao ka ho sa feleng.—Pes. 86:12.

Jehova o mohau ebile o re utloela bohloko. (Pes. 103:13; Esa. 49:15) Ha re utloa bohloko le eena o utloa bohloko. (Zak. 2:8) O re thusa hore re mo tsebe le hore re be metsoalle ea hae. (Pes. 25:14; Lik. 17:27) Hape o ikokobelitse hobane “o inamela tlase hore a shebe leholimo le lefatše. O phahamisa ea tlase leroleng.” (Pes. 113:​6, 7) Ke mang ea ke keng a batla ho rorisa Molimo ea moholo hakaalo? Re rorisa Jehova hobane re batla hore ba bang ba mo tsebe. Batho ba bangata ha ba tsebe ’nete ka Jehova. Hobane’ng? Hobane Satane o foufalitse likelello tsa bona ka ho hasa mashano ka Jehova. (2 Bakor. 4:4) Satane o entse hore batho ba lumele hore Jehova o khopo, ha a re tsotelle ebile ke eena ea re bakelang mathata. Empa re tseba ’nete ka Molimo oa rona. Re na le monyetla oa ho bolella batho ba bang ’nete ka Molimo e le hore le bona ba mo rorise.—Esa. 43:10. w25.01 3 ¶6-7

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela