Moqebelo, la 11 April
Itlhokomeleng hore le se ke la lahleheloa ke lintho tseo re li sebelelitseng ka thata e le hore le ka fumana litlhohonolofatso tseo Molimo a le lokiselitseng tsona.—2 Joh. 8.
Jehova o re bopile re e-na le bokhoni bo ikhethang. O re bopile ka tsela e tla etsa hore re thabe ha re fana ho feta ha re fuoa. Rea thaba ha re khona ho thusa Bakreste-’moho le rona. Re boetse rea thaba ha ba bontša kananelo. Ebang motho eo re mo etsetsang ntho e itseng o bontša kananelo kapa che, re thabisoa ke hore re entse se nepahetseng. Ho sa tsotellehe hore na ke eng eo u fanang ka eona, Jehova a ka u fa se sengata ho feta seo. (2 Likron. 25:9) Jehova o tla lula a fana ka lintho tse ngata ho feta tseo re fanang ka tsona! Ha ho na ntho e thabisang ho feta ho putsoa ke Jehova. Kahoo, a re ikemisetseng ho etsisa Ntate oa rona ea fanang ka seatla se bulehileng. w24.09 30 ¶20-21
Sontaha, la 12 April
Jehova Molimo oa ka, ke u rorisa ka pelo ea ka eohle, ke tla tlotlisa lebitso la hao ka ho sa feleng.—Pes. 86:12.
Jehova o mohau ebile o re utloela bohloko. (Pes. 103:13; Esa. 49:15) Ha re utloa bohloko le eena o utloa bohloko. (Zak. 2:8) O re thusa hore re mo tsebe le hore re be metsoalle ea hae. (Pes. 25:14; Lik. 17:27) Hape o ikokobelitse hobane “o inamela tlase hore a shebe leholimo le lefatše. O phahamisa ea tlase leroleng.” (Pes. 113:6, 7) Ke mang ea ke keng a batla ho rorisa Molimo ea moholo hakaalo? Re rorisa Jehova hobane re batla hore ba bang ba mo tsebe. Batho ba bangata ha ba tsebe ’nete ka Jehova. Hobane’ng? Hobane Satane o foufalitse likelello tsa bona ka ho hasa mashano ka Jehova. (2 Bakor. 4:4) Satane o entse hore batho ba lumele hore Jehova o khopo, ha a re tsotelle ebile ke eena ea re bakelang mathata. Empa re tseba ’nete ka Molimo oa rona. Re na le monyetla oa ho bolella batho ba bang ’nete ka Molimo e le hore le bona ba mo rorise.—Esa. 43:10. w25.01 3 ¶6-7
Mantaha, la 13 April
Satane . . . e khelosang lefatše lohle.—Tšen. 12:9.
Le hoja Jesu Mora oa Molimo a ne a phethahetse ebile a etsa mehlolo, Satane o ile a sebelisa batho ba bang hore ba jale mashano ka eena. Ka mohlala, baeta-pele ba bolumeli ba ile ba bolella batho hore Jesu o fuoe matla a ho leleka bademona ke “’musi oa bademona.” (Mar. 3:22) Ha Jesu a ne a le nyeoeng, baeta-pele ba bolumeli ba ile ba mo qosa ka hore o rohakile Molimo eaba ba susumeletsa batho hore ba kope hore Jesu a ahloleloe lefu. (Mat. 27:20) Hamorao ha balateli ba Kreste ba bolela litaba tse monate, bahanyetsi ba bona ba ile ba “hlohlelletsa batho” hore ba hlorise Bakreste. (Lik. 14:2, 19) Ha Molula-Qhooa oa December 1, 1998 o bua ka Liketso 14:2, o ile oa re: “Ba sa khotsofalla ho hana ha bona molaetsa, bahanyetsi ba Bajuda ba ile ba qala ho etsa letšolo la liqoso tse se nang bopaki, ba leka ho hlohlelletsa Balichaba ho hloea Bakreste.” Le kajeno, Satane o ntse a ‘khelosa lefatše lohle.’ w24.04 11 ¶15-16