Labobeli, la 14 April
U Moahloli oa lefatše lohle ea ahlolang ka toka.—Gen. 18:25.
Hore na motho o tla phela ka ho sa feleng kapa che ha hoa itšetleha ka hore na o tla shoa neng. Jehova ke Moahloli ea phethahetseng ’me liqeto tsa hae li lokile ebile li nepahetse. (Pes. 33:4, 5) Re ka kholiseha hore “Moahloli oa lefatše lohle” o tla etsa se nepahetseng.Hape ke ho utloahalang ho etsa qeto ea hore taba ea hore na motho o tla phela ka ho sa feleng kapa che ha ea itšetleha ka hore na o phela hokae. Le ka mohla Jehova a ke ke a ahlola batho ba limilione ka hore ke “lipoli” hobane feela ba phela linaheng tseo ho tsona ba e-s’o ka ba fumana monyetla oa ho ithuta ka molaetsa oa ’Muso. (Mat. 25:46) Moahloli oa lefatše lohle o tsotella batho bana ho feta kamoo rona re ka ba tsotellang kateng. Ha re tsebe hore na Jehova o tla feto-fetola lintho joang nakong ea mahlomola a maholo. Mohlomong ba bang ba batho bana ba tla ba le monyetla oa ho ithuta ka Jehova, ho beha tumelo ho eena le ho ema ka lehlakoreng la hae ha a ikhalaletsa ho lichaba tsohle.—Ezek. 38:16. w24.05 12 ¶14-15
Laboraro, la 15 April
Le ratane.—Joh. 15:12.
Batho ba Jehova ba rata ho thusana. (2 Bakor. 8:4) Leha ho le joalo, ka linako tse ling ho hlokahala hore motho a be sebete e le hore a etse joalo. Ka mohlala, ha ho e-ba le ntoa, baholo baa hlokomela hore bara le barali ba bo rona ba hloka ho khothatsoa le ho tšehetsoa. Hape baa hlokomela hore ba hloka lingoloa, Bibele, lijo, liaparo le moo ba ka lulang teng. Ka lebaka la ho rata linku, baholo ba beha bophelo ba bona kotsing e le hore ba ka fana ka thuso e hlokahalang ho bara le barali ba bo rona. Maemong a joalo, ho bohlokoa hore re mamele tataiso e le hore re ka lula re momahane. Re lokela ho mamela tataiso e tsoang ofising ea lekala. (Baheb. 13:17) Baholo ba lokela hore khafetsa ba ikhopotse litaelo tsa hore na ba lokela ho itokisa joang bakeng sa likoluoa le hore na ba etse’ng ha likoluoa li hlaha. (1 Bakor. 14:33, 40) E-ba sebete empa u be hlokolosi. (Liprov. 22:3) Nahana pele u nka qeto. U lokela ho etsa bonnete ba hore u bolokehile. Itšetlehe ka Jehova. Hopola hore Jehova o batla hore uena le bana beno le bolokehe. Kahoo, a ka u thusa hore u ba thuse ka tsela e bolokehileng. w24.07 4 ¶8; 5 ¶11
Labone, la 16 April
Ha ke le mathateng ke ile ka bitsa Jehova, . . . a nkutloa ha ke lla ke kopa thuso.—Pes. 18:6.
Morena Davida o ne a tseba Jehova hantle ebile o ne a mo tšepa. Ha Morena Saule le lira tse ling tsa Davida ba ne ba batla ho bolaea Davida, Davida o ile a rapela Jehova ’me a mo kopa hore a mo thuse. Ka mor’a hore Molimo a arabe thapelo ea hae ’me a mo pholose, Davida o ile a re: “Jehova oa phela.” (Pes. 18:46) Davida ha aa ka a bua mantsoe ao ho bontša feela hore Molimo o teng. Buka e ’ngoe ea lipatlisiso e re Davida o ne a kholisehile hore Jehova ke “Molimo ea phelang ea lulang a thusa bahlanka ba hae.” Lintho tse ileng tsa etsahalla Davida li ile tsa etsa hore a tsebe hore Molimo oa hae oa phela ’me li ile tsa etsa hore a ikemisetse ho sebeletsa Jehova le ho mo rorisa. (Pes. 18:28, 29, 49) Ha re kholisehile hore Jehova ke Molimo ea phelang, seo se ka re thusa hore re mo sebeletse ka cheseho. Re tla ba le matla a ho mamella mathata hape re tla ikemisetsa ho tsoela pele re sebetsa ka thata tšebeletsong ea hae. Re tla boela re ikemisetse ho lula re le haufi le Jehova. w24.06 20-21 ¶3-4