Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
Tsebiso
Lipuo tse ncha: Shilluk, Tsimihety
  • Kajeno

Mantaha, la 13 April

Satane . . . e khelosang lefatše lohle.—Tšen. 12:9.

Le hoja Jesu Mora oa Molimo a ne a phethahetse ebile a etsa mehlolo, Satane o ile a sebelisa batho ba bang hore ba jale mashano ka eena. Ka mohlala, baeta-pele ba bolumeli ba ile ba bolella batho hore Jesu o fuoe matla a ho leleka bademona ke “’musi oa bademona.” (Mar. 3:22) Ha Jesu a ne a le nyeoeng, baeta-pele ba bolumeli ba ile ba mo qosa ka hore o rohakile Molimo eaba ba susumeletsa batho hore ba kope hore Jesu a ahloleloe lefu. (Mat. 27:20) Hamorao ha balateli ba Kreste ba bolela litaba tse monate, bahanyetsi ba bona ba ile ba “hlohlelletsa batho” hore ba hlorise Bakreste. (Lik. 14:​2, 19) Ha Molula-Qhooa oa December 1, 1998 o bua ka Liketso 14:​2, o ile oa re: “Ba sa khotsofalla ho hana ha bona molaetsa, bahanyetsi ba Bajuda ba ile ba qala ho etsa letšolo la liqoso tse se nang bopaki, ba leka ho hlohlelletsa Balichaba ho hloea Bakreste.” Le kajeno, Satane o ntse a ‘khelosa lefatše lohle.’ w24.04 11 ¶15-16

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Labobeli, la 14 April

U Moahloli oa lefatše lohle ea ahlolang ka toka.—Gen. 18:25.

Hore na motho o tla phela ka ho sa feleng kapa che ha hoa itšetleha ka hore na o tla shoa neng. Jehova ke Moahloli ea phethahetseng ’me liqeto tsa hae li lokile ebile li nepahetse. (Pes. 33:​4, 5) Re ka kholiseha hore “Moahloli oa lefatše lohle” o tla etsa se nepahetseng.Hape ke ho utloahalang ho etsa qeto ea hore taba ea hore na motho o tla phela ka ho sa feleng kapa che ha ea itšetleha ka hore na o phela hokae. Le ka mohla Jehova a ke ke a ahlola batho ba limilione ka hore ke “lipoli” hobane feela ba phela linaheng tseo ho tsona ba e-s’o ka ba fumana monyetla oa ho ithuta ka molaetsa oa ’Muso. (Mat. 25:46) Moahloli oa lefatše lohle o tsotella batho bana ho feta kamoo rona re ka ba tsotellang kateng. Ha re tsebe hore na Jehova o tla feto-fetola lintho joang nakong ea mahlomola a maholo. Mohlomong ba bang ba batho bana ba tla ba le monyetla oa ho ithuta ka Jehova, ho beha tumelo ho eena le ho ema ka lehlakoreng la hae ha a ikhalaletsa ho lichaba tsohle.—Ezek. 38:16. w24.05 12 ¶14-15

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Laboraro, la 15 April

Le ratane.—Joh. 15:12.

Batho ba Jehova ba rata ho thusana. (2 Bakor. 8:4) Leha ho le joalo, ka linako tse ling ho hlokahala hore motho a be sebete e le hore a etse joalo. Ka mohlala, ha ho e-ba le ntoa, baholo baa hlokomela hore bara le barali ba bo rona ba hloka ho khothatsoa le ho tšehetsoa. Hape baa hlokomela hore ba hloka lingoloa, Bibele, lijo, liaparo le moo ba ka lulang teng. Ka lebaka la ho rata linku, baholo ba beha bophelo ba bona kotsing e le hore ba ka fana ka thuso e hlokahalang ho bara le barali ba bo rona. Maemong a joalo, ho bohlokoa hore re mamele tataiso e le hore re ka lula re momahane. Re lokela ho mamela tataiso e tsoang ofising ea lekala. (Baheb. 13:17) Baholo ba lokela hore khafetsa ba ikhopotse litaelo tsa hore na ba lokela ho itokisa joang bakeng sa likoluoa le hore na ba etse’ng ha likoluoa li hlaha. (1 Bakor. 14:​33, 40) E-ba sebete empa u be hlokolosi. (Liprov. 22:3) Nahana pele u nka qeto. U lokela ho etsa bonnete ba hore u bolokehile. Itšetlehe ka Jehova. Hopola hore Jehova o batla hore uena le bana beno le bolokehe. Kahoo, a ka u thusa hore u ba thuse ka tsela e bolokehileng. w24.07 4 ¶8; 5 ¶11

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela