Moqebelo, la 18 April
Haeba mang kapa mang a etsa sebe, re na le mothusi.—1 Joh. 2:1.
Qeto ea bohlokoa ka ho fetisisa eo motho a ka e etsang ke ho inehela ho Jehova ’me e be karolo ea lelapa la hae. Jehova o batla hore re mo rapele re e-na le Bakreste-’moho. Hobane’ng? Hobane o rata batho ebile o ba batlela se molemo. O batla hore ba thabele ho ba metsoalle ea hae le hore ba phele ka ho sa feleng. (Deut. 30:19, 20; Bagal. 6:7, 8) Jehova ha a qobelle mang kapa mang hore a mo sebeletse. O lumella motho e mong le e mong ho etsa qeto ea hore na o batla ho etsa’ng. Empa ho tla etsahala’ng haeba Mokreste ea kolobelitsoeng a tlola molao oa Molimo ’me a etsa sebe se tebileng? Haeba a sa bake, o lokela ho tlosoa ka har’a phutheho. (1 Bakor. 5:13) Leha ho le joalo, Jehova o batla hore motho eo a bake ’me a khutlele ho eena. Ha e le hantle, lebaka le ka sehloohong le entseng hore Jehova a fane ka Mora oa hae e le tefo ea topollo ke hore o batla ho tšoarela baetsalibe ba bakileng. Jehova ke Molimo ea lerato haholo ’me o kopa bohle ba entseng libe tse tebileng hore ba bake.—Zak. 1:3; Bar. 2:4; Jak. 4:8. w24.08 14 ¶1-2
Sontaha, la 19 April
Mora oa ka, ha u hlalefa, pelo ea ka e tla thaba.—Liprov. 23:15.
Ha Johanne a ne a ngola lengolo la boraro, batho ba bang ka phuthehong ba ne ba ruta mashano ba bile ba baka likarohano. Leha ho le joalo, ba bang ba ile ba tsoela pele ba “tsamaea tseleng ea ’nete.” Ba ne ba mamela Jehova ’me ba ntse ba tsoele pele ho mamela litaelo tsa hae. (2 Joh. 4, 6) Bakreste bana ba tšepahalang ha baa ka ba thabisa Johanne feela empa ba ile ba boela ba thabisa le Jehova. (Liprov. 27:11) Re ithuta’ng? Ha re lula re tšepahalla Jehova, re tla thaba ebile re tla thabisa le ba bang. (1 Joh. 5:3) Ka mohlala, re thabisoa ke ho tseba hore re thabisa Jehova. Oa thaba ha re qoba ho etsa lintho tse mpe re bile re mamela melao ea hae. Mangeloi le ’ona aa thaba. (Luka 15:10) Le rona rea thaba ha re bona Bakreste-’moho le rona ba lula ba tšepahala. (2 Bathes. 1:4) Ha lefatše lena le felisoa, re tla thabisoa ke ho tseba hore re ile ra tšepahalla Jehova le hoja re ne re phela lefatšeng le laoloang ke Satane. w24.11 12 ¶17-18
Mantaha, la 20 April
Lulang le etsa lintho tse tla tsoela ba bang molemo eseng tse tla tsoela lona feela molemo.—1 Bakor. 10:24.
U lokela ho nka nako e kae u shebile motho e mong pele u ka mo bolella hore oa mo rata? Haeba u potlakela ho bolella motho maikutlo a hao, a ka ’na a nahana hore ha u nahane lintho ka hloko pele u etsa liqeto. (Liprov. 29:20) Ka lehlakoreng le leng, haeba a hlokomela hore oa mo rata empa u nka nako e telele pele u mo bolella, a ka ’na a nahana hore u motho ea liehang ho etsa liqeto. (Moek. 11:4) Hopola hore pele u bolella motho e mong maikutlo a hao, ha se hore u lokela ho kholiseha hore u tla mo nyala. Empa ntho eo u ka kholisehang ka eona ke hore uena u se u loketse ho nyala le hore motho eo e ka ’na ea e-ba molekane oa lenyalo ea u loketseng. U ka etsa’ng haeba u hlokomela hore ho na le motho ea u ratang? Haeba u e-na le maikutlo a fapaneng, ho ka ba molemo hore u mo bontše ka ho hlakileng ka liketso. E ka ba ho hloka mosa ho etsa hore a be le maikutlo a hore le ka ratana empa uena u e-na le maikutlo a fapaneng.—Baef. 4:25. w24.05 23 ¶9-10