Sontaha, la 19 April
Mora oa ka, ha u hlalefa, pelo ea ka e tla thaba.—Liprov. 23:15.
Ha Johanne a ne a ngola lengolo la boraro, batho ba bang ka phuthehong ba ne ba ruta mashano ba bile ba baka likarohano. Leha ho le joalo, ba bang ba ile ba tsoela pele ba “tsamaea tseleng ea ’nete.” Ba ne ba mamela Jehova ’me ba ntse ba tsoele pele ho mamela litaelo tsa hae. (2 Joh. 4, 6) Bakreste bana ba tšepahalang ha baa ka ba thabisa Johanne feela empa ba ile ba boela ba thabisa le Jehova. (Liprov. 27:11) Re ithuta’ng? Ha re lula re tšepahalla Jehova, re tla thaba ebile re tla thabisa le ba bang. (1 Joh. 5:3) Ka mohlala, re thabisoa ke ho tseba hore re thabisa Jehova. Oa thaba ha re qoba ho etsa lintho tse mpe re bile re mamela melao ea hae. Mangeloi le ’ona aa thaba. (Luka 15:10) Le rona rea thaba ha re bona Bakreste-’moho le rona ba lula ba tšepahala. (2 Bathes. 1:4) Ha lefatše lena le felisoa, re tla thabisoa ke ho tseba hore re ile ra tšepahalla Jehova le hoja re ne re phela lefatšeng le laoloang ke Satane. w24.11 12 ¶17-18
Mantaha, la 20 April
Lulang le etsa lintho tse tla tsoela ba bang molemo eseng tse tla tsoela lona feela molemo.—1 Bakor. 10:24.
U lokela ho nka nako e kae u shebile motho e mong pele u ka mo bolella hore oa mo rata? Haeba u potlakela ho bolella motho maikutlo a hao, a ka ’na a nahana hore ha u nahane lintho ka hloko pele u etsa liqeto. (Liprov. 29:20) Ka lehlakoreng le leng, haeba a hlokomela hore oa mo rata empa u nka nako e telele pele u mo bolella, a ka ’na a nahana hore u motho ea liehang ho etsa liqeto. (Moek. 11:4) Hopola hore pele u bolella motho e mong maikutlo a hao, ha se hore u lokela ho kholiseha hore u tla mo nyala. Empa ntho eo u ka kholisehang ka eona ke hore uena u se u loketse ho nyala le hore motho eo e ka ’na ea e-ba molekane oa lenyalo ea u loketseng. U ka etsa’ng haeba u hlokomela hore ho na le motho ea u ratang? Haeba u e-na le maikutlo a fapaneng, ho ka ba molemo hore u mo bontše ka ho hlakileng ka liketso. E ka ba ho hloka mosa ho etsa hore a be le maikutlo a hore le ka ratana empa uena u e-na le maikutlo a fapaneng.—Baef. 4:25. w24.05 23 ¶9-10
Labobeli, la 21 April
Ke tla khutla ebe ke le tlisa lapeng ho ’na.—Joh. 14:3.
Ke Bakreste ba tlotsitsoeng ba tšepahalang feela ba tla nkoa. Jesu o tla ba kenya ’Musong o leholimong. Bakreste ba tlotsitsoeng ba sa falimehang ba ke ke ba bokelloa le “bakhethoa.” (Mat. 24:31) Ha e le hantle bahlanka bohle ba Molimo ba lokela ho lula ba falimehile ba bile ba tšepahala ho sa tsotellehe hore na ba na le tšepo ea ho phela lefatšeng kapa leholimong. Kaha re tseba Jehova hantle, re tšepa hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang e nepahetse. Kahoo, ha re tšoenyehe ha Jehova a khetha ho tlotsa Bakreste ba bang ba tšepahalang lilemong tsa morao tjena. Rea hopola hore na Jesu o ile a re’ng ka basebetsi ba ileng ba hiroa motsotsong oa ho qetela papisong ea tšimo ea morara. (Mat. 20:1-16) Ba ileng ba hiroa ho tloha hoseng ba ile ba fumana moputso o lekanang le oa ba ileng ba hiroa motsotsong oa ho qetela. Kahoo, ho sa tsotellehe hore na batlotsuoa ba khethoa neng, ba tla fumana moputso oa bona haeba feela ba lula ba tšepahala. w24.09 24 ¶15-17