Laboraro, la 22 April
Kreste o ile a utloa bohloko bakeng sa lona. O le behetse mohlala e le hore le mo etsise linthong tsohle.—1 Pet. 2:21.
Jesu o behile mohlala o motle ka ho fetisisa oa ho sebetsana le ho hloka toka. O ile a tšoaroa ka ho hloka toka ke batho ba bangata ho akareletsa le beng ka eena. Beng ka eena ba ile ba re ha a sa nka hantle, baeta-pele ba bolumeli ba re o sebelisana le bademona, ’me masole a Roma a ile a mo soma, a mo otla ’me qetellong a mo bolaea. (Mar. 3:21, 22; 14:55; 15:16-20, 35-37) Leha ho le joalo, Jesu o ile a mamella ho tšoaroa ka ho hloka toka maemong ao kaofela ntle le hore a iphetetse. Re ka ithuta eng mohlaleng oa hae? (1 Petrose 2:21-23) Jesu o re behetse mohlala o motle oa hore na re lokela ho etsa eng ha re tšoaroa ka ho hloka toka. O ne a tseba hore na o lokela ho thola neng le ho bua neng. (Mat. 26:62-64) Ka linako tse ling, o ne a khetha ho itholela ha batho ba bua mashano ka eena. (Mat. 11:19) Ha a ne a bua, o ne a sa rohake batho ba neng ba mo hlorisa kapa ho ba tšosa. w24.11 5 ¶9-10
Labone, la 23 April
Kreste Jesu o ile a tla lefatšeng ho pholosa baetsalibe.—1 Tim. 1:15.
Nahana u fa motho eo u mo ratang mpho e ikhethang, e ntle le e ka mo thusang. U ne u ka ikutloa u soetsehile haeba motho eo a ne a ka e beha ka setorong ebe ka mor’a moo ha a sa na taba le eona. Empa u ne u ka thaba haeba motho eo a ne a ka e sebelisa ’me a bontša hore oa e ananela. Re ithuta’ng mohlaleng oo? Jehova o fane ka Mora oa hae molemong oa rona. E tlameha ebe Jehova o thaba haholo ha re bontša hore re ananela mpho eo ea bohlokoa le lerato la hae le entseng hore a fane ka tefo ea topollo. (Joh. 3:16; Bar. 5:7, 8) Ha nako e ntse e ea re ka ’na ra qala ho nka mpho ea tefo ea topollo hanyane. Haeba re etsa joalo, ho tla be ho tšoana le ha re nka mpho ena e ntle e tsoang ho Molimo ebe re e beha ka setorong, moo re ke keng ra e bona le ho nahana ka eona. Ho qoba hore seo se etsahale, re lokela ho lula re nahana ka seo Molimo le Kreste ba re etselitseng sona. w25.01 26 ¶1-2
Labohlano, la 24 April
Nahanisisa ka lintho tsena, u li etse ka mafolofolo ’ohle e le hore batho bohle ba bone hore oa hola.—1 Tim. 4:15.
Mor’abo rona ea tšoanelehang ho ba moholo ha ea lokela ho ba motho eo e sa tsoa ba Mokreste. Ha ho hlokahale hore u be le lilemo tse ngata u kolobelitsoe, empa u hloka nako e le hore u be Mokreste ea holileng tsebong. Joaloka Jesu, u lokela ho ba motho ea ikokobelitseng le ea thabelang ho sebelisoa ke Jehova ka tsela leha e le efe. U tla ba le mamello ’me u letele Jehova hore a u fe mesebetsi e eketsehileng ka phuthehong. (Mat. 20:23; Bafil. 2:5-8) U bontša hore oa tšepahala ha u khomarela Jehova ka hore u phele tumellanong le melao ea hae le ka hore u latele tataiso e tsoang mokhatlong oa hae. Mangolo a bontša ka ho hlaka hore molebeli o lokela hore a khone ho ruta. Na see se bolela hore u lokela ho ba sebui se hloahloa? Che. Ha se baholo bohle bao e leng libui tse hloahloa. Leha ho le joalo, baholo ba lokela ho tseba ho sebelisa Bibele hantle ha ba ruta tšimong le ha ba khothatsa bara le barali ba bo rona maetong a bolisa. w24.11 23-24 ¶14-15