Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Kajeno

Labone, la 23 April

Kreste Jesu o ile a tla lefatšeng ho pholosa baetsalibe.—1 Tim. 1:15.

Nahana u fa motho eo u mo ratang mpho e ikhethang, e ntle le e ka mo thusang. U ne u ka ikutloa u soetsehile haeba motho eo a ne a ka e beha ka setorong ebe ka mor’a moo ha a sa na taba le eona. Empa u ne u ka thaba haeba motho eo a ne a ka e sebelisa ’me a bontša hore oa e ananela. Re ithuta’ng mohlaleng oo? Jehova o fane ka Mora oa hae molemong oa rona. E tlameha ebe Jehova o thaba haholo ha re bontša hore re ananela mpho eo ea bohlokoa le lerato la hae le entseng hore a fane ka tefo ea topollo. (Joh. 3:16; Bar. 5:​7, 8) Ha nako e ntse e ea re ka ’na ra qala ho nka mpho ea tefo ea topollo hanyane. Haeba re etsa joalo, ho tla be ho tšoana le ha re nka mpho ena e ntle e tsoang ho Molimo ebe re e beha ka setorong, moo re ke keng ra e bona le ho nahana ka eona. Ho qoba hore seo se etsahale, re lokela ho lula re nahana ka seo Molimo le Kreste ba re etselitseng sona. w25.01 26 ¶1-2

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Labohlano, la 24 April

Nahanisisa ka lintho tsena, u li etse ka mafolofolo ’ohle e le hore batho bohle ba bone hore oa hola.—1 Tim. 4:15.

Mor’abo rona ea tšoanelehang ho ba moholo ha ea lokela ho ba motho eo e sa tsoa ba Mokreste. Ha ho hlokahale hore u be le lilemo tse ngata u kolobelitsoe, empa u hloka nako e le hore u be Mokreste ea holileng tsebong. Joaloka Jesu, u lokela ho ba motho ea ikokobelitseng le ea thabelang ho sebelisoa ke Jehova ka tsela leha e le efe. U tla ba le mamello ’me u letele Jehova hore a u fe mesebetsi e eketsehileng ka phuthehong. (Mat. 20:23; Bafil. 2:​5-8) U bontša hore oa tšepahala ha u khomarela Jehova ka hore u phele tumellanong le melao ea hae le ka hore u latele tataiso e tsoang mokhatlong oa hae. Mangolo a bontša ka ho hlaka hore molebeli o lokela hore a khone ho ruta. Na see se bolela hore u lokela ho ba sebui se hloahloa? Che. Ha se baholo bohle bao e leng libui tse hloahloa. Leha ho le joalo, baholo ba lokela ho tseba ho sebelisa Bibele hantle ha ba ruta tšimong le ha ba khothatsa bara le barali ba bo rona maetong a bolisa. w24.11 23-24 ¶14-15

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Moqebelo, la 25 April

Ke kahoo ke ratang litaelo tsa hao ho feta khauta esita le khauta ea boleng bo phahameng.—Pes. 119:127.

Etsa lipatlisiso ha ho e-na le seo u sa se utloisiseng ka Bibeleng. Ha letsatsi le ntse le ea, nahana ka seo u se fumaneng ha u ne u etsa lipatlisiso le hore na se u ruta’ng ka Jehova, Mora oa hae le lerato leo ba u ratang ka lona. (Pes. 119:​97, nal.) U se ke oa nyahama haeba ka linako tse ling u sa fumane ntho e ncha kapa e monate ha u ntse u ithuta kapa u etsa lipatlisiso. Boemong bona, u ka itšoantša le motho ea batlang khauta. Ha batho ba batla khauta, ba qeta lihora kapa matsatsi a mangata pele ba ka fumana leha e le lejoe le lenyenyane la khauta. Ho ntse ho le joalo, ha ba khathalloe ke pere hobane ho sa tsotellehe hore na khauta eo e nyenyane hakae, ho bona ke ea bohlokoa haholo. Linnete tsa Bibele tsona li bohlokoa le ho feta khauta. (Liprov. 8:10) Kahoo, tsoela pele ho bala Bibele le ho batlisisa lintho tse ncha tseo u ka ithutang tsona ho eona.—Pes. 1:2. w25.01 25 ¶14-15

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela