Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Kajeno

LETSATSI LA SEHOPOTSO
Ha Letsatsi le se le Liketse
Labone, la 2 April

Lona mohlatsoana, le se ke la tšoha hobane Ntate oa lona o thabela ho le fa ’Muso.—Luka 12:32.

Nakong ea Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena, Jesu o ile a fa baapostola ba hae bohobe bo se nang tomoso ’me a ba bolella hore bo emela ’mele oa hae. Hape o ile a ba fa veine ’me a re e emela “mali a selekane.” (Mar. 14:​22-25; Luka 22:20; 1 Bakor. 11:24) O ile a se bitsa selekane se secha ’me selekane sena se pakeng tsa Jehova le “ba ntlo ea Iseraele” e leng batho ba tla busa le Jesu “’Musong oa Molimo.” (Baheb. 8:​6, 10; 9:15) Lijong Tsa Shoalane Tsa Morena, Jesu o ne a bua le “mohlatsoana.” Baapostola ba neng ba e-na le eena moo, ke bona ba pele ba ho ba karolo ea sehlopha sena se senyenyane. Ke bona ba tla fumana sebaka leholimong le Jesu. w24.12 11 ¶9-10

’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa la 13 Nisane) Matheu 26:​17-19; Mareka 14:​12-16; Luka 22:​7-13 (Ha Letsatsi le se le Liketse ka la 14 Nisane) Johanne 13:​1-5; 14:​1-3

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Labohlano, la 3 April

Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea mong e le hore e mong le e mong ea bontšang hore o lumela ho eena a se ke a timetsoa empa a fumane bophelo bo sa feleng.—Joh. 3:16.

Jesu o ile a rekisoa, a tšoaroa, a rohakoa, a senngoa lebitso, a ahloleloa lefu a ba a hlokofatsoa ka sehloho. Masole a ile a mo isa moo a neng a tl’o bolaeloa teng a ba a mo khokhothela palong. Ha Jesu a ntse a etsahalloa ke lintho tsena tse bohloko, Jehova Molimo o ile a utloa bohloko bo fetang. Le hoja Jehova a ne a e-na le matla a ho pholosa Jesu, ha aa ka a etsa joalo. Hobane’ng? Hobane le rona oa re rata. Sehlabelo sa Jesu ke bopaki bo boholo ka ho fetisisa ba hore Jehova o u rata haholo. O ile a etsa ntho e ileng ea mo utloisa bohloko haholo, a fana ka Mora oa hae eo a mo ratang e le hore a u pholose sebeng le lefung. (1 Joh. 4:​9, 10) Jehova o batla ho re thusa hore re mo sebeletse le hoja re le baetsalibe ebile o ikemiselitse ho felisa sebe nakong e tlang. w24.08 6 ¶13-14

’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa la 14 Nisane) Johanne 19:​1-42

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Moqebelo, la 4 April

Kreste o ile a utloa bohloko bakeng sa lona.—1 Pet. 2:21.

Re ka utloisisa haholoanyane lerato leo Jehova a re ratang ka lona ha re nahana ka seo a ileng a se tela e le hore re lopolloe. Satane o re ha ho mohlanka oa Molimo ea tla lula a tšepahala tlas’a maemo a boima. Ho tiisa hore Satane o leshano, Jehova o ile a lumella Jesu hore a utloisoe bohloko pele a shoa. (Jobo 2:​1-5) Jehova o ne a shebile ha Jesu a ntse a rohakoa ke batho, a otloa ke masole, a khokhotheloa palong a bile a shoa ka sehloho. (Mat. 27:​28-31, 39) O ne a e-na le matla a ho thibela lintho tseo kaofela ho etsahala. (Mat. 27:​42, 43) Empa ha a ne a ka mo pholosa, Jesu a ka be a sa fana ka bophelo ba hae e le tefo ea topollo ’me re ne re tla sala re se na tšepo. Kahoo, Jehova o ile a lumella Mora oa hae ho mamella bohloko boo ho fihlela a shoa. w25.01 22 ¶7

’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa la 15 Nisane) Matheu 27:​62-66 (Ha Letsatsi le se le Liketse ka la 16 Nisane) Johanne 20:1

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela