Laboraro, la 1 April
Thato ea Ntate ke hore e mong le e mong ea amohelang Mora a bile a bontša hore o lumela ho eena a be le bophelo bo sa feleng.—Joh. 6:40.
Re lokela ho ba le tumelo sehlabelong sa Jesu seo e leng tefo ea topollo, e le hore re fumane bophelo bo sa feleng. (Baef. 1:7) Batho bao Jesu a ileng a re ke “linku tse ling” ha baa lokela ho ja bohobe kapa ho noa veine Lijong Tsa Shoalane Tsa Morena. (Joh. 10:16) Leha ho le joalo, nama le mali a Jesu Kreste a ntse a ba tsoela molemo hobane ba bontša tumelo sehlabelong sa Jesu le litlhohonolofatsong tse tlisoang ke sona. (Joh. 6:53) Empa batho ba jang ba bontša hore ba tlas’a selekane se secha ebile ba na le tšepo ea ho busa ’Musong oa leholimo. Kahoo, ho sa tsotellehe hore na re batlotsuoa kapa re ba linku tse ling, re lokela ho ba le tumelo e matla e le hore re fumane bophelo bo sa feleng. w24.12 13 ¶14, 16
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa la 12 Nisane) Matheu 26:1-5, 14-16; Luka 22:1-6
LETSATSI LA SEHOPOTSO
Ha Letsatsi le se le Liketse
Labone, la 2 April
Lona mohlatsoana, le se ke la tšoha hobane Ntate oa lona o thabela ho le fa ’Muso.—Luka 12:32.
Nakong ea Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena, Jesu o ile a fa baapostola ba hae bohobe bo se nang tomoso ’me a ba bolella hore bo emela ’mele oa hae. Hape o ile a ba fa veine ’me a re e emela “mali a selekane.” (Mar. 14:22-25; Luka 22:20; 1 Bakor. 11:24) O ile a se bitsa selekane se secha ’me selekane sena se pakeng tsa Jehova le “ba ntlo ea Iseraele” e leng batho ba tla busa le Jesu “’Musong oa Molimo.” (Baheb. 8:6, 10; 9:15) Lijong Tsa Shoalane Tsa Morena, Jesu o ne a bua le “mohlatsoana.” Baapostola ba neng ba e-na le eena moo, ke bona ba pele ba ho ba karolo ea sehlopha sena se senyenyane. Ke bona ba tla fumana sebaka leholimong le Jesu. w24.12 11 ¶9-10
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa la 13 Nisane) Matheu 26:17-19; Mareka 14:12-16; Luka 22:7-13 (Ha Letsatsi le se le Liketse ka la 14 Nisane) Johanne 13:1-5; 14:1-3
Labohlano, la 3 April
Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea mong e le hore e mong le e mong ea bontšang hore o lumela ho eena a se ke a timetsoa empa a fumane bophelo bo sa feleng.—Joh. 3:16.
Jesu o ile a rekisoa, a tšoaroa, a rohakoa, a senngoa lebitso, a ahloleloa lefu a ba a hlokofatsoa ka sehloho. Masole a ile a mo isa moo a neng a tl’o bolaeloa teng a ba a mo khokhothela palong. Ha Jesu a ntse a etsahalloa ke lintho tsena tse bohloko, Jehova Molimo o ile a utloa bohloko bo fetang. Le hoja Jehova a ne a e-na le matla a ho pholosa Jesu, ha aa ka a etsa joalo. Hobane’ng? Hobane le rona oa re rata. Sehlabelo sa Jesu ke bopaki bo boholo ka ho fetisisa ba hore Jehova o u rata haholo. O ile a etsa ntho e ileng ea mo utloisa bohloko haholo, a fana ka Mora oa hae eo a mo ratang e le hore a u pholose sebeng le lefung. (1 Joh. 4:9, 10) Jehova o batla ho re thusa hore re mo sebeletse le hoja re le baetsalibe ebile o ikemiselitse ho felisa sebe nakong e tlang. w24.08 6 ¶13-14
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa la 14 Nisane) Johanne 19:1-42