Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
Tsebiso
Puo e ncha: Dengese
  • Kajeno

Moqebelo, la 4 April

Kreste o ile a utloa bohloko bakeng sa lona.—1 Pet. 2:21.

Re ka utloisisa haholoanyane lerato leo Jehova a re ratang ka lona ha re nahana ka seo a ileng a se tela e le hore re lopolloe. Satane o re ha ho mohlanka oa Molimo ea tla lula a tšepahala tlas’a maemo a boima. Ho tiisa hore Satane o leshano, Jehova o ile a lumella Jesu hore a utloisoe bohloko pele a shoa. (Jobo 2:​1-5) Jehova o ne a shebile ha Jesu a ntse a rohakoa ke batho, a otloa ke masole, a khokhotheloa palong a bile a shoa ka sehloho. (Mat. 27:​28-31, 39) O ne a e-na le matla a ho thibela lintho tseo kaofela ho etsahala. (Mat. 27:​42, 43) Empa ha a ne a ka mo pholosa, Jesu a ka be a sa fana ka bophelo ba hae e le tefo ea topollo ’me re ne re tla sala re se na tšepo. Kahoo, Jehova o ile a lumella Mora oa hae ho mamella bohloko boo ho fihlela a shoa. w25.01 22 ¶7

’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa la 15 Nisane) Matheu 27:​62-66 (Ha Letsatsi le se le Liketse ka la 16 Nisane) Johanne 20:1

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Sontaha, la 5 April

O ile a qeta matsatsi a 40 a ntse a e-na le bona.—Lik. 1:3.

Letsatsi ke la 16 Nisane selemong sa 33, barutuoa ba Jesu ba utloile bohloko bo otlang pelong ba bile ba tšohile haholo. Ba babeli ba tloha Jerusalema ba ea Emmause. Ha ba ntse ba le tseleng ho hlaha monna eo ba sa mo tsebeng ’me o tsamaea le bona. Baa mo qoqela hore na ho etsahetse’ng ka Jesu. Monna enoa o ba bolella litaba tse tl’o fetola bophelo ba bona. O ile a ba bolella hore na ke hobane’ng ha Mesia a ile a lokela hore a utloisoe bohloko le ho bolaoa “a qala ka mangolo a ngotsoeng ke Moshe le a Baprofeta kaofela.” Barutuoa bana ha ba fihla Emmause ke hona ba hlokomelang hore monna enoa eo ba ntseng ba tsamaea le eena ke Jesu ea tsositsoeng bafung. (Luka 24:​13-35) Jesu o ile a qeta matsatsi a 40 a le lefatšeng pele a khutlela leholimong. Nakong eo, o ile a hlaha ka makhetlo ho barutuoa ba hae. Ka nako ena, Jesu o ile a khothatsa barutuoa ba hae ba neng ba tšohile ba bile ba utloile bohloko. Ba ile ba thaba haholo ’me ba ba le sebete sa ho bolela le ho ruta litaba tse monate tsa ’Muso. w24.10 12 ¶1-3

’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa la 16 Nisane) Johanne 20:​2-18

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Mantaha, la 6 April

Le matlafatse tumelo ea lona e halalelang ka ho fetisisa.—Juda 20.

Ngoana oa hola ha nako e ntse e ea empa ha ho motho eo kamano ea hae le Jehova e ka holang ho se letho leo a le etsang. Ka mohlala, Bakreste ba Korinthe ba ile ba amohela litaba tse monate, ba kolobetsoa, ba amohela moea o halalelang ba ba ba ithuta linthong tseo moapostola Pauluse a neng a ba ruta tsona. (Lik. 18:​8-11) Ho ntse ho le joalo, bongata ba bona e ne e ntse e le Bakreste ba sa holang ka mor’a lilemo tse ngata ba kolobelitsoe. (1 Bakor. 3:2) E le hore re be Bakreste ba holileng, re tlameha ho batla ho hola. Batho ba ‘ratang ho hloka tsebo’ e leng batho ba ratang ho lula e le Bakreste ba sa holang, ba tla lula ba le joalo. (Liprov. 1:22) Ha re batle ho tšoana le motho e moholo ea sa batleng ho nka boikarabelo ebile a batla hore batsoali ba hae ba mo etsetse liqeto. Ho e-na le hoo, re batla ho nka boikarabelo le ho etsa bonnete ba hore re ba Bakreste ba holileng. Haeba u ntse u sebeletsa ho ba Mokreste ea holileng, rapela Jehova hore a u fe ‘tabatabelo le matla a hore u etse lintho tse mo khahlisang.’—Bafil. 2:13. w24.04 4 ¶9-10

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela