Sontaha, la 5 April
O ile a qeta matsatsi a 40 a ntse a e-na le bona.—Lik. 1:3.
Letsatsi ke la 16 Nisane selemong sa 33, barutuoa ba Jesu ba utloile bohloko bo otlang pelong ba bile ba tšohile haholo. Ba babeli ba tloha Jerusalema ba ea Emmause. Ha ba ntse ba le tseleng ho hlaha monna eo ba sa mo tsebeng ’me o tsamaea le bona. Baa mo qoqela hore na ho etsahetse’ng ka Jesu. Monna enoa o ba bolella litaba tse tl’o fetola bophelo ba bona. O ile a ba bolella hore na ke hobane’ng ha Mesia a ile a lokela hore a utloisoe bohloko le ho bolaoa “a qala ka mangolo a ngotsoeng ke Moshe le a Baprofeta kaofela.” Barutuoa bana ha ba fihla Emmause ke hona ba hlokomelang hore monna enoa eo ba ntseng ba tsamaea le eena ke Jesu ea tsositsoeng bafung. (Luka 24:13-35) Jesu o ile a qeta matsatsi a 40 a le lefatšeng pele a khutlela leholimong. Nakong eo, o ile a hlaha ka makhetlo ho barutuoa ba hae. Ka nako ena, Jesu o ile a khothatsa barutuoa ba hae ba neng ba tšohile ba bile ba utloile bohloko. Ba ile ba thaba haholo ’me ba ba le sebete sa ho bolela le ho ruta litaba tse monate tsa ’Muso. w24.10 12 ¶1-3
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa la 16 Nisane) Johanne 20:2-18
Mantaha, la 6 April
Le matlafatse tumelo ea lona e halalelang ka ho fetisisa.—Juda 20.
Ngoana oa hola ha nako e ntse e ea empa ha ho motho eo kamano ea hae le Jehova e ka holang ho se letho leo a le etsang. Ka mohlala, Bakreste ba Korinthe ba ile ba amohela litaba tse monate, ba kolobetsoa, ba amohela moea o halalelang ba ba ba ithuta linthong tseo moapostola Pauluse a neng a ba ruta tsona. (Lik. 18:8-11) Ho ntse ho le joalo, bongata ba bona e ne e ntse e le Bakreste ba sa holang ka mor’a lilemo tse ngata ba kolobelitsoe. (1 Bakor. 3:2) E le hore re be Bakreste ba holileng, re tlameha ho batla ho hola. Batho ba ‘ratang ho hloka tsebo’ e leng batho ba ratang ho lula e le Bakreste ba sa holang, ba tla lula ba le joalo. (Liprov. 1:22) Ha re batle ho tšoana le motho e moholo ea sa batleng ho nka boikarabelo ebile a batla hore batsoali ba hae ba mo etsetse liqeto. Ho e-na le hoo, re batla ho nka boikarabelo le ho etsa bonnete ba hore re ba Bakreste ba holileng. Haeba u ntse u sebeletsa ho ba Mokreste ea holileng, rapela Jehova hore a u fe ‘tabatabelo le matla a hore u etse lintho tse mo khahlisang.’—Bafil. 2:13. w24.04 4 ¶9-10
Labobeli, la 7 April
Jehova . . . ha a lakatse hore mang kapa mang a timetsoe.—2 Pet. 3:9.
Jehova oa re bolella hore na o ikutloa joang ka taba ea ho ahlola batho. (Ezek. 33:11) Jehova ha a potlakele ho timetsa batho ka ho sa feleng ntle leha a e-na le lebaka le utloahalang la ho etsa joalo. O mohau haholo ’me o o bontša ka linako tsohle ha ho khoneha. Ke eng eo re e tsebang ka batho ba sa tl’o tsosoa? Bibele e bua ka mehlala e seng mekae feela. Jesu o ile a bontša hore Judase Iskariota a ke ke a tsosoa. (Mar. 14:21; sheba le Johanne 17:12.) Judase o ne a tseba hore ntho eo a e entseng e ne e le khahlanong le Jehova le Mora oa hae empa o ile a e etsa ho ntse ho le joalo. (Sheba Mareka 3:29 le w07/15 leq. 18.) Ka tsela e tšoanang, Jesu o ile a re ba bang ba baeta-pele ba bolumeli ba neng ba mo hanyetsa ba ne ba tla shoa ba se na tšepo ea tsoho. (Mat. 23:33) Le moapostola Pauluse o ile a re bakoenehi ba sa bakeng ba ke ke ba tsosoa.—Baheb. 6:4-8; 10:29. w24.05 4 ¶10-11