Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
Tsebiso
Puo e ncha: Dengese
  • Kajeno

Mantaha, la 6 April

Le matlafatse tumelo ea lona e halalelang ka ho fetisisa.—Juda 20.

Ngoana oa hola ha nako e ntse e ea empa ha ho motho eo kamano ea hae le Jehova e ka holang ho se letho leo a le etsang. Ka mohlala, Bakreste ba Korinthe ba ile ba amohela litaba tse monate, ba kolobetsoa, ba amohela moea o halalelang ba ba ba ithuta linthong tseo moapostola Pauluse a neng a ba ruta tsona. (Lik. 18:​8-11) Ho ntse ho le joalo, bongata ba bona e ne e ntse e le Bakreste ba sa holang ka mor’a lilemo tse ngata ba kolobelitsoe. (1 Bakor. 3:2) E le hore re be Bakreste ba holileng, re tlameha ho batla ho hola. Batho ba ‘ratang ho hloka tsebo’ e leng batho ba ratang ho lula e le Bakreste ba sa holang, ba tla lula ba le joalo. (Liprov. 1:22) Ha re batle ho tšoana le motho e moholo ea sa batleng ho nka boikarabelo ebile a batla hore batsoali ba hae ba mo etsetse liqeto. Ho e-na le hoo, re batla ho nka boikarabelo le ho etsa bonnete ba hore re ba Bakreste ba holileng. Haeba u ntse u sebeletsa ho ba Mokreste ea holileng, rapela Jehova hore a u fe ‘tabatabelo le matla a hore u etse lintho tse mo khahlisang.’—Bafil. 2:13. w24.04 4 ¶9-10

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Labobeli, la 7 April

Jehova . . . ha a lakatse hore mang kapa mang a timetsoe.—2 Pet. 3:9.

Jehova oa re bolella hore na o ikutloa joang ka taba ea ho ahlola batho. (Ezek. 33:11) Jehova ha a potlakele ho timetsa batho ka ho sa feleng ntle leha a e-na le lebaka le utloahalang la ho etsa joalo. O mohau haholo ’me o o bontša ka linako tsohle ha ho khoneha. Ke eng eo re e tsebang ka batho ba sa tl’o tsosoa? Bibele e bua ka mehlala e seng mekae feela. Jesu o ile a bontša hore Judase Iskariota a ke ke a tsosoa. (Mar. 14:21; sheba le Johanne 17:12.) Judase o ne a tseba hore ntho eo a e entseng e ne e le khahlanong le Jehova le Mora oa hae empa o ile a e etsa ho ntse ho le joalo. (Sheba Mareka 3:29 le w07/15 leq. 18.) Ka tsela e tšoanang, Jesu o ile a re ba bang ba baeta-pele ba bolumeli ba neng ba mo hanyetsa ba ne ba tla shoa ba se na tšepo ea tsoho. (Mat. 23:33) Le moapostola Pauluse o ile a re bakoenehi ba sa bakeng ba ke ke ba tsosoa.—Baheb. 6:​4-8; 10:29. w24.05 4 ¶10-11

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Laboraro, la 8 April

Jehova o sireletsa ba tšepahalang.—Pes. 31:23.

Ha re lula re le metsoalle e haufi ea Jehova, ha ho letho leo Satane a ka le etsang le ka re lematsang ka ho sa feleng. (1 Joh. 3:8) Lefatšeng le lecha Jehova o tla tsoela pele a sireletsa metsoalle ea hae e tšepahalang linthong tse ka senyang kamano ea bona le eena. O tla boela a ba sireletse e le hore ba se ke ba shoa. (Tšen. 21:4) Ke tlotla e kholo ho ba moeti tenteng ea Jehova le ho ba le kamano e ntle le eena e ka lulang e le teng ka ho sa feleng. (Ezek. 37:27) Re lokela ho itšoara joang haeba re batla ho tsoela pele re le baeti ba Jehova? Haeba u ne u ka memeloa ha motho e mong, u ne u ka batla ho tseba hore na o lebeletse hore u etse’ng. Ka ho tšoanang, re batla ho tseba hore na Jehova o lebeletse’ng ho batho ba batlang ho tsoela pele e le baeti. Lerato la rona ho Jehova le re susumeletsa ho etsa sohle seo re ka se khonang ho mo thabisa. (Bakol. 1:10) Re lokela ho lula re mo hlompha re sa lebale hore na ke mang ’me tlhompho e joalo e tla re thusa hore re qobe ho itšoara ka tsela e ke keng ea mo thabisa. Kannete re batla ho ‘tsamaea le Molimo oa rona re ikokobelitse.’—Mik. 6:8. w24.06 4 ¶8-9

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela