Moqebelo, la 1 August
Ho tla ba le mahlomola a maholo. A kang ’ona ha a e-s’o be teng ho tloha ha lefatše le thehoa.—Mat. 24:21.
Re rapella hore batho ba bangata kamoo ho ka khonehang ba tla mamela molaetsa oa rona ’me ba kopanele borapeling ba ’nete le rona. Empa ho thoe’ng ka ba sa mameleng molaetsa oa rona hona joale? Jehova a ka ’na a batla ho pholosa batho ba qalang ho bontša tumelo ho eena ha ba bona Babilona e Moholo e felisoa. Kahoo, ke habohlokoa haholo hore re bolelle batho ka taba ena. Ka nako eo ba ka ’na ba hopola lintho tseo re ba bolellang tsona hona joale. (Bapisa le Ezekiele 33:33.) Mohlomong ba tla nahana ka molaetsa o lemosang oo re ileng ra ba bolella oona ebe ba batla ho sebeletsa Jehova hammoho le rona pele bofelo bo fihla. Joaloka molebeli oa teronko oa Filipi ea ileng a bontša tumelo ka mor’a hore “lefatše le reketle ka matla,” mohlomong batho ba sa mameleng molaetsa oa rona hona joale ba tla o mamela ka mor’a hore Babilona e Moholo e felisoe ba sa lebella.—Lik. 16:25-34. w24.05 17 ¶9-10
Sontaha, la 2 August
Kreste o felisitse Molao.—Bar. 10:4.
Re ithuta thuto e ’ngoe ea bohlokoa ho seo moapostola Pauluse a ileng a se ngolla Bakreste ba Baheberu. Ba bang ba Bakreste ba ne ba se ba sa hole. Ho e-na le hoo, ba ne ba ‘boetse e le batho ba hlokang lebese eseng lijo tse tiileng.’ (Baheb. 5:12) Ba ne ba sa ithute lintho tse ncha tseo Jehova a neng a ba ruta tsona a sebelisa phutheho ebile ba sa li lumele. (Liprov. 4:18) Ka mohlala, Bakreste ba bangata ba Bajuda ba ne ba ntse ba buella hore ho bolokoe Molao oa Moshe le hoja ho ne ho se ho fetile lilemo tse 30 sehlabelo sa Jesu se felisitse Molao oo. (Tite 1:10) Joale, Pauluse o ne a leka ho ba thusa hore ba amohele lijo tse tiileng tseo a neng a ba ruta tsona. Lengolo la Baheberu le ile la ba thusa ho bona hore tsela ena e ncha ea Bokreste eo ba neng ba rapela Jehova ka eona, e ne e le molemo ho feta tsela ea Sejuda. Le ile la boela la ba fa sebete sa ho tsoela pele ba bolela.—Baheb. 10:19-23. w24.04 6 ¶15
Mantaha, la 3 August
Molimo o tla tsosa batho ba lokileng le ba sa lokang bafung.—Lik. 24:15.
Ho tloha ha Adama le Eva ba kopanela le Satane borabeleng ba hae khahlanong le Jehova Molimo, ho se ho shoele batho ba libilione. Ho tla etsahala’ng ka batho bao kaofela? Palo e fokolang ea balateli ba Kreste ba tšepahalang ba 144 000 ba tla tsosetsoa ho ea phela leholimong ba se ba sa shoe. (Tšen. 14:1) Banna le basali ba bangata ba neng ba rata Jehova ba tla phela hape ha ho ‘tsosoa batho ba lokileng’ ’me ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng haeba ba lula ba tšepahala nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete le nakong ea teko ea ho qetela. (Dan. 12:13; Baheb. 12:1) Hape ka nako ea Lilemo Tse Sekete, batho “ba sa lokang” ba akareletsang batho ba sa kang ba sebeletsa Jehova kapa “ba neng ba tloaetse ho etsa lintho tse fosahetseng,” ba tla fuoa monyetla oa ho fetola litsela tsa bona hore e be bahlanka ba tšepahalang ba Jehova Molimo. (Joh. 5:29; Luka 23:42, 43) Leha ho le joalo, batho ba bang ba ne ba le khopo hoo a entseng qeto ea hore a ke ke a ba tsosa ho hang.—Luka 12:4, 5. w24.05 2 ¶3; 5 ¶15; 6 ¶17