Labohlano, la 31 July
Le eme le tiile tumelong.—1 Bakor. 16:13.
Kaha Jehova ha a re bapise, le uena u lokela ho qoba ho ipapisa le ba bang. (Bagal. 6:4) Ka mohlala, Maria o ile a fa Jesu oli e turang. (Joh. 12:3-5) Mohlolohali e mong a ile a fana ka lichelete tse peli tsa tšepe tsa boleng bo tlase. (Luka 21:1-4) Leha ho le joalo, Jesu o ile a nka ka bobeli ba bontšitse hore ba na le tumelo. Le ha u ka bona eka ntho eo u e etsetsang Jehova e nyenyane, u tsebe hore eena o e nka e le ea bohlokoa haholo. Kaofela ha rona ho na le lintho tse ka re tšoenyang mabapi le mosebetsi oo re o etsetsang Jehova. Empa Lentsoe la hae e leng Bibele, le ka re thusa ho fumana likarabo tse nepahetseng. Kahoo, re lokela ho batla likarabo tseo e le hore re se ke ra lula re tšoenyehile. Jehova ha a re shebe re le sehlopha feela empa o ananela lintho tsohle tseo u mo etsetsang tsona ebile o batla ho u putsa. Le ka mohla, u se ke oa nahana hore Jehova o nka bahlanka ba hae ba se na thuso kapa o ba hlokela nako. w24.10 25 ¶3; 28 ¶17-18
Moqebelo, la 1 August
Ho tla ba le mahlomola a maholo. A kang ’ona ha a e-s’o be teng ho tloha ha lefatše le thehoa.—Mat. 24:21.
Re rapella hore batho ba bangata kamoo ho ka khonehang ba tla mamela molaetsa oa rona ’me ba kopanele borapeling ba ’nete le rona. Empa ho thoe’ng ka ba sa mameleng molaetsa oa rona hona joale? Jehova a ka ’na a batla ho pholosa batho ba qalang ho bontša tumelo ho eena ha ba bona Babilona e Moholo e felisoa. Kahoo, ke habohlokoa haholo hore re bolelle batho ka taba ena. Ka nako eo ba ka ’na ba hopola lintho tseo re ba bolellang tsona hona joale. (Bapisa le Ezekiele 33:33.) Mohlomong ba tla nahana ka molaetsa o lemosang oo re ileng ra ba bolella oona ebe ba batla ho sebeletsa Jehova hammoho le rona pele bofelo bo fihla. Joaloka molebeli oa teronko oa Filipi ea ileng a bontša tumelo ka mor’a hore “lefatše le reketle ka matla,” mohlomong batho ba sa mameleng molaetsa oa rona hona joale ba tla o mamela ka mor’a hore Babilona e Moholo e felisoe ba sa lebella.—Lik. 16:25-34. w24.05 17 ¶9-10
Sontaha, la 2 August
Kreste o felisitse Molao.—Bar. 10:4.
Re ithuta thuto e ’ngoe ea bohlokoa ho seo moapostola Pauluse a ileng a se ngolla Bakreste ba Baheberu. Ba bang ba Bakreste ba ne ba se ba sa hole. Ho e-na le hoo, ba ne ba ‘boetse e le batho ba hlokang lebese eseng lijo tse tiileng.’ (Baheb. 5:12) Ba ne ba sa ithute lintho tse ncha tseo Jehova a neng a ba ruta tsona a sebelisa phutheho ebile ba sa li lumele. (Liprov. 4:18) Ka mohlala, Bakreste ba bangata ba Bajuda ba ne ba ntse ba buella hore ho bolokoe Molao oa Moshe le hoja ho ne ho se ho fetile lilemo tse 30 sehlabelo sa Jesu se felisitse Molao oo. (Tite 1:10) Joale, Pauluse o ne a leka ho ba thusa hore ba amohele lijo tse tiileng tseo a neng a ba ruta tsona. Lengolo la Baheberu le ile la ba thusa ho bona hore tsela ena e ncha ea Bokreste eo ba neng ba rapela Jehova ka eona, e ne e le molemo ho feta tsela ea Sejuda. Le ile la boela la ba fa sebete sa ho tsoela pele ba bolela.—Baheb. 10:19-23. w24.04 6 ¶15