Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • U Tsamaisa Bophelo ba Hao Joang?
    Molula-Qhooa—1983 | January 1
    • Mangolo a na le metheo e thusang eo Bakreste ba bohlale ba ka e sebelisang e le hore ‘metsamao ea bona e tšepehe.’ (Pesaleme ea 119:1) Metheo e thusa haholo ho etseng hore matsoalo a rōna a lumellane le monahano oa Molimo. Empa hoo ho bolela eng ‘litabeng tsa letsoalo?’ Ba bang ba ’nile ba e-ba le boikutlo ba hore, ‘haeba ho letsoalong la ka, ho hang ke taba ea ka hore na ke etsa joang.’ A re ke re hlahlobeng taba sehloohong se latelang ’me re ithute hape kamoo re ka koetlisang matsoalo a rōna hore re rue molemo o moholo ho oona.

  • Ho Rua Molemo ka Letsoalo Leo U le Filoeng ke Molimo
    Molula-Qhooa—1983 | January 1
    • Ho Rua Molemo ka Letsoalo Leo U le Filoeng ke Molimo

      “Pelong ea hae o na le molao oa Molimo oa hae, maoto a hae a ke ke a thella.”—Pesaleme ea 37:31.

      1, 2. Ke hobane’ng ha re lokela ho ameha ka tataiso ea matsoalo a rōna? (Liproverbia 12:15; 14:12)

      LE HOJA Molimo o sa nea Bakreste letoto la melao, o re file melao, kapa litaelo tse tobileng, le metheo e mengata eo re ka e sebelisang tumellanong le tumelo ea rōna le letsoalo. Empa ke taba e ’ngoe ho ba le letsoalo, le e ’ngoe hape ho rua molemo o feletseng ka lona. Batho ba bangata ba ikutloa hore ‘ha ntho e sa tšoenye letsoalo la ka, e lokile.’ Na monahano oo o nepahetse?

      2 Bibele e bontša hore ka baka la nama ea rōna ea boetsalibe matsoalo a rōna a ka re lahla; a fokola, a thetsa kapa a silafala. Re ka ananela hamolemo kotsi ea pono ea hore “letsoalo la hao e be motsamaisi oa hao” ka ho nahana ka baahi ba lekholong la pele la lilemo ba Kreta, ba neng ba tsejoa e le “mahata ka mehla, ke liphoofolo tse mpe, ke limpa tse botsoa.”—Tite 1:10-12.

      3. Letsoalo le bile le phello efe ho Bakreta?

      3 Joaloka batho bohle, Bakreta ba ne ba e-na le matsoalo ao ba tsoetsoeng le oona. Empa ba ne ba sa rue molemo ka oona. Ha a ngolla Tite Kreta, moapostola Pauluse a re: “Ntho tsohle li hloekile ho ba hloekileng; empa ha ho ntho e hloekileng ho ba litšila le ho ba sa lumelang; ba silafetse lipelo le matsoalo.” (Tite 1:15; Ba-Roma 2:14, 15) Bakreta ba bangata matsoalo a bona a ne a se na kelello, e le a sa ba thuseng ho ba le boitšoaro bo botle kapa bo hloekileng. (1 Timothea 4:2) Ho Bakreta ba bangata ‘ho ne ho se letho le hloekileng.’ Joang? Ka matsoalo a sa hloekang ba ne ba shebile boemo bo bong le bo bong e le monyetla oa ho etsa bokhopo. Mohlomong ba ne ba re, ‘Ha ho tšoenye letsoalo la ka.’ Empa ho tlameha e be ho ne ho le tšoenya! Leha ho le joalo, Bakreta ba bang ba Bajode kapa ba sokolohileng ba ne ba le Jerusalema bakeng sa Pentekonta ea 33 C.E. Tsebo

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela