Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 1/1 maq. 18-24
  • U Tsamaisa Bophelo ba Hao Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U Tsamaisa Bophelo ba Hao Joang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Letsoalo la Hao—Ke Eng?
  • Pono e Feteletseng
  • Tataiso ea Molimo e Leka-lekaneng, e Thusang
  • Bakreste ba na le Molao
  • U ka Lula U E-na le Letsoalo le Molemo Joang?
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • Ho Rua Molemo ka Letsoalo Leo U le Filoeng ke Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Na Letsoalo la Hao le Koetlisitsoe Hantle?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Na Letsoalo la Hao ke Motataisi ea Tšepahalang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 1/1 maq. 18-24

U Tsamaisa Bophelo ba Hao Joang?

“Ho lehlohonolo bao metsamao ea bona e tšepehang, ba eang ka molao oa Jehova.”—Pesaleme ea 119:1.

1. Pale e bontša hore ntho ea bohlokoa bakeng sa ho thaba ke eng?

‘HO HLOKAHALA eng ho ba le bophelo bo thabileng?’ Batho ba bangata ba tla arabela ka ho bolela lintho tse bonahalang tse kang lijo, liaparo le ntlo, kapa boithabiso bo itseng le monyaka. Empa pale e paka hore ntho ea bohlokoa hore u thabe ke tsela eo u talimang bophelo ka eona le eo u phelang ka eona. Ha u sebelisana le mohiri oa hao, metsoalle le lelapa—na u tla bua ’nete? na u tla nka seo e seng sa hao? na u tla kopanela mosebetsing o mong o belaetsang kapa boithabiso?

2. Batho ba bang ba tsamaisa bophelo ba bona joang, ho Isa lipotsong life?

2 Ha ba etsa qeto ka lipotso tse joalo, batho ba bang ba batla melao e teng eo ba e tsebang kapa eo ba ka e batlang ha ho hlokahala. Ba bang ba etsa seo ba “ikutloang” hore se nepahetse ho ea ka matsoalo a bona. Leha ho le joalo, mohlomong u ka ’na ua botsa, Kaha Bibele e bua haholo ka ‘letsoalo,’ ke eng? Le sebetsa joang? Na le phetha karolo ea bohlokoa ha re etsa liqeto le hore re thabe? Hona re ka khona joang hore re bue joaloka moapostola Pauluse hore: “Ke tsamaile ka letsoalo le letle kahohle pel’a Molimo, ho fihlela tsatsi lena”?—Liketso 23:1.

Letsoalo la Hao—Ke Eng?

3, 4. Letsoalo” ke eng, hona ke bo-mang ba nang le lona?

3 Batho ba bangata ba nahana ka letsoalo e le boikutlo bo akaretsang ka se fosahetseng le se nepahetseng. Leha ho le joalo, re na le mohloli oa boitsebiso bo nepileng haholoanyane ka lona Lentsoeng la Molimo. Bibele e re thusa ho ananela hore letsoalo ke paki e ka ho motho. Ke kahoo Pauluse a reng: “Letsoalo la ka le emelana le ’na ka Moea o Halalelang.” (Ba-Roma 9:1) O sebelisitse lentsoe la Segerike syneiʹdesis, le bolelang ho ipakela. Kahoo letsoalo ke matla a ho italima le ho ikahlola, ho ipakela.

4 Letsoalo hase feela phetoho eo motho a bang le eona, hobane Bibele e bontša hore Molimo o ile oa le kenya ho batho ba babeli ba pele. (Genese 3:7, 8) Ha a hlalosa ho ikarabella ha Bajode le Balichaba, Pauluse o ngolile: “Hobane balichaba ba se nang molao, ha ba etsa, ka ho itsebela ha bona, taba tseo e leng tsa molao, bona ba se nang molao ba na le molao ka ho bona. Ba bonahatsa hobane mosebetsi oa molao o ngoliloe lipelong tsa bona, ba ntse ba pakeloa ke letsoalo le ke mehopolo ea bona e ba khalemelang, kapa e ba emelang.” (Ba-Roma 2:14, 15) E, le batho ba se nang molao o ngotsoeng o tsoang ho Molimo ba ’nile ba talima lintho tse kang ho bolaea, ho utsoa le ho nyalana haufi ka lapeng e le tse fosahetseng. Hape re ka bona ka litemana tsena hore letsoalo ke ho buisana ha pelo le kelello (‘mohopolo’).

5. Tsela e ’ngoe eo letsoalo la hao le sebetsang ka eona ke efe?

5 Mohlomong tšebetso ea letsoalo eo re tloaelaneng le eona haholo ke ha le ahlola boitšoaro ba rōna ha re entse ketso e fosahetseng. Ha re fihlela qeto ea hore re entse ntho e fosahetseng kapa e sa tšepahaleng, letsoalo la rōna lea re qosa le ho re nyatsa. (Bapisa 2 Samuele 24:10; 1 Johanne 3:20.) Ha re nka bohato ka seo le se bolelang, karolo ena ea letsoalo e ka re thusa ka ho re susumelletsa ho qoba ho pheta phoso. ’Me e ka ’na ea re etsa hore re bake, re ikōpele tšoarelo kapa hona ho etsolla tšenyo haeba re ka khona.—Pesaleme ea 32:3, 5; Mattheu 5:23, 24; Luka 19:1-8.

6. Letsoalo la hao le ka sebetsa Joang hape?

6 Letsoalo la rōna le ka sebeletsa ka tsela e ’ngoe hape. Le hoja ba bang ba re letsoalo le letle ke le thotseng, ha re talimane le qeto kapa bothata, matsoalo a rōna a lokela ho bua ’me a re tsunye hore re etse se nepahetseng. Re fumana mohlala o motle ho Josefa ha a hana katamelo ea mosali oa Potifaro. Le hoja Molimo o ne o e-so fane ka molao o ngotsoeng o hananang le bofebe, letsoalo la Josefa la mo susumelletsa ho hana boitšoaro bo bobe. (Genese 39:1-9) Haeba, pele re nka bohato, re mamela matsoalo a rōna, re ka qoba mahlomola a letsoalo le tšoenyehileng.

7. Re lakatsa ho rera eng ka thuto ee?

7 Potso eona e-ea sala: Letsoalo le lokela ho ba le tšusumetso hakae? Na u lumela hore likhang tse ngata tsa boitšoaro le tsa botho li lokela ho etsetsoa qeto motheong oa letsoalo? Kapa na e be melao e molemo? Ho hlokahala hore re tsebe. Hape, na ho na le likotsi tseo ho hlokahalang re li hlokomele? Lentsoe la Molimo le supa eng, ha le bolela hore “le na le molemo oa ho ruta, oa ho kholisa, oa ho laea, le oa ho hōlisa ka kholo ea ho loka”?—2 Timothea 3:16.

Pono e Feteletseng

8. Boitšoaro bo ile ba talingoa ka mahlakore afe a mabeli a feteletseng?

8 Ntoa pakeng tsa melao le letsoalo ke ea khale. Tabeng e neng e re, “Casuistry” (letsoalo le botle le bobe) Encyclopædia Britannica (khatiso ea 11) e hlalosa hore boitšoaro “ka linako tse ling ho nahanoa e le molao o ka ntle, ka linako tse ling e le boikutlo bo ka hare. . . . Ba lumelang molao ba ’nile ba bea tšepo ea bona molaong kapa nthong e utloahalang; ha ba lumelang boikutlong haholo-holo ba talima matla a rōna a lefutso—letsoalo, kelello ea tlhaho kapa lerato.” Ba neng ba e-na le maikutlo a feteletseng ka mahlakore ka bobeli ba ne ba le teng ha Jesu le baapostola ba hae ba tsamaea lefatšeng. Re ka ananela hamolemo teka-tekanyo e thusang ea Bibele le bohlale ba bomolimo ka ho hlokomela boemo nakong eo.

9, 10. (a) Bafarisi ba bontšitse mokhoa o mong o feteletseng joang? (b) Ha ho bapisoa, ke boemo bofe bo neng bo tloaelehile har’a Bagerike le Baroma?

9 Bafarisi ba Bajode ba ne ba buella melao ka cheseho. Ba se khotso ke molao oa Moshe feela, ba qapa melao e mengata kapa “melao ea batho” e neng e etsa melao ea Molimo lefeela. Ntle ho ho ntšetsa pele melao ena e feteletsang seo Molimo o se batlang, pono ea bona ea molao e ne e khothalletsa maikutlo a hore ho loka ho tla ka ho tseba le ho boloka litaelo tsena tsa batho.—Mattheu 15:1-20; 23:1-5; Luka 18:9-12.

10 “Ka lehlakoreng le leng e ne e le Greece ea boholo-holo,” kamoo ho hlalosang seithuti Samuel H. Butcher. “Har’a Bagerike . . . ha ho tsamaiso ea thuto le se bolokoang, ha ho libuka tse nang le melao e busang ea boitšoaro tse neng li etsoa litokomane. . . . Melao e sa tenyetseheng e ne e sitisa ho nka bohato.” Ka Baroma, Encyclopædia Britannica e re: “Cicero le Seneca ba ne ba nka kelello ea tlhaho e le eona motataisi oa bona. Ba ne ba etsetsa bothata bo bong le bo bong qeto ka eona, ba talimile haholo moea ho feta “tlhaku e ngotsoeng.” Bohlale bona ba Bagerike le Baroma bo ne bo rateha lekholong la pele la lilemo. Na bo ne bo tla ipiletsa ho Bakreste? Pauluse o ngolile: “Itebeleng, motho a se ke a le hulanya ka bohlale ba batho . . . ho ea ka lithuto tsee batho ba neanang tsona, ka ho latela litaba tsa qalo tsa lefatše e seng Kreste.”—Ba-Kolosse 2:8; Liketso 17:18-21.

11. Mahlakore a mabeli a feteletseng a ile a totobala joang hamorao paleng?

11 Makholo a lilemo hamorao, likarolo tsena tse fetelletseng ka bobeli li bile le babuelli, le har’a ba neng ba ipitsa Bakreste. Majesutu a ne a tsebahala ka ho hatisa boitšoaro bo theiloeng melaong a se nang palo ea Kereke. Kamorao ho Tokiso, Boprostanta ba hatisa ntho eo motho a iketsetsang eona a le mong le letsoalo, e leng ho isitseng ho se tsejoang hona joale e le “Maemo a melao ea boitšoaro,” ho tumisitsoeng ke Dr. Joseph Fletcher oa Episcopal. The National Observer e tlaleha hore: “Dr. Fletcher o hlahisitse mohoo o tsekoang oa bolokolohi ba motho ka mong le boikarabelo, bo theiloeng molaong oa boitšoaro oa lerato la boena, leo a bolelang hore le lokela ho lokolla batho ba kajeno melaong e thata le ea boholo-holo e kang ‘Melao e Leshome.’ . . . Ka lerato e le eona tataiso feela, ho ntšoa ha limpa, likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo, tlhalo, . . . le liphoso tse ling tse otleloang li fetoha tse amohelehang ho Dr. Fletcher maemong a mang.”

12. Ke kotsi efe e talimaneng le rōna eo ho hlokahalang re e qobe?

12 Ka ho hlakileng, batho ba sekametse ho fetelleng—ba tsamaisoa ke melao kapa letsoalo. Ba bang ba bonang bofokoli lehlakoreng le leng le feteletseng ba nka bohato bo tlōtseng ka ho fetela ka lehlakoreng le leng le feteletseng, joalokaha ntho e leketlileng sebakeng e leba koana le koana. Ka mohlala, Mehleng e Bohareng, ba ile ba tloha boikutlong bo tsamaisoang ke molao ba Majesutu ho ea bolokolohing le ho tsamaisoa ke letsoalo ha Balokisi. Hape, mohlomong u tseba batsoali ba hōlisitseng bana ba bona ka melao e thata-thata. Empa ha bana ba hōla, ba itšoara ka mokhoa o fapaneng haholo, ba lumella bana ba bona hore ba inkele bolokolohi ba mofuta ofe kapa ofe le bohle, ka liphello tse kotsi. Re ka bona bonnete ba molao oa Bibele: “Oho! Jehova, kea tseba hobane tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.”—Jeremia 10:23.

Tataiso ea Molimo e Leka-lekaneng, e Thusang

13. Bibele e re nea thuso efe ka boitšoaro le letsoalo?

13 Jehova o lokiselitse thuso e leka-lekaneng bakeng sa Bakreste ka Mangolong e le hore re ka qoba: (1) ho hatella melao ho tlōla tekanyo, e leng ho ka theolang pono ea motho ea bophelo le borapeli, kapa (2) ho hatisa bolokolohi ba letsoalo ho tlōla, e leng ho kentseng ba bang menahanong ea botho e ka bang ea emela bobe. Hore re monye ho leka-lekana ha Lentsoe la Molimo le ho fumana molemo tataisong ea lona, ho hlokahala re be le maikutlo a kang a Davida: “Jehova, mpontše litsela tsa hao, u nthute mekhoa ea hao. U ntsamaise ’neteng ea hao, u nthute, hobane ke uena Molimo oa poloko ea ka.”—Pesaleme ea 25:4, 5.

14, 15. Re ka ithuta eng ka Mangolo a Bakreste a Segerike ka pono ea Bajode le ea Molimo ka molao?

14 Bibele e senola ho hana ha Jesu kelello e laoloang ke melao ea bangoli le Bafarisi. Bajode ba ’maloa ba neng ba sa batle ho sebelisa matla ao ba a filoeng ke Molimo a ho nahana, mohlomong ba ne ba rata litaelo tsa hore na ba hlape matsoho a bona ho fihlela kae, hore na ‘ho sebetsoe’ eng ka sabbatha,a hore na ke lijalo life tse ka ntšetsoang karolo ea leshome, le tse ling. Taba eo ea fella ka melao e boima, e neng e hloka litlhaloso tse sa feleng le ho khelosa tlhokomelo linthong tsa moea le tse matla haholoanyane tsa Mangolo. Jesu a re ho baetapele ba bolumeli: “Le ntša karolo ea leshome ea koena, tenane le sepaile, feela le tlohetse lintho tsa bohlokoa tsa Molao: tōka, mohau le botšepehi.”—Mattheu 23:23, phet. e ncha; Mareka 7:3, 4.

15 Molao oa Moshe o ne o tlatsetsa moeeng, boitšoarong le bophelong ba Bajode, hape o ba pakela hore joaloka baetsalibe ba hloka Messia. (Ba-Galata 3:19, 23-25; Ba-Roma 7:7-14) Kaha e ne e le tekanyetso e phethahetseng, ha ho Moiseraele ea neng a ka o boloka ka ho phethahetseng ’me kahoo a ba le letsoalo le hloekileng. (Ba-Heberu 9:9, 10) Kahoo, le hoja molao ona o ne o tsoa ho Molimo, hang ha morero oa Molimo ka oona o felile, a o tlosa tseleng. Joale, ho e-na le ho sebelisana le batho ba neng ba bitsoa ka lebitso la hae motheong oa molao o mongata o ngotsoeng, Molimo o ne o tla ‘ngola melao lipelong le mehopolong ea bona.’—Jeremia 31:33; Ba-Heberu 10:16; 2 Ba-Korinthe 3:5-11.

16. Ke thuto efe e fanoang mona ho (a) batho ba itšoereng ka thata-thata, le (b) rōna le pono ea rōna ka melao?

16 Ho hopotsoe sena, batho bao e leng balebeli kapa bahokahanyi tšebetsong ea ba bang ba be seli hore ba se imetse bao ka litaelo tse sa hlokahaleng tsa batho. Tšekamelo ea ho etsa hoo e ka ’na ea e-ba matla ho ba itšoereng ka thatathata ’me kahoo ba ikutloa hore ba bang ba lokela ho talima litaba joaloka bona. Leha ho le joalo, Pauluse o ngoletse Bakreste hore: “E seng hore re na le puso holim’a tumelo ea lōna, empa re le sebelisa tse le thabisang, hobane efela le eme ka tumelo.” (2 Ba-Korinthe 1:24) Ho amanang le sena, Bakreste ka kakaretso ba lokela ho ikalosa tabeng ea ho batla hore e mong ea nang le matla a ba etsetse melao tabeng e ’ngoe le e ’ngoe. Ho e-na le hoo, re lokela ho hōla tsebong ea seo Lentsoe la Molimo le se bolelang e le hore re ka koetlisa matsoalo a rōna le temoho.—Ba-Heberu 5:14.

17. Hape ho hlokahala re itebele ponong efe e fosahetseng?

17 Leha ho le joalo, kotsi e ’ngoe ke ho ea ka lehlakoreng le leng le feteletseng, ho ikutloa hore Mokreste e mong le e mong o lokolohile ho etsa eng kapa eng e lumelloang ke letsoalo la hae. Ba ’maloa ba sa tsoa etsa khang ka sena, ba bolela hore “Bokreste hase bolumeli ba melao” ’me ba supa litemana tse kang: “Le bilelitsoe ho lokoloha, empa feela le se ke la etsa tokoloho eo sebaka sa ho phela ka nama, le mpe le sebeletsane ka baka la lerato. Hobane molao oohle o phethahetse tabeng e le ’ngoe, e reng: Rata oa heno joale ka ha u ithata.” (Ba-Galata 5:13, 14) Ke ’nete hore Bakreste ha ba tlas’a molao oa Moshe kapa sehlopha leha e le sefe sa melao ea bomolimo. Empa re hlokomele hore ’motho a se ke a re thetsa ka lipolelo tseo e kang lia tšepeha (‘likhang tse phehellang le tse hohelang le tse thetsang,’ Amplified Bible), hobane ho hlahloba Bibele ka botšepehi ho bontša hore e fela e re nea melao kapa litaelo tse itseng.—Ba-Kolosse 2:4.

Bakreste ba na le Molao

18, 19. Ke hokae moo Bakreste ba emang mabapi le melao le litaelo tsa Bibele?

18 Pauluse o ile a ngolla Bakorinthe hore monna ea molato oa bofebe a lelekoe. A phaella hore bafebi, lihlola, basodoma, masholu, batho ba meharo, matahoa, ba litšila le ba lakatsang lintho tsa ba bang “ba ke ke ba rua lefa la ’muso oa Molimo.” (1 Ba-Korinthe 5:1, 6, 7, 11-13; 6:9-11) Hape re bala hore Bakreste ba lokela ho ‘tela lintho tse hlabetsoeng litšoantšo, mali, lintho tse fenethiloeng le bofebe’ le hore ba ipolelang hore ke baena empa ba ruta lithuto tse fosahetseng ba lokela ho hanoa. (Liketso 15:28, 29; Tite 3:10; 2 Johanne 9-11) Ka ho hlakileng, mona ho ameha melao. Ea etsang libe tse joalo e ke ke ea e-ba Mokreste oa ’nete. ’Me haeba mohlanka oa Molimo ka ho se bake a etsa libe tsena, o tlameha ho khaoloa.

19 Hape re fumana melao ea Bibele ka litaba tseo e seng likhopiso tsa ho khaoleloa. Ka mohlala, Pauluse o ngotse hore Bakreste ba masooa ba lokela ho kena lenyalong “feela Moreneng,” ’me a laela hore “ekare ha e mong a hana ho sebetsa, a se ke a ja le hona.” (1 Ba-Korinthe 7:39; 2 Ba-Thessalonika 3:10) Motho e mong a ka ’na a nahana hore, ‘Kaha nke ke ka lelekeloa ho hlompholla temoso eo, ena hase melao e tebileng hakaalo.’ Ke monahano o sethoto hakaakang! Molimo o talima melao ena ka botebo. Na Pauluse ha a ka a re Ba-Thessalonika ba “khethe” le ho ‘se tloaelane’ le batho ba hlomphollang molao oa ho sebetsa ka boomo?—2 Ba-Thessalonika 3:14, 15.b

20, 21. Re ka ithuta eng ka tataiso ea phutheho, ’me re lokela ho ikutloa joang ka eona?

20 Melao e meng ka ho tobileng e molemong oa phutheho. Ka mohlala, nakong e fetileng Bakreste ba bang ba ne ba bua ka lipuo lisele. Pauluse a laela hore ba babeli kapa ba bararo ho bona ba bue ka lekhetlo le leng, hore ba sielane libaka, le hore ho be le motho ea tolokang—melao e neng e ntšetsa pele khotso le taolo. (1 Ba-Korinthe 14:26-33) Ka ho tšoanang, baholo ba phutheho kajeno ba ka ’na ba fana ka litaelo ka ho se thibe tsela Holong ea ’Muso, ho se boloke litulo ntle ho lebaka, kapa ho emisoa ha makoloi ka ho nahanela ba pel’a Holo le tšireletseho. Melao e joalo ea phutheho e tumellanong le Mangolo hobane e na le morero o tšoanang (khotso le taolo e ntle) joalokaha Pauluse a ile a lemosa ka ho bua lipuo lisele. Ho amanang le sena ke temoso ea Bibele: “Utloang balisa ba lōna, ’me le ipee ka tlase ho bona.” (Ba-Heberu 13:17) Kaha ho qoba ha rōna libe tse kang ho qala leshano kapa ho utsoa ho ama ho mamela Molimo, temana eo e lokela hore e be e supa ho mamela ha rōna tataiso ea baholo litabeng tsa phutheho. Leha e le hore ho thata ho etsa joalo haeba ba sa ‘iketsa marena ka melao holim’a seo Molimo o ithuetseng sona.’—1 Petrose 5:3.

21 “Melao” e meng kapa litsela tsa ho etsa lintho li molemong oa mohlape o lefatšeng lohle. Ka mohlala, ho kopuoa hore Lipaki tsa Jehova li fane ka litlaleho tsa bopaki ba tsona. (Bapisa Liketso 2:41, 42; 8:14.) Motho ea sothehelang ka lehlakoreng le feteletseng la bolokolohi ba botho a ka ’na a hanana le mokhoa ona. Empa nahana ka botle bo etsoang hobane ba lebetseng mohlape ba tseba ho tseba ka litlaleho hore na bopaki ba ’muso bo se bo fanoe hakae, hore na thuso e hlokahala hokae, le hore na barutuoa ba bacha ba ka etsoa phutheho neng. Hona na ha rea thabela ho bala litlaleho tsa lefatše lohle? (Ezekiele 9:11; Mareka 6:30; Liketso 14:21-23; 15:3; 19:1-6) Re tšepile hore Molimo o tsamaisa batho ba oona, re ka bontša moea oa ho tšehetsa le ho sebelisana.

22. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re ithute taba ea letsoalo ho ea pele?

22 Ntle ho melao kapa litaelo tse tobileng, Mangolo a na le metheo e thusang eo Bakreste ba bohlale ba ka e sebelisang e le hore ‘metsamao ea bona e tšepehe.’ (Pesaleme ea 119:1) Metheo e thusa haholo ho etseng hore matsoalo a rōna a lumellane le monahano oa Molimo. Empa hoo ho bolela eng ‘litabeng tsa letsoalo?’ Ba bang ba ’nile ba e-ba le boikutlo ba hore, ‘haeba ho letsoalong la ka, ho hang ke taba ea ka hore na ke etsa joang.’ A re ke re hlahlobeng taba sehloohong se latelang ’me re ithute hape kamoo re ka koetlisang matsoalo a rōna hore re rue molemo o moholo ho oona.

[Mengolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona “Lipotso tse Tsoang ho Babali” leqepheng la 30.

b Bona Molula-Qhooa oa February 15, 1982, maqephe 21, 22; September 1, 1982, leqephe 30.

Na u ka Hlalosa?

◻ Letsoalo la hao ke eng, hona le ka u thusa ka litsela life?

◻ Ke mahlakore afe a feteletseng ka boitšoaro a ’nileng a e-ba teng?

◻ Bibele e re thusa joang ho ba le pono e nepahetseng ka tataiso ea boitšoaro?

◻ Re hloka pono efe ea Mangolo ka melao kapa litaelo?

[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 22]

Batho ba itšoereng ka thata-thata ho hlokahala ba ikalose tloaelong ea ho etsa le ho qobella melao e mengata ho ba bang

[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 23]

Ba bang ka phoso ba ile ba ikutloa hore Mokreste o lokolohile ho etsa eng kapa eng e lumelloang ke letsoalo la hae

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Litabeng tsa boitšoaro, batho ba ’nile ba sotheha ho tloha lehlakoreng le leng le feteletseng ho ea ho le leng

TŠOANELO LERATO LETSOALO

MELAO LITAELO BOHOLO

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela