Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona
LA 7-LA13 SEPTEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | EXODA 23-24
“U se ke oa Latela Bongata”
(Exoda 23:1) “U se ke ua bolela tlaleho ea bohata. U se ke ua sebelisana ’moho le ea khopo ka ho fetoha paki e rerang pefo.
Na U Tseba Lintlha Kaofela?
7 Na u thabela ho romellana melaetsa le metsoalle ea hao? Haeba ho joalo, mohlomong ha u utloa ntho e itseng litabeng kapa u utloa batho ba bua ka eona, u batla ho ba motho oa pele ea bolellang ba bang ka eona. Leha ho le joalo, pele u romela molaetsa ipotse lipotso tse kang, ‘na taba ee eo ke batlang ho e romella ba bang ke ’nete? Na ke tseba lintlha tse feletseng ka eona?’ Haeba u sa kholiseha hantle, u ka qetella u jetse mashano har’a Bakreste-’moho le uena u sa hlokomele. Kahoo, ho ka ba molemo hore u se ke oa romella molaetsa oo.
8 Ho boetse ho ka ba kotsi haeba re ka potlakela ho romela melaetsa. Libakeng tse ling, mosebetsi oa rona o thibetsoe. Kahoo, libakeng tse joalo bahanyetsi ba rona ba ka re ferekanya ka ho bua mashano. Nahana ka lintho tse neng li etsahala linaheng tse tlas’a Soviet Union. Mapolesa a mautloela a neng a bitsoa KGB, a ile a hasa mashano ka barab’abo rona ba hlaheletseng ’me ba re ba tsoile Lipaki tse ling tlaase. Ka bomalimabe Lipaki tse ngata li ile tsa kholoa mashano ao ’me hamorao tsa ikarola mokhatlong oa Jehova. Empa hoa thabisa hore ebe Lipaki tse ling li ile tsa khutlela ka hare ho mokhatlo oa Jehova. Leha ho le joalo, ba bang ha baa ka ba khutla hobane ba ile ba felloa ke tumelo. (1 Tim. 1:19) Re ka qoba kotsi e joalo joang? Re lokela ho qoba ho hasa litaba tseo re sa kholisehang ka tsona. Ha rea lokela ho lumela ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Re boetse re lokela ho tseba lintlha kaofela.
(Exoda 23:2) U se ke ua latela bongata bakeng sa sepheo se sebe; ’me u se ke ua paka tsekong hore u khelohe le bongata bakeng sa ho khopamisa toka.
it-1-E 11 ¶3
Arone
Re lokela ho hlokomela hore liphosong tse tharo tseo Arone a keneletseng ho tsona, e ne e se eena ea li qalileng. Empa o ile a itumella hore a hatelloe kapa a susumetsoe hore a etse lintho tse fosahetseng. Phosong ea hae ea pele ka ho khetheha a ka be a ile a sebelisa molao-motheo o reng: “U se ke ua latela bongata bakeng sa sepheo se sebe.” (Ex 23:2) Leha ho le joalo, Mangolo a ile a bua ka eena e le motho ea hlomphehang. Hape, ha mora oa Molimo a ne a le lefatšeng o ile a bontša hore o nka boprista ba leloko la Arone e le ba bohlokoa.—Pes 115:10, 12; 118:3; 133:1, 2; 135:19; Mat 5:17-19; 8:4.
(Exoda 23:3) Ha e le ea tlaase, u se ke ua bontša leeme tsekong ea hae.
it-1-E 343 ¶5
Bofofu
Ho sebetsa nyeoe ka ho hloka toka ho ne ho tšoantšoa le bofofu. Hape likarolo tse ngata tsa Molao, li ne li thibela tjotjo, ho fana ka limpho le ho hloka toka hobane lintho tse joalo li ne li ka tsa foufatsa moahloli ebe o sebetsa litaba ka ho hloka toka. “Tjotjo e foufatsa batho ba bonang ka mokhoa o hlakileng.” (Ex 23:8) “Tjotjo e foufatsa mahlo a ba bohlale.” (De 16:19) Haeba moahloli a ne a ka fuoa mpho ke moqosi kapa moqosuoa, ho sa tsotellehe hore na moahloli ke motho ea hlokolosi kapa ea ratang toka hakae, o ne a ka ’na a se ke a sebetsa litaba ka toka a hlokomela kapa a sa hlokomele. Molao oa Molimo o ile oa hlakisa hantle hore motho a ke ke a foufatsoa ke tjotjo feela, empa a ka susumetsoa le ke maikutlo a hae hobane molao oo o re: “Le se ke la tšoara ea tlaase ka leeme, ’me le se ke la emela e moholo.” (Le 19:15) Ka lebaka leo, moahloli o ne a sa lokela ho susumetsoa ke maikutlo a hae, hore na bongata bo re’ng kapa hore na motho ke morui kapa mofutsana.—Ex 23:2, 3.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Exoda 23:9) “U se ke ua hatella mojaki, etsoe le tsebile moea oa mojaki, hobane le bile bajaki naheng ea Egepeta.
“Le se ke la Lebala ho Amohela Baeti”
4 Ho e-na le hore Jehova a laele Baiseraele hore ba hlomphe balichaba, o ile a ba susumelletsa hore ba be le kutloelo-bohloko. (Bala Exoda 23:9.) Ba ne ba tseba hore na ho joang ‘ho ba bajaki.’ Le pele Baegepeta ba etsa Baheberu makhoba, ho ka etsahala hore ba ne ba se ba ntse ba ba khetholla ka lebaka la morabe le bolumeli. (Gen. 43:32; 46:34; Ex. 1:11-14) Baiseraele ba ne ba hutse ka thata ha e ntse e le bajaki, empa Jehova o ne a lebeletse hore ba tšoare motho leha e le ofe oa molichaba ‘joaloka letsoalloa la habo bona.’—Lev. 19:33, 34.
(Exoda 23:20, 21) “Bona! ke romela lengeloi hore le u etelle pele hore le u boloke tseleng ’me le u tlise sebakeng seo ke se lokisitseng. 21 Itebele ka lebaka la lona ’me u mamele lentsoe la lona. U se ke ua le fetohela, etsoe le ke ke la tšoarela litloo tsa lona; hobane lebitso la ka le ho lona.
it-2-E 393
Mikaele
1. Ke lona lengeloi leo ho buuoang ka lona ka Bibeleng ntle le Gabriele, ebile ke lona feela le bitsoang “lengeloi le ka sehloohong.” (Ju 9) Lebitso la lengeloi lena le hlaha ka lekhetlo la pele ho Daniele khaolo ea leshome moo Mikaele a hlalosoang e le “e mong oa likhosana tse ka pele-pele.” O ile a thusa lengeloi le ka tlaasana ho eena le neng le hanyetsoa ke “khosana ea sebaka se pusong ea borena sa Persia.” Mikaele o bitsoa ‘khosana ea sechaba sa habo Daniele,’ ‘khosana e kholo e emeng molemong oa bara ba sechaba sa habo Daniele.’ (Da 10:13, 20, 21; 12:1) Taba ena e bontša hore Mikaele ke lengeloi le ileng la etella Baiseraele pele ha ba le lefelleng. (Ex 23:20, 21, 23; 32:34; 33:2) Hore ‘Mikaele lengeloi le ka sehloohong o ne a e-na le phapang le Diabolose ’me a pheha khang ka setopo sa Moshe’ e paka taba ea hore Mikaele o ile a etella Baiseraele pele ha ba le lefelleng—Ju 9.
’Malo oa Bibele
(Exoda 23:1-19) “U se ke ua bolela tlaleho ea bohata. U se ke ua sebelisana ’moho le ea khopo ka ho fetoha paki e rerang pefo. 2 U se ke ua latela bongata bakeng sa sepheo se sebe; ’me u se ke ua paka tsekong hore u khelohe le bongata bakeng sa ho khopamisa toka. 3 Ha e le ea tlaase, u se ke ua bontša leeme tsekong ea hae. 4 “Haeba u ka teana le poho ea sera sa hao kapa esele ea sona e hlahlathela, u e khutlisetse ho sona. 5 Haeba u ka bona esele ea motho ea u hloileng e bothile tlas’a mojaro oa eona, u se ke ua mo siea. Ruri u e lokolle le eena. 6 “U se ke ua khopamisa qeto ea boahloli ea motho oa heno oa mofutsana tsekong ea hae. 7 “U be hoe le lentsoe la bohata. ’Me u se ke ua bolaea ea hlokang molato le ea lokileng, etsoe nke ke ka bolela hore ea khopo o lokile. 8 “U se ke ua amohela tjotjo, etsoe tjotjo e foufatsa batho ba bonang ka mokhoa o hlakileng ’me e ka khopamisa mantsoe a batho ba lokileng. 9 “U se ke ua hatella mojaki, etsoe le tsebile moea oa mojaki, hobane le bile bajaki naheng ea Egepeta. 10 “Ka lilemo tse tšeletseng u jale tšimo ea hao peo ’me u bokelle lihlahisoa tsa eona. 11 Empa ka selemo sa bosupa u e tlohele e sa lengoa ’me u e lese e lale, ’me mafutsana ho batho ba heno a je ho eona; se siiloeng ke ’ona se tla jeoa ke libata tsa naha. Ke tsela eo u tla etsa ka eona ka serapa sa hao sa morara le moru oa hao oa mohloaare. 12 “U tla etsa mosebetsi oa hao ka matsatsi a tšeletseng; empa u khaotse ka letsatsi la bosupa, e le hore poho ea hao le esele ea hao li phomole le mora oa lekhabunyane la hao le mojaki ba ikhatholle. 13 “Le itebele mabapi le sohle seo ke le boleletseng sona; ’me le se ke la bolela mabitso a melimo e meng. Ha aa lokela ho utluoa melomong ea lona. 14 “U tla nketsetsa mokete hararo ka selemo. 15 U tla boloka mokete oa mahobe a sa lomosoang. U tla ja mahobe a sa lomosoang ka matsatsi a supileng, feela joalokaha ke u laetse, ka nako e behiloeng ka khoeli ea Abibe, hobane ka eona u ile ua tsoa Egepeta. Ba se ke ba itlhahisa ho ’na ba sa nka letho. 16 Le mokete oa kotulo ea litholoana tsa pele tse butsoitseng tsa mesebetsi ea lona, tsa seo le se jalang tšimong; le mokete oa ho bokella ha selemo se fela, ha le bokella mesebetsi ea lona tšimong. 17 Ka makhetlo a mararo ka selemo e mong le e mong e motona oa hao o tla hlaha ka pel’a sefahleho sa Morena oa ’nete, Jehova. 18 “Mali a sehlabelo sa ka u se ke ua a etsa sehlabelo hammoho le se lomositsoeng. Mafura a mokete oa ka ha aa lokela ho hlola bosiu ho fihlela hoseng. 19 “U tlise litholoana tse ntlehali tsa pele tse butsoitseng tsa mobu ka tlung ea Jehova Molimo oa hao.“U se ke ua pheha potsanyane ka lebese la ’m’a eona.
LA 14-LA 20 SEPTEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | EXODA 25-26
“Ntho ea Bohlokoa Haholo Tabernakeleng”
(Exoda 25:9) Ho ea ka sohle seo ke u bontšang sona e le mohlala oa tabernakele le mohlala oa thepa eohle ea eona, ke tsela eo u tla e etsa ka eona.
it-1-E 165
Areka ea Selekane
E ne e Entsoe Joang? Ntho ea pele eo Jehova a ileng a e laela Moshe ha a ne a haha tabernakele, e ne e le hore na Areka e lokela ho etsoa joang kaha e ne e le eona ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa tabernakeleng le ho Baiseraele. Areka e ne e lokela ho ba bolelele ba litsoe tse peli le halofo, bophara ba setsoe le halofo le bophahamo ba setsoe le halofo (e leng hoo e ka bang 111 × 67 × 67 cm.). E ne e entsoe ka lehong la leoka, ka ntle le ka hare e koahetsoe ka khauta e hloekileng. Khauta e neng e tlotsitsoe ho potoloha Areka e ne e le moqhaka oa eona. Karolo ea bobeli ea Areka e ne e le sekoahelo sa eona. Se ne se koahela Areka hantle hobane bolelele le bophara ba sona bo ne bo lekana le ba sa Areka. Se ne se entsoe ka khauta feela, e ne e se lehong le koahetsoeng ka khauta. Ka holim’a sekoahelo sa Areka ho ne ho na le litšoantšo tse peli tsa likerubime ka mahlakoreng a mabeli a sekoahelo. Likerubime tseo li ne li shebane, lihlooho tsa tsona li shebile fatše. Li ne li phukalalisitse mapheo a tsona ho koahela Areka. (Ex 25:10, 11, 17-22; 37:6-9) Sekoahelo sena se ne se boetse se tsejoa e le “setulo sa mohau” kapa “sekoahelo sa poelano.”—Ex 25:17; Heb 9:5; bona le SEKOAHELO SA POELANO.
(Exoda 25:21) U behe sekoahelo holim’a Areka, ’me ka har’a Areka u behe bopaki boo ke tla u fa bona.
it-1-E 166 ¶2
Areka ea Selekane
Areka e ne e le ntho e halalelang e neng e sebelisetsoa ho boloka likhopotso tse halalelang ’me ka har’a eona ho ne ho e-na le matlapa a mabeli ao ho oona ho neng ho ngotsoe Melao e Leshome. (Ex 25:16) Ka har’a Areka ho ne ho boetse ho na le “nkho ea khauta e nang le manna le molamu oa Arone o ileng oa ba le lithunthung.” Empa lintho tseo li ile tsa tlosoa pele ho hahoa tempele ea Solomone. (Heb 9:4; Ex 16:32-34; Nu 17:10; 1Ma 8:9; 2Likr 5:10) Pele Moshe a shoa, o ile a fa baprista ba Balevi kopi ea “buka ea molao.” Haa ka a re ba e kenye ka har’a Areka, empa o ile a re ba e behe ‘lehlakoreng la areka ea selekane sa Jehova Molimo oa bona, ’me e tla ba bopaki teng khahlanong le bona.’—De 31:24-26.
(Exoda 25:22) Ke tla itlhahisa ho uena moo ’me ke u bolelle sohle seo ke tla u laela sona bakeng sa bara ba Iseraele ke le holim’a sekoahelo, pakeng tsa likerubime tse peli tse holim’a areka ea bopaki.
it-1-E 166 ¶3
Areka ea Selekane
E ne e amahanngoa le hore Molimo o teng. Esale ho tloha khale Areka e amahanngoa le ho ba teng ha Molimo. Jehova o ile a tšepisa a re: “Ke tla itlhahisa ho uena moo ’me ke u bolelle sohle seo ke tla u laela sona bakeng sa bara ba Iseraele ke le holim’a sekoahelo, pakeng tsa likerubime tse peli tse holim’a areka ea bopaki.” “ke tla hlaha holim’a sekoahelo ka leru.” (Ex 25:22; Le 16:2) Samuele o ile a re Jehova o ‘lutse holim’a likerubime’ (1Sa 4:4); kahoo likerubime li ne li le joaloka “setšoantšo sa koloi” ea Jehova Molimo. (1Likr 28:18) Ka lebaka leo, “neng kapa neng ha Moshe a ne a kena ka tenteng ea pokano ho ea bua le [Jehova], o ne a utloa lentsoe le buang le eena le tsoa ka holim’a sekoahelo se holim’a areka ea bopaki, pakeng tsa likerubime tse peli; ’me o ne a bua le eena.” (Nu 7:89) Hamorao Joshua le Moprista ea Phahameng Finease ba ile ba ea ka pel’a Areka ho ea bua le Jehova. (Jos 7:6-10; Bhl 20:27, 28) Leha ho le joalo, ke moprista ea phahameng feela ea neng a kena ka Sehalalelisisong hang ka selemo ’me a bona Areka. O ne a kena kamoo hore a il’o etsa litšebeletso tsa Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe eseng ho ea bua le Jehova.—Le 16:2, 3, 13, 15, 17; Heb 9:7.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Exoda 25:20) Likerubime li phukalletse mapheo a tsona a mabeli holimo, li sireletse sekoahelo ka mapheo a tsona, lifahleho tsa tsona li shebane. Lifahleho tsa likerubime li lokela ho talima sekoahelong.
it-1-E 432 ¶1
Kerubime
Tabernakele e neng e entsoe lefelleng e ne e kenyelelitse litšoantšo tsa likerubime. Ka mahlakoreng a mabeli a sekoahelo sa Areka ho ne ho e-na le likerubime tse peli tse neng li entsoe ka khauta. Li ne li khumame ’me li shebile fatše joalokaha eka lia rapela. Kerubime ka ’ngoe e ne e na le mapheo a mabeli a phukaletseng ka holim’a sekoahelo ka mokhoa oo ekang e sirelelitse Areka. (Ex 25:10-21; 37:7-9) Masela a tente a neng a koahela tabernakele le lesira le neng le arola Sehalalelo le Sehalalelisiso le oona a ne a na le litšoantšo tsa likerubime.—Ex 26:1, 31; 36:8, 35.
(Exoda 25:30) U behe bohobe ba pontšo holim’a tafole ka pel’a ka kamehla.
it-2-E 936
Bohobe ba Pontšo
E ne e le mahobe a 12 a neng a behoa tafoleng ka Sehalalelong sa tabernakele kapa sa tempele ’me ka Sabatha e ’ngoe le e ’ngoe ho ne ho ntšoa mahobe a khale ho kenngoa a macha. (Ex 35:13; 39:36; 1Ma 7:48; 2Likr 13:11; Ne 10:32, 33) Ka Seheberu, poleloana “bohobe ba pontšo” e bolela “bohobe ba sefahleho.” Ka linako tse ling, lentsoe “sefahleho” le bolela ho ba teng ha motho ea itseng (2Ki 13:23), ’me ka lebaka leo ha bohobe ba pontšo bo lula tafoleng ka sehalalelong, ho ne ho tšoana le ha ho etsoa sehlabelo ka pel’a Jehova kamehla. (Ex 25:30) Ka linako tse ling, ka Bibeleng ha ho buuoa ka bohobe ba pontšo ho thoe ke “bohobe bo kolohantsoeng” (2Likr 2:4), “mahobe a nyehelo” (Mar 2:26), kapa “mahobe” feela (Heb 9:2).
’Malo oa Bibele
(Exoda 25:23-40) “U etse tafole ea lehong la leoka, e bolelele ba litsoe tse peli le bophara ba setsoe le bophahamo ba setsoe le halofo. 24 U e koahele ka khauta e hloekileng, ’me u e etsetse mophetho oa khauta ho potoloha. 25 U e etsetse foreimi e bophara ba seatla ho potoloha, ’me u etse mophetho oa khauta bakeng sa foreimi ea eona ho potoloha. 26 U e etsetse mehele e mene ea khauta ’me u behe mehele likhutlong tse ’nè tsa maoto a mane. 27 Mehele e be haufi le foreimi e le litšehetso tsa lipalo bakeng sa ho jara tafole. 28 U etse lipalo ka lehong la leoka ’me u li koahele ka khauta, ’me ba jare tafole ka tsona. 29 “U etse lijana tsa eona le linoelo tsa eona le lijeke tsa eona le likotlolo tsa eona tseo ba tla tšela linyehelo tse mokelikeli ka tsona. U tla li etsa ka khauta e hloekileng. 30 U behe bohobe ba pontšo holim’a tafole ka pel’a ka kamehla. 31 “U etse seluloana sa lebone ka khauta e hloekileng. Seluloana sa lebone se tehoe ka hamore. Bokatlaase ba sona, makala a sona, likhakeletsi tsa sona, likotola tsa sona le lithunthung tsa sona li hlahelle ho sona. 32 Makala a tšeletseng a hlahella mahlakoreng a sona, makala a mararo a seluloana sa lebone ka lehlakoreng le leng la sona le makala a mararo ka lehlakoreng le leng la sona. 33 Likhakeletsi tse tharo tse bopehileng joaloka lipalesa tsa almonde li sehlopheng se le seng sa makala, ’me likotola le lithunthung lia fapanyetsana, ’me likhakeletsi tse tharo tse bopehileng joaloka lipalesa tsa almonde li sehlopheng se seng sa makala, ’me likotola le lithunthung lia fapanyetsana. Ena ke tsela eo makala a tšeletseng a hlahellang seluloaneng sa lebone a leng ka eona. 34 Seluloaneng sa lebone ho na le likhakeletsi tse ’nè tse bopehileng joaloka almonde, ’me likotola tsa sona le lithunthung tsa sona lia fapanyetsana. 35 Kotola e tlas’a makala a mabeli e hlahella ho sona le kotola e tlas’a makala a mang a mabeli e hlahella ho sona le kotola e tlas’a makala a mang hape a mabeli e hlahella ho sona, bakeng sa makala a tšeletseng a hlahellang seluloaneng sa lebone. 36 Likotola tsa sona le makala a sona li lokela ho hlahella ho sona. Kaofela ha tsona ke ntho e le ’ngoe e teiloeng ka hamore, ea khauta e hloekileng. 37 U se etsetse mabone a supileng; mabone a hotetsoe, ’me a khanyetse sebaka se ka pel’a ’ona. 38 Matlao a sona le lipane tsa sona tsa mollo e be tsa khauta e hloekileng. 39 Tsona hammoho le lisebelisoa tsena tsohle tsa sona o lokela ho li etsa ka talenta ea khauta e hloekileng. 40 U tiise hore u li etsa ho latela mohlala oa tsona oo u ileng ua o bontšoa thabeng.
LA 21-LA 27 SEPTEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | EXODA 27-28
“Re Ithuta’ng ka Liaparo Tsa Baprista?”
(Exoda 28:30) U kenye Urime le Thumime ka har’a kotla ea sefuba ea kahlolo, ’me li tla ba holim’a pelo ea Arone ha a kena ka pel’a Jehova; Arone a jare likahlolo tsa bara ba Iseraele holim’a pelo ea hae ka pel’a Jehova kamehla.
it-2-E 1143
Urime le Thumime
Bahlalosi ba ’maloa ba Bibele ba lumela hore Urime le Thumime e ne e le lotho. Phetolelo ea James Moffatt ho Exoda 28:30 e li bitsa “lotho e halalelang.” Ba bang ba nahana hore lotho ena e ne e na le likarolo tse tharo, karolo e ’ngoe e ngotsoe “E” e ’ngoe e ngotsoe “Che” e ’ngoe eona e sa ngoloa hohang. Lotho tsena li ne li sebelisoa ho fana ka karabo potsong e botsitsoeng. Haeba ho ne ho hlaha karolo e sa ngoloang hohang, ho bolela hore ho ne ho sena karabo. Bahlalosi ba bang ba re Urime le Thumime e ne e le majoe a mabeli a sepapetloa. Lejoe ka leng le ne le le lesoeu ka lehlakoreng le leng ha ka lehlakoreng le leng le ne le le letšo. Haeba ha lotho e ne e akheloa fatše ho hlaha mahlakore a mabeli a masoeu, karabo e ne e le “E.” Empa haeba ho hlaha a mabeli a matšo, karabo e ne e le “che.” Haeba ho ne ho hlaha lehlakore le letšo le le lesoeu, ho ne ho bolela hore ho ne ho sena karabo. Ka nako e ’ngoe, ha Saule a ne a sebelisitse moprista ho botsa Molimo hore na ba khutle ba loantše Bafilista hape, haa ka a thola karabo. Ka hore Saule o ne a belaela hore e mong oa banna ba hae o ne a entse sebe, o ile a re ho Jehova: “Molimo oa Iseraele, fana ka Thumime!” eaba ho nkoa Saule le Jonathane har’a banna. Ka mor’a moo ho ile ha lahloa lotho e le hore ho bonoe hore na e supa mang. Tlalehong ena, ho “fana ka Thumime!” ho ne ho fapane le ho lahla lotho le hoja ho fana ka Thumime le ho lahla lotho li amana.—1Sa 14:36-42.
(Exoda 28:36) “U etse lekapa le benyang la khauta e hloekileng ’me u ngole holim’a lona ka mongolo o fatiloeng o kang oa tiiso, ‘Khalalelo ke ea Jehova.’
it-1-E 849 ¶3
Phatla
Moprista ea Phahameng oa Iseraele. Ha moprista ea phahameng oa Iseraele a ne a roetse tuku, phatleng ea hae ho ne ho na le lekapa la khauta, “pontšo e halalelang ea boinehelo.” E ne e ngotsoe mantsoe ana “ka mongolo o fatiloeng o kang oa tiiso”: “Khalalelo ke ea Jehova.” (Ex 28:36-38; 39:30) Kaha moprista ea phahameng e ne e le eena ea emelang Baiseraele borapeling ba Jehova, o ne a lokela ho lula a hloekile ’me mantsoe a neng a ngotsoe phatleng ea hae, a ne a lokela ho hopotsa Baiseraele hore le bona ba ne ba lokela ho lula ba hloekile ha ba sebeletsa Jehova. Mongolo ona o ne o boetse o bolela hore Jesu Kreste o khethiloe ke Molimo ho ba moprista ea phahameng e le hore a sebeletse e le moprista ka tsela e halalelang.—Heb 7:26.
(Exoda 28:42, 43) U ba etsetse maqapa a line hore ba koahele nama e hlobotseng. A tla theoha ho tloha lethekeng ho ea fihla seropeng. 43 A aparoe ke Arone le bara ba hae ha ba kena ka tenteng ea pokano kapa ha ba atamela aletare ho sebeletsa sebakeng se halalelang, e le hore ba se ke ba itlisetsa phoso ’me ka sebele ba shoa. Ke taelo e hlomamisitsoeng ho isa nakong e sa lekanyetsoang bakeng sa hae le bana ba hae ka mor’a hae.
Tlotla Jehova ka ho Bontša ho Hlompheha
17 Re lokela ho hlompheha haholo-holo ha re rapela Jehova. Moeklesia 5:1 e re “Lebela maoto a hao neng kapa neng ha u e-ea ntlong ea Molimo oa ’nete.” Moshe le Joshua ba ile ba laeloa hore ba role meqathatso ea bona ha ba ne ba le sebakeng se halalelang. (Ex. 3:5; Josh. 5:15) Ba ne ba lokela ho etsa sena e le ho bontša hore ba na le tlhompho e kholo. Baprista ba Baiseraele ba ne ba lokela ho apara maqapa a line “hore ba koahele nama e hlobotseng.” (Ex. 28:42, 43) Sena se ne se thibela hore ha ba sebeletsa aletareng, ba se ke ba pepeseha ka tsela e hlabisang lihlong. Setho se seng le se seng sa lelapa la moprista se ne se lokela ho boloka molao oa Molimo oa ho hlompheha.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Exoda 28:15-21) “U etse kotla ea sefuba ea kahlolo e le mosebetsi oa mokhabisi ea rokellang. U tla e etsa joaloka efoda. U tla e etsa ka khauta, tšoele e putsoa le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu le khoele e ’mala o sekareleta oa kokase le line ea boleng bo botle e lohiloeng. 16 E be le mahlakore a mane a lekanang ha e menoa, bolelele ba eona e be boahlamo ba seatla ’me bophara ba eona e be boahlamo ba seatla. 17 U e tlatse ka majoe, ho be le mela e mene ea majoe. Mola oa pele e be oa rubi, topaze le emeralde. 18 Mola oa bobeli e be oa thekoise, safire le jaspere. 19 Mola oa boraro e be oa lejoe la leshem, agate le amethyste. 20 Mola oa bone e be oa krysolite le onyxe le jade. Liluloana tsa khauta li tšeloe likhetšeng tsa ’ona. 21 Majoe a be ho ea ka mabitso a bara ba Iseraele, ba leshome le metso e ’meli ho ea ka mabitso a bona. A ngoloe ka mongolo o fatiloeng o kang oa tiiso, le leng le le leng ho ea ka lebitso la lona, bakeng sa meloko e leshome le metso e ’meli.
Re U Lome Tsebe?
Majoe a bohlokoa a neng a manehiloe kotleng ea sefuba ea moprista ea phahameng oa Iseraele a ne a tsoa hokae?
Ka mor’a hore Baiseraele ba kene lefeelleng ba tsoa naheng ea Egepeta, Molimo o ile a ba laela hore ba etse kotla ena ea sefuba. (Exoda 28:15-21) Majoe a neng a manehiloe kotleng ena ea sefuba e ne e le rubi, topaze, emeralde, thekoise, safire, jaspere, leshem, agate, amethyste, krysolite, onyxe le jade. Na ka sebele Baiseraele ba ne ba e-na le mefuta ee ea mahakoe?
Mehleng ea Bibele, batho ba ne ba nka majoe ana e le a bohlokoa haholo ’me ba ne ba hoebisana ka ’ona. Ka mohlala, Baegepeta ba boholo-holo ba ne ba lata mahakoe ana a bohlokoa hole, libakeng tseo kajeno e leng Iran, Afghanistan ’me ha ho khoneha ba ne ba e-ea le India. Egepeta ho ne ho rafshoa majoe a bohlokoa a mefuta-futa. Marena a Egepeta ke ’ona a neng a laola lirafshoa tsa libaka tseo a neng a li busa. Mopatriareka Jobo o ile a hlalosa hore batho ba mehleng ea hae ba ne ba theohela ka tlas’a lefatše ka mekoti le likotopo ho ea batla matlotlo. Har’a lintho tse neng li fumanoa ka tlas’a lefatše, Jobo o boletse ka ho khetheha ka safire le topaze.—Jobo 28:1-11, 19.
Tlaleho ea Exoda e bolela hore ha Baiseraele ba ne ba tsamaea, ba ile ba “nkela Baegepeta” lintho tsa bona tsa bohlokoa. (Exoda 12:35, 36) Ka hona, e ka ’na eaba majoe a neng a manehiloe kotleng ea sefuba ea moprista e moholo, ke ao Baiseraele ba ileng ba tla le ’ona Egepeta.
(Exoda 28:38) Le be phatleng ea Arone, ’me Arone a arabelle phoso e entsoeng khahlanong le lintho tse halalelang, tseo bara ba Iseraele ba tla li halaletsa, ke ho re, limpho tsohle tsa bona tse halalelang; ’me le lule phatleng ea hae kamehla, ho ba fumanela kamohelo ka pel’a Jehova.
it-1-E 1130 ¶2
Ho Halalela
Liphoofolo le Lihlahisoa. Ho ne ho nkoa matsibolo a matona a likhomo, linku le lipoli a halalela ho Jehova ’me a ne a sa lokela ho rekoa kapa ho rekisoa. A ne a lokela ho nyeheloa ebe karolo e ’ngoe e ea ho baprista ba halalelang. (Nu 18:17-19) Feela joalokaha linyehelo tsohle le limpho tse neng li sebelisoa bakeng sa tšebeletso ea sehalalelo li ne li halalela, litholoana tsa pele hammoho le karolo ea leshome le tsona li ne li halalela. (Ex 28:38) Lintho tsohle tseo Jehova a neng a itse lia halalela li ne li sa lokela ho nkoa ha bobebe kapa tsa sebelisetsoa mabaka a sa halaleleng. Mohlala oa sena ke molao oa ho fana ka karolo ea leshome. Haeba motho a ne a behella ka thoko ntho eo a neng a tla fana ka eona e le karolo ea leshome, mohlomong koro, ebe eena kapa e mong feela lelapeng la hae o e nka e se ka morero, mohlomong bakeng sa ho pheha, motho eo o ne a le molato oa ho tlola molao oa Molimo oa ho hlompha lintho tse halalelang. Ntle le hore molao o ne o tlama motho hore a ntše pheleu e phetseng hantle mohlapeng oa hae bakeng sa ho etsa nyehelo, o ne o boetse o mo tlama hore a ee sehalalelong a il’o patala karolo ea leshome eo a e sebelisitseng a be a eketse ka karolo ea bohlano ea eona. Ka hona, hoa utloahala hore batho ba ne ba lokela ho hlompha lintho tse halalelang tsa Jehova.—Le 5:14-16.
’Malo oa Bibele
(Exoda 27:1-21) “U etse aletare ea lehong la leoka, e be bolelele ba litsoe tse hlano le bophara ba litsoe tse hlano. Aletare e lokela hore e be le mahlakore a mane a lekanang, ’me bophahamo ba eona e be litsoe tse tharo. 2 U etse manaka a eona likhutlong tsa eona tse ’nè. Manaka a eona a tla hlahella ho eona, ’me u e koahele ka koporo. 3 U etse maleke a eona bakeng sa ho tlosa molora oa eona o mafura, le likharafu tsa eona, le likotlolo tsa eona, le lifereko tsa eona, le lipane tsa eona tsa mollo; u tla etsa lisebelisoa tsohle tsa eona ka koporo. 4 U e etsetse sefe, letlooa la koporo; ’me holim’a sefe u etse mehele e mene ea koporo lintlheng tsa eona tse ’nè. 5 U e behe tlas’a foreimi ea aletare tlaase ka hare, ’me letlooa le be nģ’a bohareng ba aletare. 6 U etse lipalo bakeng sa aletare, lipalo tsa eona e be tsa lehong la leoka, ’me u li koahele ka koporo. 7 Lipalo tsa eona li kenngoe meheleng, ’me lipalo li be mahlakoreng a mabeli a aletare ha e jaroa. 8 U tla e etsa e le lebokose le bulehileng la mapolanka. Feela joalokaha a u bontšitse thabeng, ba tla e etsa joalo. 9 “U etse lebala la tabernakele. Bakeng sa lehlakore le ka nģ’a Negebe, ka boroa, lebala le na le masela a lepeletseng a line ea boleng bo botle, lehlakore le leng le bolelele ba litsoe tse lekholo. 10 Litšiea tsa lona tse mashome a mabeli le litšehetso tsa tsona tse sekoti tse mashome a mabeli ke tsa koporo. Lithakhisa tsa litšiea le mateano a tsona e be tsa silevera. 11 Ho joalo le bakeng sa lehlakore le ka leboea ka bolelele, masela a lepeletseng a bolelele ba litsoe tse lekholo, ’me litšiea tsa ’ona tse mashome a mabeli le litšehetso tsa tsona tse sekoti tse mashome a mabeli e be tsa koporo, lithakhisa tsa litšiea le mateano a tsona e be a silevera. 12 Ha e le bophara ba lebala, ka lehlakoreng le ka bophirimela masela a lepeletseng ke litsoe tse mashome a mahlano, litšiea tsa ’ona li leshome ’me litšehetso tsa tsona tse sekoti li leshome. 13 Bophara ba lebala ka lehlakoreng le ka bochabela ka nģ’a bochaba-tsatsi ke litsoe tse mashome a mahlano. 14 Ho na le masela a lepeletseng a litsoe tse leshome le metso e mehlano ka lehlakoreng le le leng, litšiea tsa ’ona li tharo ’me litšehetso tsa tsona tse sekoti li tharo. 15 Bakeng sa lehlakore le leng ho na le masela a lepeletseng a litsoe tse leshome le metso e mehlano, litšiea tsa ’ona li tharo le litšehetso tsa tsona tse sekoti li tharo. 16 “Bakeng sa heke ea lebala ho na le lesira le bolelele ba litsoe tse mashome a mabeli, la tšoele e putsoa le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu le khoele e ’mala o sekareleta oa kokase le line ea boleng bo botle e lohiloeng, tse entsoeng ke selohi, litšiea tsa ’ona li ’nè ’me litšehetso tsa tsona li ’nè. 17 Litšiea tsohle tsa lebala ho potoloha li na le lintho tse li tlamellang tsa silevera, ’me lithakhisa tsa tsona ke tsa silevera empa litšehetso tsa tsona tse sekoti ke tsa koporo. 18 Bolelele ba lebala ke litsoe tse lekholo, bophara ke litsoe tse mashome a mahlano, bophahamo ke litsoe tse hlano, tsa line ea boleng bo botle e lohiloeng, ’me litšehetso tsa tsona tse sekoti ke tsa koporo. 19 Lisebelisoa tsohle tsa tabernakele tse sebelisoang tšebeletsong eohle ea eona, le lithakhisa tsohle tsa eona tsa tente, le lithakhisa tsohle tsa lebala ke tsa koporo. 20 “Ha e le uena, u laele bara ba Iseraele hore ba u fumanele oli e hloekileng, ea mohloaare o tutsoeng bakeng sa lebone, e le hore mabone a hotetsoe kamehla. 21 Tenteng ea pokano, ka ntle ho lesira le pel’a Bopaki, Arone le bara ba hae ba tla le hlophisa ho tloha ka shoalane ho fihlela hoseng ka pel’a Jehova. Ke taelo e hlomamisitsoeng ho isa nakong e sa lekanyetsoang bakeng sa meloko ea bona, e tla phethoa ke bara ba Iseraele.
LA 28 SEPTEMBER–LA 4 OCTOBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | EXODA 29-30
“Monehelo oa Jehova”
(Exoda 30:11, 12) Jehova a tsoela pele ho bua le Moshe, a re: 12 “Neng kapa neng ha u bala bara ba Iseraele e le palo ea bona, joale e mong le e mong a fane ka thekollo bakeng sa moea oa hae ho Jehova ha ba baloa, e le hore ba se ke ba hlaheloa ke kotlo leha e le efe ha ba baloa.
it-2-E 764-765
Ho Ngolisa
Sinai. Jehova o ile a laela hore batho ba baloe ka lekhetlo la pele ha Baiseraele ba ne ba hlomme liahelo Sinai ka khoeli ea bobeli selemong sa bobeli ha ba ne ba tsoa Egepeta. E le ho thusa Moshe ho etsa mosebetsi ona, ho ne ho khethoa morenana lelokong ka leng e le hore a tle a etse bonnete ba hore leloko la hae lea baloa. Ntle le hore ho ne ho ngolisoa banna bohle ba lilemo tse 20 ho ea holimo, ba neng ba se ba ka kenela sesole. Molao o ne o boetse o tlama motho e mong le e mong ea ngolisitsoeng hore a patale halofo ea shekele [M19.90] bakeng sa tšebeletso ea Tebernakele. (Ex 30:11-16; Nu 1:1-16, 18, 19) Batho bohle ba neng ba baliloe e ne e le ba 603 550 ho sa kenyelletsoa Balevi kaha bona ba ne ba sa tl’o rua naha. Ba ne ba sa patale lekhetho hape ba sa kene sesoleng.—Nu 1:44-47; 2:32, 33; 18:20, 24.
(Exoda 30:13-15) Sena ke seo bohle ba fetelang ho ba baliloeng ba tla fana ka sona: halofo ea shekele ka shekele ea sebaka se halalelang. Ligera tse mashome a mabeli li lekana le shekele. Halofo ea shekele ke monehelo oa Jehova. 14 E mong le e mong ea fetelang ho ba ngolisitsoeng ho tloha ka ba lilemo li mashome a mabeli ho ea holimo o tla fana ka monehelo oa Jehova. 15 Ea ruileng ha aa lokela ho ntša ho fetang, ’me ea tlaase a se ke a fana ka ho ka tlaase ho halofo ea shekele, e le hore ho fanoe ka monehelo oa Jehova bakeng sa ho koahela libe tsa meea ea lona.
it-1-E 502
Monehelo
Molao o ne o tlama hore motho a ntše monehelo. Ha Moshe a ne a bala sechaba sa Baiseraele, monna e mong le e mong ea lilemo li 20 ho ea holimo o ne a lebelletsoe hore a fane ka thekollo bakeng sa moea oa hae, o ne a ntša “halofo ea shekele [e ka lekanang le M19.90] ka shekele ea sebaka se halalelang.” E ne e le “monehelo oa Jehova” bakeng sa ho koaheloa ha libe tsa bona le “bakeng sa tšebeletso ea tente ea pokano.” (Ex 30:11-16) Ho latela Rahistori oa Mojuda Josephus (The Jewish War, VII, 218 [vi, 6]), kamor’a hore batho ba ntše monehelo oa Jehova, ba ne ba boetse ba lokela ho patala “lekhetho le halalelang” selemo le selemo.—2Likr 24:6-10; Mat 17:24; bona le LEKHETHO.
(Exoda 30:16) U nke chelete ea silevera ea ho koahela libe ho bara ba Iseraele ’me u fane ka eona bakeng sa tšebeletso ea tente ea pokano, e le hore e ka ba sehopotso ka pel’a Jehova ho bara ba Iseraele, ho koahela libe tsa meea ea lona.”
Re U Lome Tsebe?
Litšebeletso tsa tempele ea Jehova e Jerusalema li ne li hlokomeloa joang ka lichelete?
Litšebeletso tse ngata tsa tempele li ne li tšehetsoa ka chelete ea lekhetho, haholo-holo ka ho ntša karolo ea leshome e tlamang. Empa ho ne ho boetse ho e-na le mefuta e meng ea lekhetho e neng e sebelisoa. Ka mohlala, nakong eo ho neng ho hahoa tabernakele, Jehova o ile a laela Moshe hore Moiseraele e mong le e mong ea ngolisitsoeng a ntše halofo ea shekele ea silevera, e be “monehelo oa Jehova.”—Exoda 30:12-16.
Kamoo ho bonahalang kateng, e ile ea e-ba tloaelo hore Mojuda e mong le e mong a nehelane ka chelete ena selemo se seng le se seng e le lekhetho la tempele. Ke lona lekhetho lena leo Jesu a ileng a laela Petrose hore a le lefe ka chelete ea tšepe eo a neng a e nkile lehanong la tlhapi.—Matheu 17:24-27.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Exoda 29:10) “Joale u hlahise poho ka pel’a tente ea pokano, ’me Arone le bara ba hae ba behe matsoho hloohong ea poho.
it-1-E 1029 ¶4
Letsoho
Ho Beha Matsoho. Ntle le ho tšoara, ho ne ho behoa batho kapa lintho matsoho ka mabaka a fapaneng. Empa ho beha matsoho ho bolela hore motho kapa ntho e se e tsejoa ka tsela e itseng. Ha ho ne ho behoa baprista, Arone le bara ba hae ba ile ba beha matsoho holim’a hlooho ea poho le lipheleu tse peli e le pontšo ea hore liphoofolo tseo li nyeheloa bakeng sa bona e le hore e be baprista ba Jehova Molimo. (Ex 29:10, 15, 19; Le 8:14, 18, 22) Ha Moshe a khetha Joshua hore e be mohlahlami oa hae ka taelo ea Jehova, o ile a beha letsoho la hae holim’a Joshua, ’me ho bonahala Joshua a ne “a tletse moea oa bohlale” kahoo o ne a ka khona ho etella pele sechaba sa Baiseraele. (De 34:9) Ho ne ho behoa matsoho holim’a motho ea neng a hlohonolofatsoa. (Gen 48:14; Mar 10:16) Jesu Kreste o ile a tšoara kapa a beha matsoho holim’a batho ba bang bao a neng a ba folisa. (Mat 8:3; Mar 6:5; Lu 13:13) Maemong a mang, moea o halalelang o ne o fanoa ka hore baapostola ba behe matsoho holim’a batho.—Lik 8:14-20; 19:6.
(Exoda 30:31-33) “U tla bua le bara ba Iseraele, u re, ‘Ena e tla tsoela pele e le oli e tlotsang e halalelang ho ’na melokong ea lona. 32 E se ke ea tlotsoa nameng ea moloko oa batho, ’me le se ke la etsa motsoako o tšoanang le eona. Ke ntho e halalelang. E lokela ho tsoela pele e le ntho e halalelang ho lona. 33 Mang kapa mang ea etsang mafura a tšoanang le eona le ea tlotsang osele ka ’ona o tla felisoa sechabeng sa habo.’ ”
it-1-E 114 ¶1
Ho Tlotsa ka Oli
Molaong oo Jehova a ileng a o fa Moshe, o ile a mo hlalosetsa hore na a etse oli e tlotsang joang. E ne e etsoa ka mokhoa le ka lintho tse khethehileng, ka myra, sinamone e monate, kalamase e monate, kasia le oli ea mohloaare. (Ex 30:22-25) E ne e le tlolo ea molao e kholo haeba motho a ne a iketsetsa motsoako o tšoanang le oli eo ’me a o sebelisetsa mabaka a sa lumelloang. (Ex 30:31-33) Ho tlotsa ka oli ho ne ho bolela hore motho o fuoa mosebetsi oa bohlokoa le o halalelang.
’Malo oa Bibele
(Exoda 29:31-46) “U tla nka pheleu ea tlhomamiso, ’me u phehe nama ea eona sebakeng se halalelang. 32 Arone le bara ba hae ba jelle nama ea pheleu le bohobe bo ka basketeng monyako oa tente ea pokano. 33 Ba je lintho tseo ho koahetsoeng libe ka tsona bakeng sa ho tlatsa matsoho a bona ka matla, bakeng sa ho ba halaletsa. Empa osele a se ke a li ja, hobane ke lintho tse halalelang. 34 Haeba leha e le efe ea nama ea sehlabelo sa tlhomamiso le bohobe e ka sala ho fihlela hoseng, joale u chese e setseng ka mollo. E se ke ea jeoa, hobane ke ntho e halalelang. 35 “U etse ka tsela ena ho Arone le bara ba hae ho ea ka sohle seo ke u laetseng sona. U tla nka matsatsi a supileng ho tlatsa matsoho a bona ka matla. 36 U tla nyehela poho ea nyehelo ea sebe letsatsi le leng le le leng bakeng sa ho koahela libe, ’me u hloekise aletare sebeng ka ho koahela libe holim’a eona, ’me u e tlotse hore u e halaletse. 37 U tla nka matsatsi a supileng bakeng sa ho koahela libe aletareng, ’me u e halaletse e le hore ruri e be aletare e halalelang ka ho fetisisa. Mang kapa mang ea amang aletare o tla halalela. 38 “Sena ke seo u tla se nyehela aletareng: lipheleu tse nyenyane tseo ka ’ngoe ea tsona e nang le selemo, tse peli ka letsatsi kamehla. 39 U tla nyehela pheleu e ’ngoe e nyenyane hoseng, ’me u nyehele pheleu e ’ngoe e nyenyane pakeng tsa lishoalane tse peli. 40 Karolo ea leshome ea tekanyo ea efa ea phofo e thumisehileng e kolobisitsoeng ka karolo ea bone ea hine ea oli e tutsoeng, le nyehelo ea seno ea karolo ea bone ea hine ea veine, li tla tsamaea le pheleu ea pele e nyenyane. 41 U tla nyehela pheleu ea bobeli e nyenyane pakeng tsa lishoalane tse peli. Hammoho le nyehelo ea lijo-thollo e kang ea hoseng le nyehelo ea seno e kang ea hoseng, u tla e nyehela e le monko o khathollang, nyehelo e entsoeng ka mollo ea Jehova. 42 Ke nyehelo ea secheso ea kamehla melokong eohle ea lona monyako oa tente ea pokano ka pel’a Jehova, moo ke tla itlhahisa ho lona ho bua le lona teng. 43 “Ke tla itlhahisa moo ho bara ba Iseraele, ’me ka sebele e tla halaletsoa ke khanya ea ka. 44 Ke tla halaletsa tente ea pokano le aletare; ’me ke tla halaletsa Arone le bara ba hae hore ba sebeletse e le baprista ba ka. 45 Ke tla lula ka nakoana har’a bara ba Iseraele, ’me ke tla ba Molimo oa bona. 46 Ka sebele ba tla tseba hore ke ’na Jehova Molimo oa bona, ea ba ntšitseng naheng ea Egepeta hore ke lule har’a bona ka nakoana. Ke ’na Jehova Molimo oa bona.