“Le Tlameha ho Halalela . . . ”
“Tumellanong le Ea Halalelang ea le bitsitseng, le lōna le halalele boitšoarong ba lōna bohle; hobane ho ngoliloe: ‘Le tlameha ho halalela, hobane kea halalela.’”—1 PETROSE 1:15 16, NW.
1, 2. (a) Ke khopotso efe e neng e manehiloe tukung ea moprista e moholo, ’me e ne e phetha morero ofe? (b) Ke hobane’ng ha khopotso ka khalalelo ea Jehova e tšoaneleha kajeno? (c) Ke keletso efe eo Petrose a nehelanang ka eona mabapi le khalalelo?
“KHALALELO ke ea Jehova.” Mantsoe ana a susumetsang a ne a manehiloe pooaneng hore bohle ba a bone, a ngoapiloe letlapeng la gauda e hloekileng e tukung e neng e roaloa ke moprista e moholo oa Iseraele. (Exoda 28:36-38, NW) A ne a sebetsa e le khopotso e benyang ea hore ho fapana le lichaba tsa bohedene tse neng li rapela melimo e litšila, Iseraele e ne e rapela Molimo o hloekileng, o halalelang.
2 Haeba u se u le e mong oa Lipaki tsa Jehova, na u ananela kamoo Molimo oo u o rapelang o hlokang sekoli, o hloekileng, o halalelang, o bileng o lokileng kateng? Ho hopotsoa ’nete e joalo ea motheo ho ka ’na ha bonahala ho sa hlokahale. Ho feta moo, joaloka batho ba Jehova, re hlohonolofalitsoe ka temoho ea lintho “tse tebileng tsa Molimo”—boprofeta bo rarahaneng ba Bibele, tšebeliso ea melao-motheo ea Bibele, le thuto ea Bibele. (1 Ba-Korinthe 2:10; bapisa Daniele 12:4.) Empa ho hlakile hore ba bang ba haelloa ke kananelo e tsoang botebong ba pelo bakeng sa khalalelo ea Jehova. Hobane’ng? Hobane ba likete selemo le selemo ba oela mekhoeng ea boitšoaro bo bobe. Ba bang ba likete ba imemela koluoa ka ho kopanela liketsong tseo ho setseng hanyenyane feela e e-ba ho tlōla molao oa Bibele. Ka ho hlakileng, ba bang ha ba nke ka botebo mantsoe a ho 1 Petrose 1:15, 16, NW: “Tumellanong le Ea Halalelang ea le bitsitseng, le lōna le halalele boitšoarong ba lōna bohle: hobane ho ngoliloe; ‘Le tlameha ho halalela, hobane kea halalela.’”
Molimo o Halalelang, Barapeli ba Halalelang
3. Pina ea Moshe e bontša eng ka Jehova?
3 U ka ’na ua re, ‘Motho ea sa phethahalang—a halalele? Hase ntho e ka etsahalang!’ Leha ho le joalo, hlokomela semelo sa keletso ea Petrose. Mona moapostola o ne a qotsa mantsoe ao pele a neng a lebisitsoe ho Iseraele nakoana kamor’a ho tloha Egepeta. Ka topollo ena ea mohlolo, Jehova o ne a senotsoe e le Molopolli, mophethahatsi oa litšepiso, ‘mohlabani oa ntoa.’ (Exoda 3:14-17; 15:3) Pineng e ketekang ho hlōloa ha Baegepeta Leoatleng le Lefubelu Moshe joale o ile a senola tšobotsi e ’ngoe hape ea Jehova: “Jehova, ke mang ea tšoanang le uena har’a melimo? Ke mang ea tšoanang le uena, u ipakile u le matla ka khalalelo?” (Exoda 15:11, NW) Lena ke lekhetlo la pele le tlalehiloeng leo ho lona ho lebisoang khalalelo ho Jehova.
4. (a) Ke ka tsela efe Jehova a leng “matla ka khalalelo”? (b) Kahona ke joang Jehova a neng a fapane le melimo ea Kanana?
4 Mantsoe a Seheberu le Segerike a fetoletsoeng e le “halalela” ka Bibeleng, a senola khopolo ea ‘ho khanya, ho hocha, ho se qaphaletsoe, le ho hloeka.’ Ka hona Moshe o ile a bontša Jehova e le ea hloekileng ka boemo bo phahameng ka ho fetisisa, ea hlokang litšila, ea ke keng a senngoa, ea ke keng a inehela ho mamella litšila. (Habakuke 1:13) Jehova o ile a hlahella a khanya ho fapana le melimo ea naha eo Baiseraele ba neng ba le haufi le ho aha ho eona—Kanana. Litokomane tse epollotsoeng Ras Shamra, motse o ka leboea ho moeli oa Syria, li fana ka leseli le fokolang, empa leha ho le joalo e le le khanyang, ka tempele ea melimo ea Bakanana. Litemana tsena li hlalosa melimo eo, ho latela buka ea John Gray The Canaanites, e neng “e rata lintoa, e le mōna, e tletse boiphetetso, e chesoa ke litakatso.”
5, 6. (a) Ho rapela melimo e boitšoaro bo hlephileng ho ile ha ama Bakanana joang? (b) Ho rapela Molimo o halalelang ho ile ha ama Baiseraele joang?
5 Hoa bonahala hore mokhoa oa bophelo oa Bakanana o ne o senola melimo e boitšoaro bo hlephileng eo ba neng ba e rapela. The Religion of the People of Israel ea hlalosa: “Liketso tsa ho etsisa molingoana li ne li nkoa e le tšebeletso ho molimo oo . . . [Molingoana oa likamano tsa botona le botšehali] Ashtart o ne o e-na le banna le basali ba ’maloa e le basebeletsi ba neng ba hlalosoa e le batho ba khethiloeng ba halalela . . . Ba ne ba ikhethile ba halalela tšebeletsong ea oona bakeng sa botekatse.” Seithuti William F. Albright sea eketsa: “Leha ho le joalo, hampe ka ho fetisisa, tšobotsi ea borapeli ba bona ea takatso ea botona le botšehali e tlameha e be e ile ea tetebela ho isa boemong bo silafetseng ka ho fetisisa ba ho oa boitšoarong har’a batho ba phelang sebakeng se le seng.” Borapeli ba setšoantšo sa setho sa botona ba “lipalo tse halalelang,” ho etsoa ha bana mahlabelo, bosela-mose, boloi, ho kopanela liphate ha batho ba amanang haufi-ufi ka mali, bosodoma, le likamano tsa botona le botšehali pakeng tsa batho le liphoofolo—lintho tsena kaofela li ile tsa fetoha ‘tsela ea lefatše’ la Kanana.—Exoda 34:13, NW; Levitike 18:2-25; Deuteronoma 18:9-12.
6 Ka lehlakoreng le leng, Jehova o “matla ka khalalelo.” O ne a ke ke a mamella ho oa boitšoarong ho joalo har’a barapeli ba hae. (Pesaleme ea 15) Kahoo, ho fapana le melimo e hlephisang boitšoaro ea Bakanana, Jehova o ile a phahamisa batho ba hae. Ha a bolela mantsoe ao Petrose a neng a tla a qotsa hamorao, ka makhetlo Jehova o ile a phehella: “Le tlameha ho ipaka le halalela, hobane ’na Jehova Molimo oa lōna kea halalela.”—Levitike 11:44; 19:2; 20:26, NW.
‘Molao oa Halalela, o Lokile, ’me o Molemo’
7, 8. (a) Baiseraele ba ne ba ka ‘ipaka ba halalela’ joang? (b) Bontša phapang pakeng tsa Molao oa Jehova le Molao oa Bobabylona oa Hammurabi.
7 ‘Ho ipaka ba halalela’ ho ne ho sa bolele ho phethahala kapa hona ho khora moea oa boikaketsi oa bohalaleli; ho ne ho bolela ho utloa molao o atolositsoeng o fanoeng ho Iseraele ka Moshe. (Exoda 19:5, 6) Ho fapana le molao leha e le ofe o mong oa sechaba, Molao oa Molimo o ne o ka hlalosoa e le ‘o halalelang, o lokileng, le o molemo.’—Ba-Roma 7:12.
8 Ke ’nete hore Molao oa Babylona oa Hammurabi, oo ho boleloang hore o ngotsoe pele ho Molao oa Moshe, o ne o akarellelitse lenane le tšoanang la litaba. Tse ling tsa litaelo tsa oona, tse kang molao oa ‘leihlo ka leihlo,’ kapa kahlolo e lekanang le tlōlo e entsoeng, li tšoana le melao-motheo ea Moshe. Kahona batho ba nyatsa-nyatsang ba bolela hore Moshe o ile a mpa a kopitsa melao ea hae Molaong oa Hammurabi. Leha ho le joalo, ha ho letho leo molao oa Hammurabi o le entseng ha e se feela ho tlotlisa Hammurabi le ho phetha lithahasello tsa hae tsa lipolotiki. Molao oa Molimo o ile oa fanoa ho Iseraele ‘molemong oa bona oa kamehla, hore ba lule ba ntse ba phela.’ (Deuteronoma 6:24, NW) Ho boetse ho na le bopaki bo fokolang ba hore molao oa Hammurabi e kile ea e-ba o tlamang Babylona, ha e se feela ho sebeletsa e le “thuso ea molao bakeng sa batho ba batlang keletso.” (The New Encyclopædia Britannica, khatiso ea 1985, Moqolo 21, leqephe 921) Leha ho le joalo, Molao oa Moshe e ne e le o tlamang ’me o ne o fupere likotlo tse lokileng bakeng sa ho se utloe. Qetellong, molao oa Hammurabi o supa ka toba mokhoa oa ho sebetsana le batlōli ba molao; ke melao e 5 feela har’a melao ea oona e 280 eo e leng lithibelo tse tobileng. Leha ho le joalo, sepheo sa Molao oa Molimo e ne e le ho thibela, e seng ho fana ka kotlo bakeng sa tlōlo ea molao.
9. Molao oa Moshe o ile oa ba le tšusumetso efe bophelong ba Bajode?
9 Kahobane o ne o ‘halalela, o lokile, hape o le molemo,’ Molao oa Moshe o ile oa ba le tšusumetso e matla bophelong ba batho ka bomong ba Bajode. O ne o laola borapeli ba bona, o entse litokisetso bakeng sa Lisabatha kapa ho phomolela ho sebetsa, o laola tsamaiso ea moruo ea sechaba, o totobalitse tse ling tsa litlhokahalo tsa moaparo, hape o fana ka tataiso e molemo litabeng tsa lijo, likamano tsa botona le botšehali, le mekhoeng ea bohloeki. Esita le tšebetso e tloaelehileng ea ’mele e ne e nyakureloa ke Molao oa Moshe.
“Litaelo tsa Jehova li Hloekile”
10. (a) Ke hobane’ng ha Molao o ne o ikamahantse le likarolo tse ngata hakaale tsa bophelo? (b) Molao o ile oa holisa bohloeki ba ’mele le bophelo bo botle joang? (Akarelletsa mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
10 Litaelo tse joalo tse qaqisitsoeng tse akaretsang bophelo ba letsatsi le letsatsi li ne li e-na le morero o phahameng: ho hloekisa Baiseraele—’meleng, moeeng, kelellong, le boitšoarong. Ka mohlala, melao e neng e ba hloka hore ba itlhatsoe, ba chekele mantle a bona, ba behelle ba nang le mafu a tšoaetsanoang ka thōko, le ho qoba lijo tse itseng, kaofela li ne li holisa bophelo bo botle le bohloeki ba ’mele.a—Exoda 30:18-20; Levitike, khaolo 11; 13:4, 5, 21, 26; 15:16-18, 21-23; Deuteronoma 23:12-14.
11. Ho ba sesila litšebeletsong ho ne ho bolela eng?
11 Empa bophelo bo botle le bohloeki li ne li hlile li nka sebaka sa bobeli ha li bapisoa le bohloeki moeeng. Ke ka baka lena motho eo mohlomong a neng a ka ja se seng sa lijo tse thibetsoeng, a kopanela likamanong tsa botona le botšehali, kapa a tšoara ntho e shoeleng, a neng a boleloa a le sesila litšebeletsong. (Levitike, likhaolo 11, 15; Numere, khaolo 19) Motho ea joalo ea sesila ka hona o ne a thibeloa ho kopanela borapeling—mabakeng a mang e le tlas’a kotlo ea lefu! (Levitike 15:31; 22:3-8) Empa lithibelo tse joalo li ne li kopana kae le bohloeki moeeng?
12. Melao ea bohloeki litšebeletsong e ne e phahamisa bohloeki moeeng joang?
12 Borapeli ba bahedene bo ne bo khetholloa ka botekatse, ho rapela ba shoeleng, le mekete e lerata. Empa The International Standard Bible Encyclopedia e supa hore: “Ha ho ketso ea botona le botšehali e neng e lumelletsoe e le mokhoa oa ho rapela Yahweh. Kahona, ntlheng ena liketso tsohle tse joalo li ne li silafatsa motho . . . Iseraeleng ba shoeleng ba ne ba fuoa tlhompho e ba loketseng, empa ba ne ba sa hlomphuoe ka mokhoa o sa ba lokelang kapa hona hore e be ba ne ba fetoha melingoana . . . Ho kopanela haholoanyane meketeng ea baahelani ba bahedene, ho neng ho tla akarelletsa mekete e meholo ea lijo, ho ne ho ke ke ha etsoa ke Moiseraele, hobane lijo tsa bona li ne li le litšila.” Kahona litaelo tsa Molao li ile tsa sebeletsa e le “lerako” le ba khaohanyang le mekhoa e litšila ea bolumeli.—Ba-Efese 2:14.
13. Molao o ne o phahamisa bohloeki ba kelello joang?
13 Molao o ne o boetse o sebeletsa bakeng sa bohloeki ba kelello ba Baiseraele. Ka mohlala, litaelo tsa oona tse amang likamano tsa lenyalo, li ne li sebeletsa ho chorisa monahano oa motho. (Levitike 15:16-33) Baiseraele ba ile ba ithuta ho ba le boitšoaro litabeng tsa botona le botšehali, ho se inehele litakatsong tse sa laoloeng joaloka Bakanana. Molao o bile oa ruta ba itšoarelletseng ka oona ho laola maikutlo a bona le litakatso tsa bona, o nyatsa monahano oa lerato la leruo.—Exoda 20:17.
14. Molao oa Molimo e ne e le o ikhethang joang mabapi le ho phahamisa bohloeki ba boitšoaro?
14 Leha ho le joalo, ho hlollang ka ho fetisisa, e ne e le ho hatisa ha Molao bohloeki boitšoarong. Ke ’nete hore molao oa Hammurabi le oona o ne o nyatsa limpe tse kang bofebe. Leha ho le joalo, taba e ho The Biblical Archaeologist e itse: “Ho fapana le Bababylona le Baassyria ba neng ba talima bofebe e le tlōlo ea molao khahlanong le litokelo tsa molao tsa monna feela, molao oa Testamente ea Khale o talima bofebe e boetse e le tlōlo e tebileng khahlanong le boitšoaro bo botle.”
15. (a) Bontša kamoo Moiseraele a neng a ka ’na a hloka ho etsa boiteko bo boholo hore a lule a hloekile. (b) Baiserale ba ne ba fumana molemo joang boitekong bo joalo?
15 Mantsoe a mopesaleme ke ’nete hakaakang: “Litaelo tsa Jehova li hloekile, li elisa mahlo.” (Pesalame ea 19:8) Ke ’nete hore ka linako tse ling hore motho a lule a hloekile ho ne ho hloka boiteko bo boholo. Batsoetse ba bacha, libeke feela kamorao ho ho hlaha ha bana ba bona, ba ne ba lokela ho nyolohela Jerusalema e le ho ea kopanela litšebeletsong tsa ho itlhoekisa. (Levitike 12:1-8; Luka 2:22-24) Banna le basali ba ne ba hlokoa hore ba itlhatsoe ka mokhoa oa litšebeletso kamor’a ho kopanela liphate, ka ho tšoanang le maemong a mang a amehang. (Levitike 15:16, 18; Deuteronoma 23:9-14; 2 Samuele 11:11-13) Haeba ka letsoalo le letle ba ne ba latela Molao ’me ba lula ba hloekile, ba ne ba tla ‘iphumanela molemo’—’meleng, kelellong, boitšoarong, le moeeng. (Esaia 48:17, NW) Ho feta moo, bohlokoa le botebo ba ho lula ba hloekile li ne li tla hatisoa ho bona ka ho sa hlakoheng. Ho molemo ka ho fetisisa, boiteko bo joalo bo tsoang pelong ba ho boloka ho halalela bo ne bo tla ba hapela kananelo ea Jehova.
Ho Hloeka Lefatšeng le Litšila
16, 17. (a) Bakreste kajeno ba hlokoa hore ba lule ba hloekile ho isa boholeng bofe? (b) Ke hobane’ng ha ho lula u hloekile ho le thata hakaale kajeno? (c) Batho ba phahameng ba hlōlehile ho ba mehlala e ka lateloang joang?
16 Joale re ka ananela hamolemo mantsoe a Petrose ho Bakreste: “O lebelleng le le bana ba utloang, ba sa eeng ka litakatso tseo le neng le na le tsona pele mehleng ea ho se tsebe ha lōna. Empa joale ka ha ea le bitsitseng a halalela, le lōna le halalele metsamaong ea lōna eohle; kamoo ho ngoliloeng, ho thoe: Halalelang, hobane kea halalela.”—1 Petrose 1:14-16.
17 Rea lumela hore hona ha ho bonolo. Hohle moo re talimang teng, re bona batho ba qhekellang, ba sa tšepahaleng, le boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali. The New York Times e tlalehile: “Ka ho eketsehileng Maamerika a ntse a ikhethela ho lula ’moho pele a nyalana.” Esita le batho ba phahameng ba bea mehlala e mebe. Ba bang ba batho ba tsebisahalang ka ho fetisisa lefatšeng kajeno, mabaleng a lipapali, lipolotiki le boithabiso ba etsa mekhoa e litšila pepenene. Mothahaselli e mong oa lipapali o ile a tletleba, “Ke ho khathatsang matla habohloko ho tšepa motho e mong e le mohlala o ka lateloang ebe joale o ipaka a senyehile boitšoarong.” Bothata ke bofe? Limathi tse ’maloa tse tsebahalang li ile tsa lumela hore li sebelisa lithethefatsi hampe. Ke hangata hakaakang batho ba nkiloeng e le melingoana ba phelang bophelo bo litšila, e, esita le bophelo bo nyonyehang, e le bafebi, lihlola, basodoma ba banna le ba basali, masholu, ba jang lintho tsa ba bang ka bolotsana, le makhoba a lithethafatsi! Ba ka ’na ba bonahala ba hloekile ’meleng, empa melomo ea bona e tletse puo e litšila e nyelisehang. Ba ka ba ’na ba thabisoa ke boitšoaro bo sa lokelang ba pontšeng, ba ikhantša ka liketso tsa bona tsa ba-ha-malekele tsa boitšoaro bo bobe.
18. Ba bangata ba phelang bophelo bo litšila ba ‘kotula seo ba se jetseng’ joang?
18 Empa, mantsoe a Bibele a ke ke a qheleloa kathōko habobebe: “Molimo ha o songoe [“U ke ke ua soenyetsa Molimo nko.”—Byington]; hobane seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona. Ea jallang nama ea hae, o tla kotula nameng ho bola.” (Ba-Galata 6:7, 8) Hangata boitšoaro bo bobe bo fella ka ho kula, mesarelo, le ho shoa ho sa lebelloa ka baka la mafu a kang mokaola, qhoshola, le AIDS, ha re bolela a hlahelletseng. Ho se tsitse kelellong le maikutlong, ho tepella, esita le ho ipolaea, ka nako e ’ngoe e ba phello ea bophelo ba botekatse. Kahoo le hoja bao ba kopanelang mekhoeng ea boitšoaro bo bobe ba ka ’na ba tšeha ka ho soma bao ba lekang ho ipoloka ba hloekile, letšeho la bona le khaotsa ha basomi ba qala ‘ho kotula seo ba se jetseng.’—Bapisa Ba-Roma 1:24-27.
19, 20. Baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ipakile ba silafetse bolumeling le boitšoarong joang?
19 Re boetse re phela lefatšeng le silafetseng ke bolumeli. Baruti ba ka ’na ba apara liaparo tse ntle, tse hloekileng, empa ba ruta mekhoa le lithuto tse litšila tsa Bobabylona, tse kang borapeli ba litšoantšo, Boraro-bo-bong, mollo oa lihele, ho se shoe ha moea oa motho, le pelekatori. Ba tšoana le baeta pele ba bolumeli bao ka bona Jesu a ileng a re: “Ho malimabe lōna, bangoli le bafarisi, baikaketsi! hobane le joale ka mabitla a koetlisitsoeng, a nang le ponahalo e ntle kantle, kanthebo, kahare, a tletse masapo a bafu le ho bola hohle. Le lōna, ho batho ba le talimang kantle, ho joale ka eka le lokile, athe ka hare ho lōna le tletse boikaketsi le bokhopo.”—Mattheu 23:27, 28.
20 Baruti ba bile ba lumella litšila kahare ho mehlape ea bona. Batho ba tsejoang e le ba itšoereng hampe le ba litšila—batho ba etsang bohlola, bafebi, basodoma—ba lumelloa ho lula ba le boemong bo amohelehang. Tabeng ena, Newsweek ea tlaleha: “Seithuti sa kelello sa Maryland, Richard Sipe, eo pele e neng e le moprista, o fihlela qeto ea hore hoo e ka bang karolo ea 20 lekholong ea baprista ba K’hatholike ba U.S. ba 57 000 ke basodoma . . . Lingaka tse ling li nahana hore lenane le nepahetseng kajeno le atametse karolo ea 40 lekholong.” Setsebi sa lithuto tsa bolumeli sa K’hatholike John J. McNeill (ea lumetseng hore ke mosodoma) o buella bosodoma pepenene: “Lerato pakeng tsa basodoma ba babeli ba banna kapa ba basali, re nka hore ke lerato la sebele la botho, hase sebe leha e le hona hore le khaohanya baratani le morero oa Molimo, empa e ka ba lerato le halalelang.”—The Christian Century.
21. “Khalalelo ke ea Jehova” ke khopotso e loketseng joang bakeng sa rōna kajeno?
21 Kahona, khopotso e neng e manehiloe tukung ea moprista e moholo ke e loketseng ho feta leha e le neng pele: “Khalalelo ke ea Jehova.” (Exoda 28:36, NW) Jehova o hloka hore, e, o laela hore re lule re hloekile ka litsela tsohle! Empa ke joang motho a ka etsang joalo? Ke likarolo life tse hlokang ho eloa hloko ka ho khethehileng? Sehlooho se latelang se tla tšohla lipotso tsena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Molao oa Hammurabi o ne o se na litokisetso tse joalo; leha e le hore ho na le molao o tšoanang oa bohloeki o fumanehileng har’a Baegepeta ba boholo-holo, le hoja ha ho bapisoa ba ne ba sebelisa mokhoa oa bongaka o tsoetseng pele haholoanyane. Buka Ancient Egypt e re: “Litlhare tsa bosela-mose le mekhoa ea bona li tsoakana ka bolokolohi [bukeng tsa bongaka tsa Egepeta] ka litaelo tse ngotsoeng tse utloahalang.” Leha ho le joalo, Molao oa Molimo o ne o se na likhoketsane tsa bodemona empa o ne o utloahala litabeng tsa mahlale. Ka mohlala, ebile feela mehleng ea morao tjena lingaka li boneng bohlokoa ba ho hlapa kamor’a ho tšoara litopo, e leng ntho e ’ngoe eo Molao oa Moshe o neng o e hloka lilemong tse likete tse fetileng!—Numere, khaolo 19.
Lipotso tsa Tlhahlobo
◻ Jehova o “matla ka khalalelo” joang, ’me hoo ho bolela eng bakeng sa barapeli ba hae?
◻ Molao oa Moshe o ne o fapane joang le melao ea lichaba tse ling kaofela?
◻ Molao oa Moshe o ne o phahamisa bohloeki ’meleng, moeeng, kelellong, le boitšoarong joang?
◻ Ba bangata ba phelang bophelo bo litšila ba ‘kotula seo ba se jetseng’ joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Borapeli ba melimo e boitšoaro bo hlephileng bo ile ba lebisa ho oeng ha boitšoaro ba Bakanana
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Ka tokelo ea Museum oa Brithani, London
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Molao oa Hammurabi o ile oa tlisa taolo ’musong oa ba oa tlotlisa morena, empa ha oa ka oa tlisa khalalelo ho Bababylona
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Museum oa Louvre, Paris