Bibele
Tlhaloso: Lentsoe la Jehova Molimo le ngoletsoeng batho. O sebelisitse bangoli ba batho ba ka bang 40 hore ba le ngole ka lilemo tse fetang makholo a 16, empa ka mafolo-folo ke Molimo ka seqo o tsamaisitseng ho ngola ka moea oa oona. Ka hona e bululetsoe ke Molimo. Karolo e khōlō ea tlaleho ke lipolelo tsa sebele tsa Jehova le lintlha tse qaqileng tsa lithuto le liketso tsa Jesu Kreste, Mora oa Molimo. Ho tsona re fumana lipolelo tsa seo Molimo o se hlokang ho bahlanka ba oona le seo o tlang ho se etsa ho phetha morero oa oona o moholo ka lefatše. Ho tebisa kananelo ea rōna bakeng sa lintho tsena, Jehova a boela a boloka ka Bibeleng tlaleho e bontšang se etsahalang ha batho ka bomong le lichaba ba mamela Molimo ’me ba sebetsa tumellanong le morero oa oona, haesita le phello ea ha ba ikela ka tsela ea bona. Ka tlaleho ena e tšepahalang ea histori Jehova o re tloaetsa hore na o sebelisana joang le batho ’me kahoo re tloaelana le botho ba hae bo hlollang.
Mabaka a ho hlahloba Bibele
Bibele ka boeona e re e tsoa ho Molimo, ’Mōpi oa batho
2 Tim. 3:16, 17: “Lengolo lohle le bulutsoeng ke Moea oa Molimo, le na le molemo oa ho ruta, oa ho kholisa, oa ho laea, le oa ho hōlisa ka khōlo ea ho loka; motho oa Molimo a tle a phethehe, ’me a rutehele ruri mesebetsing eohle e molemo.”
Tšen. 1:1: “Tšenolo ea Jesu Kreste, eo a e neiloeng ke Molimo, ho tsebisa bahlanka ba hae litaba tse tšoanetseng ho hlaha kapele.”
2 Sam. 23:1, 2: “Ho bolela Davida, mor’a Jese; . . . Moea oa Jehova o bua ka ’na, lentsoe la hae le lelemeng la ka.”
Esa. 22:15: “Morena, Jehova oa makhotla, o boletse, a re.”
Re ne re ka lebella hore molaetsa oa Molimo o eang ho batho bohle o fumanehe lefatšeng lohle. Bibele, kaofela ha eona kapa ka karolo feela, e fetoletsoe lipuong tse ka bang 1 800. Ho tsamaisoa tse limillione. The World Book Encyclopedia e re: “Historing buka e baloang ka bophara haholo ke Bibele. Hape ho bonahala e e-na le tšusumetso e matla ka ho fetisisa. Ho tsamaisitsoe likopi tse ngata tsa Bibele ho feta tsa buka efe kapa efe. Hape e fetoletsoe ka makhetlo a mangatanyana le ka lipuo tse ngatanyana ho feta buka leha e le efe e ’ngoe.”—(1984), Moq. 2, leq. 219.
Boprofeta ba Bibele bo hlalosa maemo a lefatše
Baeta-pele ba bangata ba lefatše baa lumela hore batho ba lintšing tsa tlokotsi. Khale Bibele e profetile maemo ana; e hlalosa seo a se bolelang le hore na pheletso etlaba efe. (2 Tim. 3:1-5; Luka 21:25-31) E re bolella hore na re tlameha ho etsa joang e le hore re tle re pholohe timetso e haufi ea lefatše, ka monyetla oa ho fumana bophelo bo sa feleng tlas’a maemo a lokileng mona lefatšeng.—Sof. 2:3; Joh. 17:3; Pes. 37:10, 11, 29.
Bibele e re thusa ho utloisisa morero oa bophelo
E arabela lipotso tse kang: Bophelo bo hlahile hokae? (Lik. 17:24-26) Ke hobane’ng ha re le teng? Na ke hore re phele lilemo tse seng kae feela, re fumane seo re ka se khonang bophelong, e be joale rea shoa?—Gen. 1:27, 28; Ba-Roma 5:12; Joh. 17:3; Pes. 37:11; Pes. 40:8.
Bibele e re bontša kamoo re ka bang le lintho tsona tseo barati ba ho loka ba li lakatsang ka ho fetisisa
E re bolella hore na re ka fumana metsoalle e hahang e hlileng e ratanang ka ’nete hokae (Joh. 13:35), hore na re ka tiisetsoa ke eng hore re tla ba le lijo tse lekaneng bakeng sa rōna le malapa a rōna (Matt. 6:31-33; Liprov. 19:15; Ba-Ef. 4:28), hore na re ka thaba joang ho sa tsotellehe maemo a thata a re potolohileng.—Pes. 1:1, 2; 34:8; Luka 11:28; Lik. 20:35.
E hlalosa hore ’Muso oa Molimo, puso ea Molimo, o tla tlosa tsamaiso ea joale e khopo (Dan. 2:44), ’me tlas’a puso ea oona batho ba tla ba le hona ho thabela bophelo bo phethahetseng ’meleng le ho phela ka ho sa feleng.—Tšen. 21:3, 4; bapisa Esaia 33:24.
Ruri buka e ipolelang hore e tsoa ho Molimo, e hlalosang se boleloang ke maemo a lefatše le morero oa bophelo, le e bontšang kamoo mathata a rōna a tlang ho rarolloa e lokeloa ke hore e hlahlobjoe.
Bopaki ba pululelo
E tletse boprofeta bo bontšang tsebo e qaqileng ea bokamoso—ntho e thatafallang batho
2 Pet. 1:20, 21: “Ha ho boprofeta Lengolong bo hlahileng ka ho itlhalosetsa ha motho. Hobane ha e sa le, boprofeta ha boa ka ba tlisoa ke ho rata ha motho, empa ke ka tšusumetso ea Moea o Halalelang batho ba halalelang ba Molimo ba buileng.”
◼ Boprofeta: Esa. 44:24, 27, 28; 45:1-4: “Ke ’na Jehova ke . . . reng ho boliba: Psha, ’me ke tla pshesa linōka tsa hao; ke bolelang Cyruse ka ho re: Ke molisa oa ka, o tla etsa se ratoang ke ’na, o tla re ho Jerusalema: U tla tsosoa, le ho tempele: U tla theoa. Jehova o bolela ho motlotsuoa oa hae, ho Cyruse, eo a mo tšoereng ka letsoho la hae le letona, ho hlōla lichaba pel’a hae, ho tlamolla linyepa tsa marena mathekeng a ’ona, le ho bula menyako pel’a hae, hore menyako e se ke ea koaloa, o re: Ke tla u etella pele ho latsa makukuno, ho pshatla menyako ea koporo, le ho roba mekoallo ea tšepe. . . . Ka baka la Jakobo, mohlanka oa ka, le la Iseraele, mokhethoa oa ka, ke u bitsitse ka lebitso la hao.” (Esaia o qetile ho ngola hoo e ka bang ka 732 B.C.E.)
◻ Phethahatso: Cyruse o ne a e-so ho hlahe ha ho ngoloa boprofeta. Bajode ha baa ka ba isoa botlamuoeng Babylona ho fihlela ka 617-607 B.C.E., ’me Jerusalema le tempele ea eona ha lia ka tsa timetsoa ho fihlela ka 607 B.C.E. Boprofeta ba phethahala ka ho qaqa ho tloha ka 539 B.C.E. Cyruse a khelosetsa metsi a Nōka ea Eufrate letšeng la maiketsetso, menyako ea nōka ea Babylona ea sala e butsoe ka bohlasoa nakong ea mokete o neng o le ka motseng, ’me Babylona ea oela ho Bamede le Bapersia tlas’a Cyruse. Kamorao ho moo, Cyruse a lokolla batlamuoa ba Bajode ’me a ba khutlisetsa Jerusalema ka litaelo tsa hore ba e’o tsosa tempele ea Jehova moo.—The Encyclopedia Americana (1956), Moq. III, leq. 9; Light From the Ancient Past (Princeton, 1959), Jack Finegan, maq. 227-229; “All Scripture Is Inspired of God and Beneficial” (New York, 1983), maq. 282, 284, 295.
◼ Boprofeta: Jer. 49:17, 18: “Edomo o tla etsoa lesupi feela; e mong le e mong ea fetang ka eena o tla makala, a some bakeng sa likotsi tsa hae kaofela. Joale ka ha ho kile ha e-ba ho ripitloeng ha Sodoma le ha Gomorrha, le ha metse e mabapa le teng, ho bolela Jehova, ho ke ke ha aha motho teng.” (Jeremia o qetile ho ngola boprofeta ka 580 B.C.E.)
◻ Phethahatso: “[Baedomo] ba ile ba lelekoa Palestina lekholong la bobeli la lilemo B.C. ke Judas Maccabaeus, ’me ka 109 B.C. John Hyrcanus, moeta-pele oa Maccabees, a atolosa ’muso oa Juda hore o akarelletse karolo e ka bophirima ea linaha tsa Baedomo. Lekholong la pele la lilemo B.C. ho atolosoa hoa Roma hoa putula mosaletsa oa ho qetela oa ho ipusa hoa Baedomo . . . Hoba Baroma ba timetse Jerusalema ka 70 A.D. . . . lebitso Idumæa [Edomo] la nyamela historing.” (The New Funk & Wagnalls Encyclopedia, 1952, Moq. 11, leq. 4114) Hlokomela hore phethahatso ena e theosa ho tla fihla mehleng ea rōna. Ha ho kamoo ho ka pheoang khang hore boprofeta bona bo ngotsoe kamorao ho liketsahalo tsena.
◼ Boprofeta: Luka 19:41-44; 21:20, 21: “A [Jesu Kreste] bona motse [Jerusalema], a o llela, a re: . . . matsatsi a tla u oela holimo, ao bao e leng lira ho uena ba tla cheka lengope, ba u teele hare ka lona, ba u thibelle ka nģa tsohle; ba tla u lihela fatše, uena le bana ba hao ba ho uena, ’me ba ke ke ba lesa ha hao lejoe holim’a lejoe le leng; hobane ha ua ka ua tseba nako eo u etetsoeng ka eona.” Matsatsi a mabeli hamorao, a eletsa barutuoa ba hae: “Etlare ha le bona Jerusalema o teetsoe hare ke makhotla a lira, le tsebe hoba tšenyeho ea oona e se e atametse. Mohlang oo, ba leng Judea ba balehele lithabeng; ba har’a Jerusalema ba tsoe.” (Boprofeta bo boletsoeng ke Jesu Kreste ka 33 C.E.)
◻ Phethahatso: Jerusalema ea hlanohela Roma ’me, ka 66 C.E., lebotho la Baroma la hlasela motse tlas’a Cestius Gallus. Empa, kamoo rahistori oa Mojode Josephus a tlalehang, molaoli oa Moroma “a hula banna ba hae ka tšohanyetso, a lahla tšepo le hoja a ne a sa hlōloa, ’me a tsoa Motseng a baleha ntle ho lebaka.” (Josephus, the Jewish War, Penguin Classics, 1969, leq. 167) Hona hoa nea Bakreste monyetla oa ho baleha motseng, e leng hoo ba ileng ba ho etsa, ba fallela Pella, ka mose ho Jordane, kamoo ho bolelang Eusebius Pamphilus ho Ecclesiastical History ea hae. (E fetoletsoeng ke C. F. Crusé, London, 1894, leq. 75) Joale hoo e ka bang ka nako ea Paseka ea selemo sa 70 C.E., Molaoli Tite a thibella motse, a o lika-liketsa ka lekhoakhoa le bolelele ba lik’hilomithara tse 7,2 ka matsatsi a mararo feela, ’me kamorao ho likhoeli tse hlano, Jerusalema ea oa. “Jerusalema ka boeona ea timetsoa ka taolo ’me Tempele ea sala e le lithako. Kajeno libuka tsa liepolloa li re bontša kamoo ho senngoa hoa mehaho ea Bajode ka har’a naha eohle ho bileng matla kateng.”—The Bible and Archaeology (Grand Rapids, Mich.; 1962), J. A. Thompson, leq. 299.
Se ka ho eona se lumellana le thuto ea mahlale litabeng tseo bafuputsi ba batho ba li sibollotseng hamorao haholo
Tšimoloho ea Bokahohle: Gen. 1:1: “Tšimolohong, Molimo o no o hlole maholimo le lefatše.” Ka 1978, molepi oa linaleli Robert Jastrow a ngola: “Joale re bona kamoo bopaki ba bolepi ba linaleli bo isang maikutlong a Bibele ka tšimoloho ea lefatše. Lintlha lia fapana, empa likarolo tsa bohlokoa litlalehong tsa bolepi le tsa Bibele tsa Genese lia tšoana: letoto la liketsahalo tse isitseng tlhahong ea motho le qalile hantle ka nako ka tšohanyetso le ka sekhahla ka ho panya ha leihlo.”—God and the Astronomers (New York, 1978), leq. 14.
Sebōpeho sa lefatše: Esa. 40:22: “Ke eena ea nang le terone ea hae holim’a phikoloho ea lefatše.” Mehleng ea boholo-holo maikutlo a tloaelehileng a akaretsang e ne e le hore lefatše le bataletse. E bile nakong ea lilemo tse fetang 200 ka mor’a hore temana ena ea Bibele e ngoloe ha sekolo sa bo-rafilosofi ba Magerike se ileng sa beha mabaka hore mohlomong lefatše ke qitikoe, ’me hoo e ka bang lilemong tse ling tse 300 molepi oa linaleli oa Mogerike o ile a sebetsa palo e haufi ea botelele ba lefatše ho tloha bohareng ba phikoloho. Empa khopolo ea lefatše la qitikoe e ne e ntse e sa tloaeleha le ka nako eo. Ke feela lekholong la bo20 la lilemo ho etsahetseng hore batho ba tsamaee ka lifofane, ’me hamorao ba fofele ka ntle sepaka-pakeng esita le khoeling, ka hona ba ba le pono e hlakileng ka “phikoloho” ea lefatše.
Bophelo ba liphoofolo: Lev. 11:6: “Moutla, . . . oa busolosa.” Le hoja basomi ba bangata e ne e le khale ba hanyetsa hore moutla o-oa busolosa, ho qetelletse ho hlokometsoe ke monna oa Lenyesemane William Cowper lekholong la bo18 la lilemo. Tsela e sa tloaelehang eo ho etsahalang ka eona e ile ea hlalosoa ka 1940 ho Proceedings of the Zoological Society of London, Moq. 110, Letoto A, maq. 159-163.
Ho lumellana hoa eona ke hoa bohlokoa
Ho joalo ka ho khethehileng ha ho talingoa ’nete ea hore libuka tsa Bibele li ngotsoe ke banna ba ka bang 40 ba sa tšoaneng joaloka morena, moprofeta, molisa, molekhetho le ngaka. Ba ile ba ngola ka lilemo tse fetang 1 610; ka hona ho ne ho se monyetla oa ho lumellana ka bolotsana. Empa mangolo a bona a lumellana kahohle. Ho ananela hore na likarolo tse sa tšoaneng tsa Bibele li lohellane ka ho lumellanang hakae, u tlameha ho e bala le ho ithuta eona ka bouena.
Re ka tiisa joang hore Bibele ha e-ea fetoloa?
“Ha ho bapisoa lenane la MSS. [lingoliloeng tse ngotsoeng ka letsoho] tsa boholo-holo tse pakang se ngotsoeng, leha ho bapisoa lenane la lilemo tse fetileng pakeng tsa se kopilitsoeng pele ho MSS. tsa boholo-holo tse pakang se ngotsoeng, Bibele e molemong o moholo ho feta lingoliloeng tsa Baroma le Bagerike ba khale [tsa Homer, Plato le ba bang]. . . . MSS. ke tse seng kae feela ha li bapisoa le tsa Bibele. Ha ho buka ea khale e nang le bopaki bo e emelang joaloka Bibele.”—The Bible From the Beginning (New York, 1929), P. Marion Simms, maq. 74, 76.
Tlaleho e hatisitsoeng ka 1971 e bontša hore ho ka ba le likopi tse ngotsoeng ka letsoho tse 6 000 tse nang le Mangolo a Seheberu kaofela kapa karolo ea ’ona; ea khale haholo ke ea lekholong la boraro la lilemo B.C.E. Ho na le tse ka bang 5 000 tsa Mangolo a Segerike a Bakreste tse ngotsoeng ka Segerike, ’me ea khale haholo ke ea mathoasong a lekholo la bobeli la lilemo C.E. Hape ho na le likopi tse ngata tsa liphetolelo tsa pele lipuong tse ling.
Ha a kenyelletsa meqolo ea hae e supileng e buang ka The Chester Beatty Biblical Papyri, Sir Frederic Kenyon o ngolile: “Qeto ea pele le ea bohlokoa ka ho fetisisa e fumanoeng ha ho hlahlobjoa litokomane tsena [tsa loli] ke e khotsofatsang hore li paka bonnete ba mangolo a teng. Ha ho phapang e nyarosang kapa e khōlō e bontšoang Testamenteng ea Khale kapa e Ncha. Ha hoa siuoa letho la bohlokoa kapa hona ho eketsa lirapa, ’me ha ho phapang e amang lintlha tsa bohlokoa kapa lithuto. Phapang ea litemana e ama litaba tse sa reng letho, tse kang tatelano ea mantsoe kapa tšebeliso e nepahetseng ea mantsoe . . . Empa molemo o fetisisang oa tsona ke hore li tiisa ho tšepahala hoa mangolo a rōna ka bopaki ba nako ea pejana e neng e sa fumanehe ho tla fihlela joale.”—(London, 1933), leq. 15.
Ke ’nete hore liphetolelo tse ling tsa Bibele li tšoarella haholoanyane ho se lipuong tsa pele ho feta tse ling. Libibele tsa kajeno tse akaretsang taba li nkile bolokolohi boo ka linako tse ling bo fetolang se neng se boleloa pele. Bafetoleli ba bang ba lumelletse hore seo ba se lumelang se nete liphetolelo tsa bona. Empa bofokoli bona bo ka khetholloa ka ho bapisa liphetolelo tse sa tšoaneng.
Haeba e Mong a Re—
‘Ha ke kholoe Bibele’
U ka ’na ua arabela: ‘Empa Molimo oona u-ua kholoa hore o teng, ha ke re? . . . Na nka botsa hore na ke eng eo u e fumanang e le thata hore u e amohele ka Bibeleng?’
Kapa u ka ’na ua re: ‘Nke ke botse, Na haesale u ikutloa joalo? . . . Ke ’nile ka utloa ba bang ba rialo le hoja ba sa ithutisisa Bibele. Empa kaha ka ho hlaka Bibele e ipolela hore ke molaetsa o tsoang ho Molimo le hore o re nea bophelo bo sa feleng haeba re kholoa re bile re phela ka seo e se bolelang, na ha u lumele hore ekaba ho tšoanelehang hore bonyane u e hlahlobe ho fumana hore na seo e se buang ke ’nete kapa che? (Sebelisa taba e maqepheng a 56-59.)’
‘Bibele e-ea ikhanyetsa’
U ka ’na ua arabela: ‘Ke ’nile ka utloa batho ba bang ba mpolella joalo, empa ha ho ea kileng a mpontša moo ho ikhanyetsa ho hlileng ho leng teng. ’Me ha ke ntse ke bala Bibele ha kea s’o ho bone. Na u ka mpha mohlala?’ ’Me mohlomong u ka eketsa: ‘Seo ke se fumaneng ke hore feela batho ba bangata ha ho mohla ba fumaneng likarabo tsa lipotso tseo Bibele e ileng ea etsa hore ba nahane ka tsona. Ka mohlala, Kaine o fumane mosali kae? (Sebelisa taba e maqepheng a 303, 304.)’
‘Bibele e ngotsoe ke batho’
U ka ’na ua arabela: ‘Ke ’nete. E kopanetsoe ke ba ka bang 40. Empa e ne e bululetsoe ke Molimo.’ ’Me mohlomong u ka eketsa: (1) ‘Hoo ho bolela eng? Hore Molimo o lotololitse ho ngola, joalokaha rakhoebo a sebelisa mongoli ho mo ngolla mangolo a hae.’ (2) ‘Maikutlo a ho amohela melaetsa e tsoang ho e mong ea sepaka-pakeng kantle ha a lokela ho re makatsa. Esita le batho ba ’nile ba romela melaetsa le litšoantšo ba le khoeling. Ba ho entse joang? Ka ho sebelisa melao e simolohileng khale-khale ho Molimo.’ (3) ‘Empa re ka tiisa joang hore se ka Bibeleng se hlile se tsoa ho Molimo? E na le boitsebiso boo ho seng bonolo hore bo ne bo ka hlaha ho motho. Ba mofuta ofe? Lintlha tse qaqileng ka nako e tlang; ’me kamehla li ipakile li nepahetse ka ho feletseng. (Bakeng sa mehlala, bona maqephe 56-58, le maqephe 293-299, tlas’a sehlooho “Mehla ea Qetello.”)’
‘Mong le mong o itlhalosetsa Bibele kamoo a ratang’
U ka ’na ua arabela: ‘’Me ho hlakile hore hase bona kaofela ba nepileng.’ ’Me mohlomong u ka eketsa: (1) ‘Ho sotha Mangolo hore a lumellane le maikutlo a rōna ho ka fella ka kotsi ea nako e telele. (2 Pet. 3:15, 16)’ (2) ‘Ke lintho tse peli tse ka re thusang ho utloisisa Bibele ka nepo. Ea pele, nahana ka litemana tse potolohileng polelo efe le efe. Hape, bapisa litemana le lipolelo tse ling tse ka Bibeleng tse sebetsanang le taba e tšoanang. Ka tsela eo re lumella Lentsoe la Molimo hore le tataise monahano oa rōna, ’me tlhaloso hase ea rōna empa ea oona. Ke eona tsela e nkiloeng libukeng tsa Watch Tower.’ (Bona maqephe 251, 252, tlas’a sehlooho “Lipaki tsa Jehova.”)
‘Ha e na thuso mehleng ea rōna’
U ka ’na ua arabela: ‘’Me kajeno re thahasella lintho tse re thusang, na ha ho joalo?’ ’Me mohlomong u ka eketsa: (1) ‘Na u lumela hore ho felisa ntoa ho ka thusa? . . . Na u ka latola hore haeba batho ba ka ithuta ho phela hammoho ka khotso le ba lichaba tse ling, hona e ka ba qalo e ntle? . . . Bibele e hlile ea profeta sona seo. (Esa. 2:2, 3) Ka baka la thuto ea Bibele, hona hoa etsahala hona joale har’a Lipaki tsa Jehova.’ (2) ‘Ho hlokahala ho hong ho eketsehileng—ho tlosoa hoa batho bohle le lichaba tse bakang ntoa. Na ntho e joalo e tla ke e etsahale? E, ’me Bibele e hlalosa hore na joang. (Dan. 2:44; Pes. 37:10, 11)’
Kapa u ka ’na ua re: ‘Ke ananela kameho ea hao. Haeba buka ea tataiso e ne e sa thuse ka letho, e ne etlaba bothoto hore re e sebelise, na ha ho joalo?’ ’Me mohlomong u ka eketsa: ‘Na u ka lumela hore buka e fanang ka tataiso e utloahalang e ka re nolofaletsang hore re phele ka thabo malapeng e molemo? . . . Likhopolo le mekhoa tse amang bophelo ba lelapa li ’nile tsa fetoha ka makhetlo-khetlo, ’me liphello tseo re li bonang kajeno li mpe. Empa ba tsebang le ba sebelisang seo Bibele e se bolelang ba na le malapa a tsitsitseng le a thabileng. (Ba-Kol. 3:12-14, 18-21)’
‘Bibele ke buka e ntle, empa ha ho letho le kang ’nete e phethahetseng’
U ka ’na ua arabela: ‘Ke ’nete hore e mong le e mong ho bonahala a e-na le maikutlo a fapaneng. ’Me leha motho a nahana hore o lekanyelitse ntho hantle, hangata o ee a fumane hore ho na le ntlhanyana eo a sa kang a e nahanela hantle. Empa ho na le e mong ea se nang bofokoli bo joalo. Ebe ke mang? . . . E, Mōpi oa bokahohle.’ ’Me mohlomong u ka eketsa: (1) ‘Ke ka baka leo Jesu Kreste a itseng ho eena: “Lentsoe la hao ke ’nete.” (Joh. 17:17) ’Nete eo e ka Bibeleng. (2 Tim. 3:16, 17)’ (2) ‘Molimo ha o batle ha re phopholetsa lefifing la ho hloka tsebo; o itse thato ea oona ke hore re finyelle tsebo e nepahetseng ea ’nete. (1 Tim. 2:3, 4) Ka mokhoa o hlileng o khotsofatsang, Bibele e arabela lipotso tse kang . . . ’ (Ho thusa batho ba bang, ho ka ’na hoa hlokahala hore le qale ka ho buisana ka bopaki ba tumelo ea hore Molimo o teng. Bona maqephe 329-336, tlas’a sehlooho “Molimo.”)
‘Bibele ke buka ea makhooa’
U ka ’na ua arabela: ‘Ke ’nete hore a hatisitse Libibele tse ngata. Empa Bibele ha e bolele hore morabe o mong o molemo ho o mong.’ ’Me mohlomong u ka eketsa: (1) ‘Bibele e tsoa ho ’Mōpi oa rōna, ’me ha a ee ka tšobotsi. (Lik. 10:34, 35)’ (2) ‘Lentsoe la Molimo le tšoaretse batho ba lichaba tsohle le ba merabe eohle monyetla oa ho phela ka ho sa feleng mona lefatšeng tlas’a ’Muso oa oona. (Tšen. 7:9, 10, 17)’
Kapa u ka re: ‘Le hanyenyane! ’Mōpi oa motho ke eena ea neng a tla khetha batho bao a neng a tla ba bululela hore ba ngole libuka tse 66 tsa Bibele. ’Me haeba o khethile ho sebelisa batho ba letlalo le khanyang, boo e ne e le boikarabelo ba hae. Empa molaetsa oa Bibele o ne o sa tlo fella feela ho makhooa.’ ’Me mohlomong u ka eketsa: (1) ‘Hlokomela se boletsoeng ke Jesu . . . (Joh. 3:16) “E mong le e mong” ke ho akarelletsa batho ba lebala lefe kapa lefe. Hape, pele a nyolohela leholimong, Jesu o lumelisitse barutuoa ba hae ka mantsoe ana . . . (Matt. 28:19)’ (2) ‘Ho khahlisang, Liketso 13:1 e bua ka monna e mong ea neng a bitsoa Nigere, lebitso le bolelang “botšo.” E ne e le e mong oa baprofeta le baruti phuthehong ea Antioke, Syria.’
‘Le na le Bibele ea lōna’
Bona sehlooho se seholo “New World Translation.”