Amohela Bibele ka Seo e Hlileng e Leng Sona
“Le rōna ha re phetse ho leboha Molimo kahobane, mohla le amohetseng lentsoe la Molimo, leo le le utloileng ho rōna, le le amohetse e seng joalo ka hoja e le lentsoe la batho, empa la kholoa hore ke lentsoe la Molimo, joalo ka ha e le lona ka sebele, le sebetsang ka ho lōna ba lumetseng.”—1 BA-THESSALONIKA 2:13.
1. Ke boitsebiso bofe ka Bibeleng bo etsang hore ka sebele buka eo e be e ikhethang?
BIBELE e Halalelang ke buka e fetoleloang haholo le e abjoang ka ho pharaletseng haholo lefatšeng. Ntle ho tika-tiko ho lumeloa hore ke e ’ngoe ea libuka tsa bohlokoa tse hatisoang. Leha ho le joalo, taba ea bohlokoa haholoanyane ke hore Bibele e fana ka tataiso eo batho ba merabe eohle le lichaba ba e hlokang ka potlako, ho sa tsotellehe mosebetsi oa bona kapa boemo ba bona bophelong. (Tšenolo 14:6, 7) Bibele e araba ka tsela e khotsofatsang kelello le pelo lipotso tse kang: Morero oa bophelo ba motho ke ofe? (Genese 1:28; Tšenolo 4:11) Ke hobane’ng ha mebuso ea batho e sa khone ho tlisa khotso le tšireletseho tse tšoarellang? (Jeremia 10:23; Tšenolo 13:1, 2) Ke hobane’ng ha batho ba e-shoa? (Genese 2:15-17; 3:1-6; Ba-Roma 5:12) Lefatšeng lena le tletseng likhathatso, re ka sebetsana ka katleho joang le mathata a bophelo? (Pesaleme ea 119:105; Liproverbia 3:5, 6) Bokamoso bo re tšoaretse eng?—Daniele 2:44; Tšenolo 21:3-5.
2. Ke hobane’ng ha Bibele e fana ka likarabo tse tšepahalang ka ho feletseng lipotsong tsa rōna?
2 Ke hobane’ng ha Bibele e araba lipotso tse joalo ka tsela e utloahalang? Hobane ke Lentsoe la Molimo. O ile a sebelisa batho ho e ngola, empa joalokaha ho bontšitsoe ka ho hlakileng ho 2 Timothea 3:16, ‘lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo.’ Ha ea ba teng ka hore motho a itlhalosetse liketsahalo tsa batho. “Boporofeta [lipolelo tsa lintho tse lokelang ho etsahala, litaelo tsa bomolimo, litekanyetso tsa Bibele tsa boitšoaro] ha boa ka ba tlisoa ke ho rata ha motho, empa ke ka tšusumetso ea Moea o halalelang batho ba halalelang ba Molimo ba buileng.”—2 Petrose 1:21.
3. (a) Fana ka mehlala e bontšang hore na Bibele e ’nile ea nkoa e le ea bohlokoa hakae ke batho ba linaha tse sa tšoaneng. (b) Ke hobane’ng ha batho ka bomong ba ikemisetsa ho beha bophelo ba bona kotsing e le hore ba ka bala Mangolo?
3 Ka lebaka la ho ananela bohlokoa ba Bibele, batho ba bangata ba ipehile kotsing ea ho kenngoa teronkong, esita le ea ho bolaoa, e le hore ba ka ba le eona le ho e bala. Ho bile joalo lilemong tse fetileng Spain ea Bok’hatholike, moo baruti ba neng ba tšaba hore tšusumetso ea bona e ne e tla khelloa fatše haeba batho ba ne ba bala Bibele ka lipuo tsa bona; sena se ile sa etsahala le Albania, moo mehato e matla ea ho felisa tšusumetso ea bolumeli e ileng ea nkoa tlas’a puso e latolang boteng ba Molimo. Empa batho ka bomong ba tšabang Molimo ba ile ba nka likopi tsa Mangolo e le tsa bohlokoa, ba a bala, ’me e mong le e mong a a arolelana le ba bang. Ntoeng ea II ea Lefatše, kampong ea mahloriso ea Sachsenhausen, Bibele e ne e fetisoa ka bohlale ho tloha karolong e ’ngoe ea lisele tsa teronko ho ea ho e ’ngoe (le hoja sena se ne se sa lumelloa), ’me ba neng ba na le monyetla oa ho e fumana ba ne ba tšoara ka hlooho likarolo tseo ba ka li arolelanang le ba bang. Ka bo-1950 ho seo pele e neng e le Jeremane Bochabela ea Bokomonisi, Lipaki tsa Jehova tse neng li kentsoe teronkong ka lebaka la tumelo ea tsona li ne li ipeha kotsing ea ho koalloa nako e telele boinotšing ha li fetisetsa likarolo tse nyenyane tsa Bibele ho tloha ho motšoaruoa e mong ho ea ho e mong e le hore li ka baloa bosiu. Ke hobane’ng ha li ne li etsa see? Hobane li ile tsa hlokomela hore Bibele ke Lentsoe la Molimo, ’me li ne li tseba hore “motho a ke ke a phela ke bohobe feela” empa “o tla mpe a phele ke tsohle tse tsoang molomong oa Jehova.” (Deuteronoma 8:3) Lipolelo tsena, tse tlalehiloeng ka Bibeleng, li ile tsa etsa hore Lipaki tseo li lule li phela moeeng ho sa tsotellehe ho pepesehela bokhopo bo makatsang.
4. Bibele e lokela ho ba sebakeng sefe bophelong ba rōna?
4 Bibele hase buka e lokelang hore e behoe rakeng ea libuka feela bakeng sa ho e hlola ka seoelo, leha e le hona hore e ngoletsoe ho sebelisoa feela ha balumeli-’moho ba bokane bakeng sa borapeli. Letsatsi ka leng e lokela ho sebelisetsoa ho khantša leseli maemong ao re tobanang le ’ona le ho re bontša tsela e nepahetseng eo re lokelang ho tsamaea ka eona.—Pesaleme ea 25:4, 5.
E Ngoletsoe ho Baloa le ho Utloisisoa
5. (a) Haeba ho hlile ho khoneha, e mong le e mong oa rōna o lokela ho ba le eng? (b) Iseraeleng ea boholo-holo, batho ba ne ba ithuta se ka Mangolong joang? (c) Pesaleme ea 19:7-11 e ama maikutlo a hao joang mabapi le ho bala Bibele?
5 Mehleng ea rōna, likopi tsa Bibele li fumaneha habonolo linaheng tse ngata, ’me re khothalletsa ’mali e mong le e mong oa Molula-Qhooa hore a iphumanele kopi. Ha Bibele e ne e ngoloa, ho ne ho se mechine ea khatiso. Batho ka kakaretso ba ne ba se na likopi tsa bona tsa botho. Empa Jehova o ile a lokisetsa bahlanka ba hae hore ba utloe se neng se ngotsoe. Ka lebaka leo, Exoda 24:7 ea tlaleha, ka mor’a hore Moshe a ngole seo Jehova a neng a se laetse, o ile “a nka buka ea selekane, a e balla sechaba.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Ka lebaka la ho bona lipontšo tse sa tloaelehang ka mahlo Thabeng ea Sinai, ba ile ba hlokomela hore seo Moshe a ba baletseng sona se ne se tsoa ho Molimo le hore ho ne ho hlokahala hore ba tsebe boitsebiso bona. (Exoda 19:10, 16-19; 20:22) Le rōna ho hlokahala hore re tsebe se tlalehiloeng ka Lentsoeng la Molimo.—Pesaleme ea 19:7-11.
6. (a) Pele sechaba sa Iseraele se kena Naheng e Tšepisitsoeng, Moshe o ile a etsa’ng? (b) Re ka etsisa mohlala oa Moshe joang?
6 Ha sechaba sa Iseraele se ntse se lokisetsa ho tšela Nōka ea Jordane ho kena Naheng e Tšepisitsoeng, ka tsela eo ba furalla bophelo ba bona ba ho lelera lefeelleng, ho ne ho loketse hore ba hlahlobe Molao oa Jehova le litšebelisano tsa hae le bona. A susumelitsoe ke moea oa Molimo, Moshe o ile a hlahloba Molao le bona. O ile a ba hopotsa lintlha tse qaqileng tsa Molao, a ba a totobatsa melao-motheo le maikutlo a neng a lokela ho susumetsa kamano ea bona le Jehova. (Deuteronoma 4:9, 35; 7:7, 8; 8:10-14; 10:12, 13) Kajeno ha re qala ho sebetsa likabelong tse ncha kapa re tobana le maemo a macha bophelong, ho ka ba molemong oa rōna ho nahana ka tsela eo ka eona keletso ea Mangolo e lokelang ho susumetsa seo re se etsang.
7. Nakoana ka mor’a hore Baiseraele ba tšele Jordane, ke’ng se ileng sa etsoa ho hatisa Molao oa Jehova likelellong le lipelong tsa bona?
7 Nakoana ka mor’a hore Iseraele e tšele Nōka ea Jordane, sechaba se ile sa boela sa bokana ho hlahloba seo Jehova a neng a se boleletse sona ka Moshe. Sechaba se ile sa bokana hoo e ka bang lik’hilomithara tse 50 ka leboea ho Jerusalema. Halofo ea meloko e ne e le ka pel’a Thaba ea Ebale, ’me halofo e ’ngoe e le ka pel’a Thaba ea Gerizime. Moo Joshua o ile a “bala litaba tsohle tsa molao, lihlohonolofatso le lithohako.” Kahoo banna, basali, le ba banyenyane, hammoho le baahi ba balichaba, ba ile ba utloa likhopotso tse nakong tsa melao e laolang boitšoaro bo neng bo tla fella ka ho se amoheloe ke Jehova le ho se fumane litlhohonolofatso tseo ba neng ba tla li fumana haeba ba ne ba mamela Jehova. (Joshua 8:34, 35) Ho ne ho hlokahala hore ho hlake hantle likelellong hore na se setle le se sebe ke sefe ho latela pono ea Jehova. Ho feta moo, ho ne ho hlokahala hore ba kenye lerato bakeng sa se setle le lehloeo bakeng sa se sebe lipelong tsa bona, joalokaha e mong le e mong oa rōna a etsa kajeno.—Pesaleme ea 97:10; 119:103, 104; Amose 5:15.
8. Molemo oa ho bala Lentsoe la Molimo nako le nako likopanong tse itseng tsa sechaba Iseraeleng e ne e le ofe?
8 Ho phaella ho baleng Molao mabapi le liketsahalo tseo tsa histori, ho ne ho thathamisitsoe litokisetso tsa ho bala Lentsoe la Molimo kamehla ho Deuteronoma 31:10-12. Selemo se seng le se seng sa bosupa sechaba kaofela se ne se lokela ho bokana ho mamela ha Lentsoe la Molimo le baloa. Sena se ne se ba fa lijo tsa moea. Se ne se etsa hore litšepiso tse mabapi le Peō li phele likelellong tsa bona ’me kahoo se ile sa lebisa ba tšepahalang ho Messia. Litokisetso tsa lijo tsa moea tse ileng tsa qalisoa ha Iseraele e ne e le lefeelleng ha lia ka tsa khaotsa ha ba kena Naheng e Tšepisitsoeng. (1 Ba-Korinthe 10:3, 4) Ho e-na le hoo, Lentsoe la Molimo le ile la matlafatsoa ka ho kenyelletsa litšenolo tse eketsehileng tsa baprofeta.
9. (a) Na Baiseraele ba ne ba bala Mangolo feela ha ba bokane ka lihlopha tse khōlō? Hlalosa. (b) Thuto ea Mangolo e ne e fanoa joang ka malapeng, hona e le ka sepheo sefe?
9 Ho hlahloba keletso ea Lentsoe la Molimo ho ne ho sa lokela ho lekanyetsoa feela linakong tseo tsa ha sechaba se ne se bokane e le sehlopha se seholo. Likarolo tsa Lentsoe la Molimo le melao-motheo eo le e fupereng li ne li lokela ho tšohloa letsatsi le leng le le leng. (Deuteronoma 6:4-9) Libakeng tse ngata kajeno, ho ka etsahala hore bacha ba be le kopi ea bona ea botho ea Bibele, ’me ba fumana molemo o moholo ka ho etsa joalo. Empa Iseraeleng ea boholo-holo, ho ne ho se joalo. Morao koo, ha batsoali ba ne ba fana ka taeo e tsoang Lentsoeng la Molimo, ba ne ba tlameha ho itšetleha ka seo ba se tšoereng ka hlooho le ka linnete tseo ba li bolokileng ka lipelong tsa bona, hammoho le likarolo leha e le life tse nyenyane tseo e ka ’nang eaba ba ingoletse tsona. Ka ho li pheta-pheta, ba ne ba tla leka ka matla ho haha ka hare ho bana ba bona lerato bakeng sa Jehova le litsela tsa hae. Sepheo e ne e se feela ho tlatsa linnete tsena ka hloohong empa e ne e le ho thusa setho ka seng sa lelapa ho phela ka tsela e bontšang lerato bakeng sa Jehova le Lentsoe la hae.—Deuteronoma 11:18, 19, 22, 23.
Ho Baloa ha Mangolo ka Masynagogeng
10, 11. Ke lenaneo lefe la ho bala Mangolo le neng le lateloa ka synagogeng, ’me Jesu o ne a talima liketsahalo tsee joang?
10 Nako e itseng ka mor’a hore Bajode ba isoe botlamuoeng Babylona, masynagoge a ne a entsoe libaka tsa borapeli. E le hore Lentsoe la Molimo le ka baloa le ho tšohloa libakeng tsena tsa liboka, likopi tse eketsehileng tsa Mangolo li ne li etsoa. Sena se ile sa etsa hore likopi tsa boholo-holo tse 6 000 tse ngotsoeng ka letsoho tse nang le likarolo tsa Mangolo a Seheberu li tsoele pele ho ba teng.
11 Karolo ea bohlokoa ea tšebeletso ea synagoge e ne e le ho bala Torah, e leng libuka tsa pele tse hlano tsa Libibele tsa rōna tsa kajeno. Liketso 15:21 e tlaleha hore lekholong la pele la lilemo C.E., ho baloa ho joalo ho ne ho etsoa ka Sabbatha se seng le se seng, ’me Mishnah e bontša hore lekholong la bobeli la lilemo, ho ne ho baloa Torah ka letsatsi la bobeli le la bohlano la beke. Batho ba ’maloa ba ne ba kopanela ho baleng likarolo tse abiloeng, ba latellana. Tloaelo ea Bajode ba neng ba lula Babylona e ne e le ho bala Torah eohle selemo le selemo; tloaelo ea Palestina e ne e le ho etsa kemiso ea lilemo tse tharo ea ’malo ona. Karolo e ngotsoeng ke Baprofeta le eona e ne e baloa e bile e hlalosoa. Jesu o ne a tloaetse ho ba teng mananeong a ’malo oa Bibele oa Sabbatha sebakeng seo a neng a lula ho sona.—Luka 4:16-21.
Karabelo le Tšebeliso ea Botho
12. (a) Ha Moshe a ne a balla sechaba Molao, sechaba se ile sa fumana molemo joang? (b) Sechaba se ile sa arabela joang?
12 Ho bala Mangolo a bululetsoeng ho ne ho sa lokela hore ho etsoe e le mokhoa feela tjee. Ho ne ho sa etsoe feela ka morero oa ho khotsofatsa bohele-hele ba sechaba. Ha Moshe a balla Iseraele “buka ea selekane” lehoatateng le ka pel’a Thaba ea Sinai, o ile a etsa sena e le hore ba tle ba tsebe boikarabelo ba bona ka pel’a Molimo ’me ba bo phethe. Na ba ne ba tla etsa joalo? Ho bala hona ho ne ho hloka hore ho nkoe khato. Sechaba se ile sa hlokomela seo, ’me sa hoa sa re: “Tseo tsohle Jehova a li boletseng, re tla li etsa le ho li utloa.”—Exoda 24:7; bapisa le Exoda 19:8; 24:3.
13. Ha Joshua a ne a bala bomalimabe ba ho se mamele, sechaba se ne se lokela ho etsa’ng, ka sepheo sefe?
13 Hamorao, ha Joshua a balla sechaba litlhohonolofatso tse tšepisitsoeng le bomalimabe kapa lithohako, ho ile ha hlokahala hore se arabele. Ho ile ha laeloa hore ka mor’a thohako e ’ngoe le e ’ngoe, ‘sechaba sohle se re: Amen!’ (Deuteronoma 27:4-26) Kahoo, ha ho tšohloa ntlha ka ’ngoe ba ile ba bontša hore ba lumellana le ho nyatsa ha Jehova liphoso tse boletsoeng. E tlameha hore ebe sena e bile ketsahalo e tsotehang hakaakang ha sechaba sohle se lumela ka mantsoe a phahameng!
14. Mehleng ea Nehemia, ke hobane’ng ha ho bala Molao phatlalatsa ho ile ha ipaka ho le molemo ka ho khethehileng?
14 Mehleng ea Nehemia, ha sechaba sohle se bokane Jerusalema ho utloa Molao, se ile sa bona hore ha sea ka sa phetha litaelo tse ngotsoeng moo ka ho feletseng. Ketsahalong eo ba ile ba sebelisa seo ba ithutileng sona hang-hang. Phello e bile efe? “Monyaka oa e-ba moholo.” (Nehemia 8:13-17) Ka mor’a hore ’malo oa kamehla oa Bibele o etsoe ka nako e ka etsang beke moketeng, ba ile ba hlokomela hore ho ne ho hlokahala se eketsehileng. Ka khothalo ba ile ba hlahloba histori ea litšebelisano tsa Jehova le sechaba sa hae ho tloha mehleng ea Abrahama ho ea pele. Sena sohle se ile sa ba susumelletsa ho etsa kano ea ho sebetsa tumellanong le se hlokoang ke Molao, ho qoba ho nyalana le balichaba, le ho amohela boikarabelo ba ho hlokomela tempele le tšebeletso ea eona.—Nehemia, khaolo ea 8-10.
15. Litaelo tse ho Deuteronoma 6:6-9 li bontša joang hore, ka malapeng, thuto e Lentsoeng la Molimo e ne e sa lokela ho ba mokhoa feela tjee?
15 Ka ho tšoanang, ka hare ho lelapa, ho ruta Mangolo ho ne ho sa lokela hore ho etsoe e le mokhoa feela tjee. Joalokaha ho se ho bonoe, ka puo ea tšoantšetso ho Deuteronoma 6:6-9, batho ba ile ba bolelloa hore ba ‘tlame mantsoe a Molimo matsohong a bona hore e be lipontšo’—ka tsela eo ba bontša lerato la bona bakeng sa litsela tsa Jehova ka mohlala le ketso. ’Me ba ne ba lokela ho etsa mantsoe a Molimo ‘moqhaka lipakeng tsa mahlo a bona’—kahoo ba lula ba hopotse melao-motheo e fuperoeng ke Mangolo ’me ba e sebelisa e le motheo oa liqeto tsa bona. (Bapisa le puo e sebelisitsoeng ho Exoda 13:9, 14-16.) Ba ne ba lokela ho ‘e ngola lifateng tsa menyako ea matlo a bona, le mamating a ’ona’—ka tsela eo ba khetholla matlo a bona le tikoloho ea bona e le libaka tseo lentsoe la Molimo le hlomphuoang le ho sebelisoa. Ka mantsoe a mang, bophelo ba bona bo ne bo lokela ho fana ka bopaki bo bongata ba hore ba rata litaelo tsa Jehova tse lokileng ba bile baa li sebelisa. Seo se ka ba molemo hakaakang! Na Lentsoe la Molimo le bohlokoa hakaalo bophelong ba letsatsi le letsatsi ba malapa a rōna? Hoa soabisa hore ebe Bajode ba ile ba fetola tokisetso ena eohle mokhoa feela tjee, ba tlamella lipache tsa letlalo tse nyenyane tse tšetseng likarolo tse itseng tsa mangolo liphatleng joalokaha eka ke lithatho. Borapeli ba bona bo ile ba khaotsa ho ba bo tsoang pelong ’me Jehova o ile a bo khesa.—Esaia 29:13, 14; Mattheu 15:7-9.
Boikarabelo ba ba Boemong ba Bolebeli
16. Ke hobane’ng ha ho bala Mangolo kamehla e ne e le ha bohlokoa ho Joshua?
16 Tabeng ea ho bala Mangolo, tlhokomelo e khethehileng e ile ea lebisoa ho bao e neng e le balebeli ba sechaba. Jehova o ile a re ho Joshua: “U hlokomele ho etsa ka molao oohle.” Ka kutloisiso ea hore o tla phetha boikarabelo boo, o ile a bolelloa: “U o nahane motšehare le bosiu, . . . ke moo u tla atleha metsamaong ea hao, u iketle.” (Joshua 1:7, 8) Joalokaha molebeli e mong le e mong oa Mokreste a etsa kajeno, ho bala ha Joshua Mangolo kamehla ho ne ho tla mo thusa ho hopola ka ho hlakileng litaelo tse tobileng tseo Jehova a neng a li nehile batho ba Hae. Hape ho ne ho hlokahala hore Joshua a utloisise kamoo Jehova a ileng a sebetsana le bahlanka ba Hae tlas’a maemo a sa tšoaneng. Ha a ntse a bala lipolelo tsa morero oa Molimo, e ne e le habohlokoa hore a nahane ka boikarabelo ba hae mabapi le morero oo.
17. (a) E le hore marena a ka fumana molemo ho baleng Mangolo ka tsela eo Jehova a e bontšitseng, ho ne ho hlokahala hore a etse’ng ha a ntse a bala? (b) Ke hobane’ng ha ho bala Bibele kamehla le ho thuisa e le habohlokoa haholo ho baholo ba Bakreste?
17 Jehova o ile a laela hore e mong le e mong ea neng a sebeletsa e le morena oa sechaba sa Hae o lokela hore, qalong ea borena ba hae, a kopitse Molao oa Molimo koping e neng e bolokoa ke baprista. Joale o ne a lokela hore a o “bale ka matsatsi ’ohle a ho phela ha hae.” Sepheo e ne e se feela ho tšoara litaba tsa oona ka hlooho. Ho e-na le hoo, e ne e le hore “a tle a ithute ho tšaba Jehova, Molimo oa hae” le hore “pelo ea hae e tle e se ke ea ikhohomosetsa banab’abo.” (Deuteronoma 17:18-20) Sena se ne se hloka hore a nahane ka ho teba ka seo a neng a se bala. Ho latela bopaki bo fumanehang marena a mang a ne a nahana hore a phathahane haholo mesebetsing ea tsamaiso hore a ka etsa seo, ’me sena se ile sa fella ka hore sechaba sohle se lahleheloe. Mosebetsi oa baholo ka har’a phutheho ea Bokreste ka sebele hase oa marena. Empa, joalokaha marena a ne a etsa, ke habohlokoa hore baholo ba bale le ho thuisa ka Lentsoe la Molimo. Ho etsa joalo ho tla ba thusa ho ba le pono e nepahetseng ka ba behiloeng tlhokomelong ea bona. Ho tla boela ho ba nolofaletse hore joaloka matichere ba phethe boikarabelo ba bona ka tsela eo ka sebele e tlotlisang Molimo le e matlafatsang Bakreste-’moho le bona moeeng.—Tite 1:9; bapisa le Johanne 7:16-18; bona phapang ho 1 Timothea 1:6, 7.
18. Ho bala ha rōna Bibele kamehla le ho ithuta eona ho tla re thusa hore re etsise mohlala ofe oa moapostola Pauluse?
18 Moapostola Pauluse, molebeli oa Mokreste oa lekholong la pele la lilemo, o ne a tseba Mangolo a bululetsoeng hantle. Ha a ne a pakela batho Thessalonika ea boholo-holo, o ne a khona ho behelana mabaka le bona ka Mangolo ka katleho le ho ba thusa ho utloisisa moelelo oa ’ona. (Liketso 17:1-4) O ile a finyella lipelo tsa bamameli ba nang le thahasello ea sebele. Kahoo, ba bangata ba neng ba mo utloa e ile ea e-ba balumeli. (1 Ba-Thessalonika 2:13) Ka lebaka la lenaneo la hao la ho bala Bibele le ho ithuta eona, na u khona ho beha mabaka ka Mangolo ka katleho? Na sebaka seo ho bala Bibele ho leng ho sona bophelong ba hao le tsela eo u ho etsang ka eona ke bopaki ba hore u hlile u utloisisa seo ho laoloa ke Lentsoe la Molimo ho se bolelang? Sehloohong se latelang, re tla tšohla kamoo karabo e reng e, e ka fanoang lipotsong tsena esita le ke bao likemiso tsa bona li etsang hore ba tšoarehe ka linako tsohle.
U ka Araba Joang?
◻ Ke hobane’ng ha batho ba ile ba ikemisetsa ho beha bophelo le bolokolohi ba bona kotsing e le hore ba ka bala Bibele?
◻ Re fumana molemo joang ka ho hlahloba litokisetso tse neng li etselitsoe Iseraele ea boholo-holo e le hore e ka utloa Lentsoe la Molimo?
◻ Re lokela ho etsa’ng ka seo re se balang ka Bibeleng?
◻ Ke hobane’ng ha ho bala Bibele le ho thuisa ka eona e le habohlokoa ka ho khethehileng ho baholo ba Bakreste?
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Jehova o ile a bolella Joshua: “U o nahane motšehare le bosiu”