Buka ea Bibele ea 6—Joshua
Mongoli: Joshua
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Kanana
Ho Ngoloa ho Phethiloe: hoo e ka bang ka 1450 B.C.E.
Nako e Akarelitsoeng: 1473 ho ea ho hoo e ka bang ka 1450 B.C.E.
1. Iseraele e ile ea tobana le boemo bofe ka 1473 B.C.E.?
SELEMO ke 1473 B.C.E. Pono ke e makatsang le e hlollang ka ho fetisisa. Baiseraele, ba hlomme liahelo Mahoatateng a Moabe, ba emetse ho kena Kanana, Naha e Tšepisitsoeng. Sebaka seo se ka mose oane ho Jordane se ahiloe ke mebuso e menyenyane e ’maloa, o mong le o mong o na le lebotho la oona. E litsekana ka boeona ’me e ’nile ea fokola ho theosa le lilemo tsa puso e senyehileng ea Egepeta. Empa, malebana le sechaba sa Iseraele, khanyetso ke e tšabehang. Metse e mengata e sirelelitsoeng ka marako, e kang Jeriko, Ai, Hatsore, le Lakishe, e lokela ho haptjoa hore naha eo e tle e busoe. Nako e thata e larile ka pele. Lintoa tsa makhaola-khang li tlameha ho loanoa le ho hlōloa, Jehova ka boeena a kenella ka mehlolo e matla bakeng sa batho ba hae, e le ho phethahatsa tšepiso ea hae ea ho ba lulisa naheng eo. Ha ho pelaelo, liketsahalo tsena tse susumetsang, tse ikhethang hakana tšebelisanong ea Jehova le batho ba hae, li tlameha ho tlalehoa, le hona ke paki e boneng ka mahlo. Motho ea molemo e ne e ka ba mang bakeng sa hoo haese Joshua ka boeena, ea khethiloeng ke Jehova e le mohlahlami oa Moshe!—Num. 27:15-23.
2. Ke hobane’ng ha ho khethoa ha Joshua, e le moeta-pele e bile e le motlalehi, ho loketse?
2 Ho khethoa ha Joshua, e le moeta-pele le motlalehi oa liketsahalo tse tla tloha li etsahala, ke ho loketseng haholo. E ’nile ea e-ba motsoalle ea haufi-ufi oa Moshe ho theosa le lilemo tsa pele tse 40 lefeelleng. E ’nile ea e-ba “mohlanka oa Moshe ha e sa le bocheng ba hae,” ho bontša hore o ne a tšoaneleha ho ba moeta-pele oa moea hammoho le oa sesole. (Num. 11:28; Ex. 24:13; 33:11; Josh. 1:1, NW) Selemong seo Iseraele e tlohileng Egepeta ka sona, 1513 B.C.E., e ne e le molaoli oa mabotho a Iseraele ha ho hlōloa Baamaleke. (Ex. 17:9-14) E le motsoalle oa Moshe ea tšepahalang le molaoli oa lebotho ea se nang tšabo, ka tlhaho o ne a ka khethoa ho emela leloko la Efraime ha ho ne ho khethoa monna a le mong lelokong le leng le le leng bakeng sa thōmo e kotsi ea ho ea hloela Kanana. Sebete sa hae le botšepehi ba hae ketsahalong eo li ile tsa mo tiisetsa ho kena Naheng e Tšepisitsoeng. (Num. 13:8; 14:6-9, 30, 38) E, monna enoa Joshua, mora oa Nune, ke “monna eo moea o leng ho eena,” monna ea “ileng a latela Jehova ka ho feletseng,” monna ‘ea tletseng moea oa bohlale.’ Ha ho makatse hore e be ‘bana ba Iseraele ba ’nile ba sebeletsa Jehova tšiung tsohle tsa Joshua.’—Num. 27:18; 32:12, NW; Deut. 34:9; Josh. 24:31.
3. Ke eng e pakang hore Joshua e ne e le mohlanka oa Jehova oa sebele ea kileng a phela, le hore ke mongoli oa buka e bitsoang ka lebitso la hae?
3 Ha ho talingoa phihlelo ea hae, ho ikoetlisa ha hae, le litšoaneleho tsa hae tse lekiloeng e le morapeli oa ’nete oa Jehova, ka sebele Joshua o ne a le boemong ba hore a ka sebelisoa e le e mong oa bangoli ba ‘Mangolo a bululetsoeng ke Molimo.’ Joshua hase motho feela oa tšōmong empa ke mohlanka oa sebele ea kileng a phela oa Jehova. O boletsoe ka lebitso Mangolong a Segerike a Bokreste. (Lik. 7:45; Heb. 4:8) Ke ho utloahalang hore feela joalokaha Moshe a ile a sebelisoa ho ngola litaba tse amanang le liketsahalo tsa nako ea bophelo ba hae, ka ho tšoanang mohlahlami oa hae, Joshua, o ne a tla sebelisoa ho ngola liketsahalo tseo eena ka boeena a li boneng. Hore buka ena e ngotsoe ke e mong ea boneng liketsahalo tseo ho bontšoa ke Joshua 6:25. Neano ea Bajode e bolela hore Joshua ke eena mongoli, ’me buka ka boeona e re: “Joshua a ngola taba tseo bukeng ea molao oa Molimo.”—Josh. 24:26.
4. Bonnete ba buka ea Joshua bo pakiloe joang ke ho phethahala ha boprofeta le ke bopaki ba bangoli ba morao ba Bibele?
4 Nakong ea ho timetsoa ha Jeriko, Joshua o ile a phatlalatsa thohako ea boprofeta holim’a ho hahuoa ha motse oo bocha, e leng e ileng ea phethahala ka ho makatsang mehleng ea Akabe morena oa Iseraele, lilemo tse ka bang 500 hamorao. (Josh. 6:26; 1 Mar. 16:33, 34) Bonnete ba tlaleho ea buka ea Joshua bo tsoela pele ho tiisoa ke ho etsoa ha litšupiso tse ngata ke bangoli ba Bibele ba morao mabapi le liketsahalo tse tlalehiloeng ho eona. Nako le nako, bapesaleme ba supa liketsahalo tsena (Pes. 44:1-3; 78:54, 55; 105:42-45; 135:10-12; 136:17-22), joalokaha ho etsa Nehemia (Neh. 9:22-25), Esaia (Esa. 28:21), moapostola Pauluse (Lik. 13:19; Ba-Heb. 11:30, 31), le morutuoa Jakobo (Jak. 2:25).
5. (a) Ke nako efe e akarelitsoeng ke buka ea Joshua? (b) Ke hobane’ng ha lebitso Joshua le loketse?
5 Buka ea Joshua e akaretsa nako ea lilemo tse fetang 20, ho tloha ha ho kenoa Kanana ka 1473 B.C.E. ho ea ho hoo e ka bang ka 1450 B.C.E., e leng selemo seo e ka ’nang eaba Joshua o shoele ka sona. Lona lebitso Joshua (Yehoh·shuʹaʽ, ka Seheberu), le bolelang “Jehova ke Poloko,” ke le loketseng haholo ha ho talingoa mosebetsi oa Joshua e le moeta-pele ea bonahalang Iseraeleng nakong ea ha ho haptjoa naha eo. O ile a lebisa khanya eohle ho Jehova e le Molopolli. Ho Septuagint buka ena e bitsoa I·e·sousʹ (e tšoanang le lebitso la Segerike la Yehoh·shuʹaʽ), ’me ke lebitsong lena moo ho nkiloeng lebitso Jesu. Joshua, litšoanelehong tsa hae tse ntle tsa sebete, ho utloa, le botšepehi, ka sebele e ne e le mohlala o babatsehang oa boprofeta oa “Jesu Kreste, Morena oa rōna.”—Ba-Roma 5:1.
LITABA TSE KA HARE TSA JOSHUA
6. Ke likarolo life tseo buka ea Joshua e arotsoeng ka tsona ka tsela e utloahalang?
6 Buka ena e arotsoe likarolo tse ’nè ka tsela e utloahalang: (1) ho tšelela Naheng e Tšepisitsoeng, (2) ho hlōloa ha Kanana, (3) ho arola naha, le (4) likhothatso tsa ho qetela tsa Joshua. Tlaleho eohle e boletsoe ka ho hlaka ’me e bolokiloe ka tsela e hlollang.
7. Ke khothatso le keletso life tseo Jehova a li fang Joshua?
7 Ho tšelela Naheng e Tšepisitsoeng (1:1–5:12). Ka ho tseba liteko tse ka pele, Jehova o fa Joshua kholiseho le ho mo fa keletso e molemo qalong: “Feela u iphe matla, u etse ka senna haholo . . . Buka ena ea molao e se ke ea tloha molomong oa hao; u o nahane motšehare le bosiu, u tle u hlokomele ho etsa ka tsohle tse ngoliloeng teng; ke moo u tla atleha metsamaong ea hao, u iketle. Hleka ha kea ka ka u laela, ka re, u iphe matla, u etse ka senna na? . . . Jehova, Molimo oa hao, o na le uena kahohle moo u eang teng.” (1:7-9) Joshua o lebisa tlotla ho Jehova e le eena Moeta-pele le Molaoli oa sebele ’me kapele-pele o itokisetsa ho tšela Jordane joalokaha ho laetsoe. Baiseraele ba mo amohela e le mohlahlami oa Moshe, ’me ba itlama ka tšepiso ea hore ba tla tšepahala ho eena. Joale, pele-ea-pele ho ea hlōla Kanana!
8. (a) Rahaba o bontša tumelo joang? (b) Jehova o ipontša e le “Molimo ea phelang” joang har’a Iseraele?
8 Banna ba babeli ba romeloa ho ea hloela Jeriko. Rahaba oa seotsoa o nka monyetla ona ho bontša tumelo ea hae ho Jehova ka ho pata lihloela a bea bophelo ba hae kotsing. Lihloela tsona li hlapanya hore o tla bolokoa ha Jeriko e timetsoa. Lihloela li khutlisa tlaleho ea hore baahi bohle ba naha ba nyahame lipelo ka lebaka la Baiseraele. Kaha tlaleho e ne e le ntle, Joshua o tsamaela ka potlako Nōkeng ea Jordane, e jang litlhokoa. Joale Jehova o fana ka bopaki bo ka bonoang ba hore o tšehetsa Joshua le hore, joaloka nakong ea Moshe, ho na le “Molimo ea phelang” ka hare ho Iseraele. (3:10, BPN) Ha baprista ba jereng areka ea selekane ba hata ka har’a Jordane, metsi a hlahang holimo mohloling aa bokellana, a lumella Baiseraele ho tšela moo ho omileng. Joshua o nka majoe a 12 bohareng ba nōka e le sehopotso hape o emisa majoe a mang a 12 ka nōkeng, moo baprista ba emeng teng, ka morao ho moo baprista baa tšela ’me metsi a khutlela boemong ba ho ja litlhokoa.
9. Joale ho etsahala eng Gilgale?
9 Hang ha sechaba se tšetse, se hloma liahelo Gilgale, pakeng tsa Jordane le Jeriko, ’me ke hona mona moo Joshua a beang majoe a sehopotso e le bopaki melokong e tlang le “hore chaba tsohle tsa lefatše li tle li tsebe letsoho la Jehova hobane le matla, le hore le tšabe Jehova, Molimo oa lōna, ka mehla.” (4:24) (Joshua 10:15 e bontša hore ka morao ho moo e ka ’na eaba Gilgale e ile ea sebelisoa e le liahelo tsa sesole ka nakoana.) Ke hona mona moo bara ba Iseraele ba bolotsoang teng, kaha ha hoa ka ha e-ba le ho bolotsa nakong ea leeto lefeelleng. Ho ketekoa Paseka, manna aa khaotsa, ’me qetellong Baiseraele ba qala ho ja se behoang ke naha eo.
10. Jehova o fa Joshua litaelo joang mabapi le ho hapa Jeriko, ’me ke bohato bofe bo tsotehang bo latelang?
10 Ho hlōloa ha Kanana (5:13–12:24). Joale ba haufi haholo le sebaka sa pele seo ba rerileng ho se hlasela. Empa ba tla hapa motse oo o marako “o koetsoeng ka thata” oa Jeriko joang? (6:1, NW) Jehova ka boeena o qaqisa mehato e lokelang ho nkuoa, o romela “molaoli oa makhotla a Jehova” ho ea fa Joshua litaelo. (5:14) Hanngoe ka letsatsi ka matsatsi a tšeletseng, mabotho a Iseraele a tlameha ho pota-pota motse, banna ba ntoa ba etelletse pele, ba lateloa mokolokong ke baprista ba letsang manaka a lipheleu le ba bang ba jereng areka ea selekane. Ka letsatsi la bosupa, ba tlameha ho o pota ka makhetlo a supileng. Ka botšepehi Joshua o phetela sechaba litaelo. Hantle feela joalokaha ho laetsoe, mabotho a pota-pota Jeriko. Ha ho lentsoe le buuoang. Ha ho na molumo oa letho haese mehato ea maoto le ho letsoa ha manaka ke baprista. Joale, ka letsatsi la ho qetela, ka mor’a ho phetha potoloho ea bosupa, Joshua o ba etsetsa pontšo ea hore ba hooe. Baa hooa, “mohoo o moholo oa ntoa,” ’me marako a Jeriko a oa putla! (6:20) Joalokaha eka ke motho a le mong, ba phallela motseng, baa o hapa, ’me ba o chesa lore! Ke Rahaba ea tšepahalang le ba lelapa labo feela ba ileng ba pholoha.
11. Ho hlōleha ho hapa Ai pele ho ile ha lokisoa joang?
11 Joale ba leba ’nģa bophirimela Ai! Tšepo ea ho fumana tlhōlo e ’ngoe habonolo e fetoha masoabi, ha banna ba Ai ba phalalisa masole a Baiseraele a 3 000 a neng a rometsoe ho ea hapa motse. Ho etsahetse eng? Na Jehova o ba lahlile? Joshua ka ho tsieleha o botsa Jehova. Ha Jehova a arabela o senola hore khahlanong le taelo ea hae ea hore ho neheloe ntho e ’ngoe le e ’ngoe e Jeriko timetsong, e mong liahelong o hlokile kutlo, o utsoitse ho hong ’me o ho patile. Litšila tsena li tlameha ho tlosoa liahelong pele Iseraele e ka tsoela pele ho atleha ka tlhohonolofatso ea Jehova. Ka tlas’a tataiso ea bomolimo, Akane, mofosi, oa fumanoa, ’me eena le ba ntlo ea hae ba tlepetsoa ka majoe ho fihlela ba e-shoa. Kaha Baiseraele ba boetse ba fumane kamohelo ea Jehova, joale ba futuhela Ai. Jehova ka boeena o boetse o senola leqheka la ntoa le tla sebelisoa. Banna ba Ai ba huleloa ka ntle ho motse oa bona o marako ’me ba iphumana ba tšoasitsoe ka ho lika-liketsoa. Motse oa haptjoa ’me o timetsoa le baahi bohle ba oona. (8:26-28) Ha ho ho sekisetsa ha letho mabapi le sera!
12. Ke taelo efe ea bomolimo eo Joshua a boelang a e phetha?
12 Ka ho utloa taelo ea Jehova ka Moshe, Joshua o boetse o haha aletare Thabeng ea Ebale ’me o ngola holim’a eona “kopi ea molao.” (8:32, NW) Joale o balla sechaba sohle se emeng se phuthehileng, halofo e ’ngoe ea sona e eme ka pel’a Thaba ea Gerizime ’me halofo e ’ngoe ea sona e eme ka pel’a Thaba ea Ebale, mantsoe a Molao oo, hammoho le tlhohonolofatso le thohako.—Deut. 11:29; 27:1-13.
13. ‘Ho nka khato e masene’ ha Bagibeone ho fella ka eng?
13 Mebuso e ’maloa e menyenyane ea Kanana, e tšositsoe ke ho hlaseloa ka potlako, e ikopanya ka boiteko ba ho thibela tlhaselo ea Joshua. Leha ho le joalo, ha ‘Bagibeone ba utloa kamoo Joshua a entseng ka Jeriko le Ai, le bona ba nka khato e masene.’ (Josh. 9:3, 4, NW) Ba ikhakantse eka ba tloha naheng e hōle le Kanana, ba kena selekaneng le Joshua sa hore o tla ‘ba tlohela ba phela.’ Ha Baiseraele ba utulla leqheka lena, ba hlompha selekane empa ba etsa Bagibeone “ba rathang patsi, le ba khang metsi” joaloka “lekhoba la makhoba,” kahoo ka lehlakoreng le leng ba phethahatsa thohako e bululetsoeng ea Noe ho Kanana, mora oa Kama.—Josh. 9:15, 27; Gen. 9:25, BPN.
14. Jehova o bontša joang hore o loanela Iseraele Gibeone?
14 Ho inehela hona ha Bagibeone hase taba e nyenyane, hobane “Gibeone e be e le motse o moholo . . . o feta Ai ka boholo, le banna bohle ba teng e ne e le linatla.” (Josh. 10:2) Adoni-Tsedeke, morena oa Jerusalema, o bona sena e le tšokelo ho eena le mebuso e meng Kanana. Ho tlameha ho etsoe mohlala ho thibela ho khelohela ka lehlakoreng la sera ho tsoela pele. Kahoo Adoni-Tsedeke le marena a mang a mane (a mebuso ea metse ea Hebrone, Jarmuthe, Lakishe, le Eglone) ba itokisetsa ho ea loantša Gibeone. Ka ho hlompha selekane sa hae le Bagibeone, Joshua o tsamaea bosiu kaofela ho ea ba thusa, ’me o hlōla mabotho a marena a mahlano. Jehova o sa boetse a kena ntoeng, a sebelisa matla a fetang a motho le lipontšo, ka liphello tse senyang. Ho na sefako se seholo se tsoang leholimong, se bolaea ba bangata ba sera ho feta ba bolaoang ke lisabole tsa lebotho la Iseraele. ’Me joale, mohlolo oa mehlolo, “Letsatsi la ema themelele! har’a sepakapaka, la nka nako e ka etsang letsatsi lohle le sa potlakele ho likela.” (10:13, BPN) Ka hona mahlatsipa leha e le afe a sera a ne a ka timelletsoa ruri joalo. Bahlalefi ba lefatše ba ka ’na ba leka ho nyelisa ketsahalo ena ea mohlolo, empa banna ba tumelo ba amohela tlaleho ea bomolimo, ba hlokomela matla a Jehova a ho laola matla a bokahohleng le ho a tsamaisa ho latela thato ea hae. Ha e le hantle, “Jehova o ne a loanela Iseraele.”—10:14.
15. Hlalosa hore na tlhaselo e tsamaea joang le tlhōrō ea eona Hatsore.
15 Ka mor’a ho bolaea marena a mahlano, Joshua o nehela Makkeda timetsong. A fetela ka boroa ka potlako, o timetsa Libna, Lakishe, Eglone, Hebrone, le Debire ka ho felletseng—metse e maralleng a pakeng tsa Leoatle la Letsoai le Leoatle le Leholo. Ho tla fihlela joale litaba tsa phutuhelo ena li se li hasane le Kanana eohle. Ka leboea, mokhosi o hlajoa ke Jabine, morena oa Hatsore. Hōle le haufi, ka mose le ka koano ho Jordane, o romela mohoo oa ho ikopanya ka bongata bakeng sa ho futuhela Baiseraele. Ha ba hlomme liahelo metsing a Merome, ka tlaase ho Thaba ea Hermone, makhotla a phuthehileng a sera ke a “ka ka lehlabathe le lebōpong la leoatle ka bongata.” (11:4) Jehova o boetse o tiisetsa Joshua tlhōlo ’me o etsa moralo oa maqiti a ntoa. Joale phello? Tlhōlo e ’ngoe e thumakanyang ho lira tsa batho ba Jehova! Hatsore e chesoa ka mollo, le metse eo e entseng setsoalle le eona le marena a eona a neheloa timetsong. Kahoo Joshua o atolosa sebaka sa puso ea Baiseraele ka bolelele le bophara ba Kanana. Ho se ho hlōtsoe marena a mashome a mararo a motso o mong.
16. Ho etsoa likabelo life tsa naha?
16 Ho arola naha (13:1–22:34). Ho sa tsotellehe litlhōlo tsena tse ngata, tseo ho tsona metse e mengata e sirelelitsoeng ka marako e meholo e timelitsoeng le mabotho a khanyetso a hlophisitsoeng a sentsoe ka nakoana, “ho sa setse fatše le leholo le e-song ho ruoe.” (13:1) Leha ho le joalo, Joshua o se a le haufi le ho ba lilemo li 80, ’me ho sa na le mosebetsi o moholo o lokelang ho etsoa—oa ho arola naha e le lefa bakeng sa meloko e felletseng e robong le halofo ea moloko oa Manasse. Moloko oa Rubene, Gade le halofo ea moloko oa Manasse e ne e se e amohetse lefa la naha ho ea ka bochabela ho Jordane, ’me moloko oa Levi ha o amohele letho, “Jehova, Molimo oa Iseraele” ke lefa la bona. (13:33) Ka thuso ea moprista Eleazare, joale Joshua o e abela mafa ka bophirima ho Jordane. Kalebe ea lilemo li 85, a chesehela ho loantša lira tsa Jehova ho fihlela qetellong, oa kōpa ’me o abeloa sebaka se ahiloeng ke Baanake sa Hebrone. (14:12-15) Ka mor’a hore meloko e amohele mafa a eona ka lotho, Joshua o kōpa motse oa Thimnathe-Serah lithabeng tsa Efraime, ’me o o fuoa “ka taelo ea Jehova.” (19:50) Tente ea pokano e hlongoa Shilo, eo le eona e leng sebakeng se lithaba sa Efraime.
17. Ho etsoa tokisetso efe bakeng sa metse ea setšabelo le metse ea bolulo bakeng sa Balevi?
17 Ho behelloa ka thōko metse e tšeletseng ea setšabelo bakeng sa ’molai eo e seng oa ka boomo, e meraro ka lehlakoreng le leng le le leng la Jordane. E ka bophirimela ho Jordane ke Kedeshe e Galilea, Sikeme e Efraime, le Hebrone naheng e maralla ea Juda. E ka bochabela ke Bezere sebakeng sa Rubene, Ramothe e Gileade, Golane e Bashane. Ena e fuoa “boemo bo halalelang.” (20:7, NW) Metse e mashome a mane a metso e robeli le makhulo a eona e abjoa ka lotho ho ba bolulo ba Balevi ho tsoa libakeng tse abetsoeng meloko. Ena e akarelletsa metse e tšeletseng ea setšabelo. Kahoo Iseraele “ea tsoela pele ho rua [naha eo] le ho lula ho eona.” Feela joalokaha Jehova a ne a tšepisitse, kahoo “tsohle ea e-ba ’nete.”—21:43, 45, NW.
18. Ke pherekano ea eng e hlahang pakeng tsa meloko e ka bochabela le e ka bophirima, empa e rarolloa joang?
18 Banna ba ntoa ba tsoang melokong ea Rubene le Gade le ba tsoang halofong ea moloko oa Manasse, ba ’nileng ba tsoela pele le Joshua ho tla fihlela nakong ena, joale ba khutlela lefeng la bona ka mose ho Jordane, ba nkile khothatso ea Joshua bakeng sa ho tšepahala le tlhohonolofatso ea hae. Ha ba le tseleng, ha ba atamela Jordane, ba hloma aletare e khōlō. Hona ho hlahisa pherekano. Kaha sebaka se khethiloeng bakeng sa borapeli ba Jehova ke tente ea pokano Shilo, meloko e ka bophirimela e tšohile bofetoheli le ho hloka botšepehi, joale e itokisetsa ho loantša bana bao ho thoe’ng ke marabele. Leha ho le joalo, ho qojoa tšollo ea mali ka ho e hlalosetsa hore aletare hase ea sehlabelo empa e sebeletsa feela e le “paki ho rōna [Iseraele e ka bochabela le e ka bophirimela ho Jordane] ea hore Jehova ke Molimo.”—22:34.
19, 20. (a) Joshua o fana ka likhothatso life tsa ho qetela? (b) Ke tseko efe eo a e behang ka pel’a Iseraele, ’me o hatisa khetho e nepahetseng eo Iseraele e lokelang ho e etsa joang?
19 Likhothatso tsa ho qetela tsa Joshua (23:1–24:33). ‘Ha ho se ho fetile matsatsi a mangata ka mor’a hore Jehova a khatholle ba-Iseraele lireng tsohle tsa bona tse ba teetseng hare, ha Joshua le eena a se a tsofetse ’me a holile,’ o phutha Iseraele eohle hammoho bakeng sa likhothatso tsa ho qetela tse susumetsang. (23:1) A ikokobelitse ho isa qetellong, o lebisa tlotla eohle ho Jehova bakeng sa litlhōlo tse khōlō holim’a lichaba. Joale bohle a ba ke ba tsoele pele ba tšepahala! “Tieang matla haholo ke hona ho boloka le ho etsa tsohle tse ngoliloeng bukeng ea molao oa Moshe, hore le tle le se ke la li kheloha ka ho ea ho le letona, leha e le ho le letšehali.” (23:6) Ba tlameha ho qoba melimo ea bohata ’me ba ‘iponele hantle ke hona, ’me ba rate Jehova, Molimo oa bona.’ (23:11) Ha hoa lokela ho ba le ho sekisetsa mabapi le Bakanana ba setseng, ha ho lilekane tsa lenyalo kapa tsa tumelo e kopanetsoeng tse ka etsoang le bona, hobane hona ho tla tlisa bohale bo tukang ba Jehova.
20 Ha Joshua a phutha meloko eohle hore e tle Sikeme le ho bitsetsa baemeli ba eona ka pel’a Jehova, o pheta tlaleho ea botho ea Jehova ea ho sebelisana ha Hae le sechaba sa Hae ho tloha nakong eo A ileng a bitsa Abrahama ’me a mo tlisa Kanana ho fihlela ha ho haptjoa ’me ho ahoa Naheng e Tšepisitsoeng. Joshua o boetse o lemosa khahlanong le bolumeli ba bohata, o ipiletsa ho Iseraele, “tšabang Jehova joale, le mo sebeletse ka sebele le ka ’nete.” E, “le sebeletse Jehova”! Joale o bolela tseko ka ho hlaka ho fetisisang: “Ikhetheleng kajeno eo le tla mo sebeletsa, leha e ka ba melimo e sebelelitsoeng ke bontat’a lōna . . . kapa melimo ea ba-Amore, bao le ahileng fatšeng la bona. Ha e le ’na le ba ntlo ea ka, re tla sebeletsa Jehova.” Ka ho kholiseha ho ba hopotsang Moshe, o hopotsa Iseraele hore Jehova ke “Molimo o halalelang, ke Molimo o boulelang.” Kahoo, a ho felisoe melimo esele! Joale sechaba se susumelletseha ho bua joalokaha eka ke motho a le mong: “Jehova, Molimo oa rōna, ke eena eo re tla mo sebeletsa, re utloe lentsoe la hae.” (24:14, 15, 19, 24) Pele Joshua a ba khutlisetsa mahae, o etsa selekane le bona, o ngola mantsoe ana bukeng ea molao oa Molimo, ’me o hloma lejoe le leholo e le paki. Joale Joshua o shoa a tsofetse a le lilemo li 110 ’me o patoa Thimnathe-Serah.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
21. Ke keletso efe e bohlale bukeng ea Joshua e molemo ka ho ikhethang kajeno?
21 Ha u bala likhothatso tsa ho qetela tsa Joshua mabapi le tšebeletso e tšepahalang, na ha li susumetse pelo ea hao? Na ha u hopole mantsoe a Joshua ao a ileng a a bua lilemong tse fetang 3 400 tse fetileng: “Ha e le ’na le ba ntlo ea ka, re tla sebeletsa Jehova”? Kapa haeba u sebeletsa Jehova tlas’a maemo a teko kapa u arohane le ba bang ba tšepahalang, na ha u fumane tšusumetso mantsoeng a Jehova ho Joshua, a builoeng qalong ea leeto la ho kena Naheng e Tšepisitsoeng: “Feela u iphe matla, u etse ka senna haholo”? Ho feta moo, na ha u fumane molemo o ke keng oa lekanngoa ka ho latela keletso ea Hae ea ho ‘bala [Bibele] motšehare le bosiu, e le hore u tle u atlehise tsela ea hao’? Ka sebele, ba latelang keletso e joalo e bohlale ba tla e fumana e le molemo ka ho ikhethang.—24:15; 1:7-9.
22. Ho totobatsoa litšoaneleho life tsa bohlokoa tsa borapeli ba ’nete?
22 Liketsahalo tse tlalehiloeng ka ho hlaka hakana bukeng ea Joshua hase feela histori ea mehleng ea boholo-holo. Li totobatsa melao-motheo ea bomolimo—haholo-holo hore tumelo le kutlo tse felletseng ho Jehova ke tsa bohlokoa bakeng sa tlhohonolofatso ea hae. Moapostola Pauluse o tlaleha hore ka tumelo “marako a Jeriko a oele, hobane a potolohuoe ka matsatsi a supileng,” le hore ka lebaka la tumelo “Rahaba oa moetsalibe ha a ka a timela hammoho le ba sa lumelang.” (Ba-Heb. 11:30, 31) Ka ho tšoanang Jakobo o qotsa Rahaba e le mohlala o molemo bakeng sa Bakreste ho hlahiseng mesebetsi ea tumelo.—Jak. 2:24-26.
23. Ke likhopotso life tse matla tse fuperoeng ke Joshua?
23 Liketsahalo tse sa tloaelehang tse fetang tsa tlhaho tse tlalehiloeng ho Joshua 10:10-14, ha letsatsi le khoeli li ne li eme tsi! hammoho le mehlolo e meng e mengata eo Jehova a ileng a e etsa molemong oa sechaba sa hae, ke likhopotso tse matla tse ba hopotsang matla a Jehova le morero oa hae oa ho tlisa pheliso ea ho qetela ea bahanyetsi bohle ba Molimo ba khopo. Esaia o hokahanya pono ea ntoa ea Gibeone nakong ea Joshua le nakong ea Davida le ha Jehova a hlaha ka khalefo bakeng sa pheliso ena, “a tle a sebetse mosebetsi oa hae: mosebetsi oa hae ke o makatsang; a etse ketso ea hae: ketso ea hae ke e tsotisang.”—Esa. 28:21, 22.
24. Buka ea Joshua e amana joang le litšepiso tsa ’Muso, ’me ke tiiso efe eo e fanang ka eona ea hore tsee ‘tsohle e tla ba ’nete’?
24 Na liketsahalo tse ho Joshua li supa ’Musong oa Molimo? Ka sebele ho joalo! Hore tlhōlo le ho lula Naheng e Tšepisitsoeng li lokela ho tlamahanngoa le ho hong ho hoholoanyane ho bontšitsoe ke moapostola Pauluse: “Hobane holane Joshua o ba kentse phomolong, Molimo o ka be o sa ka oa bolela le leng letsatsi. Ha ho le joalo, phomolo e teng e saletseng sechaba sa Molimo.” (Ba-Heb. 4:1, 8, 9) Ba hahamalla ho tiisa ha bona ho “kena ’musong o sa feleng oa Jesu Kreste, Morena le ’Moloki oa rōna.” (2 Pet. 1:10, 11) Joalokaha ho bontšitsoe ke Mattheu 1:5, Rahaba e bile nkhono oa Jesu Kreste. Kahoo buka ea Joshua e fana ka sehokelo se seng sa bohlokoa tlalehong e lebisang ho hlahisoeng ha Peō ea ’Muso. E fana ka tiiso ea hore litšepiso tsa ’Muso oa Jehova li tla hle li phethahale. Ha tlaleho e bua ka tšepiso ea Molimo e entsoeng ho Abrahama, Isaaka, le Jakobo e ileng ea phetoa ho Baiseraele, bana ba bona, e bua tjena ka mehla ea Joshua: “Ha ho tšepiso e hlōlehileng ho litšepiso tsohle tse molemo tseo Jehova a ileng a li etsetsa ntlo ea Iseraele; tsohle e bile ’nete.” (Josh. 21:45, NW; Gen. 13:14-17) Ka ho tšoanang, mabapi le ‘tšepiso e molemo’ ea Jehova ea ’Muso o lokileng oa leholimo—tsohle e tla ba ’nete!