Lentsoe la Jehova Lea Phela
Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Nehemia
HO SE ho fetile lilemo tse 12 ka mor’a liketsahalo tsa ho qetela tse tlalehiloeng bukeng ea Bibele ea Esdrase. Nako e se e atametse ea hore ‘ho tsoe lentsoe la hore Jerusalema e tsosolosoe ’me e hahuoe hape’—e leng ketsahalo e tšoaeang ho qaleha ha libeke tse 70 tsa lilemo tse lebisang ho Mesia. (Daniele 9:24-27) Buka ea Nehemia ke histori ea batho ba Molimo e amanang le ho tsosoa ha marako a Jerusalema. E akaretsa nako ea bohlokoa ea lilemo tse fetang tse 12, ho tloha ka 456 B.C.E. ho fihlela nakong e itseng ka mor’a 443 B.C.E.
Buka ena e ngotsoe ke ’Musisi Nehemia, ’me ke tlaleho e susumetsang ea kamoo borapeli ba ’nete bo phahamisoang kateng ha bo etsoa ka boikemisetso le ka morero, ebile batho ba tšepile Jehova Molimo ka ho feletseng. E bontša ka ho hlaka kamoo Jehova a tsamaisang litaba kateng e le hore thato ea hae e etsoe. Hape ke pale e buang ka moeta-pele ea matla le ea sebete. Kaha “lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla,” molaetsa oa buka ea Nehemia o ruta barapeli bohle ba ’nete ba kajeno lintho tsa bohlokoa.—Baheberu 4:12.
“QETELLONG LERAKO LA PHETHOA”
Nehemia o motseng oa moreneng oa Shushane, o sebeletsa e le motšepuoa oa Morena Artaxerxese Longimanus. Ha Nehemia a utloa hore batho ba habo “ba tsietsing e khōlō haholo le nyelisong; lerako la Jerusalema le helehile, le liheke tsa eona li chesitsoe ka mollo,” o tšoenyeha haholo. O rapela Molimo ka tieo hore a mo tataise. (Nehemia 1:3, 4) Ka mor’a nako, morena oa hlokomela hore Nehemia o saretsoe, ’me o mo fa monyetla oa hore a ee Jerusalema.
Ha Nehemia a fihla Jerusalema, o hlahloba lerako bosiu, ’me o senolela Bajuda hore o rera ho tsosa lerako leo. Mosebetsi oa ho haha oa qala. Ba hanyetsang mosebetsi ona le bona ba ema ka maoto. Empa, Nehemia o etella mosebetsi pele ka sebete hoo ‘qetellong lerako le phethoang.’—Nehemia 6:15.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
1:1; 2:1—Na ‘selemo sa mashome a mabeli’ se boleloang litemaneng tsee tse peli se qala ka nako e le ’ngoe? Ha ho pelaelo hore selemo seo sa bo20 ke sa puso ea Morena Artaxerxese. Leha ho le joalo, mokhoa oa ho bala lilemo o sebelisitsoeng litemaneng tsena ha o tšoane. Bopaki ba histori bo bontša hore Artaxerxese o ile a lula teroneng ka selemo sa 475 B.C.E. Kaha ka tloaelo bangoli ba Bababylona ba ne ba bala lilemo tsa puso ea marena a Persia ho tloha ka Nisane (March/April) ho ea ho Nisane, selemo sa pele sa ho busa ha Artaxerxese se ile sa qala ka Nisane ea 474 B.C.E. Kahoo, selemo sa bo20 sa puso ea hae se boletsoeng ho Nehemia 2:1 se ile sa qala ka Nisane ea 455 B.C.E. Ho hlakile hore khoeli ea Kisleve (November/December) e boletsoeng ho Nehemia 1:1 e ne e le Kisleve ea selemo se neng se eteletse seo pele, e leng sa 456 B.C.E. Nehemia o bolela hore khoeli eo le eona, e ne e le ea selemo sa bo20 sa ho busa ha Artaxerxese. Mohlomong tabeng ena, o ne a bala lilemo ho tloha nakong eo morena enoa a ileng a lula teroneng ka eona. Hape, ho ka etsahala hore ebe Nehemia o ne a bala nako ho latela seo Bajuda ba kajeno ba se bitsang selemo sa molao, se qalang ka khoeli ea Tishri, e leng September/October. Ho sa tsotellehe boemo, selemo seo lentsoe le ileng la tsoa ka sona hore Jerusalema e tsosoe ke 455 B.C.E.
4:17, 18—Motho o ne a ka kopanela mosebetsing oa ho tsosolosa joang a sebetsa ka letsoho le le leng? Ho ne ho ke ke ha e-ba thata hore bajari ba meroalo ba hahe ka letsoho le le leng. Ba ne ba ka roala moroalo habonolo hloohong kapa ba o jara mahetleng, ebe ba o tšoara ka letsoho le le leng “ha letsoho le leng le . . . tšoere lerumo.” Lihahi tse neng li lokela ho sebelisa matsoho a mabeli, “li ne li hlometse, se seng le se seng ka sabole lethekeng la sona, ha li ntse li haha.” Lihahi le bajari ba meroalo ba ne ba loketse ho loana haeba lira li ka hlasela.
5:7—Nehemia o ile a qala “ho fumana molato ho bahlomphehi le batlatsi ba ’musi” ka kutloisiso efe? Banna bana ba ne ba tlōla molao oa Moshe ka ho alimana empa ba batla tsoala e ngata haholo ho Bajuda ba bang. (Levitike 25:36; Deuteronoma 23:19) Ho feta moo, ba alimanang ba ne ba batla phaello e ngata haholo. Ha e ne e batloa ka khoeli, “karolo ea lekholo” e ne e tla lekana le liphesente tse 12 ka selemo. (Nehemia 5:11) E ne e le sehlōhō ho imetsa batho ba seng ba ntse ba jere moroalo o boima oa makhetho le oa khaello ea lijo. Nehemia o ile a fumana barui ba le molato, ka hore a sebelise Molao oa Molimo ho ba khalemela le ho ba nyatsa, ’me kahoo o ile a pepesa phoso ea bona.
6:5—Kaha ka tloaelo mangolo a litaba tsa lekunutu a ne a kenngoa ka mekotlaneng e koetsoeng, ke hobane’ng ha Sanbalate a ile a romella Nehemia “lengolo le butsoeng”? Mohlomong Sanbalate o ne a rerile ho phatlalatsa liqoso tsa bohata ka hore a li romelle ka lengolo le sa koaloang. Ho ka etsahala hore ebe o ne a nahanne hore sena se tla halefisa Nehemia hoo a neng a tla tlohela mosebetsi oa ho haha ebe oa itšireletsa. Kapa mohlomong Sanbalate o ne a nahanne hore litaba tsa lengolo leo li tla ferekanya Bajuda hoo ba neng ba tla tlohela ka ho feletseng mosebetsi oa ho haha. Nehemia ha aa ka a tšoha lifotle, ’me o ile a tsoela pele ka khotso ka mosebetsi oo Molimo a neng a mo file oona.
Seo re Ithutang Sona:
1:4; 2:4; 4:4, 5. Ha re talimane le maemo a thata kapa ha re etsa liqeto tsa bohlokoa, re lokela ho ‘phehella thapelong’ ebe re etsa lintho tumellanong le tataiso ea Lentsoe la Molimo.—Baroma 12:12.
1:11–2:8; 4:4, 5, 15, 16; 6:16. Jehova o araba lithapelo tse etsoang ka botšepehi tsa bahlanka ba hae.—Pesaleme ea 86:6, 7.
1:4; 4:19, 20; 6:3, 15. Le hoja Nehemia e ne e le motho ea bonolo, o ile a beha mohlala o motle oa motho ea nkang khato le ea emelang ho loka ka tieo.
1:11–2:3. Thabo e khōlō ea Nehemia e ne e sa itšetleha ka boemo ba hae bo hlahelletseng ba ho ba moqhatsetsi. O ne a thabisoa ke ho ntšetsa pele borapeli ba ’nete. Na borapeli ba Jehova le sohle se bo ntšetsang pele hase tsona lintho tseo re lokelang ho ameha haholo ka tsona le tse lokelang ho re thabisa haholo?
2:4-8. Jehova o ile a etsa hore Artaxerxese a lumelle Nehemia ho ea Jerusalema ho ea tsosolosa lerako la eona. Liproverbia 21:1 e re: “Pelo ea morena e joaloka melapo ea metsi letsohong la Jehova. O e retelletsa hohle moo a ratang.”
3:5, 27. Ha rea lokela ho eisa mosebetsi oa matsoho o etsoang molemong oa borapeli ba ’nete, joalokaha ho ile ha etsa “ba hlomphehang” ba Tekooa. Ho e-na le hoo, re ka etsisa Batekooa ba boemo bo tlaase ba ileng ba ithaopa ka boitelo.
3:10, 23, 28-30. Le hoja ba bang ba khona ho fallela moo ho hlokahalang baboleli ba ’Muso haholo, boholo ba rōna re tšehetsa borapeli ba ’nete haufi le ha habo rōna. Re ka bo tšehetsa ka ho kopanela kahong ea Liholo tsa ’Muso le mosebetsing oa ho phallela ba oetsoeng ke likoluoa empa haholo-holo re ka bo tšehetsa ka ho kopanela mosebetsing oa ho ruta ka ’Muso.
4:14. Ha re hanyetsoa, le rōna re ka leleka tšabo ka ho hopola “e moholo le Ea tšabehang.”
5:14-19. ’Musisi Nehemia o behetse balebeli ba Bakreste mohlala o motle haholo oa boikokobetso, oa ho se be moithati le oa ho ba masene. Le hoja a ne a chesehela hore Molao oa Molimo o sebelisoe, o ne a sa hatelle ba bang e le hore a rue ka boithati. Ho e-na le hoo, o ile a bontša hore o amehile ka ba hateletsoeng le ka mafutsana. Nehemia o ile a behela bahlanka bohle ba Molimo mohlala o hlahelletseng oa ho fana ka seatla se bulehileng.
“MOLIMO OA KA, U NKHOPOLE BAKENG SA SE MOLEMO”
Hang feela ha ho qetiloe ho haha lerako la Jerusalema, Nehemia o kenya liheke ’me o etsa litokisetso tsa hore motse o sireletsehe. O ngola tlaleho ea meloko ea sechaba. Ha batho ba bokana kaofela “lepatlelong le neng le le ka pel’a Heke ea Metsi,” moprista Esdrase o bala buka ea Molao oa Moshe, ’me Nehemia le Balevi ba hlalosetsa batho Molao. (Nehemia 8:1) Ha ba se ba ithutile ka Mokete oa Maphephe, ba ile ba o keteka ka thabo.
Seboka se seng sea latela, ’me nakong eo, “peō ea Iseraele” e bolela libe tsa sechaba, Balevi ba hlahloba litšebelisano tsa Molimo le Baiseraele, ’me batho ba ikana hore ba tla “tsamaea molaong oa Molimo oa ’nete.” (Nehemia 9:1, 2; 10:29) Kaha Jerusalema e sa ntse e se na baahi ba lekaneng, ho sebelisoa lotho hore monna a le mong ho ba bang le ba ba bang ba leshome ba lulang ka ntle ho Jerusalema a fallele teng. Ka mor’a moo, lerako le khakoloa ka cheseho “hoo ho thaba ha Jerusalema ho neng ho ka utluoa hōle haholo.” (Nehemia 12:43) Nehemia o khutlela mosebetsing oa Artaxerxese ka mor’a ho lula Jerusalema ka lilemo tse 12. Kapele feela Bajuda ba bontša ho se hloeke. Nehemia o khutlela Jerusalema, ’me o nka khato ea ho lokisa boemo. O ikōpela ka boikokobetso o re: “Molimo oa ka, u nkhopole bakeng sa se molemo.”—Nehemia 13:31.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
7:6-67—Ke hobane’ng ha lethathamo la Nehemia la masala a ileng a khutlela Jerusalema le Zorobabele le sa tšoane le la Esdrase ka palo ea batho ba malapa ka bomong? (Esdrase 2:1-65) Lebaka la ho se tšoane hona e ka ’na ea e-ba hore Esdrase le Nehemia ba ile ba nka litaba mehloling e sa tšoaneng. Ka mohlala, e ka ’na eaba palo ea ba ngolisitseng e ne e sa tšoane le palo ea ba ileng ba fela ba khutlela Jerusalema. Litlaleho tsena tse peli li ne li ka fapana hape hobane Bajuda ba neng ba se na bopaki ba hore na e ne e le ba lesika lefe, ba ile ba bo fumana hamorao. Leha ho le joalo, litlaleho tsena tse peli li lumellana ntlheng e le ’ngoe: Batho ba khutletseng Jerusalema ka lekhetlo la pele ba ne ba le 42 360, ntle ho makhoba le libini.
10:34—Ke hobane’ng ha batho ba ne ba lokela ho tlisa patsi? Nyehelo ea patsi e ne e sa akarelletsoa Molaong oa Moshe. Nyehelo eo e ile ea etsoa feela ka lebaka la tlhoko e neng e le teng. Ho ne ho hlokahala patsi e ngata e le hore ho ka chesoa mahlabelo aletareng. Kamoo ho neng ho le kateng, Banethinime bao e neng e se Baiseraele ba neng ba sebeletsa e le makhoba a tempele ba ne ba fokola ka palo. Kahoo, ho ne ho lahloa lotho e le hore ho tiisoe hore patsi e lula e le teng.
13:6—Nehemia o bile sieo Jerusalema ka nako e kae? Bibele e re feela “hamorao,” kapa ‘qetellong ea matsatsi,’ Nehemia o ile a kōpa hore a be sieo ka pel’a morena e le hore a khutlele Jerusalema. Ka lebaka leo, ho thata ho lekanya hore na o bile sieo ka nako e kae. Leha ho le joalo, ha Nehemia a khutlela Jerusalema, o ile a fumana hore boprista ha bo tšehetsoe, ebile le molao oa Sabatha ha o bolokoe. Ba bangata ba ne ba nyetse basali basele, ’me bana ba bona ba ne ba bile ba sa bue puo ea Sejuda. Ho mpefala hoo ha maemo ho bontša hore Nehemia o ne a nkile nako e telele a le sieo.
13:25, 28—Ntle le hore Nehemia o ile a “fumana molato” ho Bajuda ba neng ba oetse boitšoarong bo bobe, o ile a nka mehato efe e meng hore a lokise litaba? Nehemia o ile a “ba rohaka” ka kutloisiso ea hore o ile a ba bolella likahlolo tse bohloko tse tsoang Molaong oa Molimo. Mohlomong o ile a ‘otla ba bang ba bona’ ka ho laela hore ba nkeloe khato ka molao. O ile a bontša bohale ba hae bo loketseng ka ho ‘hlotha moriri o mong oa bona.’ O ile a boela a leleka le setloholo sa Moprista e Moholo Eliashibe, se neng se nyetse morali oa Sanbalate oa Mohorone.
Seo re Ithutang Sona:
8:8. Joaloka mesuoe ea Lentsoe la Molimo, re ‘kenya moelelo ka ho lona’ ka ho bua ka mokhoa o hlakileng, o hatisang taba le ka ho hlalosa Mangolo ka tsela e nepahetseng, e totobatsang tsela eo a sebetsang ka eona.
8:10. “Thabo ea Jehova” e fumanoa ka ho ela hloko tlhoko ea moea, ka ho e khotsofatsa le ka ho latela tataiso ea puso ea Molimo. Ho khothalla ho ithuta Bibele, ho ba teng kamehla libokeng tsa Bokreste le ho chesehela ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa, ke lintho tsa bohlokoa haholo!
11:2. Ha motho a ne a siea lefa la hae hore a fallele Jerusalema, o ne a tla senyeheloa a be a be le mathata a itseng. Ba ileng ba ithaopela ho falla ba ile ba bontša moea oa boitelo. Le rōna re ka bontša moea o joalo ha menyetla e hlaha hore re ithaopele ho sebeletsa ba bang likopanong le liketsahalong tse ling.
12:31, 38, 40-42. Ho bina ke tsela e ntle ea ho rorisa Jehova le ho mo leboha. Re lokela ho bina ka pelo eohle libokeng tsa Bokreste.
13:4-31. Re lokela ho ba hlokolosi hore bophelong re se ke ra nanareloa ke lerato la lintho tse bonahalang, bobolu le bokoenehi.
13:22. Nehemia o ne a hlokomela hore o ikarabella ho Molimo. Le rōna re lokela ho hlokomela hore re ikarabella ho Molimo.
Ho Hlohonolofatsoa ke Jehova ke Ntho ea Bohlokoa!
Mopesaleme o ile a bina a re: “Ntle le haeba Jehova a haha ntlo, ke ha lefeela lihahi tsa eona li sebelitseng ka thata ho eona.” (Pesaleme ea 127:1) Buka ea Nehemia e fana ka mohlala o motle hakaakang oa mantsoe aa!
Seo re se rutoang mona se totobetse. Haeba re batla ho atleha ho sohle seo re lekang ho se etsa, re lokela ho lumelloa ke Jehova. Na ka sebele re ka lebella hore Jehova a re hlohonolofatse haeba borapeli ba ’nete bo sa tle pele bophelong ba rōna? Kahoo, joaloka Nehemia, a re etseng hore borapeli ba Jehova le tsoelo-pele ea bona e be lintho tsa pele.
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
“Pelo ea morena e joaloka melapo ea metsi letsohong la Jehova”
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Nehemia—motho ea nkang khato le ea bonolo—o tla Jerusalema
[Setšoantšo se leqepheng la 10, 11]
Na u tseba ho ‘kenya moelelo’ Lentsoeng la Molimo?