Tlhohonolofatso ea Jehova ea Ruisa
“Tlhohonolofatso ea Jehova—e-ea ruisa, ’me haa eketse bohloko le eona.”—LIPROVERBIA 10:22, NW.
1-3. Le hoja ba bangata ba amehile ka lintho tse bonahalang, ke ’nete efe ka lintho tse bonahalang eo kaofela re lokelang ho e hlokomela?
BATHO ba bang ha ba khathale ho bua ka chelete—kapa ho bolela hore baa e hloka. Ka bomalimabe bakeng sa bona, lilemong tsa morao tjena ba bile le litaba tse ngata tseo ba ka li buang ka eona. Ka 1992, esita le lefatše la Bophirimela le atlehileng le ile la theoha moruong, ’me baokameli haesita le basebetsi feela ba ile ba lahleheloa ke mosebetsi. Ba bangata ba ile ba ipotsa hore na ebe ba tla ke ba bone hape nako ea ho ateloa moruong.
2 Na ke phoso ho ameha ka katleho ea rōna ea lintho tse bonahalang? Che, ho isa bohōleng bo itseng ke ntho ea tlhaho ho ameha ka eona. Ka nako e tšoanang, ho na le ’nete ea motheo eo re tlamehang ho e hlokomela ka leruo. Qetellong, lintho tsohle tse bonahalang li tsoa ho ’Mōpi. Ke “Molimo oa ’nete, Jehova, . . . Ea thehileng lefatše le tse hlahisoang ke lona, Ea fanang ka phefumoloho ho batho ba ho lona, le moea ho ba tsamaeang ho lona.”—Esaia 42:5, NW.
3 Le hoja Jehova a sa khethe esale pele hore na ke mang ea tla rua le ea tla futsaneha, kaofela ha rōna rea ikarabella bakeng sa tsela eo re sebelisang karolo leha e le efe eo re nang le eona ea “lefatše le se hlahisoang ke lona.” Haeba re sebelisa leruo la rōna ho hatella ba bang, Jehova o tla re nka re ikarabella. ’Me motho leha e le ofe ea sebetsang ka thata bakeng sa leruo ho e-na le ho sebeletsa Jehova o tla fumana hore “ea itšepisang maruo a hae—o tla oa.” (Liproverbia 11:28; Mattheu 6:24; 1 Timothea 6:9) Katleho ea lintho tse bonahalang ha e sa tsamaee le pelo e ikokobeletsang Jehova e qetella e se na thuso.—Moeklesia 2:3-11, 18, 19; Luka 16:9.
Katleho ea Bohlokoa ka ho Fetisisa
4. Ke hobane’ng ha katleho ea moea e le molemo ho feta katleho ea lintho tse bonahalang?
4 Ho ekeletsa katlehong ea lintho tse bonahalang, Bibele e bua ka katleho ea moea. Ka ho hlakileng katleho ena e molemonyana. (Mattheu 6:19-21) Katleho ea moea e kopanyeletsa kamano e khotsofatsang le Jehova e ka bang teng ka ho sa feleng. (Moeklesia 7:12) Ho feta moo, bahlanka ba Molimo ba ruileng moeeng ha ba haelloe ke tlhohonolofatso e hahang ea lintho tse bonahalang. Lefatšeng le lecha, leruo la moea le tla tsamaisana le katleho ea lintho tse bonahalang. Ba tšepahalang ba tla thabela tšireletseho ea lintho tse bonahalang e sa fumanoeng ka tlhōlisano e mabifi kapa ka ho tela bophelo bo botle le thabo, joalokaha hangata ho etsahala kajeno. (Pesaleme ea 72:16; Liproverbia 10:28; Esaia 25:6-8) Ba tla fumana hore ka litsela tsohle “tlhohonolofatso ea Jehova . . . ea ruisa, ’me haa eketse bohloko le eona.”—Liproverbia 10:22, NW.
5. Jesu o fane ka tšepiso efe mabapi le lintho tse bonahalang?
5 Esita le batho ba nkang lintho tsa moea e le tsa bohlokoa kajeno ba na le khutso mabapi le lintho tse bonahalang. Ke ’nete hore ba a sebetsa e le hore ba lefe melato ea bona le hore ba fepe malapa a bona. Kapa esita le ba bang ba ka ba ba lahleheloa ke mesebetsi ea bona nakong ea ho theoha ha moruo. Empa ha ba sithabetsoe ke lintho tse joalo. Ho e-na le hoo, ba lumela tšepiso ea Jesu ha a re: “Le se ke la belaela ka ho re: Re tla ja’ng? kapa, re tla noa’ng? kapa, re tla ikapesa ka’ng? . . . Ntat’a lōna ea maholimong o tseba hoba le hloka lintho tseo tsohle. Le mpe le batle ’muso oa Molimo le ho loka ha oona pele; ’me lintho tseo tsohle le tla li ekeletsoa.”—Mattheu 6:31-33.
Leruo la Moea Kajeno
6, 7. (a) Hlalosa litšobotsi tse ling tsa katleho ea moea ea batho ba Molimo. (b) Ho phethahatsoa boprofeta bofe kajeno, hona see se hlahisa lipotso life?
6 Ka hona, batho ba Jehova ba khethile hore ba behe ’Muso pele bophelong ba bona, ’me ba thabile hakaakang! Ba thabela katleho e enneng mosebetsing oa bona oa ho etsa barutuoa. (Esaia 60:22) Ba rutoa ke Jehova, ba thabela letoto le sa feleng la lintho tse molemo tsa moea tse fanoang ke “mohlanka ea khabane, ea bohlale.” (Mattheu 24:45-47; Esaia 54:13) Ho feta moo, ba na le moea oa Jehova, o ba etsang mokhatlo oa machaba oa baena.—Pesaleme ea 133:1; Mareka 10:29, 30.
7 Ruri ena ke katleho ea moea, e ke keng ea rekoa ka chelete. Ke phethahatso e hlollang ea tšepiso ea Jehova: “Tlisang tlung ea polokelo karolo ea leshome ea tsohle tseo le li ruileng, lijo li tle li be teng tlung ea ka; le nteke ka hoo, ho bolela Jehova oa makhotla, ’me le bone ha nke ke ka le thibollela liphororo tsa leholimo, ke be ke le tšollele hlohonolofatso ka tekanyo e fetisisang.” (Malakia 3:10) Kajeno re bone phethahatso ea tšepiso ena. Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha Jehova, Mohloli oa leruo lohle, a batla hore bahlanka ba hae ba tlise karolo ea leshome? Ke mang ea ruang molemo ka karolo ea leshome? E le ho arabela lipotso tsena, nahana ka lebaka leo Jehova a ileng a bua mantsoe ao ka lona ka Malakia lekholong la bohlano B.C.E.
Karolo ea Leshome le Linyehelo
8. Ho latela selekane sa Molao, katleho ea Iseraele ea lintho tse bonahalang e ne e tla itšetleha ka eng?
8 Nakong ea Malakia batho ba Molimo ba ne ba sa atleha. Lebaka ke lefe? Ka karolo e itseng lebaka la sena le ne le amana le linyehelo le karolo ea leshome. Morao koo, Iseraele e ne e le tlas’a selekane sa Molao oa Moshe. Ha Jehova a ne a etsa selekane seo, o ile a tšepisa hore haeba Iseraele e phetha karolo ea eona, o ne a tla e hlohonolofatsa moeeng le linthong tse bonahalang. Ha e le hantle, katleho ea Iseraele e ne e itšetlehile ka botšepehi ba eona.—Deuteronoma 28:1-19.
9. Mehleng ea Iseraele ea boholo-holo, ke hobane’ng ha Jehova a ile a batla hore Iseraele e ntše karolo ea leshome ’me e tlise linyehelo?
9 Karolo ea tlamo ea Iseraele tlas’a Molao e ne e le ho tlisa linyehelo tempeleng le ho ntša karolo ea leshome. Linyehelo tse ling li ne li chesoa ka ho feletseng aletareng ea Jehova, ha tse ling li ne li aroleloa baprista le ba neng ba tlisitse sehlabelo, ’me likarolo tse khethehileng li ne li fuoa Jehova. (Levitike 1:3-9; 7:1-15) Ha e le tabeng ea karolo ea leshome, Moshe o ile a bolella Baiseraele: “Karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea leshome ea naha, ea likotulo tsa masimo, le ea litholoana tsa lifate, ke ea Jehova. Ke ntho e halalelang ho Jehova.” (Levitike 27:30, NW) Karolo ea leshome e ne e fuoa basebetsi ba Balevi tabernakeleng ’me hamorao tempeleng. Ka ho tšoanang, Balevi bao e neng e se baprista ba ne ba neha baprista ba bara ba Aarone karolo ea leshome ea seo ba se fumaneng. (Numere 18:21-29) Ke hobane’ng ha Jehova a ile a batla hore Iseraele e ntše karolo ea leshome? Tabeng ea pele, e ne e le hore ba ka bontša ka tsela e bonahalang hore ba ananela molemo oa Jehova. ’Me tabeng ea bobeli, e ne e le hore ba ka tlatsetsa ho tšehetsa Balevi, bao ka hona ba neng ba ka ameha ka litlamo tsa bona, ho akareletsa ho ruta Molao. (2 Likronike 17:7-9) Ka tsela ena ho ne ho boetse ho tšehetsoa borapeli bo hloekileng, ’me e mong le e mong o ne a rua molemo.
10. Ho ile ha etsahala joang ha Iseraele e hlōleha ho tlisa karolo ea leshome le linyehelo?
10 Le hoja hamorao karolo ea leshome le linyehelo li ne li sebelisoa ke Balevi, e ne e hlile e le limpho tse eang ho Jehova ’me ka hona li ne li tlameha ho ba tsa boleng bo botle, tse mo tšoanetseng. (Levitike 22:21-25) Ho ile ha etsahala joang ha Baiseraele ba hlōleha ho tlisa karolo ea bona ea leshome kapa ba tlisa linyehelo tse nang le sekoli? Ho ne ho se na kotlo e boletsoeng Molaong, empa ho ne ho ba le liphello tse sa thabiseng. Jehova o ne a sa fane ka tlhohonolofatso ea hae, ’me Balevi, kaha ba ne ba sa tšehetsoe ka lintho tse bonahalang, ba ne ba tlohela mesebetsi ea bona ea tempele e le hore ba tsebe ho iphelisa. Ka hona, Iseraele eohle e ne e utloa bohloko.
“Lekolang Litsela Tsa Lōna Pelong Tsa Lōna”
11, 12. (a) Ho ile ha etsahala joang ha Iseraele e hlokomoloha Molao? (b) Jehova o ile a fa Iseraele thomo efe ha a e khutlisa Babylona?
11 Nakong ea histori ea Iseraele, ho na le ba bang ba neng ba beha mohlala o motle oa ho leka ho boloka Molao, ho kopanyeletsa le ho ntša karolo ea leshome. (2 Likronike 31:2-16) Leha ho le joalo, hangata sechaba se ne se o hlokomoloha. Nako le nako se ne se roba selekane le Jehova, ho fihlela qetellong a se tlohella hore se hlōloe ’me, ka 607 B.C.E., sa isoa botlamuoeng Babylona.—2 Likronike 36:15-21.
12 Eo e bile taeo e bohloko, empa ka mor’a lilemo tse 70 Jehova o ile a khutlisetsa batho ba hae naheng ea habo bona. Phethahatso ea pele ea boprofeta bo bongata ba Paradeise bo ho Esaia e ne e tla ba teng ka mor’a hore ba khutle. (Esaia 35:1, 2; 52:1-9; 65:17-19) Leha ho le joalo, lebaka la sehlooho leo ka lona Jehova a ileng a khutlisa batho ba hae, e ne e se ho etsa paradeise ea lefatšeng, empa ho tsosolosa tempele le borapeli ba ’nete. (Esdrase 1:2, 3) Haeba Iseraele e ne e ile ea utloa Jehova, e ne e tla fumana melemo ea lintho tse bonahalang, ’me tlhohonolofatso ea Jehova e ne e tla e ruisa moeeng le linthong tse bonahalang. Ka ho loketseng, hang ha Bajode ba fihla naheng ea habo bona ka 537 B.C.E., ba ile ba haha aletare Jerusalema ’me ba qala ho sebetsa tempeleng. Leha ho le joalo, ba ile ba tobana le khanyetso e matla ’me ba khaotsa. (Esdrase 4:1-4, 23) Ka baka leo, Iseraele ha ea ka ea thabela tlhohonolofatso ea Jehova.
13, 14. (a) Ho ile ha etsahala joang ha Iseraele e hlōleha ho tsosolosa tempele? (b) Qetellong tempele e ile ea tsosolosoa joang, empa ke bofokoli bofe bo tsoelang pele ba Iseraele bo tlalehoang?
13 Selemong sa 520 B.C.E., Jehova a hlahisa baprofeta Haggai le Zakaria hore ba susumeletse Iseraele hore e khutlele mosebetsing oa ho haha tempele. Haggai o ile a bontša hore sechaba se ne se utloisoa bohloko ke mathata a ho hloka lintho tse bonahalang ’me a bolela hore sena se ne se bakoa ke hore ha se chesehele ntlo ea Jehova. O ile a re: “Ho bolela Jehova oa makhotla: Lekolang litsela tsa lōna pelong tsa lōna; Le jetse haholo, empa le thothile hanyenyane; lea ja, empa ha le khore; lea noa, empa ha le kholoe; lea apara, empa ha le futhumale; ea sebelletsang moputso, o o sebelletsa ho o kenya mokotleng o masoba. Ho itsoe ke Jehova oa makhotla: Lekolang litsela tsa lōna pelong tsa lōna. Hloellang thabeng, le tlise lifate, le hahe ntlo, ’me ke tla e thabela, ke be ke itlotlise, ho bolela Jehova.”—Haggai 1:5-8.
14 E le ha Baiseraele ba khothalitsoe ke Haggai le Zakaria, ba ile ba lekola litsela tsa bona lipelong tsa bona, ’me tempele e ile ea hahoa. Leha ho le joalo, lilemo tse ka bang 60 hamorao, Nehemia o ile a etela Jerusalema ’me a fumana hore Iseraele e boetse e hlokomolohile Molao oa Jehova. O ile a lokisa sena. Empa ketelong ea bobeli, o ile a fumana hore lintho li boetse li nyehlile. O tlaleha hore: “Ka utloa hape hobane ba-Levi ba ne ba sa neoa likabelo tsa bona, le hoba ba-Levi le libini, ba etsang tšebeletso, ba ne ba thobetse e mong le e mong naheng ea hae.” (Nehemia 13:10) Bothata bona bo ile ba lokisoa, ’me “ba-Juda kaofela ba boela ba tlisa karolo ea leshome ea koro le veine e ncha le ea oli melikong.”—Nehemia 13:12.
Ho Utsoetsa Jehova
15, 16. Jehova ka Malakia o khalemela Iseraele ka baka la liphoso life?
15 Ho ka etsahala hore boprofeta ba Malakia bo bile nakong e tšoanang, ’me moprofeta o re bolella ho eketsehileng ka ho se tšepahale ha Iseraele. O tlaleha mantsoe a Jehova ho Iseraele: “Ha eba ke ntat’a lōna, e kae hlonepho e ntokelang? Ha ke le morena oa lōna, e kae tšabo eo le ntšabang ka eona? ho bolela Jehova oa makhotla ho lōna baprista ba nyelisang lebitso la ka.” Phoso e ne e le hokae? Jehova oa hlalosa: “Ha le hlahisa ntho e sefofu ho etsa sehlabelo, ha ho molato na?”—Malakia 1:6-8.
16 Ka tsela ena e hlakileng, Malakia o bontša hore ha Baiseraele ba ne ba tlisa linyehelo, boleng ba tsona bo tlaase bo ne bo bontša ho hloka tlhompho ho tebileng. Malakia o ile a boela a ngola: “Haesale ho tloha mehleng ea bo-ntat’a lōna moholo le khelohile litaelong tsa ka ’me ha lea li boloka. Khutlelang ho ’na, ’me ke tla khutlela ho lōna, ho bolela Jehova oa makhotla.” Baiseraele ba ile ba ipotsa hore na ha e le hantle ba ne ba lokela ho etsa eng, kahoo ba ile ba botsa: “Re khutle ho eng?” Jehova o ile a arabela: “Na motho oa lefatše a ka utsoetsa Molimo? Empa lea nkutsoetsa.” Iseraele e ne e ka utsoetsa Jehova, Mohloli oa leruo lohle joang? Jehova o ile a arabela: “Likarolong tsa leshome le menehelong.” (Malakia 3:7, 8, NW) E, ka ho hlōleha ho tlisa karolo ea leshome le linyehelo, Iseraele e ne e utsoetsa Jehova!
17. Karolo ea leshome le linyehelo li ne li phetha morero ofe Iseraeleng, hona Jehova o etsa tšepiso efe mabapi le karolo ea leshome?
17 Setšehetso sena sa histori se bontša bohlokoa ba karolo ea leshome le linyehelo Iseraeleng. E ne e le pontšo ea kananelo eo mofani a nang le eona. ’Me li ne li thusa ho tšehetsa borapeli ba ’nete ka lintho tse bonahalang. Ka hona, Jehova o ile a tsoela pele ho khothatsa Iseraele: “Tlisang tlung ea polokelo karolo ea leshome ea tsohle tseo le li ruileng.” Ha Jehova a bontša se neng se tla etsahala ha ba ne ba ka etsa joalo, o ile a tšepisa: ‘Ke tla le tšollela tlhohonolofatso ka tekanyo e fetisisang.’ (Malakia 3:10) Tlhohonolofatso ea Jehova e ne e tla ba ruisa.
Ho Ahloloa ke “Morena oa ’Nete”
18. (a) Jehova o lemosa ka ho tla ha mang? (b) Nako ea ho tla tempeleng e bile neng, ho ne ho ameha bo-mang, hona phello e bile efe ho Iseraele?
18 Ka Malakia Jehova o boetse a fana ka temoso ea hore o ne a tla ahlola batho ba hae. “Bonang! Ke roma lenģosa la ka, ’me le tla hleka tsela pel’a ka. ’Me hang Morena oa ’nete, eo lōna batho le ’matlang o tla tla tempeleng ea hae, le lenģosa la selekane leo le le thabelang. Bonang! O tla tla ka sebele.” (Malakia 3:1, NW) Ho tla tempeleng ho tšepisitsoeng ho etsahetse neng? Ho Mattheu 11:10, Jesu o ile a qotsa boprofeta ba Malakia ba lenģosa le neng le tla lokisa tsela ’me a bo sebelisa ho Johanne Mokolobetsi. (Malakia 4:5; Mattheu 11:14) Kahoo ka 29 C.E., nako ea kahlolo e ne e fihlile! Lenģosa la bobeli e ne e le mang, lenģosa la selekane le neng le tla tla le Jehova, “Morena oa ’nete,” tempeleng? Ke Jesu ka boeena, ’me liketsahalong tse peli o ile a tla tempeleng e Jerusalema ’me a e hloekisa ka tsela e hlakileng, ka ho leleka ba ananyang ka lichelete ka bolotsana. (Mareka 11:15-17; Johanne 2:14-17) Mabapi le nako ena ea kahlolo ea lekholong la pele la lilemo, ka boprofeta Jehova oa botsa: “Ke mang ea ka mamellang letsatsi la ho tla ha hae? Ke mang ea ka emang ho hlaheng ha hae?” (Malakia 3:2) Ha e le hantle, Iseraele ha ea ka ea ema. Ba ile ba hlahlobjoa, ba fumanoa ba fokola, ’me ka 33 C.E., ba ile ba lahloa hore e se hlole e ba sechaba se khethiloeng sa Jehova.—Mattheu 23:37-39.
19. Masala a ile a khutlela ho Jehova ka tsela efe lekholong la pele la lilemo, hona a ile a amohela tlhohonolofatso efe?
19 Leha ho le joalo, Malakia o boetse a ngola: “[Jehova] o tla lula, a ntse a qhibilisa, a hloekisa silevera; o tla hloekisa bara ba Levi, a ba tšeke joale ka gauda le joale ka silevera, ’me ba tla hlahisetsa Jehova sehlabelo ka ho loka.” (Malakia 3:3) Tumellanong le sena, le hoja ba bangata ho ba neng ba ipolela hore ba sebeletsa Jehova lekholong la pele la lilemo ba ile ba lahloa, ba bang ba ile ba hloekisoa ’me ba tla ho Jehova, ba nyehela mahlabelo a amohelehang. Ke bo-mang? Ke ba ileng ba arabela ho Jesu, lenģosa la selekane. Ka Pentekonta ea 33 C.E., ba 120 ba batho bana ba ileng ba arabela ba ile ba bokelloa hammoho ka kamoreng e ka holimo Jerusalema. Ba matlafalitsoe ke moea o halalelang, ba ile ba qala ho hlahisa sehlabelo ka ho loka, ’me palo ea bona e ile ea hōla ka potlako. Hang, ba ile ba tlala-tlala le ’Muso oa Roma. (Liketso 2:41; 4:4; 5:14) Ka hona, ho ile ha khutlela masala ho Jehova.—Malakia 3:7.
20. Ha Jerusalema le tempele li ne li felisoa, ho ile ha etsahala joang ka Iseraele e mocha oa Molimo?
20 Masala ana a Iseraele, a ileng a kopanyeletsa Balichaba ba ileng ba kenyeletsoa kutung ea Iseraele,, kamoo ho ka boleloang ka teng, e ne e le “Iseraele oa Molimo,” sechaba se neng se entsoe ka Bakreste ba tlotsitsoeng. (Ba-Galata 6:16; Ba-Roma 11:17) Ka 70 C.E., “letsatsi . . . le chesang joale ka mollo oa sebopi” le ile la tlela Iseraele oa nama ha Jerusalema le tempele ea eona li felisoa ke makhotla a Roma. (Malakia 4:1; Luka 19:41-44) Ho ile ha etsahala joang ka Iseraele oa Molimo oa moea? Jehova o ile a “ba qenehela joale ka ha motho a qenehela mora oa hae ea mo sebeletsang.” (Malakia 3:17) Phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng e ile ea ela hloko temoso ea Jesu ea boprofeta. (Mattheu 24:15, 16) E ile ea pholoha, ’me tlhohonolofatso ea Jehova e ile ea tsoela pele ho ba ruisa moeeng.
21. Ho sala lipotso life ka Malakia 3:1 le 10?
21 E bile bopaki bo boholo hakaakang bo tlositseng qoso ho Jehova! Leha ho le joalo, ke joang Malakia 3:1 e phethahatsoang kajeno? Hona Mokreste o lokela ho arabela joang khothatsong e ho Malakia 3:10 ea hore ho tlisoe karolo e feletseng ea leshome tlung ea polokelo? Ho tla buisanoa ka sena sehloohong se latelang.
Na U ka Hlalosa?
◻ Qetellong, Mohloli oa leruo lohle ke mang?
◻ Ke hobane’ng ha katleho ea moea e le molemo ho feta leruo la lintho tse bonahalang?
◻ Karolo ea leshome le linyehelo li ile tsa phetha morero ofe Iseraeleng?
◻ Jehova, “Morena oa ’nete,” o ile a tla tempeleng ho tla ahlola Iseraele neng, hona e le ka liphello life?
◻ Ke bo-mang ba ileng ba khutlela ho Jehova ka mor’a hore a khutlele tempeleng ea hae lekholong la pele la lilemo C.E.?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Lenģosa la selekane, Jesu, ea emelang Jehova, o tlile tempeleng bakeng sa kahlolo lekholong la pele la lilemo C.E.