Lintlha tsa Bibele tsa Sehlooho Sefela sa Lifela 1:1–8:14
Lerato la ’Nete Lea Hlōla!
Ho teng lerato le sa hlōloeng. Le tiile, lea mamella, lea hlōla. Lerato le joalo le sa thekeseleng le teng pakeng tsa Jesu Kreste le “monyaluoa,” oa hae kapa phutheho e tlotsitsoeng ka moea. (Tšenolo 21:2, 9; Ba-Efese 5:21-33) ’Me le tšoantšitsoe ka mokhoa o motle hakaakang ho Sefela sa Lifela!
‘Sefela sena sa lifela’ (1:1) se qapiloeng lilemo tse ka bang 3 000 tse fetileng ke Morena ea bohlale oa Iseraele Salomone, se bolela ka lerato le neng le le teng pakeng tsa molisana le moroetsana oa motse oa Shuneme (Shulem). Ka matlotlo le khanya ea hae, morena o ne a sa tsebe ho hapa lerato la Moshulamite, hobane o ne a tšepahetse ho molisana oa hae ea ratehang.
Ha buka ena ea thothokiso e baloa ka kelo-hloko le kananelo, e neha bahlanka ba Jehova ba masoha le ba leng lenyalong lintho tseo ba ka li thuisang mabapi le tlhoeko, mosa, botšepehi, le lerato le mamellang tseo e tlamehang ho ba matšoao a lenyalo la Bokreste. Ka sebele, bohle re ka fumana molemo sefeleng sena se mabapi le ho hlōla ha lerato la ’nete.
Moshulamite Liahelong tsa Salomone
Ka kōpo bala Sefela sa Lifela 1:1-14. Litenteng tsa borena, Moshulamithe o buile eka molisana oa hae ea ratehang o teng. Salomone a babatsa botle ba hae ’me a mo tšepisa ho mo apesa ka mahakoe a gauda le a silevera. Empa moroetsana o ile a hana litšepiso tsa hae ’me a ’molella hore o ithatela molisana feela.
◆ 1:2, 3—Ke hobane’ng ha lipapiso tsena tsa veine le oli li ne li loketse?
Veine e thabisa pelo ’me e matlafatsa moea o tepeletseng. (Pesaleme ea 104:15; Liproverbia 31:6) Oli e ne e tšeloa ho baeti ba bohlokoa ka lebaka la ho thapisa ha eona. (Pesaleme ea 23:5; Luka 7:38) Ka hona Moshulamithe ea tepeletseng o matlafalitsoe le ho tšelisoa ke ho hopola “lerato le fetisisang” la molisana le “lebitso” la hae. Ka ho tšoanang, masala a balateli ba tlotsitsoeng ba Kreste a khothatsoa ke ho thuisa ka lerato le litiisetso tsa Molisa oa bona, Jesu Kreste, le hoja ba sa ntse ba le lefatšeng ba arohane le eena.
Thuto ho Rōna: Salomone o ne a tla khabisa Moshulamithe ka “meqhaka ea gauda” le “mahlo a silevera,” empa o ile a hana meleko ena ea maruo ’me a tiea leratong la hae le sa hlōloeng ho molisana. (1:11-14) Ho nahana ka boikutlo ba hae ho ka matlafatsa boikemisetso ba sehlopha sa “monyaluoa” ho hanela maruo a lefatše a ekang ’me se lule se tšepahetse ho Monyali oa sona oa leholimo. Haeba tšepo ea rōna ke ea lefatšeng ’me re rera ho kena lenyalong, e se eka mohlala oa moroetsana enoa o ka re khannela ho ameha haholo ka lithahasello tsa moea, e seng tsa nama.
Ho Hlolohelana
Bala 1:15–3:5. Molisana a kena liahelong tsa borena ’me a bua mantsoe a hae a lerato ho Moshulamithe ea ikokobelitseng, ea neng a hlompha molisana ho feta ba bang kaofela. Ha ba ne ba arohane, moroetsana a hopola linako tsa thabo le moratuoa oa hae ’me a kōpa hore a phakise ho tla ho eena. Bosiu, o ne a mo hloloheloa.
◆ 2:1-3—Ke eng se boleloang ke mantsoe ana a tšoantšang?
Moshulamithe o ile a ipitsa “rose ea Sarone” hobane e ne e le mofumahatsana ea ikokobelitseng le ea inyenyefatsang ea neng a italima joaloka e ’ngoe ea lipalesa feela tse tloaelehileng. Leha ho le joalo, molisana, a elelloa hore e ne e le “mohalalitsoe o . . . har’a meutloa,” hobane o ne a boheha, a tšoaneleha, ’me a tšepahala ho Jehova. Ho moroetsana, molisana o ne a tšoana le “sefate sa apole se . . . har’a lifate tsa moru” hobane e ne e le mohlanka ea ratang lintho tsa moea ’me ka ho tšoanang a inehetse ho Molimo a e-na le mekhoa e lakatsehang haholo le bohlale. Mokreste ea e-song ho kene lenyalong ea batlang molekane bophelong a ka batla feela molumeli ’moho ea tšepahalang ea nang le litšoaneleho tse tšoanang le tsa Moshulamithe kapa tsa molisana oa hae ea ratehang.
◆ 3:5—Ke hobane’ng ha kano ena e ne e amahanngoa le liphoofolo tsena?
Litšephe le likhama ke liphoofolo tse ntle tse bonolo, tse mosa, tseo hape li leng matjato le tse nang le seemo se tsepameng. Ha e le hantle, moroetsana o ne a tlama “barali ba Jerusalema” ka ho ba antša ka tsohle tse khahlehang le tse ntle. Ka libōpuoa tsena, o ne a tlama basali bana hore ba lese ho leka ho tsosa lerato la hae ho mang kapa mang ha e se ho molisana oa hae ea ratehang.
Thuto ho Rōna: Moroetsana a etsa hore “baroetsana ba Jerusalema,” kapa basali ba moreneng ba neng ba sebeletsa morena, ba etse kano ea hore ba ‘ke ke ba tsosa lerato ho eena ho fihlela eena a rata ho etsa joalo.’ (2:7; 3:5) Sena se bontša hore ha ho etsahale hore motho a be le lerato la maikutlo ho motho mang kapa mang feela. Moroetsana ka boeena o ikutloile a sa khahloe ke Salomone. Ho bohlale hakaakang he, bakeng sa Mokreste ea sa nyalang ea rerang ho kena bophelong ba lenyalo ho talima feela morapeli ea tšepahalang le ea tšoanelehang oa Jehova eo a ka mo ratang kannete!—1 Ba-Korinthe 7:39.
Moroetsana Jerusalema
Bala 3:6–6:3. Salomone a khutlela Jerusalema ka khanya ea hae. Molisana a kopana le moroetsana moo ’me a mo matlafatsa ka mantsoe a lerato. Torong, moroetsana a imakalla a se a arabela ho kokota ha moratuoa oa hae ’me balebeli ba ile ba tšoara moroetsana enoa hampe ha a khothalletse ho batla moratuoa oa hae. Ha a botsoa hore na ke eng se entseng hore moratuoa oa hae e be ea khethehileng hakana, o ile a mo hlalosa ka tsela e khanyang ho “barali ba Jerusalema.”
◆ 5:12—Ke joang mahlo a molisana a neng a le ‘joalo ka a maebana-khoroana a hlatsoitsoeng ka lebese’?
Pelenyana, mahlo a Moshulamithe a ile a tšoantšoa le a leebana-khoroana kahobane a le bonolo. (1:15; 4:1) Ka baka leo, molisana a bitsa moroetsana “leebana-khoroana” la hae. (5:2) Mona moroetsana ea kulisoang ke lerato o ile a tšoantša mahlo a molisana le maebana-khoroana a maputsoa a itlhatsoang matšeng a lebese. (5:8, 12) Mohlomong, papiso ena e ne e supa lithaka tse ntšo tsa mahlo a molisana tse potiloeng ke ho khanya ha bosoeu ba mahlo a hae.
Thuto ho Rōna: Moshulamithe o ne a tšoana le “tšimo e hahelelitsoeng.” (4:12) Hangata tšingoana Iseraeleng oa boholo-holo e ne e tšoana le sebaka sa boikhathollo, e le paradeise ea sebele ka mehloli e metle ea metsi le meroho ea mefuta-futa, lipalesa, le lifate. Ka tloaelo, e ne e hahelelitsoe ka lerako kapa lebota ’me e ne e ka kenoa feela ka khoro e koaloang. (Esaia 5:5) Ho molisana, boitšoaro bo hloekileng le ho rateha ha Moshulamithe li ne li tšoana le tšimo ea botle bo sa tloaelehang, e beang litholoana tse molemo, menko e monate e thabisang, le thabo e hlasimollang. Lerato la hae le ne le sa fumanehe ho monna leha e le ofe, hobane o ne a hloekile boitšoarong joalo ka “tšimo e hahelelitsoeng” bakeng sa lisenyi tse sa amoheleheng ’me e bulehetse feela mong a eona oa molao. Ka boitšoaro bo lokileng le botšepehi Moshulamithe o beile mohlala o motle bakeng sa basali ba Bakreste ba sa nyaloang kajeno.
“Khabo ea Jehova”
Bala 6:4–8:14. Salomone o rorisitse botle ba moroetsana, empa moroetsana a mo hana ’me a bolela boineelo ba hae ho molisana. A sitoa ho fumana lerato la hae, Salomone a mo tlohela ho ikela habo. A e-na le “moratuoa” oa hae haufi le eena, moroetsana a khutlela Shuneme e le mosali ea hōlileng ea ipakileng a tšepahala. Lerato pakeng tsa hae le molisana le ne le le matla joale ka lefu, ’me malakabe a lona a le joale ka “khabo ea Jehova.”
◆ 6:4—“Thirtsa” e ne e le Eng?
Lentsoe lena le ka bolela “Motse o Khahlehang.” Thirtsa e ne e le motse o tummeng ka botle oo ebileng motse-moholo oa ’muso o ka leboea oa Iseraele.—1 Marena 14:17; 16:5, 6, 8, 15.
◆ 7:4—Ke joang molala oa moroetsana e neng“eka tora e sebelitsoeng ka linaka tsa tlou”?
Ho bonahala o ne o le boreleli ba linaka tsa tlou ’me o le bosesane ba tora. Pelenyana, molala oa hae o tšoantšitsoe le “tora ea Davida,” mohlomong tora ea Ntlo ea Morena e haufi le lerako le ka bochabela la Jerusalema. Holim’a eona ‘ho ne ho fanyehiloe lithebe tse sekete tse bohale tsa lebotho le matla’ ho bolelang hore molala oa Moshulamithe o ne o khabisitsoe ka sefaha se tlamelletsoeng mekhabiso kapa mahakoe.—4:4; Nehemia 3:25-27.
◆ 8:6, 7—Ke joang lerato le leng “matla joale ka lefu”?
Lefu le sa hlōloeng le nkile bophelo ba batho ba baetsalibe, ’me matla a lerato la ’nete a joalo. Ho tsitlelleng ha lona ho batla boineelo bo khethehileng, lerato le joalo ha le tele joalokaha Sheol (lebitla) le batla litopo tsa ba shoeleng. Kaha Jehova Molimo o kentse matla a lerato ho batho, tšoaneleho ena e tsoa ho eena ’me ka ho loketseng e bitsoa “khabo ea Jehova.” Esita le Morena Salomone oa morui o ne a ke ke a reka lerato le joalo.
Thuto ho Rōna: Phihlelo ea Moshulamithe le Morena Salomone ebile teko eo a e fetileng ka katleho. O ne a sa thekesele leratong le boitšoarong, joaloka monyako o bulehang habonolo o lokelang ho thijoa ka lehong la Kedare hore o se bulehe habonolo bakeng sa motho ea sa amoheleheng kapa ea sa lokang. Che, moroetsana o hlōtse liqeko tsa morena, a ema joaloka lerako khahlanong le maruo a lefatše lena. Ka ho itšetleha ka Molimo le ka ho hopola mohlala o molemo oa Moshulamithe, basali ba Bakreste ka ho tšoanang kajeno ba ka bontša boemo ba bona bo tiileng metheong e khabane thorisong ea Jehova.—8:8-10.
Ruri, ‘sefela sena sa lifela,’ seo sehlooho sa sona e leng lerato, se hōlisa kananelo ea rōna tlamong e teng pakeng tsa Jesu le ba khethetsoeng ho ba “monyaluoa” oa hae oa leholimo. Empa bahlankana le baroetsana hammoho le banna le basali ba inehetseng ho Jehova ba ka fumana molemo ka ho batla ho etsisa botšepehi ba Moshulamithe le molisana ha ba talimane le liteko. ’Me karolo ena e ntlehali ea Lentsoe la Molimo e tla re khannela kaofela ho lula re tšepahala kamehla ho Jehova, Mohloli oa lerato le hlōlang.