Na U Tla Re, “Ke ’Na Enoa, Roma ’Na”?
‘Morena [Jehova] a re: Ke tla roma mang? Ho tla ea mang bakeng sa rōna? ’Me ka re: Ke ’na enoa, roma ’na!’—ESAIA 6:8.
1, 2. Banyalani ba bang ba bile le lebaka lefe le khethehileng la ho thaba?
“RE THABELA ho romela lengolo la rōna la ho lumela hore re utloisisa ho ea Colombia. Re thabetse tokelo ea rōna ea tšebeletso mona Ecuador ho feta kamoo mochine ona o ngolang o ka hlalosang kateng.” Ke kamoo ho ileng ha qala lengolo le neng le e-tsoa ho Lipaki tsa Jehova tse peli tse neng li ile Ecuador moo ho neng ho ahuoa ofisi e ncha ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower.
2 Basebeletsi bana ba ile ba ea Ecuador ho ea etsa ho hoholoanyane ho feta ho thusa mohahong; hape ba ne ba ka thusa e le baruti ba Bakreste. Baa ngola: “Re fumane hore tšebeletso ea tšimo ke e ’ngoe ea lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa. Libekeng tse tharo feela tse fetileng, ba robeli ho rōna re ile ra ea ’marakeng oa ka ntle ’me ra tsamaisa libuka tse 73 le limakasine tse fetang 40. Beke pele ho moo, re ile ra qala lithuto tsa Bibele tse peli tse ncha. Kannete rea bona hore ho hlokahala lekala le lecha. ’Na le mosali oa ka re lakatsa ho le leboha bakeng sa tokelo ena ea ho tsoela pele mofuteng ona oa tšebeletso ea nako e tletseng” e teng hona joale Colombia.
3. Ba bangata ba bontšitse moea o tšoanang le oo Esaia a ileng a o bontša joang?
3 Banyalani bana, le ba bang ba makholo-kholo ba ineetseng hore ba romeloe naheng esele, ba bontša moea o tšoanang le oa moprofeta Esaia. Eitse ha a utloa Jehova a re: “Ke tla roma mang? Ho tla ea mang bakeng sa rōna?” Esaia o ile a arabela: “Ke ’na enoa, roma ’na.” Molimo joale oa laela: “E-ea, u bolelle sechaba seno, u re: Le tla mamela [“utloa hangata,” NW], empa le ke ke la utloisisa.” (Esaia 6:8, 9) Esaia o ne a ithaopela ho rongoa eng, ’me hoo ho ile ha hlahisa eng? Hona re ka ithuta eng tlalehong ee tabeng ea lintho tse tšoanang le eona kajeno le bakeng sa seo rōna re ka ithutang sona?
Thomo ea Esaia ea ho Bolela
4, 5. (a) Maemo e ne e le afe ha Esaia a fumana pono e ngotsoeng ho khaolo ea 6? (b) Esaia o ile a bona eng ponong ee?
4 Jehova Molimo o ile a botsa Esaia, “Ke tla roma mang?” ka selemo seo Morena Oziase a shoeleng ka sona. (Esaia 6:1) E ne e le ka 777 B.C.E., kapa hoo e ka bang lilemo tse lekholo le mashome a supileng a metso e mehlano pele Bababylona ba timetsa Jerusalema ’me ba etsa naha ea Juda lesupi. Jehova o ne a bona hore liketsahalo tse bohloko lia tla, ’me a laela Esaia hore a fane ka molaetsa o buang ka tsona. Re ka ithuta eng thomong ee ea hae ea ho bolela?
5 Joalokaha re ka be re ile ra khahloa haholo ke boemo boo Esaia a ileng a khahloa ke ho amohela thomo ea hae tlas’a bona, le eena o ile a khahloa ka ho tšoanang. O ile a ngola: “Ka bona Jehova a lutse teroneng e kholo, e phahameng; mophetho oa seaparo sa hae oa tlala tempele. Lirafime li ne li eme holimo ho eena; se seng le se seng se ne se e-na le mapheo a tšeletseng; ka a mabeli li ne li itširela lifahleho, ka a mabeli li ne li ikoahela maoto, ka a mabeli li ne li rura. Tsa hoeletsana, tsa re: Oa halalela, oa halalela, oa halalela, Jehova oa makhotla; lefatše lohle le tletse khanya ea hae.”—Esaia 6:1-3.
6. Ke hobane’ng ha e bile tokelo hore Esaia a bone seo a ileng a se bona?
6 Esaia o ne a tseba hore Oziase o ne a ile a otloa ka lepera ka hore e se oa leloko la boprista, ka boikhohomoso a kene ka Sehalalelong sa tempele ’me a chese libano. Kahoo, e bile tokelo e kaakang bakeng sa Esaia ho bona boteng ba Molimo! Esaia, motho ea sa phethahalang, ha a ka a bona Jehova ka seqo, empa o ile a lumelloa ho Mo bona ponong. (Exoda 33:20-23) Bokhabane ba sena bo ile ba phahamisoa ke mangeloi a boemo bo phahameng haholo (lirafime) a neng a sebeletsa teroneng ea Jehova. Oona, ha a utloa khalalelo ea Molimo, ka hlompho a ikoahela “lifahleho.” Ntle ho ketso ena ea boinyenyefatso, a bolela ka khatiso khalalelo ea Molimo. U nahana hore hoo hohle ho ne ho tla ba le phello efe ho motho?
7. Esaia o ile a itšoara joang, ’me ke hobane’ng ha re ne re ka ’na ra ikutloa ka ho tšoanang?
7 E re Esaia a arabele. “Eaba ke re: Ho malimabe ’na, ke timetse, hobane ke motho ea melomo e litšila, ke ahile har’a sechaba se melomo e litšila, ’me ke bone Morena, Jehova oa makhotla, ka mahlo!” (Esaia 6:5) Esaia o ne a tseba hore ke molomo oa Molimo, leha ho le joalo pono ena e ile ea hatisa ho eena hore o ne a sa hloeka, a se na melomo e hloekileng e neng e ka tšoanela ho ba molomo oa Morena enoa ea khanyang le ea halalelang. Ka linako tse ling ba bang ba rōna e ka ’na eaba ba ile ba makatsoa ke boetsalibe ba rōna, ba sa ikutloe ba tšoaneleha ho atamela Molimo ka thapelo, re se re sa bue ka ho bitsoa ka lebitso la oona. Phihlelo e ’ngoe ea Esaia e lokela hore e be khothatso.
8. Lengeloi le ile la etsa tšebeletso efe, ka phello efe?
8 Serafime se seng se sebeletsang se ile sa fofela ho eena se nkile leshala le hlenneng le tlohang aletareng ea mahlabelo a liphoofolo. Ha le ama molomo oa Esaia ka leshala lena, lengeloi le ile la re: “Leshala lena le amile melomo ea hao; joale, bokhopo ba hao bo tlositsoe, sebe sa hao se phekotsoe.” (Esaia 6:6, 7) Mehleng ea Salomone, mollo o theohang leholimong o ile oa tiisa hore Jehova o ne a amohetse aletare ea mahlabelo, le hoja linyehelo li ne li sitoa ho etsa hore le bona baprista ba hloeke ka ho feletseng ka pel’a Molimo. (2 Likronike 7:1-3; Ba-Heberu 10:1-4, 11) Le teng, ha sesila sa Esaia se chesoa ka leshala le hlenneng hore se tlohe, o ne a ka amohela kahlolo ea Jehova ea hore sebe sa hae se phekotsoe hoo a ka bang a amohela thomo e khethehileng ea boboleli. Hona ho fana ka tlhahiso ea liketsahalo life tsa bohlokoa bakeng sa nako e tlang?
9. Taba-taba ea molaetsa oa Esaia e ne e le eng?
9 Phihlelo ena e hlollang e ile ea etsa hore moprofeta a amohele thomo ea ho bolela e seng e boletsoe. (Esaia 6:8, 9) Empa ke hobane’ng ha Esaia a ne a ka re batho ba ne ba tla utloa hangata empa le teng ba se ke ba rua tsebo leha e le efe? Lentsoe la Molimo le ile la eketsa: “Nontša pelo ea batho bao, u thatafatse litsebe tsa bona, u ba pompatse mahlo, hore ba se bone ka mahlo, . . . ba se ke ba baka, ba fola.” (Esaia 6:10) Na hoo ho ne ho bolela hore Esaia, ka ho bua ka mokhoa o hlabang kapa o seng bohlale, o lokela ho qhela Bajode e le hore ba ka lula ba sa utloane le Jehova? Che. Hona e ne e le pontšo feela ea kamoo boholo ba Bajode bo neng bo tla arabela kateng ho sa tsotellehe hore na ke ka botšepehi le ka ho feletseng hakae Esaia a neng a phethahatsa mosebetsi oa hae oa ho bolela oo a neng a ithaopetse oona ka hore, “Ke ’na enoa, roma ’na.”
10. (a) Molato o ne o le hokae hore e be batho ba ile ba tšoana le lifofu le bo-tsebe-tutu? (b) Esaia o ne a bolela eng ha a botsa, “Ho fihlela neng?”
10 Molato e ne e le oa sechaba. Ho sa tsotellehe hore Esaia o ba file monyetla oa hore ba ‘utloe hangata,’ ba ne ba ke ke ba amohela tsebo kapa hona ho utloisisa. Molimo o hlile oa bolela esale pele hore ba bangata, ka lebaka la manganga a bona le boemo ba bona boo e seng ba moea, ba ne ba sa tl’o arabela. Ba ’maloa ba ne ba ka ’na ba arabela. Empa ba bangata ba ne ba tla foufala joalokaha eka mahlo a bona a ne a koetsoe ka sekhomaretsi se matla haholo, haeba u ka inahanela hona. Boemo bo bobe boo bo ne bo tla tsoela pele halelele hakae? Ho e-na le hore na o ne a tla sebeletsa ka lilemo tse kae, Esaia o ile a botsa ka boemo boo ka mantsoe ana: “Ho fihlela neng, Morena [Jehova]?” Molimo oa arabela ka tsela ena: “Ho fihlela metse e heleha, e hloka baahi.” Ho fetse ha e-ba joalo, le hoja ho etsahetse Esaia a se a shoele. Bababylona ba ile ba tlosa batho ba phelang, ba sia Juda e le ‘lesupi le senyehileng.’—Esaia 6:11, 12; 2 Marena 25:1-26.
11. Ho bolela ha Esaia ho ile ha fana ka matšeliso joang?
11 Leha ho le joalo, qetellong Jehova o ile a tiisetsa Esaia hore tšepo e sa le teng. ‘Ho ne ho tla ’ne ho be le karolo ea leshome ea baahi ka hare ho naha.’ E, ‘ho ne ho tšoana le sefate se seholo seo, ha se rengoa, ho neng ho tla ba le kutu, lehlomela le halalelang.’ (Esaia 6:13, NW) Kamorao ho lilemo tse 70 tsa botlamuoa Babylona, lehlomela, kapa masala, a ile a khutlela naheng ea Juda, joalokaha eka ke lehlomela le lecha le hlometseng kutung ea sefate se seholo. (2 Likronike 36:22, 23; Esdrase 1:1-4; bapisa Jobo 14:7-9; Daniele 4:10, 11, 13-15, 26.) Kahoo, le hoja molaetsa oa Esaia o ne o sithabetsa pelo, o ne o e-na le motsoakonyana oa matšeliso. Leha ho le joalo, ho na le lebaka la Mangolo la hore re talime Esaia e le mohlala bakeng sa liketsahalo tsa kamoso. Ho joalo joang?
Phethahatso e Kholoanyane
12. Ho na le motheo ofe oa Mangolo oa ho bitsa Jesu Esaia e Moholoanyane?
12 Makholo-kholo a lilemo hoba Esaia a shoe, ho ile ha tla e mong eo re ka mo bitsang Esaia e Moholoanyane—Jesu Kreste. Pele e e-ba motho oa nama, o ne a ile a ithaopela ho rongoa ke Ntate oa hae lefatšeng, moo boboleling ba hae a neng a tla akarelletsa lintho tseo Esaia a neng a ile a li ngola. (Liproverbia 8:30, 31; Johanne 3:17, 34; 5:36-38; 7:28; 8:42; Luka 4:16-19; Esaia 61:1) Ka mokhoa o tobileng haholoanyane, Jesu o ile a ikamahanya le Esaia khaolo ea 6 ha a hlalosa hore na ke hobane’ng ha A ruta ka tsela eo a neng A ruta ka eona. (Mattheu 13:10-15; Mareka 4:10-12; Luka 8:9, 10) Hoo ho ne ho loketse hobane boholo ba Bajode ba ileng ba utloa Jesu ba ne ba sa utloisise ho amohela molaetsa oa hae le ho nka bohato ka oona joalokaha ba ileng ba utloa moprofeta Esaia ba sa ka ba utloisisa ho amohela molaetsa oa hae. (Johanne 12:36-43) Hape, ka 70 C.E. Bajode ba neng ba ‘iphoufalitse le ho ithiba litsebe’ molaetseng oa Jesu ba ile ba thulana le timetso e tšoanang le ea 607 B.C.E. Ketsahalo ena e ne e le mahlomola a Jerusalema ‘ao ho neng ho e-s’o etsahale a kang oona ha e sa le lefatše le theoa, leha e le hore a ne a tla etsahala hape.’ (Mattheu 24:21) Empa, joalokaha Esaia a ile a profeta, masala, kapa ‘lehlomela le halalelang,’ a ile a bontša tumelo. Ana a ile a etsoa sechaba sa moea, “Iseraele oa Molimo” ea tlotsitsoeng.—Ba-Galata 6:16.
13. Ke hobane’ng ha re ka lebella phethahatso e ’ngoe hape ea Esaia khaolo ea 6?
13 Hona ho re isa phethahatsong e ’ngoe e theiloeng Bibeleng ea Esaia khaolo ea 6. E le senotlolo sa ho utloisisa sena, nahana ka mantsoe a moapostola Pauluse hoo e ka bang ka selemo sa 60 C.E. O ile a hlalosa hore na ke hobane’ng ha Bajode ba bangata ba ileng ba mo utloa Roma ba ne ba ke ke ba amohela ‘bopaki ba hae mabapi le ’muso oa Molimo.’ Lebaka e ne e le hore Esaia 6:9, 10 e ne e phethahala hape. (Liketso 28:17-27) Na hoo ho bolela hore kamor’a hore Jesu a tlohe lefatšeng, barutuoa ba hae ba tlotsitsoeng ba ne ba tla ntšetsa pele thomo e tšoanang le ea Esaia? E, ka sebele!
14. Barutuoa ba Jesu ba ne ba tla etsa mosebetsi o kang oa Esaia joang?
14 Pele Esaia e Moholoanyane a nyolohela leholimong, o itse barutuoa ba hae ba ne ba tla amohela moea o halalelang ’me kamorao ho moo e be ‘lipaki tsa hae Jerusalema le naheng eohle ea Judea le ea Samaria le ho isa lipheletsong tsa lefatše.’ (Liketso 1:8) Joalokaha aletare ea mahlabelo e ile ea fana ka se neng se hlokahala hore sebe sa Esaia se tlosoe, ka ho tšoanang sehlabelo sa Jesu e ne e le motheo oa hore barutuoa ba hae ba ‘phekoloe libe tsa bona.’ (Levitike 6:12, 13; Ba-Heberu 10:5-10; 13:10-15) Kahoo, Molimo o ne o ka ba tlotsa ka moea o halalelang, o neng o tla boela o ba fe matla a ho ba ‘lipaki ho ea bofelong ba lefatše.’ Moprofeta Esaia le Esaia e Moholoanyane ba ne ba ile ba rongoa ho ea bolela molaetsa oa Molimo. Ka ho tšoanang, balateli ba tlotsitsoeng ba Jesu ba ne ba ‘rometsoe ke Molimo ba le ho Kreste.’—2 Ba-Korinthe 2:17.
15. Karabelo e akaretsang boboleling bo kang ba Esaia e bile efe mehleng ea rōna, e bontša bokamoso bofe?
15 Mehleng ea kajeno, haholo-holo ho tloha qetellong ea Ntoa ea I ea Lefatše, Bakreste ba tlotsitsoeng ba ’nile ba bona hore hoa hlokahala ho bolela molaetsa oa Molimo. Hona ho akarelletsa ’nete e sisinyang maikutlo ea hore “letsatsi la liphetetso tsa Molimo oa rōna” le haufi. (Esaia 61:2) Tšenyo ea lona e tla ba ntho e bohloko haholo, haholo-holo ho Bokreste-’mōtoana, boo joaloka Iseraele ea boholo-holo, e leng khale bo ipolela hore ke batho ba Molimo. Ho sa tsotellehe lilemo tse mashome-shome tsa ho bolela ka botšepehi ho etsoang ke lipaki tse tlotsitsoeng tsa Molimo, ba bangata ho Bokreste-’mōtoana ba entse hore ‘lipelo tsa bona li thatafale le litsebe tsa bona li thibane; mahlo a bona a foufale.’ Boprofeta ba Esaia bo bontša hore hona ho tla tsoela pele ho le joalo ‘ho fihlela matlo a hloka baahi, ’me lefatše ka bolona le senngoa hore e be lesupi.’ Hona ho tla tšoaea bofelo ba tsamaiso ena e khopo ea lintho.—Esaia 6:10-12.
“Roma ’Na”
16. Ke hobane’ng ha ho ka thoe “bongata bo boholo ba batho” bo nkile karolo mosebetsing o kang oa Esaia?
16 Kajeno, ho na le Bakreste ba ineetseng ba limillione ba nang le tšepo ea Bibele ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise. Motheong oa mali a sehlabelo a Jesu, ‘bongata bona bo boholo ba batho,’ bo ka tšoareloa libe tsa bona ho fihlela moo ho hlokahalang hona joale. Bo boetse bo amohela matla le tšehetso ka moea oa Molimo ha bo ikopanya le masala a Bakreste ba tlotsitsoeng hore, “Ke ’na enoa, roma ’na.” Ba rongoa ho ea etsa eng? Ho Ba-Roma 10:13-15 Pauluse o re: “Mang le mang ea rapelang lebitso la Morena, o tla bolokeha. Empa ba tla rapela joang eo ba sa kang ba lumela ho eena? ’Me ba tla lumela joang ho eo ba sa kang ba utloa litaba tsa hae? ’Me ba tla utloa joang ha ’moleli a le sieo? ’Me ba tla bolela joang, ha ba sa rongoe? Joale ka ha ho ngoliloe [ho Esaia 52:7], ho thoe: Maoto a ba bolelang Evangeli ea khotso a matle hakakang, maoto a ba bolelang Evangeli ea taba tse molemo!”—Tšenolo 7:9-15.
17. Ha ho bapisoa le boprofeta ba Esaia, molaetsa oa rōna o fupere eng?
17 Hopola hore ke pele Esaia a tseba ka botlalo hore na molaetsa o re’ng ha a re, “Ke ’na enoa, roma ’na.” Ha ho bapisoa, rea tseba hore na hona joale Molimo o batla ha ba arabelang memo ea oona ba bolela eng: “Ke tla roma mang? Ho tla ea mang bakeng sa rōna?” Ho akarelletsa ho lemosa pele ho nako ka “letsatsi la liphetetso tsa Molimo oa rōna.” Leha ho le joalo, molaetsa o boetse o akarelletsa ‘taba tse molemo tsa lintho tse molemo.’ Ka mohlala, ba ‘rongoang’ ba nkile karolo ho ‘bolelleng ba tlamiloeng tokoloho, le ho tsebisa ba teronkong ho buloa ha eona.’ Na ho etsa joalo ha hoa lokela hore e be mohloli o moholo oa ho khotsofala?—Esaia 61:1, 2.
18, 19. Ke ka litsela life tse khethehileng ba bangata ba reng, “roma ’na”?
18 Haeba u se u ntse u bolela ‘taba tse molemo tsa lintho tse molemo,’ tlhahlobo ena ea Esaia khaolo ea 6 e ka ’na ea u susumeletsa hore u botse: E be nka arabela haholoanyane joang ka moea oa Esaia 6:8? Joaloka banyalani ba boletsoeng sethathong, ba makholo-kholo ba se ba nkile karolo lenaneong la Machaba la Liahi tsa Baithaopi. Ba bang ba bangata, ba haelloang ke tsebo ea ho haha, ba falletse linaheng tseo ho hlokahalang baboleli ba ’Muso ba bangatanyana. Hona ho etsoa hamolemo haholo kamor’a ho batla keletso e tsoang ho ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower. Ha e le hantle, ho lokisetsa hoa hlokahala, hobane puo, maemo a bophelo, menyetla ea mesebetsi le lintho tse ling li ka ’na tsa e-ba kahosele naheng esele. Leha ho le joalo, u se ke ua lahla monyetla ona ua re ke ntho eo u ke keng ua e etsa hobane feela e ka ’na eaba ho hlokahala litokiso tse khōlō. Ba bangata ba nang le boikutlo ba “Ke ’na enoa, roma ’na,” ba tlohile libakeng tsa habo bona joalo ’me Molimo o ba hlohonolofalitse haholo ka lebaka la ho etsa joalo.—Bapisa Liproverbia 24:27; Luka 14:28-30.
19 Ba bang bona—baena kapa bo-khaitseli ba masooa, banyalani, haesita le malapa, e le lelapa kaofela—ba falelletse libakeng tse ling kahare ho linaha tsa habo bona kapa hona libakeng tsa habo bona moo tlhokahalo e leng kholoanyane bakeng sa bahoeletsi ba ’Muso kapa bakeng sa balebeli ba Bakreste. (Liketso 16:9, 10) Mohlomong ho etsa joalo ho ile ha hloka boitelo bo itseng, bo kang ho fumana mosebetsi o mong oa boipheliso, mohlomong o lefang ka tlaasenyana. Ba bang ba ile ba ananela ho phomola mosebetsing pele ho nako, ba fumana phenshene e nyenyane ’me ba fumana mosebetsi o sa nkeng letsatsi lohle e le hore ba ka ba le nako e eketsehileng bakeng sa tšebeletso. Ho hotle hakaakang ha malapa, e le lelapa lohle, a re, ‘Ke rōna bana, roma rōna.’ Hona le hona, ho bontša boemo ba Esaia. Mosali oa hae o ile a kopanela ka mafolo-folo ho etseng thato ea Molimo e le moprofeta oa mosali ’me bara ba hae ba ile ba ameha melaetseng ea boprofeta.—Esaia 7:3, 14-17; 8:3, 4, NW.
20. U hopotse Esaia 6:8, u lokela ho nahana eng?
20 Le haeba maemo a hao a hona joale a sa lumelle liphetoho tse joalo tse khōlō, u ka ’na ua inahana, ‘Na e be ke etsa sohle seo nka se khonang moo ke leng teng, ke etsisa tsela eo Esaia a ileng a arabela ka eona?’ Ikitlaetse ha u bolela molaetsa oa Molimo, le haeba boemo ba leholimo bo se botle kapa u le har’a batho ba sa thahaselleng; ka sebele, Esaia o ile a etsa ho tšoanang. Cheseha ha u bua le ba bang ka ‘taba tse molemo tsa lintho tse molemo!’ Jehova o itse, “Ke tla roma mang?” Paka hore, joaloka Esaia oa boholo-holo, karabelo ea hao ke hore “Ke ’na enoa, roma ’na” ho ea bolela molaetsa oa Hae.
Lintlha tsa Tlhahlobo
◻ Esaia o ile a amohela pono ea Esaia khaolo ea 6 tlas’a maemo afe, ’me o ile a bona eng?
◻ Esaia o ile a fumana thomo ea mofuta ofe?
◻ Ke hobane’ng ha Jesu a ka bitsoa Esaia e Moholoanyane, hona ke joang barutuoa ba hae ba kenelletseng mosebetsing o kang oa Esaia?
◻ U ka bontša moea o kang oa Esaia joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Esaia o ile a hloekisoa ’me a romeloa ho ea bolela
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Ba bangata ba arabetse, ba re, “Ke ’na enoa, roma ’na”