“E Monyenyane” o Fetohile “ba Sekete”
“E monyenyane o tla fetoha ba sekete, ’me ea fokolang e be sechaba se matla.”—ESAIA 60:22, NW.
1, 2. (a) Ke hobane’ng ha lefifi le aparetse lefatše kajeno? (b) Leseli la Jehova le ’nile la tsoela pele ho khanyetsa batho ba hae joang?
“LEFIFI le koahetse lefatše, botšo bo apesitse lichaba; empa Jehova o tla u chabela, khanya ea hae e bonahale holim’a hao.” (Esaia 60:2) Mantsoe ana a hlalosa hantle boemo ba lefatše ho tloha ka 1919. Bokreste-’mōtoana bo hanne pontšo ea ho ba teng ha Jesu Kreste e le morena, “leseli la lefatše.” (Johanne 8:12; Matheu 24:3) Ka lebaka la ‘ho halefa haholo’ ha Satane, moeta-pele oa “babusi ba lefatše ba lefifi,” lekholo la bo20 la lilemo e ne e le le hlokofatsang ka ho fetisisa, nako ea tšenyo e fetisisang historing ea motho. (Tšenolo 12:12; Baefese 6:12) Batho ba bangata ba phela lefifing la moea.
2 Leha ho le joalo, kajeno leseli lea khanya. Jehova o ‘chabetse’ bahlanka ba hae, masala a tlotsitsoeng, ao e leng baemeli ba lefatšeng ba “mosali” oa hae oa leholimo. (Esaia 60:1, NW) Haholo-holo esale ba lokolloa botlamuoeng ba Babylona ka 1919, ba khantšitse leseli la Molimo ’me ‘leseli la bona lea khanya ka pel’a batho.’ (Matheu 5:16) Ho tloha ka 1919 ho ea ho 1931, leseli la ’Muso le ile la eketsa ho khanya ha ba lahla mahlaahlela a setseng a monahano oa Babylona. Palo ea bona e ile ea nyolohela ho likete tse mashome ha Jehova a phethahatsa tšepiso ea hae e reng: “Ke tla phutha le ho phutha masala a Iseraele; ke tla ba bea hammoho joalo ka linku tse har’a lesaka, joalo ka mohlape o har’a makhulo; e tla ba boieane ba batho.” (Mikea 2:12) Ka 1931, khanya ea Jehova e ile ea totobala haholoanyane holim’a batho ba hae ha ba ne ba amohela lebitso la Lipaki tsa Jehova.—Esaia 43:10, 12.
3. Ho ile ha totobala joang hore ho ne ho e-na le ba bang bao leseli la Jehova le neng le tla ba khanyetsa ntle ho batlotsuoa?
3 Na Jehova o ne a tla khantšetsa masala a “mohlape o monyenyane” feela? (Luka 12:32) Che. Tokollo ea Molula-Qhooa (oa Senyesemane) ea September 1, 1931 e ile ea lebisa tlhokomelo sehlopheng se seng. E hlalositse Ezekiele 9:1-11, ha e bontša hore monna ea nang le lenaka la mongoli eo ho builoeng ka eena litemaneng tseo o emela masala a tlotsitsoeng. Ke bo-mang bao “monna” eo a ba tšoaileng liphatleng? “Linku tse ling,” tse nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise. (Johanne 10:16; Pesaleme ea 37:29) Ka 1935 ho ile ha lemohuoa hore sehlopha sena sa “linku tse ling” ke ‘bongata bo boholo bo tsoang lichabeng tsohle’ boo moapostola Johanne a bo boneng ponong. (Tšenolo 7:9-14) Ho tloha ka 1935 ho fihlela hona joale, ho lebisitsoe tlhokomelo e khōlō ho bokelloeng ha bongata bo boholo.
4. “Marena” le “lichaba” tseo ho buuoang ka tsona ho Esaia 60:3 ke bo-mang?
4 Ho buuoa ka mosebetsi ona oa ho bokella boprofeteng ba Esaia bo reng: “Lichaba li tla tla tsamaea leseling la hao, marena a tle khanyeng ea mahlaseli a hao.” (Esaia 60:3) “Marena” ao ho buuoang ka ’ona moo ke bo-mang? Ke masala a ba 144 000 ao ’ona hammoho le Jesu Kreste, e leng majalefa hammoho ’Musong oa leholimo, ’me a etella pele mosebetsing oa ho paka. (Baroma 8:17; Tšenolo 12:17; 14:1) Kajeno, ba likete tse seng kae ba masala a batlotsuoa ba fetoa hōle ka palo ke “lichaba,” tse nang le tšepo ea lefatšeng ’me li tla ho Jehova bakeng sa thuto, li bile li mema ba bang hore ba etse se tšoanang.—Esaia 2:3.
Bahlanka ba Jehova ba Chesehang
5. (a) Ke linnete life tse bontšang hore cheseho ea batho ba Jehova ha ea fokotseha? (b) Ke linaha life tse bileng le keketseho e hlaheletseng ka 1999? (Bona chate leqepheng la 17-20.)
5 Lipaki tsa Jehova tsa kajeno li bontšitse cheseho e kaakang ho theosa le lekholo lee la bo20 la lilemo! ’Me ho sa tsotellehe likhatello tse ntseng li eketseha, cheseho ea tsona ha ea ka ea fokotseha ha selemo sa 2000 se ntse se atamela. Li ile tsa ’na tsa nka ka ho teba taelo ea Jesu e reng: “Le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa.” (Matheu 28:19, 20) Palo ea bahoeletsi ba litaba tse molemo ba mafolofolo selemong sa tšebeletso se fetileng sa lekholo la bo20 la lilemo e ile ea fihla tlhōrōng e ncha ea 5 912 492. Ba ile ba nka lihora tse 1 144 566 849 ba bua le ba bang ka Molimo le merero ea hae. Ba ile ba boela ho batho ba thahasellang ka makhetlo a 420 047 796, ’me ba khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele tse sa lefelloeng tse 4 433 884. Ke tlaleho e babatsehang hakaakang ea tšebeletso e etsoang ka cheseho!
6. Bo-pula-maliboho ba ile ba etsetsoa tokisetso efe e ncha, ’me ho bile le karabelo efe?
6 Selemong se fetileng ka January, Sehlopha se Busang se ile sa phatlalatsa phetoho mabapi le lihora tse hlokahalang bakeng sa bo-pula-maliboho. Ba bangata ba ile ba sebelisa monyetla ona ka ho kena sehlopheng sa bo-pula-maliboho ba kamehla kapa ba thusang. Ka mohlala, likhoeling tse qalang tse ’nè tsa selemo sa 1999, ofisi ea lekala ea Netherlands e ile ea amohela liforomo tsa kōpo ea bopula-maliboho ba kamehla tseo palo ea tsona e menang hane tsa nako e tšoanang selemong se fetileng. Ghana ea tlaleha: “Ho tloha qalong ea pakane ena e ncha ea lihora tsa bo-pula-maliboho, sehlopha sa bo-pula-maliboho ba kamehla se ’nile sa eketseha ka tsela e tsitsitseng.” Selemong sa tšebeletso sa 1999, palo ea bo-pula-maliboho lefatšeng ka bophara e ile ea fihla ho 738 343—ena ke pontšo e babatsehang ea ‘ho chesehela mesebetsi e metle.’—Tite 2:14.
7. Jehova o hlohonolofalitse mosebetsi oo bahlanka ba hae ba o etsang ka cheseho joang?
7 Na Jehova o hlohonolofalitse mosebetsi oo o etsoang ka cheseho? E. Ha a bua ka molomo oa Esaia o re: “Tsamaisa mahlo kahohle, ’me u talime! Ba bōkana kaofela ho tla ho uena; bara ba hao ba tla, ba e-tsoa hole, barali ba hao ba pepiloe mahlakoreng.” (Esaia 60:4) “Bara” le “barali” ba tlotsitsoeng ba bokeletsoeng ba ntse ba sebeletsa Molimo ka cheseho. ’Me hona joale, linku tse ling tsa Jesu li ntse li bokelleloa lehlakoreng la “bara” le “barali” ba Jehova ba tlotsitsoeng linaheng tse 234 le lihlekehlekeng tsa leoatle.
“Mosebetsi o Mong le o Mong o Molemo”
8. Lipaki tsa Jehova li mafolofolo ‘mesebetsing efe e molemo’?
8 Bakreste ba na le boikarabelo ba ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso le ho thusa ba thahasellang ho ba barutuoa. Empa ba ‘hlomeletsoe ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.’ (2 Timothea 3:17) Kahoo, ba hlokomela malapa a bona ka lerato, ba amohela baeti ka mofuthu, ’me ba etela bakuli. (1 Timothea 5:8; Baheberu 13:16) ’Me baithaopi ba etsa mesebetsi e kang ho haha Liholo tsa ’Muso—mosebetsi oo le oona o fanang ka bopaki. Togo, ka mor’a kaho ea holo e ’ngoe, ba ikarabellang kerekeng ea ba phekolang ka mohlolo ea sebakeng seo, ba ne ba batla ho tseba hore na ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li khona ho ikahela mehaho empa kereke ea bona e ile ea tlameha ho hira batho bakeng sa morero oo! Togo e tlaleha hore kaho ea Liholo tsa ’Muso tsa boleng bo botle e na le phello e molemo ho baahisani hoo batho ba bang ba lekang ho hira kapa ho reka matlo a haufinyane le moo liholo li tla ahoa teng.
9. Lipaki tsa Jehova li arabetse joang ha likoluoa li hlasela?
9 Ka linako tse ling, ho hlokahala mosebetsi o molemo oa mofuta o mong. Linaha tse ngata selemong sa tšebeletso se fetileng li ile tsa hlaseloa ke likoluoa, ’me hangata ba pele ba ileng ba bonoa ba phallela libakeng tseo ke Lipaki tsa Jehova. Ka mohlala, karolo e khōlō ea Honduras e ile ea ripitloa ke Leholiotsoana Mitch. Ka potlako lekala le ile la theha likomiti tsa boemo ba tšohanyetso hore li hlophise liphallelo. Lipaki tsa Honduras le tsa linaheng tse ling tse ngata li ile tsa fana ka liaparo, lijo, meriana le lintho tse ling tse hlokahalang. Likomiti tsa Kaho tsa Libaka li ile tsa sebelisa tsebo ea tsona ho haha matlo bocha. Kapele, barab’abo rōna ba ileng ba angoa ke koluoa ena ba ile ba thusoa ho khutlela mesebetsing ea bona e tloaelehileng. Ecuador, Lipaki tsa Jehova li ile tsa thusa barab’abo tsona ha sekhohola se matla se senya mahae a mang. Ka mor’a hore e mong oa ba boholong ’musong a bone tsela e atlehang eo li sebetsaneng le boemo bona ka eona, o ile a re: “Haeba ke ne nka hira sehlopha sena, ke ne ke tla etsa mehlolo! Batho ba kang lōna ba lokela ho ba teng likarolong tsohle tsa lefatše.” Mosebetsi o motle joalo o tlisa thoriso ho Jehova Molimo ’me ke bopaki ba “boinehelo ba bomolimo bo molemo bakeng sa lintho tsohle.”—1 Timothea 4:8.
Ba ‘Fofa Joalo ka Maru’
10. Ho sa tsotellehe palo e ntseng e fokotseha ea batlotsuoa, ke hobane’ng ha lebitso la Jehova le boleloa ho feta leha e le neng pele?
10 Joale Jehova oa botsa: “Bao ba fofang joalo ka maru le joalo ka maeba a rurelang matlung a ’ona, ke bomang? Etsoe lihleke-hleke li lebeletse ’na, ’me likepe tsa Tarshishe li le sehloohong ho tlisa [bara, NW] ba hao ba neng ba le hole . . . Balichaba ba tla tsosa marako a hao, marena a tsona a u sebeletse.” (Esaia 60:8-10) Ba pele ba ileng ba arabela ‘ho chabeng’ ha Jehova e bile “bara” ba hae, Bakreste ba tlotsitsoeng. Eaba ho latela “balichaba,” bongata bo boholo, bao ka botšepehi ba sebeletsang barab’abo bona ba tlotsitsoeng, ba latelang ketello-pele ea bona boboleling ba litaba tse molemo. Kahoo, le hoja palo ea batlotsuoa e ntse e fokotseha, lebitso la Jehova le ntse le boleloa ho pota lefatše ho feta leha e le neng pele.
11. (a) Ke eng e ntseng e tsoela pele ’me e bile le phello efe ka 1999? (b) Ke linaha life tse bileng le palo e ikhethang ea ba kolobelitsoeng ka 1999? (Bona chate e leqepheng la 17-20.)
11 Ka lebaka leo, ba limilione ba phalla “joalo ka maeba a rurelang matlung a ’ona,” ba fumana tšireletso phuthehong ea Bokreste. Selemo ka seng ho eketsoa ba likete tse makholo, ’me monyetla o bulehetse ba eketsehileng. Esaia o re: “Menyako ea hao e tla lula e butsoe ka mehla; e ke ke ea koaloa nyene leha e le bosiu, ho tle ho tlisoe ho uena maruo a lichaba.” (Esaia 60:11) Selemong se fetileng ba 323 439 ba ile ba kolobetsoa e le pontšo ea boinehelo ba bona ho Jehova, ’me ha a e-so koale menyako. “Tse lakatsehang tsa lichaba tsohle,” litho tsa bongata bo boholo, li ntse li petetsana ha li feta ho eona. (Haggai 2:7) Ha ho lelekoe le ea mong ea batlang ho tsoa lefifing. (Johanne 12:46) E se eka bohle ba joalo le ka mohla ba ke ke ba khaotsa ho ananela leseli!
Ho Hloka Tšabo ha ba Talimane le Khanyetso
12. Ba ratang lefifi ba lekile joang ho tima leseli?
12 Ba ratang lefifi ba hloile leseli la Jehova. (Johanne 3:19) Ba bang ba bile ba leka le ho tima leseli leo. Sena hase mohlolo. Esita le Jesu, “leseli la ’nete le fanang ka leseli ho mofuta o mong le o mong oa motho,” o ile a songoa, a hanyetsoa, ’me qetellong a bolaoa ke batho ba ha habo. (Johanne 1:9) Ho pholletsa le lekholo la bo20 la lilemo, Lipaki tsa Jehova le tsona li ’nile tsa songoa, tsa kenngoa literonkong, tsa thibeloa, tsa ba tsa bolaoa, ha ka botšepehi li ne li khantša leseli la Jehova. Lilemong tsa morao tjena, bahanyetsi ba ile ba retelehela ho jaleng mashano mecheng ea litaba ka ba khantšang leseli la Molimo. Ba bang ba batla ho etsa hore batho ba lumele hore Lipaki tsa Jehova li kotsi ’me li lokela ho beheloa meeli kapa ho thibeloa. Na bahanyetsi ba joalo ba atlehile?
13. Ho hlahisa lintlha tse amanang le mosebetsi oa rōna ka bohlale mecheng ea litaba ho feletse ka eng?
13 Che. Moo ho loketseng, Lipaki tsa Jehova li ile tsa ea mecheng ea litaba ho hlalosa linnete. Ka lebaka leo, lebitso la Jehova le phatlalalitsoe ka bophara likoranteng le limakasineng le seea-le-moeeng le thelevisheneng. Sena se bile le liphello tse molemo mosebetsing oa boboleli. Ka mohlala, Denmark, lenaneong la thelevishene ea sechaba ho ne ho buuoa ka taba e reng “Lebaka leo ka lona tumelo ea baahi ba Denmark e fokolang.” Hammoho le ba bang, ho ile ha buisanoa le Lipaki tsa Jehova ka lipotso. Ka mor’a moo, mofumahali e mong ea neng a bone lenaneo leo o ile a re: “Ho ne ho hlakile hore na ke mang ea nang le moea oa Molimo.” Ho ile ha qalisoa thuto le eena.
14. Haufinyane bahanyetsi ba tla tloha ba hlajoa ke lihlong ha ba tlameha ho hlokomela eng?
14 Lipaki tsa Jehova lia tseba hore ba bangata lefatšeng lena ba tla li hanyetsa. (Johanne 17:14) Ho ntse ho le joalo, li matlafatsoa ke boprofeta ba Esaia bo reng: ‘Bara ba bahlorisi ba hao ba tla tla ho uena, ba ikokobelitse; ba u nyatsitseng kaofela ba tla inama maotong a hao; ba tla u bitsa motse oa Jehova, Sione oa Mohalaleli oa Iseraele.’ (Esaia 60:14) Haufinyane bahanyetsi ba tla hlajoa ke lihlong hobane ba tla tlameha ho hlokomela hore ha e le hantle, ba ne ba ntse ba loantša Molimo ka boeena. Ke mang ea ka hlōlang ntoa e joalo?
15. Lipaki tsa Jehova li “anya lebese la lichaba” joang, hona see se bontšitsoe joang mosebetsing oa tsona oa ho ruta le oa ho bolela evangeli?
15 Jehova o tsoela pele ho tšepisa: “Ke tla u etsa motse o khanyang ka ho sa eeng kae . . . U tla anya lebese la lichaba, u anye matsoèle a marena, ’me u tla tseba hobane ’na Jehova, ke ’Moloki le Molopolli oa hao.” (Esaia 60:15, 16) E, Jehova ke Molopolli oa batho ba hae. Haeba ba tšepa eena, ba tla phela “ka ho sa eeng kae.” ’Me ba tla “anya lebese la lichaba,” ba sebelise matlotlo a itseng bakeng sa ho ntšetsa pele borapeli ba ’nete. Ka mohlala, ho sebelisa ka bohlale lik’homphieutha le mekhoa ea puisano e tsoetseng pele ho etsa hore ho be bonolo hore Molula-Qhooa o hatisoe ka lipuo tse 121 le Tsoha! ka tse 62 ka nako e le ’ngoe. Ho qapiloe lenaneo le khethehileng la k’homphieutha bakeng sa ho thusa ho fetolela New World Translation ka lipuo tse ncha, ’me phetolelo e joalo e thabisa haholo. Ha ho ne ho lokolloa phetolelo ea Secroatia ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka 1999, ba likete ba ile ba ntša meokho ea thabo. Mor’abo rōna e mong ea hōlileng o itse: “Ke ’nile ka letela Bibele ena ka nako e telele. Joale nka ichoella ka khotso!” Palo ea New World Translation e ajoang, e feletse kapa e sa fella, e fetile limilione tse 100 ka lipuo tse 34.
Litekanyetso Tse Phahameng Tsa Boitšoaro
16, 17. (a) Le hoja ho le thata, ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re lule re e-na le litekanyetso tse phahameng tsa Jehova? (b) Ke phihlelo efe e bontšang hore bacha ba ka qoba ho silafatsoa ke lefatše?
16 Jesu o itse: “Ea tloaetseng ho etsa lintho tse nyonyehang o hloile leseli.” (Johanne 3:20) Ka lehlakoreng le leng, ba lulang leseling ba rata litekanyetso tse phahameng tsa Jehova. Ka molomo oa Esaia, Jehova o re: “Sechaba sa hao e tla ba sa ba lokileng feela.” (Esaia 60:21a) Ho lula re e-na le litekanyetso tse lokileng e ka ba phephetso lefatšeng leo ho lona boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali, ho bua leshano, meharo le boikhohomoso li renang hakana. Ka mohlala, linaheng tse ling, moruo o hōla ka tšohanyetso ’me ho bonolo hore motho a iphumane a kheloselitsoe ho nahaneng ka ho phehella leruo feela. Leha ho le joalo, Pauluse o ile a lemosa: “Ba ikemiselitseng ho rua ba oela molekong le lerabeng le litakatsong tse ngata tse se nang kelello le tse kotsi, tse lihelang batho timetsong le tšenyehong.” (1 Timothea 6:9) Ho kotsi hakaakang ha motho a ikakhela ka setotsoana khoebong hoo a telang lintho tseo e hlileng e leng tsa bohlokoa, tse kang ho kopana hammoho le Bakreste, tšebeletso e halalelang, melao-motheo ea boitšoaro le boikarabelo ba lelapa!
17 Ho lula re e-na le litekanyetso tse lokileng ho ka ba thata ka ho khethehileng ho ba bacha, kaha boholo ba lithaka tsa bona bo kopanela tšebelisong e mpe ea lithethefatsi le boitšoarong bo bobe. Suriname, ngoanana ea lilemo li 14 o ile a atameloa ke tjaka ea moshanyana sekolong ’me a mo kōpa hore a robale le eena. O ile a hana, a hlalosa hore Bibele e hanela lintho tse joalo pakeng tsa batho ba sa nyalanang. Banana ba bang sekolong ba ile ba mo soma ’me ba leka ho mo hatella hore a fetole maikutlo a hae, ba re e mong le e mong o batla ho robala le moshanyana eo. Ho ntse ho le joalo, ngoanana enoa o ile a ema a tiile. Ka mor’a libeke tse seng kae, ho ile ha fumaneha hore moshanyana enoa o na le kokoana-hloko ea HIV ’me a kula haholo. Ngoanana enoa o ile a thabela hore ebe o mametse taelo ea Jehova ea ho ‘ila bohlola.’ (Liketso 15:28, 29) Lipaki tsa Jehova li motlotlo haholo ka bacha ba tsona bao ka tieo ba emelang se nepahetseng. Tumelo ea bona, le ea batsoali ba bona, e ‘tlotlisa’—e tlisa tlhompho—lebitsong la Jehova Molimo.—Esaia 60:21b, NW.
Jehova o Tlisitse Keketseho
18. (a) Jehova o etselitse batho ba hae ntho efe e khōlō? (b) Ho na le bopaki bofe ba hore khōlo eo e tla tsoela pele, hona ba lulang leseling ba letetsoe ke litebello life tse khanyang?
18 E, Jehova o khantšetsa batho leseli, oa ba hlohonolofatsa, oa ba tataisa, ’me oa ba matlafatsa. Lekholong la bo20 la lilemo, ba ile ba bona phethahatso ea mantsoe a Esaia: “E monyenyane o tla fetoha ba sekete, ’me ea fokolang e be sechaba se matla. ’Na, Jehova, ke tla ho potlakisa ka nako ea teng.” (Esaia 60:22, NW) Ho tloha ho ba seng bakae morao koo ka 1919, “e monyenyane” o fetohile ba fetang “sekete.” ’Me khōlō e joalo ha e e-so emise! Selemong se fetileng ba 14 088 751 ba bile teng tšebeletsong ea Sehopotso sa lefu la Jesu. Ba bangata ho bona hase Lipaki tse mafolofolo. Re thabela hore ebe ba ile ba e-ba teng moketeng oo oa bohlokoa, ’me re ba memela ho tsoela pele ba ea leseling. Jehova o ntse a khantšetsa batho ba hae khanya e khōlō. Monyako o kenang mokhatlong oa hae o hlophisitsoeng o sa ntse o butsoe. Joale, e se eka bohle ba ka ikemisetsa ho lula leseling la Jehova. Seo se re tlisetsa litlhohonolofatso tse kaakang hona joale! ’Me see se tla tlisa thabo e kaakang nakong e tlang ha pōpo eohle e tla rorisa Jehova le ho thabela botle ba khanya ea hae!—Tšenolo 5:13, 14.
Na U ka Hlalosa?
• Ke bo-mang ba khantšitseng leseli la Jehova matsatsing aa a ho qetela?
• Ke’ng se bontšang hore cheseho ea batho ba Jehova ha ea fokotseha?
• Lipaki tsa Jehova li tšoarehile mesebetsing efe e molemo?
• Ho sa tsotellehe khanyetso e mabifi, re kholisehile ka eng?
[Chate e leqepheng la 17-20]
TLALEHO EA SELEMO SA TŠEBELETSO SA 1999 EA LIPAKI TSA JEHOVA LEFATŠENG LOHLE
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)
[Litšoantšo tse leqepheng la 15]
Batho ba ntse ba phallela mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Re thabela hore ebe Jehova o siile a buletse ba ratang leseli monyako