Ha ho Khotso Bakeng sa Manģosa a Bohata!
“Ba bolotsana ba tla felisoa . . . Empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo.”—PESALEME EA 37:9, 11.
1. Ke hobane’ng ha re lokela ho lebella ho fumana manģosa a ’nete le a bohata, “nakong ea bofelo”?
MANǴOSA—a bohata kapa a ’nete? Mefuta ena ka bobeli e ne e le teng linakong tsa Bibele. Empa ho thoe’ng ka mehla ea rōna? Ho Daniele 12:9, 10, re bala hore lenģosa la leholimong le ile la bolella moprofeta oa Molimo: “Litaba tseo li tla sala li koahetsoe, li tiisitsoe ho isa nakong ea bofelo. Ba bangata ba tla hloekisoa, ba soeufale, ba lekoe; ba babe ba ea ’ne ba etse hampe, ’me ha ho moetsalibe ea tlang ho utloisisa, empa ba [nang le temohisiso, NW] ba tla utloisisa.” Hona joale re phela ‘nakong eo ea bofelo.’ Na re bona phapang e hlakileng pakeng tsa “ba babe” le “ba nang le temohisiso”? Ka sebele rea e bona!
2. Esaia 57:20, 21 e phethahala joang kajeno?
2 Khaolong ea 57, litemaneng tsa 20 le 21, re bala mantsoe a lenģosa la Molimo Esaia: “Ba bolotsana ba joalo ka leoatle le fuluiloeng, le sitoang ho khutsa, leo metsi a lona a ntšang liretse le litšila. Ha ho khotso e boloketsoeng ba bolotsana: ho bolela Molimo oa ka!” Mantsoe ana a hlalosa ka ho loketseng hakaakang lefatše lena ha le atamela lekholo la bo21 la lilemo! Ba bang ba bile baa botsa, ‘Na ho na le mohla re tla finyella lekholo leo la lilemo?’ Manģosa a nang le temohisiso a ka re bolella eng?
3. (a) Ke ho se tšoane hofe ho bontšoang ho 1 Johanne 5:19? (b) “Ba nang le temohisiso” ba hlalositsoe joang ho Tšenolo khaolo ea 7?
3 Moapostola Johanne o ne a e-na le temohisiso e bululetsoeng ke Molimo. Ho 1 Johanne 5:19 ho itsoe: “Rea tseba hore re simoloha ho Molimo, empa lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” Ba sa tšoaneng le lefatše lena ke Baiseraele ba moea ba 144 000, bao masala a bona a ntseng a tsofala a sa ntseng a le lefatšeng. Kajeno ba ikopanyang le bana ke ‘bongata bo boholo . . . bo tsoang lichabeng tsohle le melokong eohle le lihlopheng tsohle tsa batho le malemeng ’ohle,’ boo hona joale palo ea bona e fetang limilione tse hlano, boo le bona bo nang le temohisiso. “Bana ke ba tsoang matšoenyehong a maholo.” ’Me ke hobane’ng ha ba putsoa? Ke hobane le bona “ba hlatsoitse liaparo tse telele tsa ka holimo tsa bona le ho li soeufatsa maling a Konyana” ka ho sebelisa tumelo thekollong ea Jesu. E le manģosa a leseli, le bona “ba . . . etsetsa [Molimo] tšebeletso e halalelang motšehare le bosiu.”—Tšenolo 7:4, 9, 14, 15.
Bao ho Thoeng ke Manģosa a Khotso
4. (a) Ke hobane’ng ha bao ho thoeng ke manģosa a khotso lefatšeng la Satane ba ahloletsoe ho hlōleha? (b) Baefese 4:18, 19 e sebetsa joang kajeno?
4 Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka bao ho thoeng ke manģosa a khotso tsamaisong ea lefatše ea Satane? Ho Esaia khaolo ea 33, temaneng ea 7, rea bala: “Bonang, bahale ba bona ba bokolla kantle; manģosa a khotso a lla habohloko.” Sena ke ’nete hakaakang ka ba mathang ba sa tsitsa, ba tloha motseng o mong o moholo oa lefatše ba ea ho o mong, ba leka ho tlisa khotso! Ke lefeela le lekaakang! Hobane’ng? Hobane ba sebetsana le matšoao a matšoenyeho a lefatše lena ho e-na le ho loantša lisosa tse ka sehloohong. Taba ea pele, ha ba hlokomele boteng ba Satane eo moapostola Pauluse a mo hlalosang e le “molimo oa tsamaiso ena ea lintho.” (2 Bakorinthe 4:4) Satane o jetse lipeō tsa bokhopo har’a moloko oa batho, phello ke hore ba bangata, ho akarelletsa le babusi ba bangata, hona joale ba tšoaneloa ke tlhaloso ea Baefese 4:18, 19: ‘Ba lefifing likelellong, ’me ba arohile bophelong boo e leng ba Molimo, ka lebaka la ho hloka tsebo ho leng ho bona, ka lebaka la ho hloka boikutlo ha lipelo tsa bona. Ba feletsoe ke kutlo eohle ea boitšoaro, ba ineheletse boitšoaro bo hlephileng ho sebetsa ho se hloeke ha mofuta o mong le o mong ka meharo.’
5. (a) Ke hobane’ng ha mekhatlo ea batho e hlōleha ho phehella khotso? (b) Pesaleme ea 37 e fetisa molaetsa ofe o tšelisang?
5 Ha ho mokhatlo oa batho ba sa phethahalang o ka felisang lipelong tsa batho meharo, boithati le lehloeo tse jeleng setsi hakana kajeno. Ke ’Mōpi oa rōna feela, ’Musi Morena Jehova ea ka etsang seo! Ho feta moo, ke ba bonolo, ba seng bakae feela molokong oa batho, ba ikemiselitseng ho ikokobelletsa tataiso ea hae. Liphello ho bana le ho ba khopo ba lefatše lia bapisoa ho Pesaleme ea 37:9-11: “Ba bolotsana ba tla felisoa, athe ba itšepetseng Jehova ba tla rua lefatše. Ho se ho se hokae, ’me molotsana o tla ba sieo . . . empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo.”
6, 7. Ke tlaleho efe ea malumeli a lefatše e bontšang hore a hlōlehile ho sebeletsa e le manģosa a khotso?
6 Na joale manģosa a khotso a ka fumanoa malumeling a lefatše lee le kulang? Ha e le hantle, tlaleho ea bolumeli ho fihlela joale ke efe? Histori e bontša hore bolumeli bo bile le seabo tšollong ea mali, e, bo bile ba hlohlelletsa boholo ba eona ho theosa le makholo a lilemo. Ka mohlala, Christian Century ea bekeng ea la 30 August, 1995, ha e tlaleha ka moferefere naheng eo pele e neng e le Yugoslavia, e itse: “Bosnia e laoloang ke Maserbia, baprista ba lula litulong tse ka pele palamenteng ea maiketsetso, ’me ba boetse ba li hula pele moo ho hlohonolofatsoang masole haesita le libetsa pele ho lintoa.”
7 Mosebetsi oa boromuoa oa Bokreste-’mōtoana oa lilemo tse lekholo Afrika ha oa tlisa liphello tse molemo, joalokaha sena se bonahetse ka ho hlakileng Rwanda, naha eo ho tsebahalang hore karolo ea 80 lekholong ea baahi ba eona ke Mak’hatholike. The New York Times ea la 7 July, 1995, e ile ea tlaleha: “Golias, makasine e lumellang maikutlo a sa tšoaneng, ea Mak’hatholike feela a tloaelehileng, e hatisoang Lyons [Fora], e lokisetsa ho bolela mabitso a baprista ba bang ba 27 ba Rwanda le baitlami ba basali ba bane bao e bolelang hore ba bolaile kapa ba khothalelitse lipolao Rwanda selemong se fetileng.” African Rights, e leng mokhatlo oa litokelo tsa botho London, e itse: “Ntle le ho ba molato oa ho thōla, likereke li boetse li ikarabella ka ho tebileng haholoanyane bakeng sa hore ba bang ba baprista, baruti le baitlami ba basali ba tsona ba kopanele ka mafolofolo boitekong ba ho timetsa morabe.” Boemo bona bo tšoana le bo bileng teng Iseraeleng ha lenģosa la ’nete la Jehova, Jeremia le ne le hlalosa “lihlong” tsa Iseraele, hammoho le babusi, baprista le baprofeta ba eona, le eketsa ka ho re: “Mosehong oa kobo ea hao ho fumanoa mali a meea ea mafutsana a se nang molato.”—Jeremia 2:26, 34.
8. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore Jeremia e ne e le lenģosa la khotso?
8 Hangata Jeremia o ’nile a bitsoa moprofeta oa timetso, empa o ne a ka boetse a bitsoa lenģosa la khotso la Molimo. O buile ka khotso hangata joalokaha Esaia a entse pele ho eena. Jehova o ile a sebelisa Jeremia ho phatlalatsa kahlolo ea Jerusalema, a re: ‘Motse ona o ’nile oa hlahisa bohale le khalefo ho ’na, ho nka mohla ba o hahileng, ho fihlela tsatsi lena, hore ke tle ke o tlose pontšeng ea ka; ka baka la bobe kaofela boo bana ba Iseraele le bana ba Juda ba kileng ba bo etsa, ba tle ba mphephetse, e le bona, le marena a bona, le baholo ba bona, le baprista ba bona, le baprofeta ba bona, le batho ba Juda, le baahi ba Jerusalema.’ (Jeremia 32:31, 32) Sena se ne se tšoantšetsa kahlolo ea Jehova ho babusi le baruti ba Bokreste-’mōtoana kajeno. Hore khotso ea ’nete e rene, bahlohlelletsi bana ba bobe le pefo ba tlameha ho tlosoa! Ka sebele hase manģosa a khotso.
Na Machaba a Kopaneng a Phehella Khotso?
9. Machaba a Kopaneng a ile a ipolela hore ke lenģosa la khotso joang?
9 Na Machaba a Kopaneng e ne e ke ke ea e-ba lenģosa la ’nete la khotso? Ha e le hantle, selelekeleng sa molao oa ’ona oa motheo, o ileng oa nehelanoa ka June 1945, matsatsi a 41 feela pele bomo ea athomo e ripitla Hiroshima, se ile sa bolela morero oa ’ona: “ho sireletsa meloko e latelang mahlomoleng a bakoang ke ntoa.” Litho tse 50 tseo ho neng ho lebeletsoe hore e be tsa Machaba a Kopaneng li ne li lokela “ho kopanya matsoho ho boloka khotso le tšireletseho tsa machaba.” Kajeno Machaba a Kopaneng a na le litho tsa lichaba tse 185, tseo ho lumeloang hore kaofela li inehetse letšolong le tšoanang.
10, 11. (a) Baeta-pele ba bolumeli ba ile ba bolela joang hore ba tšehetsa Machaba a Kopaneng? (b) Bapapa ba emetse “Litaba tse Molemo tsa ’Muso oa Molimo” hampe ka tsela efe?
10 Ho theosa le lilemo Machaba a Kopaneng a ’nile a thoholetsoa, haholo-holo ke baeta-pele ba bolumeli. Ka la 11 April, 1963, Mopapa John XXIII o ile a saena lengolo la hae le eang ho babishopo le nang le sehlooho “Pacem in Terris” (Khotso Lefatšeng) leo ho lona a ileng a re: “Ke takatso ea rōna e tiileng hore mokhatlo oa Machaba a Kopaneng—sebōpehong sa oona le matlotlong a oona—o ka khona haholoanyane ho sebetsana le mesebetsi ea oona e mengata le e khabane.” Hamorao, ka June 1965, baeta-pele ba bolumeli, bao ho lumeloang hore ba emetse halofo ea baahi ba lefatše, ba ile ba ketekela selemo sa bo20 Machaba a Kopaneng a tsoetsoe San Francisco. Hape, ka 1965, Mopapa Paul VI, ha a etetse Machaba a Kopaneng, o ile a a hlalosa e le “tšepo ea ho qetela ea kutloano le khotso.” Ka 1986, Mopapa John Paul II o ile a kenella ho phatlalatseng Selemo sa Machaba sa Khotso sa Machaba a Kopaneng.
11 Hape, nakong ea ketelo ea hae ka October 1995, mopapa o ile a re: “Kajeno re phatlalatsa Litaba tse Molemo tsa ’Muso oa Molimo.” Empa na eena ha e le hantle ke lenģosa la Molimo la litaba tse molemo tsa ’Muso? Ha a bua ka mathata a lefatše, o ile a tsoela pele ho re: “Ha re talimana le liphephetso tsena tse khōlōhali, re ka hlōleha joang ho ela hloko karolo ea Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng?” Machaba a Kopaneng, eseng ’Muso oa Molimo, ke eona khetho ea mopapa.
Mabaka a ho “Lla Habohloko”
12, 13. (a) Ke joang Machaba a Kopaneng a ileng a itšoara ka tsela e hlalositsoeng ho Jeremia 6:14? (b) Ke hobane’ng ha boeta-pele ba Machaba a Kopaneng bo akarelletsoa tlhalosong e ho Esaia 33:7?
12 Ho ketekoa ha selemo sa bo50 sa Machaba a Kopaneng ho hlōlehile ho senola litebello leha e le life tsa sebele tsa “khotso lefatšeng.” Lebaka le leng le bontšitsoe ke mongoli e mong ho The Toronto Star ea Canada, ea ileng a ngola: “Machaba a Kopaneng ke tau e lisene, e rorang ha e talimane le bobatana ba batho, empa e lokelang ho emela litho tsa eona ho e khoesa meno a maiketsetso pele e ka loma.” Hangata ho loma hoo e bile ho honyenyane haholo le ho liehang haholo. Manģosa a khotso tsamaisong ea lintho ea lefatše ea hona joale, haholo-holo a leng Bokreste-’mōtoaneng, a ’nile a pheta mantsoe a Jeremia 6:14: “Ba oka leqeba la morali oa sechaba sa ka ka bobebe, ka ho re: Khotso! Khotso! kanthe ha ho khotso.”
13 Bangoli-kakaretso ba latellanang ba Machaba a Kopaneng ba sebelitse ka thata, ’me ntle ho pelaelo e le ka botšepehi, ho etsa hore Machaba a Kopaneng a atlehe. Empa khang e sa feleng pakeng tsa litho tsa ’ona tse 185 tse nang le lipakane tse ngata tse sa tšoaneng mabapi le ho laola ntoa, ho qapa leano le mokhoa oa ho sebetsana le lichelete e sitisitse litebello tsa katleho. Tlalehong ea hae ea selemo sa 1995, eo e neng e le mongoli-kakaretso ka nako eo o ile a ngola ka ho fokotseha ha “tšabo ea tlokotsi ea nyutlelie lefatšeng lohle” e le ho bulang tsela bakeng sa hore “lichaba li sebetse hammoho li lebile tsoelo-peleng ea moruo le ea tšebelisano molokong oohle oa batho.” Empa o ile a phaella: “Ka masoabi, tlaleho ea litaba tsa lefatše lilemong tse seng kae tse fetileng e shanofalitse haholo litebello tseo tse tlatsang motho tšepo.” Ka sebele, manģosa ana a ipolelang hore ke a khotso a “lla habohloko.”
14. (a) Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore Machaba a Kopaneng a oele licheleteng le boitšoarong? (b) Jeremia 8:15 e phethahala joang?
14 Sehlooho sa litaba koranteng ea The Orange County Register ea California se ne se baleha tjena: “Machaba a Kopaneng a Oele Licheleteng le Boitšoarong.” Sehlooho sena se boletse hore pakeng tsa 1945 le 1990, ho bile le lintoa tse fetang 80, tse bolaileng batho ba fetang limilione tse 30. Se ile sa qotsa mongoli oa tokollo ea October 1995 ea Reader’s Digest ea “hlalosang mesebetsi ea sesole ea Machaba a Kopaneng e le e khetholloang ka ‘balaoli ba sa tšoaneleheng, masole a tsoileng tseleng, ho ba le selekane le bahatelli, ho hlōleha ho thibela liketso tse sehlōhō ’me ka linako tse ling le ho tlatsetsa tšabong.’ Ho feta moo, ‘tekanyo ea tšenyo, bolotsana le tlhekefetso, ea sithabetsa.’” Karolong e reng “Machaba a Kopaneng ha a le lilemo li 50,” The New York Times e bile le sehlooho se reng “Ho se Laolehe le Tšenyo li Senya Boikemisetso bo Molemohali ba Machaba a Kopaneng.” The Times ea London, Engelane, e bile le sehlooho se nang le mantsoe a reng, “Kaha aa Fokola ha a le Lilemo li Mashome a Mahlano—Machaba a Kopaneng a hloka lenaneo la boikoetliso hore a boele boemong ba ’ona ba pele.” Bonneteng, ho joalokaha re bala ho Jeremia khaolo ea 8, temana ea 15: “Re ne re ntse re lebeletse khotso, empa ha re bone molemo; le letsatsi la pholiso, ’me bonang, hoa tšabeha.” ’Me tšokelo ea polao e sehlōhō ea nyutlelie e sa ntse e sokela moloko oa batho. Ho hlakile hore Machaba a Kopaneng hase lenģosa la khotso leo moloko oa batho o le hlokang.
15. Babylona ea boholo-holo le malumeli a tsoang ho eona a ipakile joang hore aa senya a bile aa thotofatsa?
15 Phello ea see sohle e tla ba efe? Lentsoe la Jehova la boprofeta le hlakile ka ho feletseng. Tabeng ea pele, ke’ng se letetseng malumeli a bohata a lefatše ao e ’nileng ea e-ba metsoalle ea hlooho ea khomo ea Machaba a Kopaneng? A tsoa mohloling o le mong oa borapeli ba litšoantšo, Babylona ea boholo-holo. A hlalosoa ka ho loketseng ho Tšenolo 17:5 e le “Babylona e Moholo, ’mè oa liotsoa le oa lintho tse nyonyehang tsa lefatše.” Jeremia o hlalositse timetso ea mokhatlo ona oa boikaketsi. Joaloka seotsoa, a khelositse bo-ralipolotiki ba lefatše, a phoqile Machaba a Kopaneng ’me a thehile likamano tse sa lokelang le mebuso ea lipolotiki eo e leng litho tsa ’ona. A ’nile a kenella haholo lintoeng tsa histori. Mohlalosi e mong o boletse sena mabapi le ntoa ea bolumeli India: “Karl Marx o boletse hore bolumeli ke matekoane ho batho. Empa polelo eo ha e hlile ha ea nepahala hobane matekoane aa tetebetsa, a koieetsa batho hore ba thotofale. Ho e-na le hoo, bolumeli bo tšoana haholoanyane le k’hok’heine e tsujoang. Bo hlohlelletsa pefo e matla ’me ke tšusumetso e senyang haholo.” Mongoli eo le eena ha aa nepa ka ho feletseng. Bolumeli ba bohata boa thotofatsa bo bile boa senya.
16. Ke hobane’ng ha batho ba lipelo li tšepahalang hona joale ba baleha Babylona e Moholo? (Bona le Tšenolo 18:4, 5.)
16 Joale, batho ba lipelo li tšepahalang ba lokela ho etsa eng? Lenģosa la Molimo, Jeremia le re fa karabo: ‘Balehang Babylona, ho pholosa e mong le e mong bophelo ba hae, hobane nako ea tefetso ea Jehova ke eona eo.’ Re thabile hore ebe ba limilione ba balehile litlamong tsa Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Na u e mong oa baa? Joale u ka utloisisa hantle kamoo Babylona e Moholo e susumelitseng lichaba tsa lefatše kateng: ‘Lichaba tsa ’na tsa e-noa veine ea hae; ka baka leo, lichaba li hlile lia hlanya.’—Jeremia 51:6, 7.
17. Babylona e Moholo e tla tloha e ahloloa ka kahlolo efe, ’me ke’ng se latelang ketsahalo eo?
17 Haufinyane Jehova o tla susumetsa litho tse ‘hlanyang’ tsa Machaba a Kopaneng hore li fetohele bolumeli ba bohata joalokaha ho hlalositsoe ho Tšenolo 17:16: “Li tla hloea seotsoa ’me li tla se ripitla le ho se hlobolisa, ’me li tla ja kaofela likarolo tse linama tsa sona ’me li tla se chesa ka ho feletseng ka mollo.” Sena se tla tšoaea ho qaleha ha matšoenyeho a maholo a boletsoeng ho Matheu 24:21 ’me sehlohlolo sa ’ona e tla ba Armagedone, ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle. Joaloka Babylona ea boholo-holo, Babylona e Moholo e tla fumana kahlolo e boletsoeng ho Jeremia 51:13, 25: “Uena [mosali] ea ahileng metsing a maholo, ea tletseng matlotlo, bofelo ba hao bo tlile, bosholu ba hao bo ea fela. Bona, ke tla ho uena, thaba e senyang, ho bolela Jehova, uena ea senyang lefatše kaofela; ke tla otlolla letsoho la ka holim’a hao, ke u lihe mafikeng, ke u fetole thaba e chesitsoeng.” Lichaba tse senyehileng, tse hlohlelletsang ntoa, li tla sala bolumeli ba bohata morao ho ea timetsong ha letsatsi la phetetso ea Jehova le li oela holimo le tsona.
18. Esaia 48:22 e sa ntse e tla phethahala neng hona joang?
18 Ho 1 Bathesalonika 5:3 ho itsoe ka ba khopo: “Neng kapa neng ha ba re: ‘Khotso le tšireletseho!’ joale timetso ea tšohanyetso e tla ba holim’a bona hang-hang feela joaloka bohloko bo hlabang ba mahlomola ho mosali oa moimana; ’me ho hang ha ba na ho phonyoha.” Bana ke bao Esaia a itseng ka bona: “Bonang, . . . manģosa a khotso a [tla] lla habohloko.” (Esaia 33:7) Ka sebele, joalokaha re bala ho Esaia 48:22, “ha ho khotso e boloketsoeng ba bolotsana, ho bolela Jehova!” Empa ke bokamoso bofe bo letetseng manģosa a khotso ea bomolimo a ’nete? Sehlooho sa rōna se latelang se tla bolela.
Lipotso Tsa Tlhahlobo
◻ Baprofeta ba Molimo ba pepesitse manģosa a bohata ka mantsoe afe a matla?
◻ Ke hobane’ng ha mekhatlo ea batho e hlōleha, ha e leka ho tlisa khotso e sa feleng?
◻ Manģosa a khotso a ’nete a fapana joang le babuelli ba Machaba a Kopaneng?
◻ Ba bonolo ba lokela ho etsa eng e le hore ba thabele khotso eo Jehova a e tšepisitseng?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Esaia, Jeremia le Daniele kaofela ba boletse esale pele ho hlōleha ha boiteko feela tjee ba batho ba ho tlisa khotso
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
“Lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.”—Moapostola Johanne
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
‘Ba lefifing kelellong.’—Moapostola Pauluse