Kahlolo ea Jehova Khahlanong le Matichere a Bohata
“Baporofeteng ba Jerusalema ke bone manyala, ho feba le ho tsamaea leshanong . . . Ho ’na kaofela ha bona ba joale ka Sodoma, baahi ba teng ba joale ka Gomorra.”—JEREMIA 23:14.
1. Ke hobane’ng ha motho ea rutang thuto ea bomolimo a nka boikarabelo bo tebileng haholo?
MANG le mang ea rutang thuto ea bomolimo o nka boikarabelo bo tebileng haholo. Jakobo 3:1 (NW) ea lemosa: “Hase ba bangata ho lōna ba lokelang ho ba matichere, banab’eso, ka ho tseba hore re tla amohela kahlolo e boimanyana.” E, matichere a Lentsoe la Molimo a na le boikarabelo bo tebileng haholoanyane ba ho fana ka tlaleho e amohelehang ho feta Bakreste ka kakaretso. See se tla bolela eng bakeng sa ba ipakang e le matichere a bohata? A re shebeng boemo ba mehla ea Jeremia. Re tla hlokomela kamoo bo neng bo tšoantšetsa se etsahalang kajeno.
2, 3. Jehova o ile a fetisa kahlolo efe ka Jeremia ho matichere a bohata a Jerusalema?
2 Ka 647 B.C.E., selemo sa bo13 sa puso ea Morena Josiase, Jeremia o ile a fuoa thōmo ea ho ba moprofeta oa Jehova. Jehova o ne a e-na le pelaelo ka Juda, kahoo o ile a romela Jeremia ho ea e bolela. Baprofeta ba bohata ba Jerusalema, kapa matichere, ba ne ba etsa “manyala” mahlong a Molimo. Bobe ba bona bo ne bo le boholo hoo Jerusalema le Juda, Molimo a ileng a li tšoantša le Sodoma le Gomorrha. Jeremia khaolo 23 e re bolella ka sena. Temana ea 14 e re:
3 “Baporofeteng ba Jerusalema ke bone manyala, ho feba le ho tsamaea leshanong; ba tiisa matsoho a ba babe, ba tle ba se ke ba sokoloha e mong le e mong bobeng ba hae. Ho ’na kaofela ha bona ba joale ka Sodoma, baahi ba teng ba joale ka Gomorra.”
4. Mohlala o mobe oa boitšoaro oa matichere a Jerusalema o tšoana le oa Bokreste-’mōtoana joang kajeno?
4 E, baprofeta bana, kapa matichere, ba ne ba beha mehlala e mebe haholo ea boitšoaro e le bona, ’me ka hona, ba khothaletsa batho ho etsa se tšoanang. Sheba maemo Bokreste-’mōtoaneng kajeno! Na ha a tšoane hantle le a mehleng ea Jeremia? Kajeno baruti ba lumella bafebi le basodoma ho lula boruting esita le ho ba lumella ho tšoara litšebeletso tsa kereke. Na hoa makatsa hore litho tse ngata hakaale tse ingolisitseng kerekeng ebe li itšoere hampe le tsona?
5. Ke hobane’ng ha boemo ba ho hlepha boitšoarong ha Bokreste-’mōtoana bo le bobe le ho feta ba Sodoma le Gomorrha?
5 Jehova o ile a tšoantša baahi ba Jerusalema le ba Sodoma le Gomorrha. Empa boemo ba ho hlepha boitšoarong ba Bokreste-’mōtoana bo bobe le ho feta ba Sodoma le Gomorrha. E, bo molato le ho feta mahlong a Jehova. Matichere a bona a nyefola tekanyetso ea Bokreste ea boitšoaro. ’Me sena se fehla moea oa ho hlepha ha boitšoaro oo ho oona ho nang le liphephetso tse hohelang tsa mefuta eohle tsa ho etsa se sebe. Boitšoaro ba mofuta ona bo atile hoo kajeno bobe bo talingoang bo tloaelehile.
“Ho Tsamaea Leshanong”
6. Jeremia o itse’ng ka bobe ba baprofeta ba Jerusalema?
6 Joale hlokomela seo temana ea 14 e se bolelang ka baprofeta ba Jerusalema. Ba ne ba “tsamaea leshanong.” ’Me karolo ea ho qetela ea temana ea 15 e re: “Ka baporofeta ba Jerusalema bonyefoli bo hlile bo tsoetse pele lefatšeng lohle.” Joale temana ea 16 ea phaella: “Ho itsoe ke Jehova oa makhotla: Le se ke la mamela mantsoe a baporofeta ba le porofetelang; ba le tšepisa bosaoana, ba bolela tšenolo ea lipelo tsa bona, e seng e tsoang molomong oa Jehova.”
7, 8. Ke hobane’ng ha baruti ba Bokreste-’mōtoana ba tšoana le baprofeta ba bohata ba Jerusalema, hona see se amme litho tsa likereke joang?
7 Joaloka baprofeta ba bohata ba Jerusalema, baruti ba Bokreste-’mōtoana le bona ba tsamaea leshanong, ba phatlalatsa lithuto tsa bokoenehi, lithuto tse sa fumanoeng Lentsoeng la Molimo. Tse ling tsa lithuto tsee tsa bohata ke life? Ho se shoe ha sephefumolohi, Boraro-bo-bong, pelekatori, le mollo oa lihele bakeng sa ho hlokofatsa batho ka ho sa feleng. Ba boetse ba tsikinyetsa litsebe tsa bamameli ba bona ka ho ruta seo batho ba ratang ho se mamela. Ba pheta-pheta hore ha ho tlokotsi eo Bokreste-’mōtoana bo talimaneng le eona hobane bo na le khotso ea Molimo. Empa baruti ba bua “tšenolo ea lipelo tsa bona.” Ke bohata. Ba lumelang mashano a joalo ba fuoa chefu ea moea. Ba khelosetsoa ho ea timetsong!
8 Nahana ka seo Jehova a se bolelang ka matichere ana a bohata temaneng ea 21: “Ha kea ka ka roma baporofeta bao, ’me bona ba mathile; ha kea ka ka bua le bona, ’me bona ba porofetile.” Kahoo kajeno, baruti ha baa rongoa ke Molimo, ’me ha ba rute linnete tsa hae. Phello ke efe? Ho na le ho se tsebe Bibele ho nyarosang har’a litho tsa likereke hobane baruti ba bona ba ba fepa lifilosofi tsa lefatše.
9, 10. (a) Matichere a bohata a Jerusalema a bile le litoro tsa mofuta ofe? (b) Ke joang baruti ba Bokreste-’mōtoana ka ho tšoanang ba rutileng “litoro tsa leshano”?
9 Ho feta moo, baruti kajeno ba phatlalatsa tšepo ea bohata. Hlokomela temana ea 25: “Ke utloile se boletsoeng ke baporofeta ba porofetang leshano ka lebitso la ka, ha ba re: Re lorile, re lorile.” Ke litoro tsa mofuta ofe? Temana ea 32 ea re bolella: “Bonang, ke na le tseko le ba porofetang litoro tsa leshano, ho bolela Jehova, ba li bolelang, ba khelosang sechaba sa ka ka mashano a bona le ka boikakaso ba bona; kanthe ha kea ka ka ba roma, ha kea ka ka ba nea taelo, ’me ha e le ho thusa, ha ba thuse sechaba sena letho, ho bolela Jehova.”
10 Baruti ba rutile litoro life tsa bohata, kapa tšepo? Ke hore tšepo feela ea motho bakeng sa khotso le tšireletseho kajeno ke Machaba a Kopaneng. Lilemong tsa morao tjena ba ’nile ba bitsa Machaba a Kopaneng “tšepo ea ho qetela ea kutloano le khotso,” “setsi se phahameng ka ho fetisisa sa khotso le toka,” “tšepo e khōlō ea nakoana bakeng sa khotso ea lefatše.” Ke thetso e kaakang! Tšepo feela bakeng sa moloko oa batho ke ’Muso oa Molimo. Empa baruti ha ba bolele le ho ruta ’nete ka puso eo ea leholimo, eo e neng e le sehlooho se seholo sa boboleli ba Jesu.
11. (a) Matichere a bohata a Jerusalema a bile le phello efe e mpe lebitsong la Molimo? (b) Ho fapana le sehlopha sa Jeremia, matichere a kajeno a bohata a bolumeli a entse’ng ka lebitso la Molimo?
11 Temana ea 27 e re bolella ho eketsehileng: “Ba na le khopolo ea hore ba lebatse sechaba sa ka lebitso la ka ka litoro tsa bona tsee ba li bolelang e mong le e mong ho molekane oa hae, joalo ka bo-ntat’a bona ba kileng ba lebala lebitso la ka ka baka la Baale.” Baprofeta ba bohata ba Jerusalema ba ile ba etsa hore sechaba se lebale lebitso la Molimo. Na matichere a kajeno a bolumeli ba bohata a entse se tšoanang? Se sebe ka ho fetisisa ke hore, a pata lebitso la Molimo, Jehova. A ruta hore ha ho hlokahale hore le sebelisoe, ’me a le tlosa liphetolelong tsa ’ona tsa Bibele. A hanyetsa ka matla mang le mang ea rutang batho hore lebitso la Molimo ke Jehova. Empa sehlopha sa Jeremia, masala a Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea, hammoho le metsoalle ea ’ona, se entse joalokaha Jesu a entse. Se rutile ba limilione ka lebitso la Molimo.—Johanne 17:6.
Ho Pepesa Molato oa Bona
12. (a) Ke hobane’ng ha matichere a bohata a bolumeli a e-na le molato o moholo oa mali? (b) Karolo ea baruti e bile efe lintoeng tse peli tsa lefatše?
12 Sehlopha sa Jeremia se ’nile sa tsoela pele ho pepesa baruti e le matichere a bohata a etellang pele mohlape oa ’ona tseleng e hebe-hebe ea timetso. E, masala a hlakisitse hore na ke hobane’ng ha balori bao ba tšoaneloa ke kahlolo e matla ea Jehova. Ka mohlala, bahlanka ba Jehova hangata ba ’nile ba supa ho Tšenolo 18:24, e bolelang hore ho Babylona e Moholo ho fumanoe mali a “bohle ba bolailoeng lefatšeng.” Nahana ka lintoa tsohle tse ’nileng tsa loanoa ka lebaka la liphapang tsa bolumeli. Matichere a bohata a bolumeli a na le molato o moholo hakaakang oa mali! Lithuto tsa bona li ’nile tsa baka liphapang ’me tsa ntšetsa pele lehloeo la batho ba litumelo tse sa tšoaneng le lihlopha tsa lichaba. Mabapi le Ntoa ea I ea Lefatše, buka Preachers Present Arms e re: “Clercs [baruti] ba ile ba fa ntoa eo bohlokoa le tšusumetso ea bona e matla. . . . Kahoo kereke e ile ea ameha haholo tsamaisong ea ntoa.” Ho bile joalo le ka Ntoa ea II ea Lefatše. Baruti ba ne ba tšehetsa ka ho feletseng lichaba tse loanang ’me ba hlohonolofatsa masole a tsona. Lintoa tse peli tsa lefatše li ile tsa qala Bokreste-’mōtoaneng moo balumeli-’moho ba neng ba bolaeana. Lihlotšoana tsa lefatše le tsa bolumeli ka har’a Bokreste-’mōtoana li tsoela pele ho baka tšollo ea mali ho tla fihlela nakong ena. Lithuto tsa bona tsa bohata li bile le phello e tšabehang hakaakang!
13. Jeremia 23:22 e netefatsa joang hore baruti ba Bokreste-’mōtoana ha ba na kamano le Jehova?
13 Ka kōpo hlokomela Jeremia khaolo 23, temana ea 22: “Hojane ebe ba kile ba ema morerong oa ka, ba ka be ba utloisitse sechaba sa ka mantsoe a ka, ba se sokolla mekhoeng ea sona e mebe le bolotsaneng ba liketso tsa bona.” Hoja baprofeta ba bolumeli ba Bokreste-’mōtoana ba ne ba eme sehlopheng se haufi le Jehova, kamanong e haufi le eena joaloka hoja e le mohlanka ea tšepahalang le ea bohlale, ba ka be ba phela ka litekanyetso tsa Molimo. Le bona ba ka be ba etsa hore batho ba Bokreste-’mōtoana ba utloe mantsoe a Molimo. Ho e-na le hoo, matichere a kajeno a bohata a entse hore balateli ba ’ona ba latele ka bofofu Sera sa Molimo, Satane Diabolose.
14. Ke ho senoloa hofe ho matla ha baruti ba Bokreste-’mōtoana ho entsoeng ka 1958?
14 Ho senoloa ha ’nete ka baruti ke sehlopha sa Jeremia ho ’nile ha e-ba matla. Ka mohlala, Kopanong ea Machaba ea Thato ea Bomolimo ea 1958 ea Lipaki tsa Jehova New York City, motlatsi oa mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower o ile a etsa polelo eo karolo ea eona e neng e re: “Ka ntle le ho ba teme-peli ka tsela leha e le efe kapa ho qea-qea re phatlalatsa lebaka lena le ka sehloohong la tlōlo ea molao, botlokotsebe, lehloeo, ntoa, leeme, . . . le pherekano e khōlō e le bolumeli bo fosahetseng, bolumeli ba bohata; bo susumetsoang ke sera se sa bonahaleng sa motho, Satane Diabolose. Batho ba ikarabellang haholo bakeng sa boemo ba lefatše ke barupeli le baeta-pele ba bolumeli; ’me ba jereng molato ka ho fetisisa har’a bana ke baruti ba bolumeli ba Bokreste-’mōtoana. . . . Ka mor’a lilemo tsena tsohle ho tloha Ntoeng ea I ea Lefatše, kamano ea Bokreste-’mōtoana ho Molimo e joaloka ea Iseraele mehleng ea Jeremia. E, Bokreste-’mōtoana bo talimane le timetso e tšosang le e ripitlang ka ho feletseng ho feta eo Jeremia a e boneng e etsahalla Jerusalema.”
Kahlolo ea Matichere a Bohata
15. Baruti ba entse boprofeta bofe bo buang ka khotso? Na bo tla phethahatsoa?
15 Ho sa tsotellehe temoso ena, baruti ba entse eng esale ho tloha ka nako eo? Feela joalokaha temana ea 17 e tlaleha: “Ba bolella ba ’nyelisang, ba re: Lentsoe la Jehova le re: Khotso e tla ba teng ho lōna; le ho bohle ba tsamaeang ka bothata ba lipelo tsa bona ba re: Le ke ke la hlaheloa ke bobe.” Na hoo ke ’nete? Che! Jehova o tla pepesa leshano la boprofeta bona ba baruti. A ke ke a phethahatsa seo ba se bolelang ka lebitso la hae. Leha ho le joalo, tiiso ea bohata ea baruti ea khotso le Molimo ke e thetsang haholo!
16. (a) Boemo ba boitšoaro ba lefatše lena ke bofe, ’me ke bo-mang ba ikarabellang bakeng sa bona? (b) Sehlopha sa Jeremia se etsa eng ka maikutlo a lefatše lee a boitšoaro bo hlephileng?
16 Na u nahana tjee, ‘Eng, ’na ke thetsoe ke lithuto tsa bohata tsa baruti? Le hanyenyane!’ U se ke ua kholiseha hakaalo! Hopola hore lithuto tsa bohata tsa baruti li ’nile tsa ntšetsa pele moea o bolotsana, o tšabehang oa boitšoaro. Lithuto tsa bona tse se nang lithibelo li lokafatsa hoo e batlang e e-ba ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ho sa tsotellehe hore na ke ea boitšoaro bo bobe hakae. ’Me boemo bona ba boitšoaro bo hlephileng bo keneletse libakeng tsohle tsa boithabiso, libaesekopo, TV, limakasine, le ’mino. Kahoo, re tlameha ho ba hlokolosi ka ho khethehileng, e le hore re se oele tlas’a tšusumetso ea moea ona oa boitšoaro o hlephileng empa o ipiletsa o sa hlokomelehe. Ba bacha ba ka tšoasoa ke li-video tse hlephisang boitšoaro le ’mino. Hopola hore boikutlo bona ba batho kajeno ba hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea amoheleha ke phello e tobileng ea lithuto tsa bohata tsa baruti le ho hlōleha ha bona ho phahamisa litekanyetso tse lokileng tsa Molimo. Sehlopha sa Jeremia se loantša maikutlo ana a boitšoaro bo hlephileng ’me se thusa bahlanka ba Jehova hore ba qhelele thōko bobe bo koentseng Bokreste-’mōtoana.
17. (a) Ho ea ka Jeremia, Jerusalema e khopo e ne e tla tleloa ke kahlolo efe? (b) Haufinyane ho tla etsahala eng ka Bokreste-’mōtoana?
17 Matichere a bohata a Bokreste-’mōtoana a tla amohela kahlolo efe ho Jehova, Moahloli e moholo? Litemana 19, 20, 39, le 40 lia araba: “Bonang, sefefo sa Jehova ke seo, khalefo e chesang e tsoetse ntle, sefefo se tsokotsehang se tla tsokotseha lihloohong tsa ba babe. Bohale ba Jehova bo ke ke ba khutla, a e-so ho etse le ho phetha khopolo ea pelo ea hae. . . . Ke tla le ngala, ke le lahlele hole le sefahleho sa ka, lōna le motse oo ke neng ke o neile bo-ntat’a lōna. ’Me ke tla bea holim’a lōna sekhobo se sa feleng le nyeliso e sa feleng, e se nang ho lebaloa.” Seo sohle se ile sa etsahalla Jerusalema e khopo le tempele ea eona, ’me haufi timetso e tšoanang e tla etsahalla Bokreste-’mōtoana bo khopo!
Ho Phatlalatsa “Moroalo oa Jehova”
18, 19. Ke ‘moroalo ofe oa Jehova’ oo Jeremia a ileng a o phatlalatsa ho Juda, hona o ne a bolela’ng?
18 Kahoo, boikarabelo ba sehlopha sa Jeremia le metsoalle ea sona ke bofe? Temana ea 33 (NW) ea re bolella: “Ha sechaba sena kapa moprofeta kapa moprista ba u botsa, ba re, ‘Moroalo oa Jehova ke eng?’ u tlameha ho boela o re ho bona, ‘“Lōna sechaba le—Oho moroalo o mokaakang! ’Me ka sebele ke tla le lahla,” ho bolela Jehova.’”
19 Lentsoe la Seheberu bakeng sa “moroalo” le na le meelelo e ’meli. Le ka bolela polelo ea bomolimo ea bohlokoa bo boholo kapa ntho e ’ngoe e nyahamisang le e khathatsang. Mona polelo “moroalo oa Jehova” e bolela boprofeta ba bohlokoa—polelo ea hore Jerusalema e ne e lokela ho timetsoa. Na batho ba ne ba rata ho utloa lipolelo tsa boprofeta bo joalo tse boima tseo Jeremia a ileng a ba fa tsona ka makhetlo li tsoa ho Jehova? Che, batho ba ile ba soma Jeremia: ‘Ke boprofeta (moroalo) bofe boo u nang le bona joale? Re kholisehile hore boprofeta ba hao e tla ba moroalo o mong o khathatsang!’ Empa Jehova o ile a ba bolella eng? Sena: “Lōna sechaba le—Oho moroalo o mokaakang! ’Me ka sebele ke tla le lahla.” E, sechaba sena e ne e le moroalo ho Jehova, ’me o ne a tla se jarolla hore e se hlole e e-ba moroalo ho eena.
20. Kajeno “moroalo oa Jehova” ke eng?
20 “Moroalo oa Jehova” ke eng kajeno? Ke molaetsa oa boprofeta oa bohlokoa o tsoang Lentsoeng la Molimo. O tletse timetso, o phatlalatsa timetso e haufi ea Bokreste-’mōtoana. Ha e le bakeng sa rōna joaloka batho ba Jehova, re na le boikarabelo bo tebileng haholo ba ho phatlalatsa ‘moroalo ona oa Jehova.’ Ha bofelo bo atamela, re tlameha ho bolella bohle hore batho ba sa laoleheng ba Bokreste-’mōtoana ke “moroalo,” e, “Oho moroalo o mokaakang!” ho Jehova Molimo, le hore haufinyane o tla itjarolla “moroalo” ona ka ho hlahisetsa Bokreste-’mōtoana tlokotsi.
21. (a) Ke hobane’ng ha Jerusalema e ile ea timetsoa ka 607 B.C.E.? (b) Ka mor’a timetso ea Jerusalema, ho ile ha etsahala joang ka baprofeta ba bohata le moprofeta oa ’nete oa Jehova, hona see se re tiisetsa eng kajeno?
21 Kahlolo ea Jehova e ile ea liheloa mehleng ea Jeremia ha Bababylona ba timetsa Jerusalema ka 607 B.C.E. Joalokaha ho profetiloe, sena e ne e le ‘nyeliso, le tlotlollo’ ho Baiseraele bao ba manganga, ba sa tšepahaleng. (Jeremia 23:39, 40) E ile ea ba bontša hore Jehova, eo ba neng ba ile ba mo hlompholla ka makhetlo, o ne a qeteletse a ba lahlile hore ba latsoe liphello tsa bobe ba bona. Melomo ea baprofeta ba bona ba bohata ba baikhohomosi e ile ea qetella e khutsisitsoe. Leha ho le joalo, molomo oa Jeremia o ile oa tsoela pele ho profeta. Jehova haa ka a mo lahla. Tumellanong le mohlala oo, Jehova a ke ke a lahla sehlopha sa Jeremia ha qeto ea hae ea bohlokoa e lebisa timelong ea baruti ba Bokreste-’mōtoana le ba lumelang mashano a bona.
22. Bokreste-’mōtoana bo tla behoa boemong bofe ke likahlolo tsa Jehova?
22 E, boemo ba ho ba lesupi, ba ho se ahoe ha Jerusalema ka mor’a 607 B.C.E. ke kamoo bolumeli ba Bokreste-’mōtoana bo tla shebahala kateng hantle ka mor’a hore bo amohuoe maruo a bona kaofela ’me bo pepesoe ka tsela e lihlong. Ena ke kahlolo e loketseng eo Jehova a e entseng khahlanong le matichere a bohata. Kahlolo eo e ke ke ea hlōleha. Feela joalokaha melaetsa eohle e bululetsoeng ea temoso ea Jeremia e ile ea e-ba ’nete nakong e fetileng, ka ho tšoanang e tla ba ’nete phethahatsong ea eona ea mehleng ena. Kahoo a re tšoaneng le Jeremia. A re phatlalatseng moroalo oa boprofeta ba Jehova ho batho re sa tšabe, e le hore ba tle ba tsebe hore na ke hobane’ng ha tekanyo e feletseng ea kahlolo ea hae e lokileng e tla oela matichere ’ohle a bohata a bolumeli!
Lipotso tsa Tlhahlobo
◻ Jerusalema ea boholo-holo e ne e le mpe hakae ho latela pono ea Jehova?
◻ Bokreste-’mōtoana ‘bo tsamaile leshanong’ ka litsela life?
◻ Molato oa baruti ba kajeno o pepesitsoe joang?
◻ Hona joale ho phatlalatsoa ‘moroalo ofe oa Jehova’?
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Baprofeta ba Jerusalema ba ile ba etsa “manyala”
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
“Ba bolela tšenolo ea lipelo tsa bona”
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Jerusalema ka mor’a timetso ea hae e tšoantšetsa se tla hlahela Bokreste-’mōtoana qetellong