Part 5—Greece—’Muso oa Bohlano o Moholo oa Lefatše
Joaloka lengau le matjato, le nang le mapheo, Alexander o ile a tloha Greece ho ea hapa Asia Minor (Turkey ea mehleng ea kajeno), Palestine, Egepeta, le ’muso oa Medo-Persia ho ea fihla qetellong ea India. Na u ne u tla thabela ho tseba ho eketsehileng ka mohapi enoa ea ikhethang le seo Bibele e se boletseng ka eena?
A LE lilemo li 20 feela, Alexander e monyenyane o ile a hloella teroneng ea Macedon. Lilemo tse peli hamorao, ho latela morero oa ntat’ae Philip, Alexander o ile a qala ntoa ea boiphetetso khahlanong le Bapersia ba matla, bao ’muso oa bona o neng o le ka bochabela. Pele a emisa, Alexander o ne a hapile lefatše la mehleng ea hae.
Mohlankana enoa ea silakanyang oa maqiti a ntoa o ile a fohla Asia Minor, Syria, Palestine, Egepeta, Babylonia, le ’muso oohle oa Medo-Persia ho ea fihla meeling ea India ea boholo-holo! Mohlomong a nkoa e le letona le leholo ka ho fetisisa la mehleng ea boholo-holo, kajeno o tsebjoa e le Alexander e Moholo.
Ka nako e khutšoanyane bo makatsang, Greece e ne e fetohile ’muso oa bohlano mebusong e meholo ea lefatše ea histori ea Bibele—o moholo ho feta ofe kapa ofe o kileng oa e-ba teng pele ho oona. Ntho e joalo e ile ea etsahala joang? E amana joang le Lentsoe la Molimo? E bolela eng ho uena?
O Boletsoe Esale Pele Boprofeteng ba Bibele
Lilemo tse makholo a mabeli pele ho mehla ea Alexander, ha Babylona e ne e le eona e busang ’me Bamede le Bapersia ba ne ba e-s’o fetohe ’muso oa lefatše, moprofeta oa Jehova Daniele o ile a neoa lipono tse peli tse khōlō tsa boprofeta tse neng li lokolisa histori ea lefatše ea nakong e tlang. Joale, kamor’a ho oa ha Babylona, o ile a fumana boprofeta ba boraro bo neng bo le mabapi le lintho tse neng li tla etsahala nako e telele kamorao ho mehla ea hae. Daniele o ile a li ngola fatše. Boprofeta bona, bo sa kang ba qala ho phethahala ho fihlela hoo e ka bang makholo a mabeli a lilemo kamorao ho moo, bo tšoere boitsebiso bo tobileng ka lintho tse neng li tla etsahalla Alexander le ’muso oa hae.
Daniele o ile a senoleloa eng? U ka fumana boprofeta boo bukeng ea Bibele ea Daniele, bo ngotsoeng hoo e ka bang ka selemo sa 536 B.C.E. Ka bokhutšoanyane, tsena ke lintho tseo a ileng a li bona kamoo li neng li amana kateng le ’muso oa bohlano oa lefatše, Greece:
Ponong ea pele ea boprofeta, Greece e ne e emetsoe ke lengau le neng le hlomeletsoe hore le tsamaee ka potlako. “Le ne le e-na le mapheo a mane a sebopuoa se fofang mokokotlong oa sona . . . ’Me ka sebele le ile la neoa bobusi.”—Daniele 7:6, NW.
Ponong ea bobeli ea boprofeta, phooko e ile ea bonoa “e haola ka bophara ba lefatše, e tsoa Bophirimela,” e tsamaea ka lebelo le leholo hoo e neng “e sa hate fatše.” E ile ea tsamaea ho fihlela e fihla ho pheleu e linaka li peli eo lengeloi le neng le itse “ke marena a ba-Mede le ba-Persia.” Phooko “ea thesela pheleu, ea e khorola linaka tse peli tsa eona.” Daniele o ile a bolelloa: “Phooko, ke morena oa ba-Gerike.”—Daniele 8:5-8, 20, 21.
Ketsahalong ea boraro, Daniele o ile a bolelloa hore morena oa “ba-Persia . . . o tla ipiletsa bongata bohle ho futuhela ’muso oa ba-Gerike. Empa ho tla tsoha morena oa mohale, ’me o tla busa ka matla a maholo, a etse kamoo a ratang kateng.”—Daniele 11:2, 3.
Litšoantšetso tsee li ne li bolela eng? Na lintho tsee li ile tsa etsahala ka tsela eo Daniele a neng a boleletsoe hore li ne li tla etsahala ka eona? A re boneng.
Boprofeta Boa Phethahatsoa
Selemo ka 334 B.C.E., Alexander o ile a kena Dardanelles (Hellespont ea boholo-holo) Asia ka masole a tsamaeang ka maoto a ka bang 30 000 le banna ba kaletseng ba 5 000. Ka lebelo la lengau la tšoantšetso le nang le mapheo a mane kapa la phooko e neng e bonahala e sa hate fatše, o ile a fohla libaka tse busoang ke ’muso oa Persia—oo ka boholo o neng o mena ’muso oa hae ka makhetlo a 50! Na o ne a “tla busa ka matla a maholo, a etse kamoo a ratang kateng”? Histori ea arabela.
Nōkeng ea Granicus koung e ka leboea-bophirimela ho Asia Minor (Turkey ea kajeno) Alexander o ile a hlōla ntoa ea hae ea pele khahlanong le Bapersia. Mariheng ’ona ao o ile a hapa Asia Minor bophirimela. Lehoetleng le latelang Issus koung e ka boroa-bochabela ho Asia Minor, o ile a hlōla ka ho feletseng lebotho la Persia le neng le hakanngoa ho ba la banna ba halofo ea millione, ’me morena e moholo, Dariuse III oa Persia, o ile a baleha a lahla lelapa la hae matsohong a Alexander.
Ho fapana le ho lelekisa Bapersia ba balehang, Alexander o ile a leba boroa ka mabotho a hae a iphaphathile ka lebōpo la Mediterranean, a hapa litsi tsa sesole tse neng li sebelisoa ke lebotho le matla la Persia. Motse-moholo oa Tyre oo e neng e le sehleke-hleke o ile oa itoanela ka likhoeli tse supileng. Qetellong, Alexander o ile a nka likotoana tsa majoe tsa motse o karolong e khōlō ea naha oo Nebukadnezare a neng a o felisitse, ’me a haha borokho bo tšelelang motseng oa sehleke-hleke. Masalla a borokho boo a ka bonoa kajeno, a bontša phethahatso ea boprofeta ba Ezekiele ba hore lerōle la Tyre le ne le tla lahleloa ka leoatleng.—Ezekiele 26:4, 12.
Ka ho qenehela Jerusalema, e ileng ea inehela ho eena, Alexander o ile a leba boroa, a hapa Gaza ’me a atolosa “matla a hae a maholo” ’me a etsa “kamoo a ratang kateng” Egepeta, moo a ileng a lumelisoa joaloka molopolli. Ha a le Memphise o ile a etsetsa poho ea Apis sehlabelo, e le ho khahlisa baprista ba Egepeta. O ile a boela a theha motse oa Alexandria, oo hamorao o ileng oa qothisana lehlokoa le Athene ka ho ba setsi sa ho ithuta e bile o sa ntsane o e-na le lebitso la hae.
Lipakane tsohle tsa morero oa Philip li ne li finyelletsoe ’me ho bile ho fetiloe moo li neng li fella teng, empa Alexander o ne a sa le hōle le ho qeta. Joaloka phooko e tsamaeang ka lebelo, o ile a retelehela leboea-bochabela, a fohla Palestine le ho nyolosa ho leba Nōkeng ea Tigris. Moo, ka selemo sa 331 B.C.E., o ile a loantša Bapersia Gaugamela, haufi le lithako tse neng li se li ntse li heleha tsa hoo e neng e le motse-moholo oa Assyria, Ninive. Banna ba 47 000 ba Alexander ba ile ba hlōla lebotho le neng le hlophisitsoe bocha la banna ba Persia ba 1 000 000. Dariuse III o ile a baleha ’me hamorao a bolaoa ke batho ba habo.
Alexander a thabisitsoe ke tlhōlo, o ile a retelehela boroa ’me a nka motse-moholo oa Persia oa mariha, Babylona. O ile a boela a nka metse-moholo ea Susane le Persepolis, a nka letlotlo le lengata la Persia ’me a chesa ntlo e khōlō ea borena ea Xerxes. Qetellong, motse-moholo oa Akmetha oa oela ho eena. Joale mohapi enoa ea matjato o ile a busa karolo e ’ngoe kaofela ea libaka tse busoang ke ’muso oa Persia, a kenella bochabela ho ea fihla Nōkeng ea Indus e Pakistan ea mehleng ea kajeno. Ntle le pelaelo, Greece e ne e fetohile ’muso oa bohlano mebusong e meholo ea lefatše ea histori ea Bibele.
Likhapo tsa Alexander li ile tsa boela tsa jala puo ea Segerike le moetlo oa bona ho pholletsa le ’muso ona o moholo. Ka likolone tsa Greece tse neng li theiloe linaheng tse hapiloeng, Koine e tloaelehileng ea Greece e ile ea fetoha puo ea machaba ea mehleng eo. Ke eona puo eo hamorao e ileng ea sebelisoa ho tlaleha Mangolo a Bakreste a Segerike a Bibele.
’Muso oa Alexander oa Aroloa
Alexander o ne a batla ho tsosolosa Babylona hore e be motse-moholo oa ’muso oa hae. Empa hona ho ne ho sa tl’o etsahala. Boprofeta bo ne bo hlalositse phooko e e-na le lenaka le le leng le leholo leo Daniele a ileng a bolelloa tjena ka lona:
“Eaba phooko e natlafala ka ho fetisisa, ’me eitse hobane e fihle matleng a eona, lenaka le lelelele la khoroha; bakeng sa lona ha mela manaka a mane a bonahalang ho lebana le meea e mene ea leholimo. . . . Phooko, ke morena oa ba-Gerike, ’me lenaka le lelelele le lipakeng tsa mahlo a eona ke morena oa pele. Lenaka le khorohileng, leo manaka a mane a melileng sebakeng sa lona, le lekanya hore mebuso e mene e tla tsoa sechabeng seo, empa e ke ke ea e-ba le matla a sona.”—Daniele 8:8, 21, 22.
“Ha a se a phahame, ’muso oa hae o tla robakoa likoto, o aroleloe meea e mene ea maholimo, empa e ke ke ea e-ba oa litloholo tsa hae, ’me matla a oona a ke ke a lekana le matla a oona a pele, hobane ’muso oa hae o ea haholoa, o aroleloe basele, e seng bao.”—Daniele 11:4.
Joalokaha Bibele e ne e boletse esale pele, ho thabela ha Alexander bobusi ba lefatše e ile ea e-ba ha nako e khutšoanyane. Ha a le sehlōhlōlōng sa mosebetsi oa hae oa tlhōlo, a le lilemo li 32 feela, likhapo tsa Alexander tse matla li ile tsa fihla qetellong. A tšoeroe ke feberu ea malaria, o ile a tsoela pele ho keteka ho fihlela a tahoa ’me ka tšohanyetso a shoela Babylona ka 323 B.C.E. Setopo sa hae se ile sa isoa Egepeta ’me sa patoa Alexandria. “Lenaka le lelelele” le neng le emela “morena oa pele” le ne le robiloe. Joale ho ile ha etsahala joang ka ’muso oa hae?
Boprofeta bo ne bo boletse hore ’muso oa hae o ne o tla aroloa “empa e ke ke ea e-ba oa litloholo tsa hae.” Moena oa Alexander ea neng a fokola ’meleng Philip Arrhidaeus o ile a busa ka nako e khutšoanyane empa a bolaoa. Ho bile joalo le ka mora oa Alexander oa molao Alexander (Allou) le mora oa hae oa bonyatsi Heracles (Hercules). Kahona leloko la Alexander e Moholo, motšolli e moholo oa mali, le ile la timela.
Hape ho ile ha profetoa hore “mebuso e mene e tla tsoa sechabeng seo, empa e ke ke ea e-ba le matla a sona” le hore ’muso oa hae o ne “o tla robakoa likoto, o aroleloe meea e mene ea maholimo, empa . . . matla a oona a ke ke a lekana le matla a oona a pele.” Na hoo ho ile ha etsahala?
Kamor’a nako, ’muso o moholo oa Alexander o ile oa aroleloa matona a hae a mane: (1) Letona Cassander—Macedonia le Greece. (2) Letona Lysimachus—Asia Minor le European Thrace. (3) Letona Seleucus Nicator—Babylonia, Media, Syria, Persia, le litereke tse ka bochabela ho Nōka ea Indus. (4) Letona Ptolemy Lagus—Egepeta, Libya, le Palestine. Joalokaha ho ne ho profetiloe, ho tsoa ’musong o le mong o moholo oa Alexander ha phahama mebuso e mene e fetotsoeng ea Magerike.a
’Muso o ileng oa tšoarella ka ho fetisisa ho ena e bile oa Ptolemy o neng o le Egepeta. O ile oa oela ho Roma ka 30 B.C.E., ha Roma e nkela Greece sebaka ’me e fetoha ’muso oa botšelela mebusong e meholo ea lefatše.
Litebello tse Khanyang li Larile Kapele ho Batho
Na mebuso ea lefatše ea bohatelli e ne e tla tsoela pele ho hlahlamana ka ho sa feleng? Che, hobane Bibele e re bolella hore re phela haufi le bofelo ba oa ho qetela oa eona.—Tšenolo 17:10.
Kamor’a ho bona mebuso ena ea batho e kang libatana, Daniele o ile a bona ntho e ’ngoe e fapaneng. O ile a neoa pono e khethehileng ea ho bona kahare ho maholimo, moo a ileng a bona “Moholo oa matsatsi,” Molimo ka booona, a fana ka ’Muso, e seng ho moeta-pele e mong oa motho ea meharo oa kamoso, empa ho “e mong ea kang mor’a motho”—ho Jesu Kreste ea tsositsoeng, oa leholimo!—Daniele 7:9, 10, 13.
Ke phapang e kaakang! ’Muso oo oa leholimo le bobusi ba oona e ne e tla ba o fapaneng hakaakang le ea marena a pele a batho a lefatše a loantšanang. Daniele o ile a re ka “mor’a motho” enoa ea phahamisitsoeng oa leholimo: “A neoa ’muso, le hlompho, le borena, hore ba mefuta eohle, le ba lichaba tsohle, le ba lipuo tsohle, ba tle ba mo sebeletse; ’muso oa hae ke ’muso o sa feleng, o ke keng oa feta, borena ba hae bo ke ke ba felisoa.” (Daniele 7:14) E ne e tla ba ’Muso oa khotso le ho loka.—Esaia 9:6, 7.
Ha re hetla morao meharong ea puso ea motho le pefong ea eona, re ka thaba hakaakang ho tseba hore ’Muso ona oa leholimo o se o hlomiloe le hore puso ea oona e lokileng ea lefatše ka bophara e haufi!—Tšenolo 12:10, 12.
“Hobane tšenolo eo e sa luletse nako ea teng, empa e tla itlhahanela qetellong, e ke ke ea thetsa. Ha e ka lieha, u e lebelle, hobane e tla etsahala ruri, e ke ke ea fela.”—Habakuke 2:3.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Liketsahalo tsa merusu tse ileng tsa latela ho aroloa ha ’muso oa Alexander li ile tsa boleloa esale pele boprofeteng ba “morena oa leboea” le “morena oa boroa.” Boprofeta bona, bo tlalehiloeng ho Daniele, khaolo ea 11, bo hlalosoa ka ho qaqileng maqepheng a 230-49 a buka “Thato Ea Hao E Etsoe Lefatšeng,” e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[’Mapa o leqepheng la 23]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Meeli ea sebaka se busoang ke Alexander
Pella
Sarda
Issus
Damaseka
Tyre
Jerusalema
Alexandria
Memfise
Thebetse
Nōka ea Eufrate
Nōka ea Tigre
Gaugamela
Babylona
Akmetha
Susane
Persepolis
Alexandria Eschate
Taxila
Nōka ea Indus
[’Mapa o leqepheng la 25]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Ho Tsekolloa ha ’muso oa Alexander
Leoatle le Leholo
CASSANDER
Pella
LYSIMACHUS
Lysimachia
PTOLEMY LAGUS
Alexandria
SELEUCUS NICATOR
Antioke
Selocia
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Moeli oa leoatle haufi le Alexandria oa kajeno
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Polokelo ea Litšoantšo (Near Eastern History)