Lentsoe la Jehova Lea Phela
Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Nahume, ea Habakuke le ea Sofonia
’MUSO oa lefatše oa Assyria o se o ripitlile Samaria, e leng motse-moholo oa ’muso oa Iseraele oa meloko e leshome. E se e le nako e telele Assyria e sokela Juda. Moprofeta oa Juda ea bitsoang Nahume o na le molaetsa o mabapi le motse-moholo oa Assyria, Ninive. Buka ea Bibele ea Nahume e ngotsoeng pele ho 632 B.C.E. e tšoere molaetsa oo.
Ho latela ’Muso oa Babylona, oo ka linako tse ling o busoang ke marena a Bakalde. Buka ea Habakuke, eo ho ka etsahalang hore e phethiloe ka 628 B.C.E., e profeta kamoo Jehova a tla sebelisa ’muso oo oa lefatše kateng hore a phethahatse kahlolo ea hae le hore na Babylona e tla qetella e hlahetsoe ke eng.
Moprofeta Sofonia oa Juda o ile a profeta pele ho Nahume le Habakuke. O ile a profeta lilemo tse fetang 40 pele Jerusalema e timetsoa ka 607 B.C.E., ’me a phatlalatsa molaetsa oa timetso le oa tšepo bakeng sa Juda. Buka ea Bibele ea Sofonia e boetse e fupere liphatlalatso tse khahlanong le lichaba tse ling.
“HO MALIMABE MOTSE OA TŠOLLO EA MALI”
“Phatlalatso khahlanong le Ninive” e tsoa ho Jehova Molimo, ea ‘liehang ho halefa le ea nang le matla a maholo.’ Le hoja Jehova e le “qhobosheane letsatsing la mahlomola” ho ba tšabelang ho eena, Ninive e lokela ho timetsoa.—Nahume 1:1, 3, 7.
“Ka sebele Jehova o tla bokella [tsosolosa] khanya ea Jakobo.” Leha ho le joalo, Assyria e hateletse sechaba sa Molimo joaloka ‘tau e rusollang.’ Jehova o “tla chesa koloi ea ntoa ea [Ninive] ka har’a mosi. Hape sabole e tla timetsa litaoana tsa [eona] tse moetse.” (Nahume 2:2, 12, 13). “Ho malimabe motse oa tšollo ea mali”—e leng Ninive. “Ka sebele bohle ba utloang tlaleho e mabapi le [eona] ba tla [e] opela liatla” ’me ba thabe.—Nahume 3:1, 19.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
1:9—“Pheliso e tobileng” ea Ninive e tla tlisetsa Juda eng? E tla e lopolla ka ho feletseng ho Assyria; “mahlomola a ke ke a tsoha ka lekhetlo la bobeli.” Ha Nahume a bua joalokaha eka Ninive ha e sa le eo, o re: “Bona! Lithabeng maoto a ea tlisang litaba tse molemo, ea phatlalatsang khotso. Uena Juda, keteka mekete ea hao.”—Nahume 1:15.
2:6—Ke “liheke [life] tsa linōka” tse ileng tsa buloa? Liheke tsena ke lesoba le phuntsoeng ke metsi a Nōka ea Tigris marakong a Ninive. Ka 632 B.C.E. ha mabotho a kopaneng a Bababylona le Bamede a ne a futuhela Ninive, ha ea ka ea tšoha. Kaha e ne e sirelelitsoe ke marako a eona a phahameng, e ne e nka hore e ke ke ea keneha. Leha ho le joalo, Tigris e ile ea e-ja litlhokoa ka lebaka la lipula tsa litloebelele. Ho latela rahistori ea bitsoang Diodorus, sena “se ile sa etsa hore karolo e itseng ea motse e koaheloe ke metsi ’me karolo e itseng ea lerako e helehe.” Liheke tsa nōka li ile tsa buloa ka tsela eo, ’me joalokaha ho profetiloe, Ninive e ile ea haptjoa ka potlako joalokaha litlhaka tse omeletseng li chesoa ke mollo.—Nahume 1:8-10.
3:4—Ninive e ne e tšoana le letekatse joang? Ninive e ile ea qhekella lichaba ka ho li tšepisa bolekane le thuso empa ha e le hantle e ne e li hatella. Ka mohlala, Assyria e ile ea thusa Morena Akase oa Juda ha a ne a hlasetsoe ke Basyria le Baiseraele. Leha ho le joalo, qetellong “morena oa Assyria a mo futuhela ’me a . . . bakela [Akaze] mahlomola.”—2 Likronike 28:20.
Seo re Ithutang Sona:
1:2-6. Khato eo Jehova a ileng a e nka ea ho iphetetsa ho lira tsa hae e bontša hore o lebeletse hore barapeli ba hae ba inehele ho eena ka ho khethehileng.—Exoda 20:5.
1:10. Marako a matonanahali a nang le litora tse makholo-kholo ha aa ka a thibela ho phethahala ha lentsoe la Jehova khahlanong le Ninive. Kajeno lira tsa batho ba Jehova li ke ke tsa pholoha likahlolo tse bohloko tsa Molimo.—Liproverbia 2:22; Daniele 2:44.
‘EA LOKILENG O TLA ’NE A PHELE’
Likhaolo tse peli tse qalang tsa buka ea Habakuke ke puisano pakeng tsa moprofeta eo le Jehova Molimo. Kaha Habakuke o ne a tšoenyehile ka se neng se etsahala Juda, o ile a botsa Molimo a re: “Ke hobane’ng ha u etsa hore ke bone se kotsi, ’me u ntse u talima khathatso feela?” Ha Jehova a araba, o re: “Ke hlahisa Bakalde, sechaba se sehlōhō le se bohale.” Moprofeta enoa o makalla hore ebe Molimo o tla sebelisa “ba sebetsang ka bolotsana” ha a ahlola Juda. (Habakuke 1:3, 6, 13) Habakuke o kholisehile hore motho ea lokileng o tla ’ne a phele, empa sera se ke ke sa pholoha kahlolo. Ho feta moo, Habakuke o tlaleha hore Bakalde bao e neng e le lira ba ne ba tla oeloa ke litlokotsi tse hlano.—Habakuke 2:4.
Ha Habakuke a rapella mohau, o bina “lipina tsa koli-ea-malla” tse mo hopotsang kamoo Jehova a ileng a bonahatsa matla a hae a hlollang kateng joaloka Leoatleng le Lefubelu, lehoatateng le Jeriko. Moprofeta o boetse o bolela esale pele ka nako eo Jehova a tla timetsa lira ka bohale ka Armagedone. O phetha thapelo eo ka mantsoe a reng: “Jehova ’Musi Morena ke mafolofolo a ka; ’me o tla etsa hore maoto a ka a be joaloka a likhama tse tšehali, hape o tla etsa hore ke hate holim’a libaka tsa ka tse phahameng.”—Habakuke 3:1, 19.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
1:5, 6—Ke hobane’ng ha Bajuda ba ne ba ka ’na ba se ke ba lumela hore Bakalde ba tla futuhela Jerusalema? Ha Habakuke a qala ho profeta, Juda e ne e le tlas’a tšusumetso e matla ea Egepeta. (2 Marena 23:29, 30, 34) Le hoja Bababylona ba ne ba ntse ba e-ba matla, lebotho la bona le ne le e-s’o hlōle Faro Neko. (Jeremia 46:2) Ho feta moo, tempele ea Jehova e ne e le Jerusalema, ’me leloko la borena la Davida le ne le busitse moo ntle ho tšitiso. Ho Bajuda ba mehleng eo, “mosebetsi” oa Molimo oa ho lumella Bakalde hore ba timetse Jerusalema o ne o tla bonahala e le ntho e ke keng ea etsahala. Ho sa tsotellehe hore na ho ne ho le thata hakae ho lumela mantsoe a Habakuke, ruri pono e mabapi le hore Bababylona ba ne ba tla timetsa Jerusalema ‘e ile ea phethahala’ ka 607 B.C.E.—Habakuke 2:3.
2:5—“Monna ea shahlileng” ke mang, hona ke hobane’ng ha “a ke ke a finyella pakane ea hae”? “Monna ea shahlileng” o tšoantšetsa Bababylona ba ileng ba sebelisa tsebo ea bona ea sesole e le hore ba hape lichaba. Ho hlōla ha hae ho ile ha etsa hore a be joaloka motho ea tahiloeng ke veine. Leha ho le joalo, o ne a ke ke a khona ho ipokellela lichaba tsohle, hobane Jehova o ne a tla sebelisa Bamede le Bapersia ho mo liha. Mehleng ea kajeno “monna” enoa o tšoantšetsa mebuso ea lipolotiki. Le eena o tahiloe ke boikhantšo le boikakaso ’me o atolosa puso ea hae a sa khotsofale. Empa ha a finyelle sepheo sa hae sa ho “ipokellela lichaba tsohle.” Ke ’Muso oa Molimo feela o tla kopanya moloko oa batho.—Matheu 6:9, 10.
Seo re Ithutang Sona:
1:1-4; 1:12–2:1. Ka botšepehi, Habakuke o ile a botsa lipotso, ’me Jehova a mo araba. Molimo oa ’nete o mamela lithapelo tsa bahlanka ba hae ba tšepahalang.
2:1. Re lokela ho etsisa Habakuke ka ho lula re falimehile moeeng ’me re le mafolofolo. Le rōna re lokela ho ikemisetsa ho fetola tsela eo re nahanang ka eona tumellanong le ‘khalemelo,’ kapa taeo leha e le efe eo re e fuoang.
2:3; 3:16. Ha ka tumelo re ntse re letetse ho tla ha letsatsi la Jehova, a re se keng ra lebala hore nako e lekane motinyane.
2:4. E le hore re pholohe letsatsi la kahlolo ea Jehova, re tlameha ho mamella ka botšepehi.—Baheberu 10:36-38.
2:6, 7, 9, 12, 15, 19. Ka sebele bomalimabe bo tla oela mang kapa mang eo ka meharo a batlang leruo la ho se tšepahale, ea ratang pefo, ea tloaetseng ho phela ka boitšoaro bo litšila kapa ea rapelang litšoantšo. Re lokela ho itebela e le hore re qobe mekhoa ena.
2:11. Haeba re sa pepese bokhopo ba lefatše lena, “lejoe le tla hoeletsa ka ho utloa bohloko.” Ke habohlokoa hore re tsoele pele ho bolela molaetsa oa ’Muso ka sebete!
3:6. Ha Jehova a phethahatsa kahlolo ea hae, ha ho letho le tla mo sitisa, esita le mekhatlo ea batho e bonahalang e tsitsitse joaloka lithaba le maralla e ke ke ea o besa oa tuka.
3:13. Re tiisetsoa hore batho ba ke ke ba timetsoa larita ka Armagedone. Jehova o tla pholosa bahlanka ba hae ba tšepahalang.
3:17-19. Esita leha re ka oeloa ke mathata pele ho Armagedone kapa ha e tsoela pele, re ka kholiseha hore Jehova o tla etsa hore re be “mafolofolo” ha re tsoela pele ho mo sebeletsa re thabile.
“LETSATSI LA JEHOVA LE HAUFI”
Borapeli ba Baale bo jele setsi naheng ea Juda. A sebelisa moprofeta Sofonia, Jehova o re: “Ke tla otlolla letsoho la ka khahlanong le Juda le khahlanong le baahi bohle ba Jerusalema.” Sofonia oa lemosa: “Letsatsi la Jehova le haufi.” (Sofonia 1:4, 7, 14) Ba etsang seo Molimo a se hlokang ke bona feela ba tla “patoa” letsatsing leo.—Sofonia 2:3.
“Ho malimabe . . . motse o hatellang”—e leng Jerusalema! “‘Lulang le ntebeletse,’ ho bolela Jehova, ‘ho fihlela letsatsing la ha ke ema bakeng sa khapo, etsoe qeto ea ka ea boahloli ke ho bokella lichaba . . . e le hore ke tšollele nyatso ea ka holim’a [tsona].’” Empa Molimo o etsa tšepiso ena: “Ke tla etsa hore le be lebitso le thoriso har’a lichaba tsohle tsa lefatše, ha ke khutlisa baholehuoa ba lōna ka pel’a mahlo a lōna.”—Sofonia 3:1, 8, 20.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
2:13, 14—Ke ‘lentsoe la mang le tla ’ne le bine’ motseng oa Ninive o timelitsoeng? Kaha Ninive e ne e tla fetoha sebaka sa liphoofolo le linonyana tse hlaha, lentsoe le neng le tla tsoela pele ho bina ke pina ea linonyana kapa mohlomong mololi oa moea o fokang lifensetereng tsa matlo a setseng e le lithako.
3:9—‘Puo e hloekileng’ ke eng, hona e buuoa joang? Ke ’nete ea Molimo e fumanoang Lentsoeng la hae Bibele. E akarelletsa lithuto tsohle tsa Bibele. Re e bua ka ho lumela ’nete, ka ho e ruta ba bang ka nepo le ka ho etsa thato ea Molimo bophelong ba rōna.
Seo re Ithutang Sona:
1:8. Ho bonahala ba bang mehleng ea Sofonia ba ne ba batla ho amoheloa ke lichaba tse ba potolohileng ka hore ba ‘apare liaparo lisele.’ E ka ba booatla bo bokaakang hore kajeno barapeli ba Jehova ba leke ho tšoana le lefatše ka tsela e tšoanang!
1:12; 3:5, 16. Jehova o ile a tsoela pele ho romela baprofeta ba hae e le hore ba lemose batho ba hae ka liqeto tsa hae tsa boahloli. O ile a etsa joalo le hoja Bajuda ba bangata ba ne ba iketlile joaloka litšifa tse qitileng tsa veine ’me ba iphapanyelitse molaetsa oo. Ha letsatsi la Jehova le leholo le ntse le atamela, re lokela ho tsoela pele ho bolela molaetsa oa ’Muso re sa khaotse ’me re se ke ra lumella ho iphapanya ha batho hore ho re ‘tepeletse matsoho.’
2:3. Ke Jehova feela ea ka re pholosang letsatsing la bohale ba hae. E le hore re lule re e-na le kamano e ntle le eena, re lokela ho ‘batla Jehova’ ka ho ithuta Lentsoe la hae Bibele ka hloko; ka ho rapella tataiso ea hae; le ka ho atamela haufi le eena. Re lokela ho ‘batla ho loka’ ka ho phela ka boitšoaro bo hloekileng. ’Me re lokela ho ‘batla bonolo’ ka ho hlaolela boikutlo bo bonolo le ba boikokobetso.
2:4-15; 3:1-5. Ha Jehova a phethahatsa kahlolo ea hae, Bokreste-’mōtoana le lichaba tsohle tse hateletseng batho ba Molimo, bo tla felisoa joaloka Jerusalema le lichaba tse ling tse e potolohileng. (Tšenolo 16:14, 16; 18:4-8) Re lokela ho tsoela pele ho bolela likahlolo tsa Molimo re sa tšabe letho.
3:8, 9. Ha re ntse re letetse letsatsi la Jehova, re itokisetsa ho pholoha ka ho ithuta ho bua ‘puo e hloekileng’ le ka ho ‘ipiletsa lebitsong la Molimo’ ka ho inehela ho eena. Hape re sebeletsa Jehova “ka mahetla a bapileng” hammoho le batho ba hae ’me re nyehela mpho ea “sehlabelo sa thoriso” ho eena.—Baheberu 13:15.
“Le Potlakile”
Mopesaleme o ile a bina a re: “Ho setse nakoana e seng kae, ’me ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng; ka sebele u tla lebisa tlhokomelo sebakeng sa hae, ’me o tla be a le sieo.” (Pesaleme ea 37:10) Ha re nahana ka se profetiloeng ka Ninive bukeng ea Nahume le se profetiloeng ka Babylona le sechaba se koenehileng sa Bajuda bukeng ea Habakuke, re kholisehile hore mantsoe ana a mopesaleme a tla phethahala. Leha ho le joalo, re lokela ho leta ho fihlela neng?
ofonia 1:14 e re: “Letsatsi le leholo la Jehova le haufi. Le haufi, ’me le potlakile haholo.” Buka ea Sofonia e boetse e re bolella kamoo re ka patoang kateng letsatsing leo le seo re lokelang ho se etsa hona joale e le hore re itokisetse ho pholoha. Ka sebele, “lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla.”—Baheberu 4:12.
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Marako a matonanahali a Ninive ha aa ka a thibela ho phethahala ha boprofeta ba Nahume
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Randy Olson/National Geographic Image Collection