Bapalami ba Lipere le Moqhaka Baa re Sireletsa
“Ho tla etsahala—haeba ruri le tla mamela lentsoe la Jehova Molimo oa lōna.”—ZAK. 6:15.
1, 2. Ka mor’a pono ea Zakaria ea bosupa, Bajuda ba ne ba ikemiselitse ho etsa’ng?
MOPROFETA ZAKARIA o ne a lokela ho nahana ka lintho tse supileng tseo a li boneng. E tlameha ebe o ile a khothala ha a utloa hore Jehova o tšepisa hore o tla ahlola batho ba khopo ho latela liketso tsa bona. Leha ho le joalo, lintho li ne li e-s’o fetohe. Ho ne ho ntse ho e-na le batho ba khopo le ba sa tšepahaleng ’me ho ntse ho e-s’o tsosolosoe tempele e Jerusalema. Ke hobane’ng ha Bajuda ba ile ba potlakela ho tlohela mosebetsi oo Jehova a ba fileng oona? Na ba ne ba khutletse Jerusalema hore ba phethe mabaka a bona?
2 Zakaria o ne a tseba hore Bajuda ba khutletseng Jerusalema ke barapeli ba Jehova. Kaofela ba ne ba “tsositsoe molota ke Molimo oa ’nete” hore ba tlohe Babylona ’me ba siee matlo a bona le likhoebo tsa bona. (Esdr. 1:2, 3, 5) Ba ile ba tloha sebakeng seo ba neng ba se tloaetse ’me ba ea naheng eo boholo ba bona ba neng ba sa e tsebe. Ba ne ba nka ho haha tempele ea Jehova ho le bohlokoa hoo ba ileng ba tsamaea leeto le kotsi la lik’hilomithara tse ka bang 1 600.
3, 4. Bajuda ba khutletseng Jerusalema ba ile ba thulana le maemo afe a boima?
3 Leeto leo le ne le le joang? Ho ka etsahala hore ebe ha ba ntse ba tsamaea leeto leo le le lelele, ba ne ba ntse ba nahana ka sebaka seo ba il’o lula ho sona. E ka ’na eaba ba holileng ba ile ba bolella ba bacha kamoo Jerusalema e kileng ea e-ba ntle kateng le hore na tempele e ne e le hokae. (Esdr. 3:12) Haeba u ne u ntse u tsamaea le bona, u ne u tla ikutloa joang ha u bona Jerusalema ka lekhetlo la pele, e leng moo u il’o lula teng? Na u ne u tla nyahama ha u bona mehaho e soahlamaneng eo ka hare e metseng litlama-tlama e bile e se na likeiti le litora tsa balebeli? Na u ne u tla bapisa marako a maholo a Babylona le marako a Jerusalema a oeleng? Bajuda ha baa ka ba nyahama. Hobane’ng? Hobane ha ba ntse ba tsamaea leeto la bona le le lelele, ba ile ba bona ha Jehova a ba thusa le ho ba sireletsa. Hang ha ba fihla Jerusalema, ba ile ba haha aletare moo tempele e neng e le hona teng eaba ba etsetsa Jehova mahlabelo letsatsi le letsatsi. (Esdr. 3:1, 2) Kaha ba ne ba thabetse ho sebeletsa Jehova, ho ne ho bonahala eka ha ho letho le ka ba nyahamisang.
4 Bajuda ba ne ba lokela ho tsosolosa tempele, metse ea bona le matlo. Ba ne ba boetse ba lokela ho lema masimo le ho fepa ba malapa a bona. (Esdr. 2:70) Mosebetsi oa bona o ne o bonahala o le mongata haholo. Ka mor’a nakoana, lira tsa bona li ile tsa fihla ’me tsa leka ho ba thibela. Li ile tsa ba sitisa ka lilemo tse 15. Kahoo, butle-butle Bajuda ba ile ba nyahama. (Esdr. 4:1-4) Hape, ka selemo sa 522, morena oa Persia o ile a ba laela hore ba emise ho haha tempele Jerusalema. Ho ne ho bonahala eka ha ho mohla ba tla tsosolosa motse oo.—Esdr. 4:21-24.
5. Jehova o ile a thusa batho ba hae joang?
5 Jehova o ne a tseba hore na batho ba hae ba hloka eng. O ile a bontša Zakaria pono ea ho qetela e le ho bontša batho ba Hae kamoo a ba ratang kateng le hore o ananela hore ebe baa mo sebeletsa. O ile a tšepisa Bajuda hore o tla ba hlokomela haeba ba etsa mosebetsi oo a ba fileng oona. Ha Jehova a bua ka ho tsosolosoa ha tempele, o ile a re: “Ho tla etsahala—haeba ruri le tla mamela lentsoe la Jehova Molimo oa lōna.”—Zak. 6:15.
LEBOTHO LA MANGELOI
6. (a) Pono ea Zakaria ea borobeli e qala joang? (Sheba setšoantšo se qalong.) (b) Ke hobane’ng ha lipere tseo li le mebala e fapaneng?
6 Pono ea Zakaria ea ho qetela e leng ea borobeli, e matlafatsa tumelo ea rona. (Bala Zakaria 6:1-3.) Zakaria o ile a bona likoloi tse ’nè tse huloang ke lipere li tsoa “pakeng tsa lithaba tse peli, ’me lithaba tseo e ne e le lithaba tsa koporo.” Kaha lipere tseo li ne li le mebala e fapaneng, ho ne ho le bonolo ho hlalohanya bapalami ba tsona. Zakaria o ile a botsa Jehova hore na lintho tsena li bolela’ng. (Zak. 6:4) Le rona re batla ho tseba hobane pono ena ea re ama.
Jehova o ntse a sebelisa mangeloi ho sireletsa le ho matlafatsa batho ba hae
7, 8. (a) Lithaba tse peli li emela’ng? (b) Ke hobane’ng ha li entsoe ka koporo?
7 Ka Bibeleng, lithaba li emela mebuso. Lithaba tse peli tseo Zakaria a li boneng, li tšoana le tseo Daniele a ileng a profeta ka tsona. Thaba e ’ngoe e emela ’Muso oa Jehova o busang lefatšeng lohle ’me o tla lula o le teng ka ho sa feleng. E ’ngoe e emela ’Muso oa Bomesia oo morena oa oona e leng Jesu. (Dan. 2:35, 45) Lithaba tseo li ile tsa qala ho ba teng ka bobeli ho tloha ka 1914 ha Jesu a behoa teroneng ’me li phetha karolo ea bohlokoa hore thato ea Molimo e etsahale lefatšeng.
8 Ke hobane’ng ha lithaba tseo li entsoe ka koporo? Koporo e bohlokoa haholo hobane boleng ba eona bo phahame. Jehova o ile a re Baiseraele ba sebelise koporo ha ba haha tabernakele le tempele e Jerusalema. (Ex. 27:1-3; 1 Mar. 7:13-16) Kahoo, taba ea hore ebe lithaba tsena li entsoe ka koporo e bontša hore ’Muso oa Jehova le Jesu ke oa boleng bo phahameng ’me o tla tlisetsa batho bohle litlhohonolofatso tse ngata.
9. Bapalami ba likoloi ke bo-mang, hona ba fuoe mosebetsi ofe?
9 Joale likoloi tse ’nè le bapalami ba tsona li emela’ng? Bapalami ba likoloi ke mangeloi, mohlomong a lihlopha tse fapaneng. (Bala Zakaria 6:5-8.) A tloha “ka pel’a Morena oa lefatše lohle” e le hore a phethe mosebetsi oa bohlokoa. A fuoe mosebetsi ofe? A romelloa libakeng tse fapaneng hore a sireletse batho ba Molimo khahlanong le ‘naha ea leboea,’ e leng Babylona. Ha Jehova a ne a bontša Zakaria pono ena o ne a tsebisa batho ba Hae hore a ke ke a lumella hore e be makhoba a Babylona hape. E tlameha ebe batho ba lokelang ho haha tempele ba ile ba khothala ha ba utloa taba eo. Ba ne ba kholisehile hore lira tsa bona li ke ke tsa hlola li ba sitisa.
10. Boprofeta ba Zakaria bo buang ka likoloi le bapalami ba tsona bo re ruta’ng?
10 Le mehleng ena Jehova o ntse a sebelisa mangeloi ho sireletsa batho ba hae le ho ba matlafatsa. (Mal. 3:6; Baheb. 1:7, 14) Ha batho ba Jehova ba tsoa bokhobeng ba Babylona e Moholo ka 1919, haesale lira tsa bona li ntse li leka ho thibela borapeli ba ’nete hore bo hole, empa li hlolehile. (Tšen. 18:4) Kaha mangeloi a sirelelitse mokhatlo oa Jehova, ha rea lokela ho tšoha hore re tla boela re be makhoba a bolumeli ba bohata. (Pes. 34:7) Ho e-na le hoo, re kholisehile hore re tla lula re thabile ’me re phathahane ka ho sebeletsa Jehova. Boprofeta ba Zakaria bo re ruta hore lithaba tse peli tseo re buileng ka tsona li re sirelelitse.
11. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšaba batho ba tla re hlasela?
11 Haufinyane bo-ralipolotiki ba tla iketsa ngatana-’ngoe hore ba felise batho ba Molimo. (Ezek. 38:2, 10-12; Dan. 11:40, 44, 45; Tšen. 19:19) Boprofeta ba Ezekiele bo re bolella hore ba tla koahela lefatše joaloka maru. Ba palame lipere ’me ba tla ba halefile ho tla hlasela batho ba Molimo. (Ezek. 38:15, 16)a Na re lokela ho ba tšaba? Che. Lebotho la mangeloi le ka lehlakoreng la rona. Nakong ea matšoenyeho a maholo, mangeloi a tla re sireletsa ’me a timetse mang kapa mang ea hanyetsang bobusi ba Jehova. (2 Bathes. 1:7, 8) Empa ke mang ea etellang mangeloi pele?
JEHOVA O HLOMAMISA MORENA LE BAPRISTA
12, 13. (a) Jehova o ile a re Zakaria a etse’ng? (b) Re tseba joang hore Lehlomela ke Jesu Kreste?
12 Zakaria ke eena feela ea ileng a bona lipono tseo tse robeli. Kahoo, lintho tseo a li boneng li ne li tla matlafatsa batho ba lokelang ho tsosolosa tempele. (Bala Zakaria 6:9-12.) Jehova o ile a re Zakaria a nke silevera le khauta ho batho ba sa tsoa fihla ba tsoang Babylona e leng Heldai, Tobija le Jedaia e le hore a etse “moqhaka o moholo” ka tsona. (Zak. 6:11) Na moqhaka oo o ne o etsetsoa ’Musisi Zorobabele eo e neng e le oa moloko oa Juda ebile e le setloholo sa Davida? Che. Jehova o ile a re Zakaria a roese Joshua moqhaka oo. Mohlomong batho ba bangata ba ile ba makatsoa ke taba ena.
13 Na ha Moprista ea Phahameng Joshua a roesoa moqhaka oo ho ne ho bolela hore ke Morena? Che. Kaha e ne e se setloholo sa Davida, o ne a sa tšoanelehe hore e be morena. Ha a roesoa moqhaka oo, e ne e le pontšo ea hore na ho tla etsahala’ng ka morena le moprista ea tla busa ka ho sa feleng. Moprista eo ea phahameng o bitsoa Lehlomela. Mangolo a re Lehlomela leo ke Jesu Kreste.—Esa. 11:1; Mat. 2:23.
14. Kaha Jesu ke Morena ebile ke Moprista ea Phahameng, o etsa mosebetsi ofe?
14 Jesu ke Morena ebile ke Moprista ea Phahameng. O etella pele lebotho la mangeloi ’me o sebetsa ka thata ho sireletsa batho ba Jehova lefatšeng lena le khopo. (Jer. 23:5, 6) Haufinyane Jesu o tla hlola lichaba ha a tšehetsa puso ea Jehova ’me a sireletsa batho ba Hae. (Tšen. 17:12-14; 19:11, 14, 15) Empa Lehlomela e leng Jesu, o sa na le mosebetsi o mongata oo a lokelang ho o etsa pele nako eo e fihla.
O TLA HAHA TEMPELE
15, 16. (a) Batho ba Molimo ba ile ba lokolloa joang tlas’a Babylona e Moholo, hona ba ne ba lokolloa ke mang? (b) Ho tla ba joang lefatšeng ka mor’a puso ea Lilemo Tse Sekete?
15 Jesu ke Morena le Moprista ’me o fuoe mosebetsi oa ho “haha tempele ea Jehova.” (Bala Zakaria 6:13.) Ka 1919, o ile a haha tempele ka hore a lokolle batho ba Molimo tlas’a Babylona e Moholo. Ka ho etsa joalo, o ne a tsosolosa phutheho ea Bokreste. Jesu o ile a ba a khetha bao e tla ba “lekhoba le tšepahalang le le masene.” Sehlopha sena sa Bakreste ba tlotsitsoeng se tsamaisa mosebetsi o etsoang mabaleng a lefatšeng a tempele e kholo ea moea. (Mat. 24:45) Hape Jesu o hloekisa batho ba Molimo e le ho ba thusa hore ba sebeletse Jehova ka tsela e hloekileng.—Mal. 3:1-3.
16 Kreste o tla busa le ba 144 000 e le marena le baprista ka lilemo tse sekete. Nakong eo ea lilemo tse sekete, ba tla be ba thusa batho ba tšepahalang hore ba phethahale. Ha ba se ba phethile mosebetsi oo, ke barapeli ba ’nete feela ba tla sala lefatšeng. Kahoo, borapeli ba ’nete bo tla be bo tsosolositsoe ka ho feletseng.
KENYA LETSOHO MOSEBETSING OA HO HAHA
17. Jehova o ile a boela a tšepisa Bajuda eng, hona tšepiso eo e ile ea ba thusa hore ba etse’ng?
17 Molaetsa oa Zakaria o ile oa ama Bajuda ba mehleng ea hae joang? Mohlomong ba ne ba ipotsa hore na ba tla haha tempele joang kaha ba ne ba fokola ka palo. Jehova o ile a tšepisa hore o tla ba tšehetsa le ho ba sireletsa mosebetsing oa bona. Tšepiso eo Jehova a ileng a ba fa eona e ile ea etsa hore ba be le tšepo. Mantsoe a Zakaria a ile a etsa hore ba eme ba tiile ba sa tšabe letho kapa hona ho belaela. Ho ekelletsa moo, Jehova o ile a ba tšehetsa a sebelisa Heldai, Tobija le Jedaia. A boela a tšepisa hore batho ba bang ba bangata ‘ba tla tla ’me ba hahe tempele’ ea hae. (Bala Zakaria 6:15.) Kaha Bajuda ba ne ba kholisehile hore Jehova o ba tšehelitse, ba ile ba tsoela pele ho etsa mosebetsi ona ka sebete le hoja morena oa Persia a ne a ba laetse hore ba emise ho haha. Le hoja tšitiso ena e ne e le kholo hoo e ka tšoantšoang le thaba, Jehova o ile a e tlosa eaba Bajuda ba tsosolosa tempele ka mor’a lilemo tse 22 ba lokolotsoe bokhobeng Babylona. (Esdr. 6:22; Zak. 4:6, 7) Empa mantsoe a Jehova a ne a profeta ntho e kholo e neng e tla etsahala mehleng ea rona.
18. Zakaria 6:15 e phethahala joang mehleng ee?
18 Mehleng ena batho ba limilione ba sebeletsa Jehova. Ba tšehetsa mokhatlo oa Jehova ka ‘lintho tsa bona tsa bohlokoa’ tse kang nako, matla a bona hammoho le lintho tsohle tse hlokehang. (Liprov. 3:9) Ke’ng e re kholisang hore Jehova oa ananela ha re tšehetsa mokhatlo oa hae? Hopola hore Heldai, Tobija le Jedaia ke bona ba tlileng le silevera le khauta hore Zakaria a etse moqhaka ka tsona. Moqhaka oo e ne e le “sehopotso” sa hore ba ile ba tšehetsa borapeli ba ’nete. (Zak. 6:14) Jehova a ke ke a lebala lerato leo re le bontšitseng ho eena le mosebetsi oo re mo etselitseng oona.—Baheb. 6:10.
19. Pono ea Zakaria e re ama joang mehleng ee?
19 Barapeli bohle ba ’nete ba phelang matsatsing ana a ho qetela ba na le bopaki bo bonahalang ba litlhohonolofatso tsa Jehova le hore Jesu oa ba tataisa. Re karolo ea mokhatlo o tsitsitseng, o sireletsehileng le oa ka ho sa feleng. Morero oa Jehova o akarelletsang borapeli bo hloekileng o tla phethahala. Lula u le ka har’a batho ba Jehova ’me u ‘mamele lentsoe la Jehova Molimo oa hao.’ U tla lula u sireletsehile tlas’a Morena le Moprista ea phahameng le mangeloi. Etsa sohle se khonehang ho tšehetsa borapeli bo hloekileng. Ka ho etsa joalo, Jehova Molimo oa mabotho o tla u sireletsa hona joale le nakong e tlang.
a Bakeng sa lintlha tse ling, sheba Molula-Qhooa oa May 15, 2015, leq. 29-30 tlas’a sehlooho se reng “Lipotso Tse Tsoang ho Babali.”